Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko

O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko

A TŠOENYEHILE, Petrose o ile a sheba lifahleho tsa bamameli ba Jesu. Ba ne ba le ka synagogeng ea Kapernauma. Petrose o ne a ahile motseng ona, khoebo ea hae ea ho tšoasa litlhapi e ne e le hona mona, lebopong la Leoatle la Galilea; bongata ba metsoalle ea hae hammoho le ba lelapa le bahoebi-’moho le eena ba ne ba lula mona. Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a lakatsa eka batho bao ba habo ba ka nka Jesu ka tsela eo a mo nkang ka eona, ba thabele ho ithuta ka ’Muso oa Molimo ho mosuoe enoa ea fetang mesuoe eohle. Empa ha ho bonahale eka ho ne ho tla ba joalo letsatsing lena.

Ba bangata ba ne ba se ba sa mamela. Ba bang ba ne ba koma-koma, ba hanana le seo Jesu a se buoang. Petrose o ile a tšoenyeha le ho feta ha a bona tsela eo barutuoa ba bang ba Jesu ba neng ba itšoara ka eona. Lifahleho tsa bona li ne li se li sa bontše nyakallo ea ho ithuta ka lintho tsa bohlokoa, ho tseba lintho tse ncha le ho thabela ho tseba ’nete. Empa ho ne ho bonahala ba se ba tenehile ba bile ba halefile. Ba bang ba ile ba ba ba re puo ea Jesu ea tšosa. Ba se ba sa batle ho mamela ho feta moo, ba ile ba tsoa ka synagogeng—ba ba ba khaotsa le ho latela Jesu.

Ena e ne e le nako e boima ho Petrose le baapostola ba bang. Letsatsing leo Petrose o ne a sa utloisisa ka botlalo seo Jesu a se buileng. Ha ho pelaelo hore oa hlokomela hore na ke hobane’ng ha mantsoe ao Jesu a a buileng, haeba a sa hlalosoe, a ka halefisang motho. Joale Petrose o ne a tla etsa’ng? E ne e se lekhetlo la pele botšepehi ba hae ho Mong’a hae bo lekoa ebile e ne e se la ho qetela. A re ke re boneng hore na tumelo ea Petrose e ile ea mo thusa joang hore a hlōle liteko tseo ’me a lule a tšepahala.

O Ile a Lula a Tšepahala ha ba Bang ba Kheloha

Hangata Petrose o ne a makatsoa ke tsela eo Jesu a etsang lintho ka eona. Ka makhetlo a mangata, Mong’a hae o ne a etsa lintho kapa a bua ka tsela e fapaneng le eo batho ba neng ba e lebeletse. Letsatsi feela pele ho moo, Jesu o ne a ile a fepa letšoele la batho ba likete ka mohlolo. Ka lebaka leo, ba ile ba batla ho mo etsa morena. Leha ho le joalo, o ile a makatsa ba bangata eaba oa tloha, a ba a laela barutuoa ba hae hore ba palame sekepe ba ee Kapernauma. Ha barutuoa ba ntse ba tsamaea ka sekepe bosiu, Jesu o ile a ba makatsa hape ka hore a tsamaee holim’a Leoatle la Galilea le ntseng le loebehlana, a ruta Petrose thuto ea bohlokoa ea ho ba le tumelo. *

Hoseng ba ile ba elelloa hore letšoele leo le ba setse morao, le tsamaile ka tsela e iphaphathileng ka letša. Leha ho le joalo, ho hlakile hore batho bao ba ne ba labalabela ho bona ha Jesu a hlahisa lijo ka mohlolo hape, eseng hore ba ne ba lapetse lijo tsa moea. Jesu o ile a ba khalemela ka matla ka lebaka la hore ba ne ba rata lintho tsa nama. O ile a tsoela pele a bua ka taba eo ka synagogeng e Kapernauma, moo Jesu a ileng a boela a etsa ntho eo ba neng ba sa e lebella ha a leka ho ba ruta thuto ea bohlokoa ea ’nete, empa e le e thata.

Jesu o ne a sa batle hore batho bao ba mo nke e le motho ea fanang ka lijo tsa nama, empa o ne a batla hore ba mo nke e le ea fanang ka lintho tsa moea tse tsoang ho Molimo, e le eo bophelo ba hae le lefu la hae li neng li tla fana ka monyetla oa hore batho ba phele ka ho sa feleng. Kahoo, o ile a etsa papiso, a itšoantša le manna, e leng bohobe bo neng bo theoha leholimong mehleng ea Moshe. Ha ba bang ba mo hanyetsa, o ile a etsa papiso e tobileng, a hlalosa hore ho ne ho tla hlokahala hore ba je nama ea hae ba be ba noe mali a hae e le hore ba tle ba fumane bophelo. Ke nakong ena moo joale ba ileng ba mo hanyetsa ka matla. Ba bang ba ile ba re: “Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?” Barutuoa ba bangata ba Jesu ba ile ba etsa qeto ea ho khaotsa ho mo latela. *Johanne 6:48-60, 66.

Joale Petrose o ne a tla etsa’ng? E tlameha ebe le eena o ne a ntse a sa utloisise mantsoe a Jesu. O ne a e-s’o utloisise hore Jesu o lokela ho shoa e le hore a phethe thato ea Molimo. Leha ho le joalo, na Petrose o ile a ikutloa a batla ho khaotsa ho latela Jesu joaloka barutuoa bao ba ileng ba khaotsa letsatsing leo? Che; ho ne ho e-na le ntho ea bohlokoa e ileng ea etsa hore Petrose a etse se fapaneng le batho bao. E ne e le eng?

Jesu o ile a retelehela ho baapostola ba hae eaba o re: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” (Johanne 6:67) Le hoja a ne a bua le bona ba le 12, Petrose ke eena ea ileng a araba. Hangata ke eena ea neng a araba pele. E ka ’na eaba Petrose o ne a le moholo ho bona kaofela. Ho sa tsotellehe hore na ho ne ho etsahala’ng, ke eena ea neng a atisa ho bua sehlopheng, ho bonahala e ne e le seoelo Petrose a neng a ka ba leqe ho ntša maikutlo a hae. Tabeng ena ntho e neng e le ka kelellong ea hae e ne e le mantsoe ana a monate a bileng a sa lebaleheng, a reng: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Johanne 6:68.

Na mantsoe aa ha a u ame pelo? Tumelo eo Petrose a nang le eona ho Jesu e ne e mo thusitse hore a be le tšobotsi e ntle haholo—e leng botšepehi. Petrose o ile a hlakeloa hore ha ho na Mopholosi e mong ntle le Jesu le hore mantsoe a Jesu a ne a pholosa—e leng lithuto tsa hae ka ’Muso oa Molimo. Petrose o ne a tseba hore le haeba a ne a sa utloisise lintho tse ling, ho ne ho se na nģa e ’ngoe moo a ka eang haeba a ne a batla hore a amoheloe ke Molimo le hore a fumane bophelo bo sa feleng.

Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Ka masoabi, ba bangata mehleng ena ba bolela hore ba rata Jesu, empa ha ba lule ba tšepahala. E le hore re tšepahale ho Kreste e le kannete, ho hlokahala hore re talime lithuto tsa Jesu ka tsela eo Petrose a neng a li talima ka eona. Ho hlokahala hore re ithute tsona, re utloisise hore na li bolela’ng re be re phele ka tsela e lumellanang le tsona—esita le haeba li ka re makatsa ka hore li buoe seo re sa se lebellang kapa li be khahlanong le lintho tseo re li ratang. Ke feela haeba re tšepahala moo re ka bang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng boo Jesu a batlang hore re bo fumane.

O Ile a Lula a Tšepahala Leha a Khalemeloa

Nakoana ka mor’a nako eo e maphatha-phathe, Jesu o ile a nka leeto le lelelele le baapostola ba hae le barutuoa ba bang ba hae ho ea ka leboea. Tlhōrō e kupelitsoeng ke lehloa ea Thaba ea Hermone, e neng e le ka leboea ho Naha e Tšepisitsoeng, ka linako tse ling e ne e bonahala leha motho a le Leoatleng la Galilea le metsi a maputsoa. Butle-butle bolelele ba thaba bo ile ba ’na ba bonahala le ho feta ha sehlopha sena se ntse se atamela se nyolosa meepa e lebang metseng e pel’a Cesarea Filipi. * Sebakeng sena se setle moo ho neng ho bonahala boholo ba karolo e ka boroa ea Naha e Tšepisitsoeng, Jesu o ile a botsa balateli ba hae potso ea bohlokoa.

O ne a batla ho tseba: “Bongata bo re ke mang?” Re ka inahanela feela Petrose a sheba Jesu ea neng a labalabela ho fumana karabo, a boetse a lemoha kamoo Mong’a hae a leng mosa a bileng a leng bohlale haholo kateng. Jesu o ne a thahasella ho tseba hore na bamameli ba hae ba entse qeto efe ka seo ba se boneng le seo ba se utloileng. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo araba ka ho mo bolella likhopolo tse fosahetseng tseo batho ba neng ba e-na le tsona mabapi le hore na Jesu ke mang. Empa Jesu o ne a sa batle ho tseba seo feela. O ne a batla ho tseba hore na balateli ba hae ba haufi-ufi le bona ba na le khopolo e fosahetseng kapa che. O ile a ba botsa: “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?”—Luka 9:18-22.

Petrose o ile a arabela ka pele hape. Ka sebete le ka tsela e hlakileng o ile a ntša qeto eo ba bangata moo ba neng ba e entse. O ile a re: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” Re ka inahanela feela ha Jesu a lumela ka ho bososela ’me ka lerato a babatsa Petrose. Jesu o ile a hopotsa Petrose hore ke Jehova Molimo ea neng a entse hore ba nang le tumelo ea sebele ba utloisise ’nete eo ea bohlokoa—eseng motho. Ho ne ho entsoe hore Petrose a khone ho lemoha ’nete e khōlō ka ho fetisisa eo Jehova a neng a e-s’o e senole—e leng ea hore na Mesia eo e leng khale a letetsoe kapa Kreste ke mang!—Matheu 16:16, 17.

Kreste enoa e ne e le eena eo boprofeta ba boholo-holo bo neng bo itse ke lejoe leo lihahi li tla le lahla. (Pesaleme ea 118:22; Luka 20:17) A hopotse boprofeta boo, Jesu o ile a senola hore Jehova o ne a tla theha phutheho lejoeng leo, kapa lefikeng lona leo Petrose a qetang ho le bolela. * Joale o ile a fa Petrose boikarabelo ba bohlokoa haholo phuthehong eo. Ha aa ka a phahamisetsa Petrose ka holim’a baapostola ba bang, joalokaha ba bang ba nahana joalo, empa o ile a mo fa boikarabelo. O ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso.” (Matheu 16:19) Mosebetsi oa Petrose e ne e tla ba ho fa batho tšepo ea ho kena ’Musong oa Molimo merabeng e meraro ea batho—ho Bajuda pele, e ntan’o ba Basamaria, qetellong e be Balichaba kapa batho bao e seng Bajuda.

Leha ho le joalo, hamorao Jesu o ile a bontša hore ba fuoang ho hongata ho tla batloa ho hongata ho bona ’me tabeng ena ea Petrose mantsoe ao aa bonahala hore ke ’nete. (Luka 12:48) Jesu o ile a tsoela pele ho senola ’nete ea bohlokoa ka Mesia, hammoho le ho bolela hore o se a le haufi le ho hlokofatsoa le ho bolaeloa Jerusalema. Petrose ha aa ka a thabela ho utloa litaba tseo. O ile a nkela Jesu ka thōko eaba o mo khalemela ka matla, o re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.”—Matheu 16:21, 22.

Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a bua seo ka maikutlo a matle, kahoo e ka ’na eaba karabo ea Jesu e ile ea mo makatsa. O ile a furalla Petrose, a sheba barutuoa ba hae—bao e ka ’nang eaba le bona ba ne ba nahana se tšoanang—eaba o re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.” (Matheu 16:23; Mareka 8:32, 33) Le rōna re ka latela keletso eo ea Jesu. Ho bonolo hore re lumelle menahano ea batho hore e nke sebaka sa menahano ea Molimo. Haeba re etsa joalo, le hoja morero oa rōna e le ho thusa, re ka ’na ra iphumana re tšehetsa merero ea Satane e seng ea Molimo. Leha ho le joalo, Petrose o ile a arabela joang?

O ne a tseba hore joang kapa joang Jesu o ne a hlile a sa bolele hore ke Satane Diabolose. Etsoe tsela eo Jesu a neng a bua le Petrose ka eona e ne e sa tšoane le eo a ileng a bua le Satane ka eona. Ho Satane, Jesu o ile a re: “Tloha”; ha ho Petrose a ile a re: “Suthela ka mor’a ka.” (Matheu 4:10) Jesu ha aa ka a leleka moapostola enoa oa hae eo a neng a bona hore o na le litšobotsi tse ngata tse ntle, O ne a mpa a lokisa tsela e fosahetseng eo a neng a nahana taba ena ka eona. Hoa hlaka hore ho ne ho hlokahala hore Petrose a tlohele ho ema ka pel’a Mong’a hae joaloka khopiso, empa a be ka mor’a hae joaloka molateli ea mo tšehetsang.

Na Petrose o ile a etsa khang, a halefa kapa a koata? Che; o ile a amohela khalemelo ka boikokobetso. Kahoo o ile a bontša botšepehi hape. Ka linako tse ling balateli bohle ba Kreste ba tla hloka ho khalemeloa. Ke feela haeba re amohela khalemelo ka boikokobetso re bile re ithuta ho eona re ka tsoelang pele ho atamela haufi le Jesu Kreste le Ntate oa hae, Jehova Molimo.—Liproverbia 4:13.

O Ile a Fumana Moputso oa ho Lula a Tšepahala

Ka mor’a nakoana Jesu o ile a bua mantsoe a mang a makatsang: “Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona Mor’a motho a tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:28) Ha ho pelaelo hore mantsoe ao a ile a etsa hore Petrose a labalabele ho tseba ho eketsehileng. Ebe Jesu o ne a bolela’ng? Mohlomong Petrose o ne a nahana hore ka lebaka la khalemelo e matla eo a sa tsoa e fuoa, o ne a ke ke a fumana tokelo eo e ikhethang.

Leha ho le joalo, hoo e ka bang beke ka mor’a moo, Jesu o ile a nka Jakobo, Johanne le Petrose a nyolohela le bona “thabeng e phahameng”—mohlomong Thabeng ea Hermone e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse ’maloa feela. E ka ’na eaba e ne e se e le bosiu kaha banna bao ba bararo ba ne ba imetsoe ke boroko. Empa ha Jesu a ntse a rapela, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ile ea etsa hore ba hlaphoheloe.—Matheu 17:1; Luka 9:28, 29, 32.

Jesu o ile a qala ho fetoha ba ntse ba mo shebile. Sefahleho sa hae se ile sa qala ho khanya, sa benya ho fihlela se khanya joaloka letsatsi. Liaparo tsa hae le tsona li ile tsa e-ba tšoeu ka mokhoa o benyang. Joale ha hlaha banna ba babeli pel’a Jesu, e mong o ne a tšoantšetsa Moshe ha e mong a tšoantšetsa Elia. Ba ile ba buisana le eena ka “ho tloha ha hae hoo a neng a reretsoe ho ho phethahatsa Jerusalema”—ka ho hlaka e leng ho shoa le ho tsoha ha hae. Joale ho ile ha hlaka hore Petrose o ne a fositse ha a hana hore Jesu o ne a tla hlaheloa ke ntho e bohloko joalo!—Luka 9:30, 31.

Petrose o ile a ikutloa a tlameha ho kenya letsoho ponong ena e ikhethang. Ho ile ha bonahala eka Moshe le Elia ba tloha ho Jesu. Kahoo Petrose o ile a re: “Morupeli, ho hotle hore re be mona, kahoo a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe bakeng sa hao ’me e ’ngoe bakeng sa Moshe ’me e ’ngoe bakeng sa Elia.” Ke ’nete hore bahlanka bana ba Jehova bao e leng khale ba shoele ba tšoantšelitsoeng ponong ena ba ne ba sa hloke litente. Ha e le hantle Petrose o ne a sa tsebe hore na o bolela’ng. Empa, na ha u utloe u khahloa ke monna eo ea neng a le mafolofolo a bile a le botsoalle?—Luka 9:33.

Eena le Jakobo le Johanne ba ile ba putsoa ka ntho e ’ngoe hape bosiung boo. Leru le ile la bōpeha eaba lea ba koahela hona moo thabeng. Ho ile ha tsoa lentsoe ho lona—e leng lentsoe la Jehova Molimo! O ile a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea khethiloeng. Mo mameleng.” Joale pono e ile ea fela ’me ba sala le Jesu thabeng.—Luka 9:34-36.

Ka sebele pono eo e ne e le mpho ea bohlokoa ho Petrose le ho rōna! Lilemo tse mashome hamorao o ile a ngola ka tlotla eo, eo a ileng a ba le eona bosiung boo ea ho ba ‘paki e boneng ka mahlo ea botle ba hae bo hlollang,’ e leng ea ho bona esale pele ha Jesu e se e le Morena ea khanyang ea busang leholimong. Pono eo e ile ea phetha boprofeta bo bongata ba Lentsoe la Molimo ea ba ea tiisa tumelo ea Petrose bakeng sa liteko tseo a neng a tla kopana le tsona. (2 Petrose 1:16-19) Le rōna e ka re tiisa, haeba joaloka Petrose re lula re tšepahala ho Mong’a rōna eo Jehova a mo khethileng, re ithuta ho eena, re amohela ha a re laea leha a re khalemela re bile re mo latela ka boikokobetso letsatsi le letsatsi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Ho feto-fetoha ha letšoele ka synagogeng ho hlaka haholo ha ho bapisoa tsela eo ba itšoarang ka eona ha ba utloa mantsoe a Jesu le tsela eo ba ileng ba itšoara ka eona letsatsi feela pele ho moo ha ka cheseho ba ne ba re ke moprofeta oa Molimo.—Johanne 6:14.

^ ser. 15 Ho tloha lebōpong la Leoatle la Galilea, sehlopha sena se ile sa qala leeto leo la lik’hilomithara tse 50 ho tloha sebakeng se limithara li 210 ka tlas’a bophahamo ba leoatle ho fihlela se le ka holimo ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse 350, ba feta libaka tse botle bo hlollang.

^ ser. 18 Sheba lebokose le reng  “Lefika ke Mang?” leqepheng la 28.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

 Lefika ke Mang?

“Ke re ho uena, U Petrose, ’me holim’a lefika lena ke tla haha phutheho ea ka.” (Matheu 16:18) Mantsoe ana ao Jesu a neng a a bolella moapostola oa hae Petrose, a ’nile a utloisisoa eka a bolela hore Petrose e ne e tla ba motheho oa phutheho ea Bokreste. Kereke ea Roma e K’hatholike e ruta hore Jesu o ne a beha Petrose boemong bo ka holim’a baapostola ba bang, ha e le hantle e ne e le ha a mo etsa mopapa oa pele. Ka hona, kerekeng ea Saint Peter’s Basilica, e Roma, mantsoe ana a Jesu a ngotsoe ka Selatine ka mongolo o moholo ho feta motho.

Na Jesu o ne a bolela hore Petrose ke lefika leo ho lona Jesu a neng a tla haha phutheho ea hae? Che. Nahana ka mabaka a mararo a ka etsang hore re kholisehe ka sena. La pele, baapostola ba bang ba ne ba le teng, ’me ha baa ka ba utloisisa mantsoe ao a Jesu ka tsela eo. Haeba Jesu a ne a file Petrose boemo bo phahameng ba ntse ba utloa, joale ke hobane’ng ha ka makhetlo ka mor’a moo ba ile ba phehisana hore na ke mang ho bona ea moholo? (Mareka 9:33-35; Luka 22:24-26) La bobeli, moapostola Pauluse hamorao o ile a bontša hore lefika e ne e le Jesu Kreste, e seng Petrose. (1 Bakorinthe 3:11; 10:4) La boraro, lilemo tse mashome hamorao Petrose ka boeena o ile a bontša hore o ne a sa inke e le lefika. Ho e-na le hoo, o ile a ngola hore Jesu e ne e le eena “lejoe la sekhutlo la motheo” le neng le ile la boleloa esale pele, le khethiloeng ke Molimo ka boeena.—1 Petrose 2:4-8.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Petrose o ile a lula a tšepahala esita leha a ne a khalemeloa

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Botšepehi ba Petrose bo ile ba putsoa ka ho bontšoa pono e hlollang