Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela ho Jehova?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela ho Jehova?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela ho Jehova?

“Bosiung bona haufi le ’na ho ile ha ema lengeloi la Molimo eo ke leng oa hae.”—LIK. 27:23.

1. Ba il’o kolobetsoa ba se ba nkile mehato efe, hona see se hlahisa lipotso life?

“MOTHEONG oa sehlabelo sa Jesu Kreste, na u baketse libe tsa hao ’me u inehetse ho Jehova ho etsa thato ea hae?” Ena ke e ’ngoe ea lipotso tse peli tseo batho ba il’o kolobetsoa ba li arabang qetellong ea puo ea kolobetso. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Bakreste ba inehele ho Jehova? Ho inehela ho Molimo ho re tsoela molemo joang? Ke hobane’ng ha motho a ke ke a rapela Molimo ka tsela e amohelehang haeba a sa inehela ho eena? E le hore re utloisise likarabo tsa lipotso tsena, re lokela ho qala ka ho tšohla hore na ho inehela ho bolela’ng.

2. Ho inehela ho Jehova ho bolela’ng?

2 Ho inehela ho Molimo ho bolela’ng? Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a hlalosa kamano ea hae le Molimo joang. Ka pel’a batho ba bangata ba neng ba palame sekepe se neng se le kotsing, o ile a re Jehova ke “Molimo eo ke leng oa hae.” (Bala Liketso 27:22-24.) Bakreste bohle ba ’nete ke ba Jehova. Ho fapana le hoo, lefatše ka kakaretso “le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Joh. 5:19) Bakreste e ba ba Jehova nakong eo ba etsang boinehelo bo amohelehang ho eena ka thapelo. Boinehelo boo, ke kano e etsoang ke motho ka mong. Bo lateloa ke ho kolobetsoa metsing.

3. Kolobetso ea Jesu e ne e bontša eng, hona balateli ba hae ba ka etsisa mohlala oa hae joang?

3 Jesu o ile a re behela mohlala ha a ne a ikhethela ho etsa thato ea Molimo. Kaha o ne a tsoaletsoe sechabeng sa Iseraele se neng se inehetse ho Jehova, o ne a se a ntse a inehetse ho Molimo. Ho sa tsotellehe seo, ha a kolobetsoa, ha aa ka a etsa feela se neng se hlokoa ke Molao. Lentsoe la Molimo le bontša hore o ile a re: “Bona! Ke tlile . . . ho etsa thato ea hao, Molimo.” (Baheb. 10:7; Luka 3:21) Kahoo, ho kolobetsoa ha Jesu ho ne ho bontša hore o itlhahisa ho Molimo hore a etse thato ea Ntate oa hae. Balateli ba hae ba etsisa mohlala oa hae ha ba inehela hore ba kolobetsoe. Empa ha ba kolobetsoa metsing, ba bontša phatlalatsa hore ba inehetse ho Molimo ka thapelo.

Ho Inehela ho re Tsoela Molemo Joang?

4. Setsoalle sa Davida le Jonathane se re ruta eng ka boitlamo?

4 Boinehelo ba Bokreste hase taba e nyenyane. Hase boitlamo feela tjee. Joale, ebe ho inehela ho re tsoela molemo joang? Ka mohlala, a re ke re tšohleng hore na boitlamo bo tlisa melemo joang likamanong tsa batho. Mohlala o mong ke setsoalle. E le hore u rue molemo oa ho ba le motsoalle, u tlameha ho amohela hore setsoalle se tsamaea le boikarabelo. Boitlamo boa ameha tabeng ena—u ikutloa u tlameha ho tsotella motsoalle oa hao. Setsoalle se seng se ikhethang ka ho fetisisa se hlalositsoeng ka Bibeleng, ke sa Davida le Jonathane. Ba bile ba hlaba selekane sa setsoalle. (Bala 1 Samuele 17:57; 18:1, 3.) Le hoja setsoalle sa mofuta oo se sa ata, hangata setsoalle sea tiea ha metsoalle e itlamme e mong ka e mong.—Liprov. 17:17; 18:24.

5. Lekhoba le ne le ka rua molemo oa mong’a lona ea lokileng joang mocha-o-chele?

5 Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o hlalosa kamano e ’ngoe eo ho eona batho ba ileng ba rua molemo ka hore ebe ba ile ba etsa boitlamo. Haeba lekhoba le ne le batla tšireletso ea hore le se ke la tloha ha mong’a lona ea lokileng, lona le mong’a lona ba ne ba lokela ho etsa tumellano ea mocha-o-chele le e ba tlamang. Molao o re: “Haeba ka ho tsitlella lekhoba le re, ‘Ruri ke rata mong’a ka, mosali oa ka le bara ba ka; ha ke batle ho tsamaea joaloka ea lokolotsoeng,’ joale mong’a lona a le atametse ho Molimo oa ’nete ’me a le emise pel’a lemati kapa kosene ea monyako; mong’a lona a le phunye tsebe ka elese, ’me le fetohe lekhoba la hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Ex. 21:5, 6.

6, 7. (a) Ho etsa boitlamo ho tsoela batho molemo joang? (b) Seo se bontša eng ka kamano ea rōna le Jehova?

6 Kamano ea lenyalo e hloka boitlamo bo boholo. Ke kamano eo ho eona batho ba lokelang ho ikemisetsa ho tšepahallana, hase ho itlamela ho boloka tumellano feela. Batho ba babeli ba itulelang hammoho feela ba sa nyalana, ba ke ke ba sireletseha e le kannete, ’me ho joalo le ka bana ba bona. Empa batho ba babeli ba itlammeng e mong ka e mong lenyalong le hlomphehang, ba na le lebaka le ba tlamang la Mangolo la hore ha mathata a hlaha, ba loanele ho a rarolla ka lerato.—Mat. 19:5, 6; 1 Bakor. 13:7, 8; Baheb. 13:4.

7 Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, batho ba ne ba rua molemo ha ba ne ba etsa litumellano tsa khoebo le tsa khiro tse ba tlamang. (Mat. 20:1, 2, 8) Ho sa ntse ho le joalo le kajeno. Ka mohlala, re rua molemo haeba re etsa tumellano e ngotsoeng e tlamang, pele re qala khoebo kapa re hiroa ke k’hamphani e itseng. Kahoo, haeba likamano tse kang setsoalle, lenyalo le khiro lia tiea ka lebaka la boitlamo, ka sebele boinehelo bo feletseng bo tla u tsoela molemo le ho feta kamanong ea hao le Jehova! Joale, a re ke re tšohleng hore na nakong e fetileng batho ba ’nile ba rua molemo joang ka ho inehela ho Jehova Molimo le hore na ke joang sena e neng e se boitlamo feela tjee.

Baiseraele ba Ile ba Rua Molemo Joang ka ho Inehela ho Molimo?

8. Ho inehela ho Molimo ho ne ho bolela’ng ho Baiseraele?

8 Sechaba sohle sa Iseraele se ile sa inehela ho Jehova ha se ne se etsetsa Molimo kano. Jehova o ile a re se phuthehele ka pel’a Thaba ea Sinai, eaba o re ho sona: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle.” Sechaba se ile sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiselitse ho se etsa.” (Ex. 19:4-8) Ho inehela ho ne ho bolela ntho ea bohlokoa ho Baiseraele ho feta feela ho itlama hore ba tla etsa ntho e itseng. Ho ne ho bolela hore e ne e le ba Jehova, ’me Jehova o ile a ba tšoara joaloka ‘thepa ea hae e khethehileng.’

9. Baiseraele ba ile ba rua molemo joang ka hore ebe ba ne ba inehetse ho Molimo?

9 Baiseraele ba ile ba rua molemo ka hore ebe e ne e le batho ba Jehova. O ne a tšepahala a bile a ba hlokomela ka tsela eo motsoali ea lerato a hlokomelang ngoana oa hae ka eona. Molimo o ile a re ho Baiseraele: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae? Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.” (Esa. 49:15) Jehova o ile a ba tataisa ka Molao, a ba khothatsa ka baprofeta a ba a ba sireletsa ka mangeloi. Mopesaleme o ile a ngola a re: “O bolella Jakobo lentsoe la hae, o bolella Baiseraele melao ea hae ea tsamaiso le liqeto tsa hae tsa boahloli. Ha aa etsa sechaba leha e le sefe se seng ka tsela eo.” (Pes. 147:19, 20; bala Pesaleme ea 34:7, 19; 48:14.) Feela joalokaha nakong e fetileng Jehova a ile a hlokomela sechaba seo e neng e le sa hae, o tla hlokomela batho ba inehetseng ho eena kajeno.

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Inehela ho Molimo?

10, 11. Na re tsoaloa re le karolo ea lelapa la Molimo le leholimong le lefatšeng? Hlalosa.

10 Ba bang ha ba ntse ba nahana hore na ba inehele ba be ba kolobetsoe, ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ho ke ke ha khoneha hore ke be morapeli oa Molimo haeba ke sa inehela ho eena?’ Lebaka la sena le hlaka ha re nahana hore na boemo ba rōna ke bofe ka pel’a Molimo hona joale. Hopola hore ka lebaka la sebe sa Adama, bohle re tsoaloa re se karolo ea lelapa la Molimo. (Bar. 3:23; 5:12) Ho inehela ho Molimo ke ntho ea bohlokoa e hlokahalang e le hore Molimo a re amohele lelapeng la hae le leholimong le lefatšeng. A re boneng lebaka la sena.

11 Ha ho le ea mong oa rōna ea nang le ntate ea neng a ka fetisetsa ho rōna bophelo bo tšoanetseng—e leng bophelo bo phethahetseng. (1 Tim. 6:19) Ha rea tsoaloa re le bana ba Molimo hobane ha batho ba babeli ba pele ba ne ba etsa sebe, batho ba ile ba arohanngoa le ’Mōpi le Ntate oa bona ea lerato. (Bapisa le Deuteronoma 32:5.) Ho tloha ka nako eo, batho ba phetse ka ntle ho lelapa la Jehova le leholimong le lefatšeng, ba arohane le Molimo.

12. (a) Batho ba sa phethahalang e ka ba litho tsa lelapa la Molimo joang? (b) Re lokela ho nka mehato efe pele re kolobetsoa?

12 Leha ho le joalo, re le batho ka bomong, re ka kōpa Molimo hore a re amohele lelapeng la hae la bahlanka ba amohelehang. * Na a ka re amohela empa re le baetsalibe hakaale? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re ne re le lira, re ile ra boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora oa hae.” (Bar. 5:10) Ha re kolobetsoa, re kōpa Molimo hore a re fe letsoalo le letle e le hore re amohelehe ho eena. (1 Pet. 3:21) Leha ho le joalo, pele re kolobetsoa, ho na le mehato eo re lokelang ho e nka. Re lokela ho tseba Molimo, re ithute ho mo tšepa, re bake re be re fetole litsela tsa rōna. (Joh. 17:3; Lik. 3:19; Baheb. 11:6) Hape, ho na le se seng seo re lokelang ho se etsa pele re ka amoheloa ka lelapeng la Molimo. Ke sefe sona seo?

13. Ke hobane’ng ha ho loketse hore motho a etse kano ea hore o tla inehela ho Molimo e le hore e be karolo ea lelapa la Hae la barapeli ba amohelehang?

13 Pele motho ea sa rapeleng Molimo e ka ba setho sa lelapa la bahlanka ba Molimo ba amohelehang, o lokela ho qala ka ho etsetsa Jehova tšepiso e tiileng. E le hore u utloisise lebaka la sena, nahana ka ntate ea hlomphehang ea bontšang hore o thahasella mocha oa khutsana ’me o rata ho mo nka hore e be setho sa lelapa la hae. Ntate enoa o tsejoa e le motho ea molemo. Leha ho le joalo, pele a amohela mocha enoa hore e be mora oa hae, o batla hore moshanyana enoa a mo tšepise lintho tse itseng. Kahoo, ntate enoa o re, “Pele ke u amohela hore u be mora oa ka, ke batla ho tseba hore na u tla nthata u be u ntlhomphe joaloka ntate oa hao.” A ka amohela mocha enoa ka lelapeng la hae haeba feela a ikemiselitse ho mo tšepisa ka tieo hore o tla etsa lintho tsena. Ka sebele sena sea utloahala. Ka ho tšoanang, batho feela bao Jehova a ba amohelang ka lelapeng la hae ke ba ikemiselitseng ho etsa kano ea hore ba inehetse ho eena. Bibele e re: “Ineheleng ho Molimo: le le sehlabelo se phelang, se nehetsoeng le se loketseng hore a ka se amohela.”—Bar. 12:1, The New English Bible.

Ke Ketso e Bontšang Lerato le Tumelo

14. Boinehelo bo bontša lerato ka tsela efe?

14 Ha re etsa kano ea hore re inehela ho Molimo re bontša lerato le tsoang botebong ba pelo leo re ratang Jehova ka lona. Sena se tšoana le kano ea lenyalo ka litsela tse itseng. Monyali oa Mokreste o bontša lerato la hae ka ho etsa kano ea hore o tla tšepahala ho monyaluoa oa hae, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng. O itlama ho motho ho e-na le ho etsa tšepiso feela ea ho etsa ho hong ho itseng. Monyali oa Mokreste oa utloisisa hore a ke ke a ba le tokelo ea ho phela le monyaluoa oa hae haeba a sa nke kano ea lenyalo. Ka tsela e tšoanang, re ke ke ra fumana melemo e feletseng ea ho ba litho tsa lelapa la Jehova haeba re sa etse kano ea hore re inehetse ho eena. Kahoo, re inehela ho Molimo hobane, le hoja re sa phethahala, re rata ho ba batho ba hae ’me re ikemiselitse ho tšepahala ho eena, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng.—Mat. 22:37.

15. Boinehelo bo bontša joang hore re na le tumelo?

15 Ha re inehela ho Molimo re bontša hore re na le tumelo. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Tumelo ea rōna ho Jehova e re kholisa hore ho atamela ho Molimo ho molemo ho rōna. (Pes. 73:28) Rea tseba hore ho ke ke ha e-ba bonolo kamehla ho tsamaea le Molimo ha re ntse re phela har’a “moloko o khopameng le o sothehileng,” empa re tšepa tšepiso ea Molimo ea hore o tla re tšehetsa ha re iteka. (Bafil. 2:15; 4:13) Rea tseba hore ha rea phethahala, empa re kholisehile hore Jehova o tla re hauhela esita leha re etsa liphoso. (Bala Pesaleme ea 103:13, 14; Baroma 7:21-25.) Rea lumela hore Jehova o tla re putsa haeba re ikemiselitse ho lula re tšepahala.—Jobo 27:5.

Ha re Inehela ho Molimo Rea Thaba

16, 17. Ke hobane’ng ha ho inehela ho Jehova ho thabisa?

16 Ha re inehela ho Jehova rea thaba hobane seo se bontša hore rea fana kapa rea itela. Jesu o ile a bolela ’nete ea bohlokoa ha a ne a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a inoesa ka nkho hore ho fana ho tlisa thabo. Ha ho ne ho hlokahala, o ne a sa phomole, a sa je a bile a itima boiketlo e le hore a ka thusa batho ba bang hore ba fumane tsela e isang bophelong. (Joh. 4:34) Jesu o ne a thabela ho thabisa pelo ea Ntate oa hae. O ile a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.”—Joh. 8:29; Liprov. 27:11.

17 Kahoo, Jesu o ile a bontša balateli ba hae tsela e khotsofatsang ea bophelo ha a ne a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole.” (Mat. 16:24) Ha re etsa joalo re tla ba le kamano e haufi le Jehova. Na ho na le motho e mong ea ka re hlokomelang ka lerato ho mo feta?

18. Ke hobane’ng ha ho phela tumellanong le boinehelo ba rōna ho Jehova ho re thabisa ho feta ho inehela ho eng kapa eng kapa ho mang kapa mang?

18 Ha re inehela ho Jehova ’me ka mor’a moo re phela tumellanong le boinehelo boo ka hore re etse thato ea hae, re thaba ho feta ha re inehela ho eng kapa eng kapa ho mang kapa mang. Ka mohlala, batho ba bangata ba phehella maruo empa ha ba fumane thabo ea ’nete ebile ha ba khotsofale e le kannete. Leha ho le joalo, ba inehelang ho Jehova ba fumana thabo e tšoarellang. (Mat. 6:24) Ba thabisoa ke tlotla ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo,” empa ha baa inehela mosebetsing ho e-na le hoo ba inehetse ho Molimo oa rōna ea nang le kananelo. (1 Bakor. 3:9) Ha ho e mong ea ka ananelang boitelo ba bona ho mo feta. O tla khutlisetsa batho ba hae ba tšepahalang bocheng e le hore a ka ba hlokomela ka ho sa feleng.—Jobo 33:25; bala Baheberu 6:10.

19. Batho ba inehetseng ho Jehova ba fumana tlotla efe?

19 Ha u nehela bophelo ba hao ho Jehova u tla ba le kamano e haufi le eena. Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jak. 4:8; Pes. 25:14) Sehloohong se latelang, re tla tšohla hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re nepile ka ho khetha ho ba batho ba Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 “Linku tse ling” tsa Jesu e ke ke ea e-ba bara ba Molimo ho fihlela qetellong ea lilemo tse sekete. Leha ho le joalo, kaha li inehetse ho Molimo, ho nepahetse hore li bitse Molimo ‘Ntate’ ’me ka nepo li ka nkoa e le litho tsa lelapa la barapeli ba Jehova.—Joh. 10:16; Esa. 64:8; Mat. 6:9; Tšen. 20:5.

U ka Araba Joang?

• Ho inehela ho Molimo ho bolela’ng?

• Ho inehela ho Molimo ho re tsoela molemo joang?

• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Bakreste ba inehele ho Jehova?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ha re phela tumellanong le boinehelo ba rōna re tla fumana thabo e tšoarellang