Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moo ba Neng ba Lula Teng

Moo ba Neng ba Lula Teng

Bophelo ba Mehleng ea Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo

Moo ba Neng ba Lula Teng

“Ke ne ke sa tlohele ho le . . . ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.”—LIKETSO 20:20.

HANG feela ha u kena ka heke e khōlō, u iphumana u le ka har’a motse oa lekholong la pele la lilemo. Joaloka metse e mengata, o lutse thabaneng. Holimonyana mane letsoapong ho bonahala motse o mong. Ho oona matlo a mangata a majabajaba a masoeu aa phatsima ha a utloa khanya ea letsatsi ’me boholo ba ’ona a na le lirapa tse kampetsoeng ka marako. Ona ke motse oa barui. Tlaasana mane ho na le matlo a mang a sa lekaneng a bileng a hahuoeng ka litsela tse sa tšoaneng. Matlo ana a mekato e mengata a hahuoeng ka lejoe, a bahoebi ba mahareng le beng ba litša, a kolokile literateng tse katuoeng ka majoe. Joale tlaase-tlaase phuleng ke moo ho ahileng ba futsanehileng. Matlo a mona ke a manyenyane a sohlokehileng, a bōpehileng joaloka mabokose ’me a petetsane literateng tse patisaneng kapa a khobokane sebakeng se senyenyane.

Ha u ntse u tsamaea literateng tsa mona tse phetheselang, melumo eo u e utloang le menko eo u e fofonelang e u bolella se etsahalang. Basali ba ntse ba pheha ’me moeeng ho tlala monko oa lijo tse lutlisang mathe. U utloa molumo oa liphoofolo le bana ba ntseng ba bapala. Banna ba phathahane ba sebetsa mabenkeleng a tletseng lerata le a monko o bohale.

Malapa a Bakreste a ne a phela matlong ana. Ke teng moo ho neng ho etsoa mesebetsi ea letsatsi, ho rutoa batho lintho tsa moea ho bile ho rapeloa teng.

Matlo a Manyenyane Joaloka malapa a kajeno, boholo ba matlo ao ho luloang ho ’ona le mofuta oa ’ona a ne a fapana ho latela hore na a hahuoe hokae le hore na lelapa le na le chelete e kae. Matlo a manyenyane haholo (1) e ne e le kamore e nyenyane e lefifi eo litho tsohle tsa lelapa li neng li lula ho eona. Matlo a mangata a manyenyane a ne a hahiloe ka makote a entsoeng ka seretse se omisitsoeng letsatsing. A mang a hahiloe ka majoe a betliloeng habohlasoa feela. Ka tloaelo matlo a mofuta ona a ne a hahoa letlapeng.

Ka hare mabota a ne a liloa ’me fatše ho katoa, e leng ntho e neng e hloka hore e etsoe khafetsa. Bonyane ho ne ho etsoa lesoba le le leng marulelong kapa leboteng e le hore mosi oa ifo o tsoe le teng. Thepa e ne e e-ba ea lintho tse hlokahalang feela ka tlung.

Marulelo a ne a etsoa ka makala, mahlaka le maballo a behoang holim’a libalaka tse tšehelitsoeng ka litšiea. Ebe ka holim’a ’ona ho pharoa letsopa ’me lea liloa e le hore ntlo e se ke ea nela. Haeba motho a ne a batla ho ea marulelong, hangata o ne a sebelisa lere ka ntle.

Esita le matlong a petetsaneng tjena, malapa a Bakreste ’ona e ne e le a khathollang, moo le malapa a futsanehileng e neng e ka ba a ruileng moeeng, eaba ea e-ba a thabileng.

Matlo a Bohareng Matlo a maholoanyane a mekato e ’meli a hahuoeng ka lejoe (2) a batho ba boemong bo mahareng a ne a bile a e-na le kamore ea baeti. (Mareka 14:13-16; Liketso 1:13, 14) Ho ne ho ka tšoareloa liboka kamoreng ena e khōlō e ka holimo ebile hangata e ne e sebelisoa nakong ea mekete. (Liketso 2:1-4) Matlo ana le matlo a mang a maholoanyane ho ’ona (3) a bahoebi le beng ba litša a ne a hahoa ka lejoe la mokoetla, ebe le kopanngoa ka kalaka. Fatše moo ho neng ho katiloe le maboteng a ka hare ho ne ho liloa; mabota a kantle a ne a soeufatsoa.

Ho ne ho sebelisoa litepisi ha ho hloelloa likamoreng tse ka holimo le marulelong. Marulelo a neng a bataletse a ne a haheloa lehora e le hore motho a se ke a oela kapa ha e-ba le likotsi tse ling. (Deuteronoma 22:8) Ha ho chesa hantle motšehare, lephephe le entsoeng marulelong e ne e e-ba sebaka se khathollang seo batho ba ka eang ho sona bakeng sa ho bala, ho thuisa, ho rapela kapa ho roba monakeli.—Liketso 10:9.

Le hoja hangata batho ba ne ba lula le beng ka bona, matlo ana a hahuoeng hantle, a ne a le maholo bo lekaneng hobane likamore tsa ’ona li ne li le khōlō, a e-na le likamore tsa ho robala le kichine e khōlō le kamore ea ho jela.

Matlo a Majabajaba Matlo a hahuoeng ka mokhoa oa Roma (4) a ne a fapana haholo ka boholo, moetso le tsela eo a hahoang ka eona. Likamore tse khōlō li ne li ahiloe haufi le kamore e khōlō ea ho jela moo lelapa le neng le etsa lintho le le hammoho. Meetso e meng e ne e e-ba le mokato oa bobeli kapa oa boraro (5) kapa e ne e khabisoa ka lirapa tse kampetsoeng ka marako.

E ka ’na eaba matlo a majabajaba haholo a ne a e-na le thepa ea boemo bo holimo, e ’ngoe ea eona e le e koahetsoeng ka lenaka la tlou le khauta. Matlo ana a ne a bile a e-na le lintho tse nolofatsang bophelo joaloka metsi ka jareteng le likamore tsa ho hlapela. Fatše ho ne ho ka koaheloa ka lepolanka kapa ’mabole o mebala-bala, ha leboteng ho ne ho ka kupetsoa ka lehong la kedare. Ka tlung ho ne ho futhumatsoa ka paola. Bakeng sa tšireletseho, lifensetereng ho ne ho kenngoa sefe eo ka tloaelo e neng e etsoa ka mapolanka, ebile likharetene li ne li etsa hore ba ka ntle ba se bone se etsahalang ka tlung. Litutsoana tsa lifensetere li ne li etsoa ka majoe a maholo a betliloeng.—Liketso 20:9, 10.

Ho sa tsotellehe hore na matlo a Bakreste ba pele a ne a le joang kapa a le maholo hakae, ba ne ba amohela baeti e bile e le batho ba fanang. Ka hona, balebeli ba tsamaeang ba ne ba sa thatafalloe ho fumana lelapa le ba amohelang ka mofuthu leo ba neng ba ka lula le lona ho fihlela ba qetile tšebeletso ea bona motseng kapa toropong e itseng.—Matheu 10:11; Liketso 16:14, 15.

“Lapeng la Simone le Andrease” Jesu o ile a amoheloa ka mofuthu “lapeng la Simone le Andrease.” (Mareka 1:29-31) E ka ’na eaba ntlo ea batšoasi bana ba litlhapi e ne e le ka har’a a mang a mangata a seng majabajaba, a khobokaneng ’nģa e le ’ngoe (6) lebaleng le katiloeng.

Matlong ao, mamati le lifensetere li ne li le karolong e shebileng ka lebaleng, e leng moo hangata ho neng ho etsoa lintho tse tloaelehileng tsa letsatsi le letsatsi, ho akarelletsa ho pheha, ho baka, ho sila lijo-thollo, ho thabela botsoalle le batho ba bang esita le ho ja.

Matlo a Kapernauma a neng a se na mekato, a ne a hahuoa ka majoe a bileng teng ha ho foqoha seretse se chesang. Litepisi tse kantle li ne li e-ea marulelong a bataletseng a entsoeng ka lehlaka le libalaka tse tšehelitsoeng ka litšiea eaba li pharoa ka letsopa kapa ho aloa lithaele holim’a tsona. (Mareka 2:1-5) Fatše ho ne ho katoa ka majoe ’me hangata ho koaheloa ka ’mete o lohiloeng.

Matlo a kolokileng a ne a etsa literata le liphaseje haufi le lebōpo la Leoatle la Galilea. Kapernauma e ne e le sebaka se loketseng bakeng sa batšoasi ba litlhapi ba neng ba iphelisa ka ho tšoasa leoatleng.

“Ka Ntlo le Ntlo” Ka kakaretso, matlo a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo a ne a fapana—e ne e ka ba matlo a kamore e le ’ngoe feela a hahuoeng ka makote kapa ea e-ba a maholo a majabajaba a hahiloeng ka lejoe.

Matlo ana a ne a sa sebelisoe feela bakeng sa ho sireletsa lelapa. Thupelo ea moea e ne e fanoa lapeng. Ka har’a matlo ana, malapa a ne a rapela ’moho. Bakreste ba ne ba kopana malapeng a balumeli-’moho le bona ho ithuta Mangolo le ho thabela botsoalle. Seo ba neng ba ithuta sona malapeng a bona ba ne ba se sebelisa hantle ha ba etsa mosebetsi oa bohlokoa haholo, e leng oa ho bolela le ho ruta “ka ntlo le ntlo” ho pholletsa le Roma.—Liketso 20:20.