Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Etela Moo ho Pheloang ka Mokhoa oa Seholo-holo

Ho Etela Moo ho Pheloang ka Mokhoa oa Seholo-holo

Lengolo le Tsoang United States

Ho Etela Moo ho Pheloang ka Mokhoa oa Seholo-holo

AK’U nahane feela hore na ho ne ho tla thahasellisa hakaakang ho nka leeto la ho ea bona kamoo baholo-holo ba hao ba neng ba phela kateng! Ke sona seo re ka ’nang ra re re ile ra se etsa. Re ile ra nka leeto ho tloha Switzerland ra ea United States of America. Batho ba bangata ba nahana hore United States ke naha e tsoetseng pele haholo linthong tsohle, empa leeto la rōna le ile la re khutlisetsa lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng. E-re re ke re u phetele ka leeto leo.

Kaha re bua Sejeremane sa Switzerland, re ile ra mengoa hore re e’o qeta likhoeli tse tharo profinseng ea Indiana. Sepheo sa rōna e ne e le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho malapa a Maamishe, a ’nileng a boloka puo ea baholo-holo ba ’ona. Malapa a makholo a batho bana a lula Indiana.

Maamishe ke litloholo tsa sehlopha sa lekholong la bo17 la lilemo la Maanabaptiste. Ba reheletsoe ka moeta-pele oa bona, e leng Jacob Amman, ea neng a lula Switzerland. Ho tloha lilemong tsa morao koo, batho bana ba tšabang Molimo ba ile ba lemoha hore ho kolobetsa masea le ho kena tšebeletsong ea sesole ho ne ho fosahetse. ’Muso o ile oa ba hlorisa ka lebaka la seo ba se lumelang. Ba ’maloa ba ile ba ba ba bolaeloa tumelo ea bona. Mahloriso a ile a ’na a tota ’me ba bangata ba ile ba tlameha ho balehela likarolong tse ling tsa Switzerland le Fora. Bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, ba likete ba ne ba balehetse United States. Ha baa ka ba lahla setso sa bona le puo ea bona, e leng Sejeremane sa Switzerland.

Ha re etela batho bana ba lerato, ba ne ba makala ha ba re bona mahaeng a bona, le hona re bua puo ea bona! Nahana se neng se etsahala.

Ba re botsa ka Sejeremane sa Switzerland: “Ho tla joang hore ebe le bua joaloka rōna?”

Rea arabela: “Hobane re tsoa Switzerland.”

“Empa ha le Maamishe!” Ruri ba hloletsoe.

Ba bangata baa re amohela malapeng a bona ’me re bona tsela eo ba phelang ka eona e bonahalang e le ea boholo-holo. Bakeng sa mabone a motlakase, ba sebelisa mabone a oli; ba sebelisa lipere le likariki ho e-na le likoloi; ba kha metsi selibeng se nyollang metsi ka mochine o fehloang ke moea, eseng lipompong; ’me batho baa bina ho e-na le ho mamela seea-le-moea.

Ntho e re khahlang haholo ke boikokobetso le tlhompho ea batho bao re ba etelang. Maamishe a mangata a ipha nako ea ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng, a e nka e le ea bohlokoa a bile a thabela ho bua le ba bang ka eona. Sena se re fa monyetla oa hore re bue le bona ka seo Molimo a se rerileng bakeng sa moloko oa batho le lefatše.

Ka potlako feela ho se ho tletse sebakeng sena hore ho na le baeti ba tsoang Switzerland. Ba bangata ba re kōpa hore re etele beng ka bona, ebe re etsa joalo re thabile. Ha re memeloa ho ea sekolong sa Maamishe re thaba le ho feta ’me re tatela ho ea moo. Ebe re letetsoe ke eng?

Re kokota monyako sekolong. Tichere ea bula ’me ka potlako e re re kene ka tlelaseng, moo bana ba 38 ba re shebang ka tsela e bontšang hore ba labalabela ho tseba ka baeti bana ba bane. Ho kopantsoe litlelase tse robeli ka phaposing e le ’ngoe, tsa barutoana ba qalang ka lilemo tse 7 ho ea ho ba lilemo li 15. Banana ba apere junifomo e putsoa le likapi tse tšoeu; bashanyana ba apere marikhoe a matšo le lihempe tse boputsoa bo loileng. Siling ea phaposi ena e holimo mane. Mabota a mararo a pentiloe ka ’mala o boputsoa ba leholimo, ’me leboteng le ka pele ke bolekeboto. Haufi le eona ho behiloe bolo ea ’mapa oa lefatše le limmapa tse ling tsa lefatše tse phuthiloeng joaloka moqolo. K’honeng ho na le setofo se seholo sa mashala.

Ha re lula litulong tse ka pele, bana ba re sheba ka thahasello e khōlō. Tlelase ka ’ngoe e bitsetsoa deskeng ea tichere ebe e botsoa lipotso ka mosebetsi oo e o filoeng ka la maobane. Rea hlolloa ha tichere e botsa bana ka seo ba ithutileng sona ka Lithaba tsa Switzerland. Libuka tsa bona li batla li tsofetse, ’me tichere oa re botsa hore na Switzerland e ntse e le joalokaha e hlalosoa libukeng tsa bona. Na hlabula likhomo li ntse li nyolohela lithabeng ho ea fula hona na lithaba li ntse li koaheloa ke lehloa? Ha re ba bontša lifoto tsa rōna tse mebala tsa lithaba tse kupelitsoeng ke lehloa, e le ho bontša hore buka eo ba e sebelisang e nang le litšoantšo tse se nang ’mala e nepile, o thaba haholo.

Mosali oa tichere, eo e bileng e leng motlatsi oa hae, o botsa potso eo re e botsoang khafetsa, “Na le tseba ho bina ka mokhoa oa setso oa Switzerland?” Ha re khone. Leha ho le joalo, kaha rea tseba hore Maamishe a tseba ho bina hamonate ebile a tseba ho bina ka mokhoa oo o ikhethang oa setso, re ba kōpa hore ba re binele. Baa lumela ’me re mamela lehlaso le monate la sehlopha sena sa libini tse 40 re hloletsoe haholo. Ka mor’a moo, tichere o re bana ba ee khefung.

Joale mosali oa tichere o re kōpa hore re ba binele ho itseng. Kaha re se re ntse re tseba lipina tse ’maloa tsa setso tsa Sejeremane sa Switzerland, rea lumela. Bana ba ntseng ba bapala baa bolellana hore rea bina ’me ka ho panya ha leihlo kaofela ba se ba le ka tlelaseng. Re eme ka pel’a tlelase, re leka ka hohle ho ba binela hamonate.

Hamorao re memeloa ho ea lijong tsa motšehare lelapeng le leng la Maamishe la litho tse 12. Tafole e telele ea lehong e tekiloe lijo tse monate—litapole tse khotliloeng, ham, poone, bohobe, chisi, meroho, likuku le lintho tse ling tse tsoekere tseo ho theoleloang ka tsona. Pele ho jeoa, e mong le e mong o rapella ka pelong. Ha re ntse re neheletsana lijo, re qoqa ka Switzerland, e leng naha ea baholo-holo ba bona ’me le bona ba re bolella ho itseng ka bophelo ba bona ba polasing. Bana ba ntse ba sebelana le ho keketeha ha ho ntse ho jeoa. Ha bohle ba qetile ho ja, ho rapeloa hape, ’me eo ke pontšo ea hore bana ba ka lokoloha joale—empa eseng ho ea bapala. E mong le e mong oa tseba hore na o lokela ho etsa eng ho qala ka ho hleka tafole le ho hlatsoa lijana, ho bolelang hore ba lokela ho ea pompa metsi pele le ho a futhumatsa.

Ha bana ba ntse ba hlatsoa lijana, batsoali ba re re e’o roba monakeli ka phaposing ea ho phomola. Ha ho na lisofa, ho e-na le hoo, re lula litulong tse lulehang hamonate tsa lehong tse ntseng li qethoha. Ba ntša Bibele ea khale ea Sejeremane ka k’haboteng ’me ka potlako re qala ho bua re thabile ka litaba tsa Bibele, e leng ntho e tloaelehileng malapeng a Maamishe. Morero oa Jehova Molimo ka lefatše le batho ke ofe? Jesu o ne a bolela’ng ha a re ba bonolo ba tla rua lefatše? Na ruri Molimo o ikemiselitse ho hlokofatsa ba khopo ka ho sa feleng liheleng? Ke bo-mang ba phethang taelo ea Jesu ea hore ba bolele litaba tse molemo lefatšeng lohle? Ho tšohla lipotso tsena le tse ling tse ngata le batho ba thabelang ho bua ka lintho tsa moea, ba bileng ba nang le Bibele, ho re thabisa haholo.

Ha re nahana ka leeto leo la rōna rea thaba, etsoe le ne le tletse ka liketsahalo tse ngata tse thabisang. Re tšepa hore ho etela batho bao le ho qoqa le bona ka Sejeremane sa Switzerland ha hoa etsa hore ba re bulele matlo a bona feela empa ho butse le lipelo tsa ba bangata hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete e ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.