Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuto e Iqapetsoeng ea 3: Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong

Thuto e Iqapetsoeng ea 3: Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong

Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?

Ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba shoe, Bangoli ba Lithuto Tsa Bokreste ba ile ba qala ho nkoa e le ba bohlokoa qalong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. Ha New Catholic Encyclopedia (2003), Volume 6, leqepheng la 687 e hlalosa lithuto tsa bona, e re: “Thuto e tloaelehileng e ne e le ea hore bophelo bo thabisang ka ho fetisisa leholimong bo fuoa meea e seng e arohane le ’mele, hang hoba e hloekisoe ka tsela leha e le efe e hlokahalang ha motho a se a shoele.”

Bibele e ruta eng?

“Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”Matheu 5:5.

Le hoja Jesu a ile a tšepisa barutuoa ba hae hore o tla ba “lokisetsa sebaka” leholimong, o bontšitse hore hase bohle ba lokileng ba tla ea teng. (Johanne 3:13; 14:2, 3) Na haa ka a rapella hore thato ea Molimo e “etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong”? (Matheu 6:9, 10) Ha e le hantle, ho na le libaka tse peli tseo ba lokileng ba tla ea ho tsona. Palo e fokolang e tla busa leholimong le Kreste empa ba bangata ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Tšenolo 5:10.

Ha nako e ntse e e-ea, baeta-pele ba boholo-holo ba kereke ba ile ba fetola pono ea bona ka seo kereke e se phethang mona lefatšeng. Liphello e bile life? The New Encyclopædia Britannica, e re: “Kereke e ile ea be e se e iphetola ’Muso oa Molimo o letetsoeng.” Kereke e ile ea ipha matla a eketsehileng ka ho kena lipolotiking, e iphapanyetsa mantsoe a hlakileng a Jesu a hore balateli ba hae ha baa lokela ho ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19; 17:14-16; 18:36) Ka lebaka la tšusumetso ea Moemphera Constantine oa Roma, kereke e ile ea koenehela litumelo tse ling tsa eona, eo e ’ngoe ea tsona e leng ea hore na Molimo o joang.

Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Johanne 17:3; 2 Timothea 2:11, 12

THUTO EA ’NETE:

Batho ba bangata ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong