Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Joala U ka bo Laola Joang?

Joala U ka bo Laola Joang?

Joala U ka bo Laola Joang?

TONY eo ho buuoeng ka eena sehloohong se qalang, a ka be a phetse ka tsela e fapaneng, hoja feela o ile a lumela hore o na le bothata ba ho noa ho tlōla. Leha ho le joalo, kaha o ne a khona ho noa haholo empa a sa bonahale hore o tahiloe, o ne a nahana hore o tseba ho itaola. Ke hobane’ng ha monahano oo oa hae o ne o fosahetse?

O ne a nahana ka tsela e fosahetseng joalo ka lebaka la joala bo bongata boo a neng a bo khaqa. Hore na Tony o ne a hlokomela kapa che, boko ba hae, bo neng bo laola ’mele oa hae, kelello hammoho le maikutlo, bo ne bo sitoa ho sebetsa hantle ha a noele haholo. Ha a ntse a e-noa ka ho eketsehileng, boko le bona bo ne bo ntse bo fokotsa tsela eo a nahanang ka eona e le hore a se ke a elelloa hore o na le bothata.

Lebaka la bobeli le ileng la etsa hore Tony a nahane ka tsela e fosahetseng, ke hobane o ne a etsa ka matla ’ohle hore a se ke a fetola tsela eo a noang joala ka eona. Allen, eo ho builoeng ka eena lihloohong tse fetileng, qalong o ne a hana hore o na le bothata ba joala. O re: “Ke ne ke pata hore kea noa, ke bile ke ikemela kapa ke leka ho etsa eka ho noa ha ka ho tlōla hase bothata bo bokaalo. Ke ne ke ikemiselitse feela ho sireletsa tsela eo ke neng ke noa ka eona.” Le hoja batho ba bang ba ne ba bona hore Tony le Allen ba laoloa ke joala, ka bobeli ba ne ba lula ba ipolella hore lintho li ntse li itsamaela hantle. Banna bao ka bobeli ba ne ba tlameha ho nka bohato ho laola tsela eo ba noang ka eona. Empa ba ne ba lokela ho nka bohato bofe?

Nka Bohato!

Batho ba bangata ba khaolitseng ho noa joala haholo ba nkile bohato bo lumellanang le mantsoe ana a Jesu: “Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena. Etsoe ho molemo haholo ho uena hore u lahleheloe ke se seng sa litho tsa hao ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o lahleloe Gehena.”—Matheu 5:29.

Ke ’nete hore Jesu o ne a sa khothalletse hore motho a intše kotsi. Empa ka tsela ea tšoantšetso, o ne a hatisa hore re lokela ho ikemisetsa hore bophelong ba rōna re tlose ntho leha e le efe e ka re lematsang moeeng. Ha ho potang hore khato eo re e nkang e ka ’na ea e-ba bohloko. Empa e tla re sireletsa hore re se ke ra nahana kapa ra etsa lintho tse ka etsang hore re qetelle re e-noa joala haholo. Ka hona, haeba batho ba se ba ile ba u hlokomelisa hore tsela eo u noang joala ka eona e se e tlōtse moeli, nka bohato ba ho e laola. * Haeba ho hlakile hore u sitoa ho laola tsela eo u noang ka eona, ikemisetse ho bo tlohela ka ho feletseng. Le hoja hoo ho ka ba bohloko haholo, empa bohloko ba teng bo ke ke ba tšoana le ba ho itšenyetsa bophelo.

Na u tloaetse ho noa haholo le haeba u se lekhoba la joala? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng hore u khone ho laola joala?

Se ka U Thusang

1. E-ba le tumelo matleng a thapelo eo u e etsang hangata e tsoang botebong ba pelo. Bibele e eletsa batho ba batlang ho thabisa Jehova Molimo, e re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) U ka rapella eng e le hore u be le khotso ee kelellong?

U se ke ua ithetsa, lumela hore u na le bothata ba joala, e leng bothata boo e leng uena ea lokelang ho bo lokisa. Ha u joetsa Molimo hore na u batla ho nka bohato bofe ka bothata ba hao, o tla hlohonolofatsa boiteko boo u bo etsang e le hore u imolohe ’me u qobe mathata a mang a tebileng. “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” (Liproverbia 28:13) Jesu le eena o ile a re re ka rapela ra re: “U re phemise ho kena molekong, u mpe u re lopolle bobeng.” (Matheu 6:13, Bibele—Phetolelo e Ncha) Leha ho le joalo, u ka etsa’ng e le hore u phele tumellanong le lithapelo tseo, hona u ka fumana likarabo tsa lithapelo tsa hao hokae?

2. Fumana matla Lentsoeng la Molimo. “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:12) Batho ba bangata ba neng ba e-noa haholo ba thusitsoe ke ho bala litemana tsa Bibele le ho nahanisisa ka tsona letsatsi le leng le le leng. Mopesaleme ea tšabang Molimo o ile a ngola a re: “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo . . . empa o thabela molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”—Pesaleme ea 1:1-3.

Allen ea ileng a fumana matla a ho khaotsa ho ba lekhoba la joala ka lebaka la ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o re: “Hoja ka se ke ka ithuta Bibele le ho latela melao-motheo ea eona e nthutsitseng hore ke tlohele ho noa, joang kapa joang nka be ke shoele.”

3. Loanela ho ba le boitšoaro. Bibele e tlaleha hore batho ba neng ba le ka phuthehong ea Bokreste, bao pele e neng e le matahoa, ba ile ba hlatsuoa hore ba hloeke “ka moea oa Molimo oa rōna.” (1 Bakorinthe 6:9-11) Joang? Taba ea pele, ba ile ba thusoa hore ba khaotse ho inehella botahoa le mekete e lerata ka hore ba loanele ho ba le boitšoaro, e leng tšobotsi eo motho a bang le eona ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo. “Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama, empa le ’ne le tlale moea.” (Baefese 5:18; Bagalata 5:21-23) Jesu Kreste o ile a tšepisa hore “Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.” Ka hona, “le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.”—Luka 11:9, 13.

Ba batlang ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang ba ka loanela ho ba le boitšoaro ka ho bala le ho ithuta Bibele le ka ho rapela kamehla le hona e le ho tsoa pelong. Ho e-na le hore u tele, kholiseha ka tšepiso ena e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo: “Ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng. Kahoo a re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—Bagalata 6:8, 9.

4. Khetha metsoalle e molemo. “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Bolella metsoalle ea hao hore u ikemiselitse ho laola mokhoa oo u noang joala ka oona. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le lemositse esale pele hore ha u tlohela ‘ho fetella ka veine, mekete e lerata le litlhōlisano tsa ho noa,’ ba bang bao e neng e le metsoalle ea hao ba tla ‘makala ’me ba tsoele pele ho u nyefola.’ (1 Petrose 4:3, 4) Ikemisetse ho khaotsa ho tloaelana le batho ba sa hlompheng qeto eo u e entseng ea hore u batla ho laola tsela eo u noang ka eona.

5. Ipehele meeli e hlakileng. “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Haeba u lumella melao-motheo ea Lentsoe la Molimo hore e u thuse ho ipehela meeli ho e-na le ho lumella metsoalle ea hao kapa “tsamaiso ena ea lintho” hore e be eona e u thusang, u tla phela ka tsela eo Molimo a tla e amohela. Empa u ka tseba joang hore moeli oo u ipehetseng oona o nepahetse?

Haeba u noele joala ’me bo u sitisa ho bona lintho ka tsela e nepahetseng, bo bile bo u sitisa ho nahana hantle, u tsebe hore u noele bo bongata. Ka hona, haeba u khetha ho noa, e ke ke ea e-ba bohlale hore u ipehele meeli e sa hlakang ea hore na ha u noele ho lekana, ke ha u noele hakae. U se ke ua nahana hore ha u na bothata ebe u sitoa ho itlhahloba ka botšepehi tabeng ea ho lekanyetsa joala. Ipehele meeli e hlakileng ea hore na u tla noa hakae ka tsela e sa tlōleng moeli—e leng tsela e ke keng ea etsa hore u iphumane u noele ho tlōla tekano.

6. Ithute ho hana. “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.” (Matheu 5:37) Itloaetse ho hana ka tlhompho ha motho eo u mo etetseng a leka ho u fa joala bo bong moo a reng o bontša mosa, empa e le o sa nepahalang. “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakolose 4:6.

7. Batla thuso. Kōpa thuso ea metsoalle e utloisisang e ka u thusang hore u phelele qeto eo u e entseng ea ho laola tsela eo u noang joala ka eona le e ka u thusang moeeng. “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.” (Moeklesia 4:9, 10; Jakobo 5:14, 16) Mokhatlo oa National Institute on Alcohol Abuse and Alcoholism, United States, le oona o fana ka keletso ena: “Ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba boima ho fokotsa joala boo u bo noang. Kōpa ba lelapa le metsoalle hore e u tšehetse e le hore u qetelle u finyelletse seo u ikemiselitseng sona.”

8. Phelela qeto ea hao. “Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela, le ithetsa ka monahano oa bohata. Empa ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona, motho enoa, kahobane e se moutloi ea lebalang, empa e le moetsi oa mosebetsi, o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:22, 25.

Ho Itšoasolla Bokhobeng ba Joala

Hase motho e mong le e mong ea noang ho tlōla eo e qetellang e le lekhoba la joala. Empa ba bang ba qala ka ho noa joala bo bongata, kapa ba noe khafetsa hoo ba qetellang ba bo lemaletse. Kaha ho lemalla joala ho akarelletsa ho tloaela ho sebelisa ntho e itseng e khonang ho susumetsa kelello kapa ’mele, batho ba joalo ba hloka ho fetang feela ho ikemisetsa le ho thusoa moeeng hore ba itokolle bokhobeng ba joala. Allen o re: “Ha ke khaotsa ho noa, bohloko boo ke ileng ka bo utloa ’meleng bo ne bo tšabeha. Ke ha ke tla hlokomela hore ntle le thuso eo ke neng ke e fumana moeeng, ke ne ke boetse ke hloka thuso ea lingaka.”

Batho ba bangata ba noang joala haholo ba hloka thuso ea lingaka ho ba thusa ntoeng ea bona ea ho batla ho khahlisa Molimo e le hore ba itokolle bokhobeng ba joala ’me ba se ke ba hlola ba khutlela ho bona. * Ba bang ba lokela ho kena sepetlele ka lebaka la mathata a bakoang ke ho tlohela joala kapa e le hore ba tle ba fumane meriana e fokotsang takatso e feteletseng ea joala le ho ba thusa hore ba bo tlohele ka ho feletseng. Mora oa Molimo ea neng a etsa mehlolo o ile a re: “Ba matla ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.”—Mareka 2:17.

Melemo ea ho Mamela Tataiso ea Molimo

Keletso e utloahalang ea Bibele mabapi le joala e tsoa ho Molimo oa ’nete, ea re batlelang se molemo—eseng hore re thabe hona joale feela, empa hape re rue molemo ka ho sa feleng. Ka mor’a lilemo tse 24 Allen a tlohetse joala, o re: “Ke thabetse ho bona hore ntse nka phela ka tsela e fapaneng, ho tseba hore Jehova o ne a batla ho nthusa hore ke otlolle litsela tsa ka, ebile o . . . ” Allen o thōla hanyenyane ’me o thiba likeleli ha a hopola moo a tsoang teng. “Eh, . . . ho tseba hore Jehova oa utloisisa, oa tsotella ebile o fana ka thuso e hlokahalang, ho nthusitse haholo.”

Ka hona, haeba u noa haholo kapa u lemaletse joala, u se ke ua tela kapele kapa ua nahana hore ha u sa tla fumana thuso. Allen le batho ba bang ba bangata ba kile ba e-ba boemong boo u leng ho bona empa ha ba sa noa haholo kapa ho hang ha ba sa noa. Ha ba ikoahlaele seo ’me le uena u ke ke ua ikoahlaea.

Ho sa tsotellehe hore na u batla ho noa joala ka tsela e itekanetseng kapa ho hang ha u batle ho bo noa, mamela keletso ena e lerato ea Molimo: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Sheba lebokose le reng  “Na Joala bo se bo Ntaola?” leqepheng la 8.

^ ser. 24 Ho na le litsi tse ngata tsa phekolo le lipetlele tse ka fanang ka thuso, hammoho le mananeo a thusang batho hore ba tsoele joala. Molula-Qhooa ha o buelle phekolo ea mofuta o itseng ka ho khetheha. Motho ka mong o lokela ho hlahloba mefuta e teng ea phekolo ka hloko ebe o iketsetsa qeto e seng khahlanong le melao-motheo ea Bibele.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

 Na Joala bo se bo Ntaola?

U ka ’na ua ipotsa:

• Na ke se ke noa joala bo bongata ho feta pele?

• Na ke se ke noa ka makhetlo a mangata ho feta pele?

• Na ke se ke noa mofuta o bohale oa joala?

• Na ke noa joala hore ke imolle kelello kapa ke itebatse litsietsi?

• Na ba lelapa la ka kapa metsoalle ba se ba kile ba bontša hore ba tšoenyehile ka tsela eo ke noang ka eona?

• Na joala bo kile ba mpakela mathata lapeng, mosebetsing, kapa ha ke ile phomolong?

• Na ke hlōleha ho qeta beke ke sa noa?

• Na ke ikutloa ke sa thaba ha ba bang ba tlohela ho noa?

• Na ke patela ba bang hore na ke noa joala bo bokae?

Haeba u lumellana le potso e le ’ngoe kapa tse ’maloa ho tsena, ho molemo hore u nke bohato ba ho laola tsela eo u noang ka eona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho Etsa Liqeto Tse Bohlale ka Joala

Pele u noa joala, ak’u ipotse:

Na ke bohlale hore ke noe joala kapa ho molemo hore ke se ke ka bo noa?

Keletso: Motho ea sa khoneng ho laola tsela eo a noang ka eona o lokela hore a se ke a noa joala.

Ke lokela ho noa bo bokae?

Keletso: Lekanyetsa hore na u tla noa joala bo bokae pele bo ka etsa hore u se ke ua nahana hantle.

Ke tla noa neng?

Keletso: Eseng pele u khanna kapa u etsa lintho tse hlokang hore u be hlokolosi; eseng pele u etsa lintho tsa borapeli; eseng ha u le moimana; eseng ha u e-noa meriana e itseng.

Ke tla noella hokae?

Keletso: Boemong bo amohelehang; eseng moo u ipatileng; eseng ka pel’a batho ba khopehang ke joala.

Ke tla noa le mang?

Keletso: Le metsoalle le ba lelapa ba etsang lintho ka tsela e nepahetseng; eseng le ba nang le bothata ba ho sitoa ho laola tsela eo ba noang ka eona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lentsoe la Molimo le Thusitse Motho eo e Neng e le Letahoa

Supot oa Thailand e ne e le letahoa le leholo. Pele o ne a noa joala mantsiboea feela. Butle-butle o ile a qalella ho noa hoseng le ka khefu ea motšehare. Hangata o ne a e-noa feela hore a tahoe. Empa o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha Supot a ithuta hore Jehova Molimo ha a rate botahoa, o ile a tlohela joala. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana o ile a khutlela ho bona. Lelapa la hae le ile la sithabela habohloko.

Leha ho le joalo, Supot o ne a ntse a rata Jehova a bile a batla ho mo rapela ka tsela e loketseng. Metsoalle ea Supot e ile ea tsoela pele ho mo thusa le ho khothalletsa ba lelapa la hae hore ba qete nako e ngata le eena le hore ba se ke ba tela. Ka nako eo mantsoe a hlakileng a fumanoang ho 1 Bakorinthe 6:10 a reng ‘matahoa a ke ke a rua ’muso oa Molimo,’ a ile a thusa Supot hore a hlokomele hore na taba ena e tebile hakae. O ile a hlokomela hore o lokela ho leka ka hohle hore a hlōle bothata ba hae ba ho noa.

Lekhetlong lena Supot o ne a ikemiselitse ho tlohela joala ka ho feletseng. Qetellong ka thuso ea matla a moea o halalelang oa Molimo, tataiso ea Lentsoe la Molimo le thuso eo a ileng a e fumana ho ba lelapa la hae le phutheho, Supot o ile a ba matla moeeng eaba o khona ho hlōla bothata ba hae ba ho lakatsa joala. Lelapa la hae le ile la thaba ha a kolobetsoa e le ho bontša hore o inehetse ho Molimo. Hona joale Supot o na le kamano e ntle le Molimo e leng ntho eo kamehla a neng a e batla ’me o sebelisa nako ea hae hore a thuse batho ba bang moeeng.