Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lefatše ka Bolona le Tla Fela?

Na Lefatše ka Bolona le Tla Fela?

Na Lefatše ka Bolona le Tla Fela?

“BOFELO ba lefatše ke taba eo batho ba lulang ba e thahasella, haholo-holo bo-ralifilimi.” Sena ke se boletsoeng ke sengoli se bitsoang John Scalzi. Ke hobane’ng ha batho ba thahasella ho shebella lifilimi tse bontšang bofelo ba lefatše? Scalzi ha a beha lebaka o re: “Ke hobane li bua ka lintho tseo re seng re ntse re li tšaba.” Na ua lumela? Na re na le mabaka a utloahalang a ho tšoha hore na ebe lefatše le lintho tse phelang ho lona li ka ’na tsa fela neng, hona joang?

Hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng lefatšeng ka bophara, re utloa ka likoluoa tsa tlhaho tse bakang tšenyo e khōlō. Liketsahalo tseo tse tšosang li lula li hlahisoa hangata-ngata thelevisheneng le Inthaneteng. Ha re ntse re bona litšoantšo tsa batho le tsa libaka tse senyehileng, sena se etsa hore ho be bonolo ho lumela hore bofelo ba lefatše ke ntho e ka ’nang ea etsahala, hase feela ntho eo ho mpang ho bapaloa ka eona lifiliming.

Ntho e etsang hore batho ba tšohe le ho feta ke hore bo-rasaense ba hakanya hore na lefatše le ka ’na la fela joang. Ba bang ba bile ba hakanyetsa hore na lefatše le tla fela neng. Ka March 2008, Monthly Notices of the Royal Astronomical Society e ile ea tlaleha hore litsebi tse peli tsa linaleli li ile tsa noha hore lilemong tse ka bang libilione tse 7,59 tse tlang, letsatsi le tla pupetsa lefatše ebe lea le qhibilihisa.

Na ruri lefatše le tla fela ka letsatsi le leng?

Na Lefatše Lee la Rōna le Behetsoe Letsatsi la Hore na le Tla Fela Neng?

Bibele ea re tiisetsa: “Ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:4, Bibele ea Sesotho) Jehova Molimo “o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng” a ba a le etsa hore le be teng “ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Na mantsoe aa a bululetsoeng ke Molimo a utloahala eka ke ntho e ke keng ea etsahala? Ke hobane’ng ha u lokela ho lumela hore lefatše leo re phelang ho lona le ke ke la fela, ha bo-rasaense ba bang bona ba bua se fapaneng?

Ak’u nahane ho se hokae ka lintho tse rekisoang lebenkeleng. Lintho tse ling li ngotsoe letsatsi leo li tla felloa ke matla ka lona. Ke mang ea behileng letsatsi leo? Na see se etsoa ke manejara oa lebenkele ka ho inahanela feela hobane a se a e-na le tsebo ka lintho tsee? Le hanyenyane! Motho ea entseng ntho eo ke eena ea behang letsatsi leo e tla felloa ke matla ka lona. Re lumela hore letsatsi leo le nepahetse hobane moetsi oa ntho eo ke eena ea e tsebang ho feta motho leha e le ofe. Ka ho tšoanang le rōna re ka tšepa Moetsi oa lefatše. Lentsoe la hae le bolela ka ho hlakileng hore o “tiisitse lefatše” e le hore le be teng ka ho sa feleng. Ho hang ha ho na letsatsi leo le tla fela ka lona!—Pesaleme ea 119:90.

Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore ebe batho ba sa tsotelleng ba ka senya lefatše ho fihlela le se le ke ke la khona ho lokisoa? Ho hang seo se ke ke sa etsahala! Ho fapana le batho ba entseng lintho, Jehova eena o “khona ho etsa lintho tsohle.” (Jobo 42:2) Ke kahoo ka sebete a ka re tiisetsang, a re: “Le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le tla atleha.” (Esaia 55:11) Re ka kholiseha hore “Moetsi oa rōna” a ke ke a lumella ntho leha e le efe hore e mo thibele ho phethahatsa morero oa hae ka lefatše. (Pesaleme ea 95:6) Ha e le hantle morero oo ke ofe, hona Molimo o tla o phethahatsa joang?

’Muso oa Molimo o Tla Phethahatsa Morero oa Hae

Lentsoe la Molimo ha le re bolelle feela hore lefatše ka bolona le ke ke la fela, empa le boetse le re bolella hore Molimo o ‘le etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) Le hoja lefatše lena le ’nile la e-ba le baahi ka lilemo tse likete, seo ha se bolele hore morero oa Molimo o phethahetse.

Jehova ke “Molimo ea thabileng” ebile “o rata toka.” (1 Timothea 1:11; Pesaleme ea 37:28) Morero oa hae ke hore batho kaofela ba phele ba thabile ba bile ba phela moo ho renang toka. E le hore a tle a phethahatse morero oa hae, Molimo o ile a bolela esale pele hore o tla hloma ’Muso maholimong, o tla busa lefatše lohle. (Daniele 2:44) Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ne a bua ka ’Muso oo oa Molimo kamehla. O ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba o rapelle hobane o ne a tseba melemo eohle eo lefatše le tla e fumana ha ’Muso oo o se o busa. (Matheu 6:9, 10; 24:14) E meng ea melemo eo ke efe?

Khotso le tšireletseho li tla ba teng hohle hobane Molimo o tšepisa hore o tla felisa lintoa kaofela.—Pesaleme ea 46:9.

Ho tla ba le lijo tse ngata bakeng sa bohle.—Pesaleme ea 72:16.

Ha ho sa tla ba le bothata ba ho hlokomela ba kulang hobane “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.

Batho ha ba sa tla sareloa kaha “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.

Molimo o tšepisa hore batho ba hae ba tla ikahela matlo, ba phele ba sireletsehile ba be ba “nyakalle ka ho sa feleng.”—Esaia 65:17-24.

Ha ho pelaelo hore u labalabela ho phela maemong a kang a boletsoeng ka holimo. Jehova o na le cheseho e khōlō kapa takatso e matla ea ho phethahatsa seo a se boletseng esale khale. (Esaia 9:6, 7) Empa u ka ’na ua ipotsa: ‘E se e le lilemo tse likete joale ho ngotsoe litšepiso tseo tsa Molimo ka Bibeleng. Ke hobane’ng ha li e-s’o phethahale?’

Mamello ea Molimo e Etsa Hore re Pholohe

Tiiseha hore “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae.” Bibele e hlalosa hore ka lerato Molimo o ’nile a re mamella. Ka hona, re khothalletsoa hore re “nke ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko.” (2 Petrose 3:9, 15) Empa ke hobane’ng ha ho pholoha ha rōna ho itšetlehile ka mamello ea Molimo?

Taba ea pele ke hore Molimo oa tseba hore o tla lokela ho “felisa ba senyang lefatše” pele a ka fa batho ba lokileng lehae le sireletsehileng le le atlehileng. (Tšenolo 11:18) Leha ho le joalo, kaha Jehova o rata batho, “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe.” Ka lebaka leo, ka mamello Ntate oa rōna ea leholimong o ’nile a leka ho ‘lemosa ea khopo tseleng ea hae e khopo.’ E le ho finyella seo, Jehova o etsa hore molaetsa oa ’Muso oa hae o boleloe lefatšeng lohle. * (Ezekiele 3:17, 18) Bohle ba mamelang temoso ea Molimo ’me ba etsa hore ba phele ka tsela e lumellanang le melao ea hae e lokileng ba tla pholosoa ’me ba phele ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng.

Retelehela ho Molimo ’me U Pholosoe

Ka sebele Bibele e re tšoaretse ‘litaba tse molemo.’ (Matheu 24:14) E re bolella mantsoe a Molimo ao joang kapa joang a tla phethahala a hore lefatše la rōna le ke ke la timela le ka mohla. Ho feta moo, ho latela boprofeta ba Bibele re ka ba le tumelo ea hore “ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” Ke ba lokileng feela mahlong a Molimo bao haufinyane “ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:9-11, 29; Matheu 5:5; Tšenolo 21:3, 4) Ho fihlela nakong eo, ka mamello Molimo o tla ’ne a tsoele pele ho ipiletsa: “Retelehelang ho ’na ’me le pholosoe, lōna bohle ba lipheletsong tsa lefatše.” (Esaia 45:22) U tla etsa joang?

Ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho retelehela ho Molimo? Pesaleme ea 37:34 e fana ka keletso ena: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše.” Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u ithute ho eketsehileng ka morero oa Molimo oa ka ho sa feleng ka lefatše le hore na u ka etsa joang e le hore u tle u bone ha morero oo o phethahala.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 21 E le ha li mamela taelo ea Jesu e ho Matheu 28:19, 20, Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse supileng linaheng tse 236 li qeta lihora tse ka bang bilione le halofo selemo se seng le se seng li ruta batho ka morero o babatsehang oa Molimo ka lefatše lena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

NASA photo