Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Moapostola Pauluse o ile a tsamaea ka tsela efe leetong la hae la pele ha a ea Roma?

Liketso 28:13-16 e bontša hore sekepe seo Pauluse a neng a se palame ha a ea Italy se ile sa fihla Puteoli (eo kajeno e leng Pozzuoli), koung ea Naples. Ho tloha moo, o ile a ea Roma ka tsela ea Via Appia, e leng tsela e khōlō ea motse oo.

Tsela ea Via Appia e reheletsoe ka Appius Claudius Caecus, eo e neng e le moeta-pele oa lipolotiki oa Roma ea ileng a qala ho haha tsela eo ka 312 B.C.E. Tsela ena e neng e ka ba bophara ba limithara tse hlano le halofo ho ea ho tse tšeletseng, e neng e katiloe ka majoe a maholo a bileng teng ha seretse se chesang se foqoha, e ne e tloha Roma ’me e le bolelele ba lik’hilomithara tse 583 ho leba ka boroa-bochabela. E ne e hokahanya Roma le kou ea Brundisium (eo kajeno e leng Brindisi), e leng moo batho ba neng ba ea Bochabela ba neng ba tloha teng. Baeti ba ne ba khefutsa leetong la bona libakeng tse hlophisitsoeng—tse neng li arohane ka lik’hilomithara tse ka bang 24 kapa ho feta—e le hore ba reke lintho tseo ba li hlokang, ba robale, esita le ho chencha lipere kapa tsona likariki.

Leha ho le joalo, ho bonahala Pauluse eena a ne a tsamaea ka maoto. Karolo ea Via Appia eo a tsamaileng ho eona e bolelele ba lik’hilomithara tse 212. Tsela ena e ne e feta le Pontine Marshes, e leng sebaka se mokhoabo se ileng sa etsa hore sengoli se seng sa Moroma se tletlebe ka menoang le lephoka le lebe la moo. Ka leboea ho mokhoabo oo e ne e le ’Maraka oa Apiase—o neng o ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse 65 ho tloha Roma—le Matlo a Phapohelo a Baeti a Mararo hammoho le sebaka seo ho khefutsoang ho sona se bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha motseng oo. Bakreste ba Roma ba ne ba emetse Pauluse libakeng tsena tse peli tseo batho ba neng ba khefutsa ho tsona. Ha Pauluse a ba bona, o ile “a leboha Molimo ’me a ba sebete.”—Liketso 28:15.

Letlapa leo ho ngolloang ho lona leo ho buuoang ka lona ho Luka 1:63 ke la mofuta ofe?

Kosepele ea Luka e tlaleha hore metsoalle ea Zakaria e ile ea mo botsa hore na mora oa hae ea qetang ho hlaha a rehoe mang. Zakaria o ile a “kōpa letlapa ’me a ngola: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’” (Luka 1:63) Ho latela buka ea setsebi se seng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “letlapa” ha e le hantle ke “letlapa le lenyenyane leo ho ngolloang ho lona, leo ka tloaelo le entsoeng ka lehong eaba le tlotsoa ka boka ka holimo.” E le ho koahela masoba a manyenyane a matlapeng ana a entsoeng ka lehong le kopantsoeng ’moho, ho ne ho tlotsoa boka bo boreletsana ba linotši. Joale mongoli o ne a ka sebelisa ntho e motsu ho ngola letlapeng leo. Ka mor’a moo, se ngotsoeng se ne se ka hlakoloa ka hore ho batalatsoe boka boo e le hore ho ka ngoloa litaba tse ling hape.

Buka e reng Reading and Writing in the Time of Jesus e re: “Litšoantšo tse ngata tse takiloeng tsa Pompeii, liemahale tse tsoang libakeng tse sa tšoaneng ’Musong oa Roma le lintho tse fumanoeng ha ho epolloa libaka tse ngata tse jalaneng ho tloha Egepeta ho ea Hadrian’s Wall [Brithani Leboea], kaofela li bontša hore ho ne ho tloaelehile ho sebelisa matlapa.” E ka ’na eaba batho ba fapa-fapaneng ba ne ba e-na le matlapa ana—bahoebi, basebeletsi ba ’muso mohlomong le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Via Appia

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Letlapa le koahetsoeng ka boka la ngoana oa sekolo, lekholong la bo-2 la lilemo C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

By permission of the British Library