Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bontša Hore U Molateli oa ’Nete oa Kreste

Bontša Hore U Molateli oa ’Nete oa Kreste

Bontša Hore U Molateli oa ’Nete oa Kreste

“Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso.”—MAT. 7:17.

1, 2. Balateli ba ’nete ba Kreste ba fapane joang le ba bohata, haholo-holo nakong ee ea bofelo?

JESU o ile a re batho bao ka bohata ba bolelang hore baa mo sebeletsa, ba ne ba tla khetholloa ho balateli ba hae ba ’nete ka litholoana tsa bona—e leng lithuto tsa bona le boitšoaro ba bona. (Mat. 7:15-17, 20) Ka sebele, joalokaha re ka lebella, batho ba susumetsoa ke seo ba se kenyang likelellong le lipelong tsa bona. (Mat. 15:18, 19) Batho ba rutoang leshano ba hlahisa “litholoana tse se nang thuso,” athe ba rutoang ’nete ea Bibele ba hlahisa “litholoana tse ntle.”

2 Litholoana tsena tsa mefuta e ’meli li bonahetse ka ho hlaka nakong ena ea bofelo. (Bala Daniele 12:3, 10.) Bakreste ba bohata ba na le maikutlo a fosahetseng ka Molimo ’me hangata ba boetse ba na le mofuta oa boinehelo ba bomolimo oa boikaketsi, empa ba lemohang lintho tsa moea ba rapela Molimo “ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:24; 2 Tim. 3:1-5) Ba loanela ho bontša makhabane a kang a Kreste. Empa rōna ka bomong re etsa’ng? Ha u ntse u nahana ka matšoao a latelang a mahlano a khethollang Bakreste ba ’nete, ipotse: ‘Na boitšoaro ba ka le seo ke se rutang ba bang bo lumellana ka ho hlaka le Lentsoe la Molimo? Na ke etsa hore ’nete e khahle batho ba ntseng ba e batla?’

Phela ka Lentsoe la Molimo

3. Jehova o khahlisoa ke eng, ’me see se akarelletsa’ng ho Bakreste ba ’nete?

3 Jesu o ile a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” (Mat. 7:21) Ha ho pelaelo hore hase ho ipolela ha motho hore ke Mokreste ho khahlisang Jehova, empa o khahlisoa ke seo Mokreste a se etsang. Ho balateli ba ’nete ba Kreste, seo se ama tsela eohle eo ba phelang ka eona, ho akarelletsa hore na maikutlo a bona ke afe ka chelete, mosebetsi oa boipheliso, boikhathollo, mekhoa le mekete ea lefatše, hammoho le lenyalo le likamano tse ling tsa bona le batho bang. Leha ho le joalo, Bakreste ba bohata ba amohela monahano oa lefatše le litsela tsa lona, tse senyehileng le ho feta matsatsing ana a ho qetela.—Pes. 92:7.

4, 5. Re ka sebelisa mantsoe a Jehova a ho Malakia 3:18 joang bophelong ba rōna?

4 Ka lebaka leo, moprofeta Malakia o ile a ngola a re: “Ka sebele le tla boela le bone phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.” (Mal. 3:18) Ha u ntse u nahana ka mantsoe ao, ipotse: ‘Na ke tšoana le lefatše, kapa ke fapane le lona? Na kamehla ke leka ho tšoana le batho bao ke ba tloaetseng lefatšeng, ebang ke sekolong kapa mosebetsing, kapa na ke lula ke tiile melao-motheong ea Bibele, ke bile ke e buella ha ho loketse?’ (Bala 1 Petrose 3:16.) Ke ’nete hore ha re batle ho bonahala eka re iketsa baloki, empa re lokela ho fapana ka ho feletseng le batho ba sa rateng Jehova le ba sa mo sebeletseng.

5 Haeba u bona hore ho hlokahala hore u ntlafatse, rapella taba ena u be u batle matla a moea ka ho ithuta Bibele, ho rapela le ho ba teng libokeng kamehla. Ha u sebelisa Lentsoe la Molimo haholo, u tla beha “litholoana [tse ngata] tse ntle,” ho akarelletsa le “litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la [Molimo] phatlalatsa.”—Baheb. 13:15.

Buella ’Muso oa Molimo

6, 7. Mabapi le molaetsa oa ’Muso, ke phapang efe e teng pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba bohata?

6 Jesu o ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa hore ’Muso oa Molimo e be ntho e ka sehloohong boboleling ba hae? O ne a tseba hore eena ka boeena e le Morena oa ’Muso oo, hammoho le barab’abo ba tsositsoeng ba tsoetsoeng ka moea, ba ne ba tla felisa sesosa sa mathata a batho—e leng sebe le Diabolose. (Bar. 5:12; Tšen. 20:10) Kahoo, o ile a laela balateli ba hae hore ba phatlalatse ’Muso oo ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea hona joale ea lintho. (Mat. 24:14) Batho ba bolelang ka molomo feela hore ke balateli ba Kreste ha ba etse mosebetsi ona—ha e le hantle, ba ke ke ba o etsa. Hobane’ng? Bonyane ka mabaka a mararo: La pele, ba ke ke ba bua ka ntho eo ba sa e utloisiseng. La bobeli, boholo ba bona ha ba na boikokobetso le sebete, e leng lintho tse hlokahalang hore motho a tobane le ho songoa le ho hanyetsoa hoo a ka ’nang a thulana le hona ha a bolella baahelani ba hae molaetsa oa ’Muso. (Mat. 24:9; 1 Pet. 2:23) La boraro, Bakreste ba bohata ha ba na moea oa Molimo.—Joh. 14:16, 17.

7 Ka lehlakoreng le leng, balateli ba ’nete ba Kreste, ba utloisisa hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na o tla finyella’ng. Ho feta moo, ba etelletsa lintho tse amanang le ’Muso oo pele bophelong ba bona, ba o phatlalatsa lefatšeng lohle, ka thuso ea moea oa Jehova. (Zak. 4:6) Na u kopanela kamehla mosebetsing oo? Na u leka ho ntlafatsa mosebetsi oa hao u le ’moleli oa ’Muso, mohlomong ka hore u qete nako e telele tšebeletsong kapa ka hore u atlehe haholo tšebeletsong? Ba bang ba lekile ho ntlafatsa tšebeletso ea bona ka ho sebelisa Bibele hamolemo. Moapostola Pauluse ea neng a tloaetse ho beha mabaka ka Mangolo, o ile a ngola a re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Baheb. 4:12; Lik. 17:2, 3.

8, 9. (a) Ke liphihlelo life tse hlakisang molemo oa ho sebelisa Bibele ha re le tšebeletsong? (b) Re ka ba le boiphihlelo joang tabeng ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo?

8 Ha mora e mong oabo rōna a ne a le mosebetsing oa ntlo le ntlo, o ile a balla monna e mong oa Mok’hatholike Daniele 2:44 a ba a hlalosa kamoo ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho kateng. Monna eo o ile a araba ka ho re: “Ke thaba haholo hore ebe u phetlile Bibele ’me ua mpontša seo lengolo le se buang ho e-na le ho mpolella sona feela ka molomo.” Ha mora e mong oabo rōna a ne a balla mosali e mong oa kereke ea Greek Orthodox lengolo, mosali eo o ile a botsa lipotso tse ngata tse utloahalang. Le hona mona, mor’abo rōna, hammoho le mosali oa hae, ba ile ba mo araba ka Bibele. Hamorao, mosali eo o ile a re: “Lea tseba hore na ke hobane’ng ha ke ile ka lumela ho bua le lōna? Ke hobane le tlile ha ka le tšoere Bibele, ’me la e bala.”

9 ’Nete ke hore lingoliloeng tsa rōna ke tsa bohlokoa ’me re lokela ho li neha batho tšimong. Leha ho le joalo, ntho e ka sehloohong eo re e sebelisang ke Bibele. Kahoo, haeba u ne u sa tloaela ho e sebelisa kamehla tšebeletsong, e ka ba hantle hore u ikemisetse ho e sebelisa. Mohlomong u ka khetha litemana tse seng kae tsa sehlooho tse hlalosang hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na o tla rarolla joang mathata a itseng ao baahelani ba hao ba amehileng ka ’ona. Joale ebe u itokisetsa ho li bala ha u ntse u bolela ka ntlo le ntlo.

E-ba Motlotlo ho Bitsoa ka Lebitso la Molimo

10, 11. Mabapi le taba ea ho sebelisa lebitso la Molimo, ho na le phapang efe pakeng tsa Jesu le batho ba bangata ba bolelang hore ke balateli ba hae?

10 “‘Le lipaki tsa ka,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke ’na Molimo.’” (Esa. 43:12) Jesu Kreste, Paki e ka sehloohong ea Jehova, o ile a nka hore ke tlotla ho bitsoa ka lebitso la Molimo le ho le tsebahatsa. (Bala Exoda 3:15; Johanne 17:6; Baheberu 2:12.) Ha e le hantle, kaha Jesu o ne a phatlalatsa lebitso la Ntate oa hae, o ne a bitsoa “Paki e Tšepahalang.”—Tšen. 1:5; Mat. 6:9.

11 Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ipolelang hore ba emela Molimo le Mora oa hae ba bontšitse maikutlo a soabisang mabapi le lebitso la Molimo, ebile ba le tlositse liphetolelong tsa bona tsa Bibele. Taelo e sa tsoa fuoa babishopo ba Kereke e K’hatholike e bontšitse maikutlo a tšoanang ka hore e bolele hore “lebitso la Molimo le ngotsoeng ka tetragrammaton [e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo] YHWH ha lea lokela ho sebelisoa kapa ho bitsoa” nakong ea borapeli. * Ao ke maikutlo a soabisang hakaakang!

12. Bahlanka ba Jehova ba ile ba amahanngoa joang le Jehova haholo ka selemo sa 1931?

12 Bakreste ba ’nete ba motlotlo ho sebelisa lebitso la Molimo e le ha ba etsisa Kreste le ‘leru le leholo la lipaki’ le tlileng pele ho eena. (Baheb. 12:1) Ha e le hantle, ka selemo sa 1931, bahlanka ba Molimo ba ile ba amahanngoa le Jehova haholo ka hore ba amohele ho bitsoa Lipaki Tsa Jehova. (Bala Esaia 43:10-12.) Kahoo, ka kutloisiso e khethehileng, balateli ba ’nete ba Kreste e ile ea e-ba “batho ba bitsoang ka lebitso la [Molimo].”—Lik. 15:14, 17.

13. Re ka phelela lebitso leo Molimo a re fileng lona joang?

13 Re le batho ka bomong re ka phelela lebitso la rōna le ikhethang joang? Har’a tse ling, re lokela ho pakela Molimo ka botšepehi. Pauluse o ile a ngola a re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha. Leha ho le joalo, ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang? Hape, ba tla bolela joang ntle leha ba romiloe?” (Bar. 10:13-15) Ho feta moo, ka bohlale re lokela ho pepesa mashano a bolumeli a etselletsang ’Mōpi oa rōna, a kang thuto ea mollo oa lihele, eo ha e le hantle e etsang eka Molimo ea lerato o khopo joaloka Diabolose.—Jer. 7:31; 1 Joh. 4:8; bapisa le Mareka 9:17-27.

14. Batho ba bang ba ile ba etsa’ng ha ba tseba lebitso la Molimo?

14 Na u motlotlo ho bitsoa ka lebitso la Ntate oa hao ea leholimong? Na u thusa batho ba bang hore ba tsebe lebitso leo le halalelang? Mosali e mong oa Paris, Fora, o ile a utloa hore Lipaki Tsa Jehova li tseba lebitso la Molimo, eaba o kōpa Paki ea pele eo a ileng a kopana le eona hore e mo bontše lona ka Bibeleng. Ha a bala Pesaleme ea 83:18, ho ile ha hlaka hore e mo amme haholo. O ile a qala ho ithuta Bibele ’me hona joale ke morali’abo rōna ea tšepahalang ea bolelang litaba tse molemo naheng e ’ngoe. Mosali e mong oa Mok’hatholike oa Australia o ile a tšolla meokho ea thabo ha a ne a qala ho bona lebitso la Molimo ka Bibeleng. E se e le lilemo tse ngata e le pula-maliboho. Hase khale ha Lipaki tsa Jamaica li ne li bontša mosali oa moo lebitso la Molimo ka Bibeleng ea hae, ’me le eena o ile a tšolla meokho ea thabo. Kahoo, e-ba motlotlo ho bitsoa ka lebitso la Molimo ’me u etsise Jesu ka hore u tsebise bohle lebitso leo la bohlokoa.

“Le se ke la Rata Lefatše”

15, 16. Bakreste ba ’nete ba nka lefatše joang, ’me re lokela ho ipotsa lipotso life?

15 “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” (1 Joh. 2:15) Lefatše le moea oa lona o khothalletsang lintho tsa nama le hanyetsa Jehova le moea oa hae o halalelang. Kahoo, balateli ba ’nete ba Kreste ha ba qobe feela hore e se ke ea e-ba karolo ea lefatše. Ba hana ho ba karolo ea lona ka lipelo tsohle tsa bona, kaha baa tseba hore joalokaha morutuoa Jakobo a ile a ngola, “setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo.”—Jak. 4:4.

16 E ka ba bothata ho mamela mantsoe a Jakobo lefatšeng le nang le liteko tse sa feleng. (2 Tim. 4:10) Kahoo, Jesu o ile a rapella balateli ba hae a re: “Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng, empa ke kōpa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo. Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Joh. 17:15, 16) Ipotse: ‘Na ke loanela hore ke se ke ka ba karolo ea lefatše? Na batho ba bang ba tseba boemo ba ka mabapi le mekete le meetlo e sa tšehetsoeng ke Mangolo hammoho le eo e ka ’nang eaba ha e tsoe boheteneng empa ho hlakile hore e bontša moea oa lefatše?’—2 Bakor. 6:17; 1 Pet. 4:3, 4.

17. Ke eng e ka ’nang ea susumelletsa batho ba lipelo li ntle hore ba eme le Jehova?

17 Ke ’nete hore lefatše le tla re hloea ka lebaka la boemo ba rōna bo tšehetsoang ke Bibele, empa bo ka ’na ba etsa hore batho ba lipelo li ntle ba be le tjantjello. Ka sebele, ha batho bao ba hlokomela hore tumelo ea rōna e tiile Mangolong ebile e ama tsela eohle eo re phelang ka eona, ba ka ’na ba nka bohato ka hore ha e le hantle ba re ho batlotsuoa: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”—Zak. 8:23.

Bontša Lerato la ’Nete la Bokreste

18. Ho rata Jehova le baahelani ba rōna ho akarelletsa eng?

18 Jesu o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle” ’me “u rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Mat. 22:37, 39) Lerato leo (e leng a·gaʹpe ka Segerike) ke lerato leo motho a ikhethelang ho rata e mong ka lona hobane a tlamehile, a latela molao-motheo ’me a etsa se loketseng, empa hangata le susumetsoa ke maikutlo a matla. Le ka ba le botsoalle la ba la ba matla. (1 Pet. 1:22) Le fapane le boithati kaha lona le bontšoa ka mantsoe le ka liketso tse se nang boithati.—Bala 1 Bakorinthe 13:4-7.

19, 20. Pheta liphihlelo tse ling tse bontšang matla a lerato la Bokreste.

19 Kaha lerato le hlahisoa ke moea o halalelang oa Molimo, le thusa Bakreste ba ’nete hore ba etse lintho tseo batho ba bang ba ke keng ba li etsa, tse kang ho hlōla khethollo ea morabe, ea setso le ea lipolotiki. (Bala Johanne 13:34, 35; Bagal. 5:22) Batho ba kang linku ba ameha ka matla ha ba bona lerato leo. Ka mohlala, ha mohlankana e mong oa Mojuda a ne a qala ho ea sebokeng sa Bokreste ka lekhetlo la pele Iseraele, o ile a makala ha a bona barab’abo rōna ba Bajuda le ba Maarabo ba rapela Jehova hammoho. Ka lebaka leo, o ile a qala ho ba teng libokeng kamehla eaba o lumela ho ithuta Bibele. Na u bontša barab’eno lerato le joalo le tsoang botebong ba pelo? Na ka lerato u etsa boiteko ba ho amohela batho ba qalang ho tla Holong ea ’Muso ea heno, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe, ’mala ofe, kapa boemo bofe sechabeng?

20 Kaha re Bakreste ba ’nete, re loanela ho rata batho bohle. Koana El Salvador, mohoeletsi e mocha lilemong o ne a ithuta Bibele le nkhono ea lilemo li 87 eo e neng e le Mok’hatholike oa popota. Ka letsatsi le leng, nkhono enoa o ile a kula haholo eaba o kena sepetlele. Ha a khutlela hae, Lipaki li ile tsa mo etela ’me li ne li tiisa hore o na le lijo. Li ile tsa etsa sena ka nako e ka etsang khoeli. Ha ho motho oa kereke ea nkhono enoa ea ileng a mo etela. Ho ile ha etsahala’ng? O ile a lahla litšoantšo tsa hae, a itokolla kerekeng, ’me a tsoela pele ho ithuta Bibele. Ka sebele lerato la Bokreste le matla! Le ka susumetsa batho ho feta ha ba bolelloa litaba tse molemo ka molomo feela.

21. Re ka etsa joang hore bokamoso ba rōna bo sireletsehe?

21 Haufinyane, Jesu o tla re ho ba ipolelang ka bohata hore baa mo sebeletsa: “Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.” (Mat. 7:23) Kahoo, a re hlahiseng litholoana tse tlotlang Ntate le Mora. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phetha o tla tšoantšoa le monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika.” (Mat. 7:24) Ka sebele, haeba re bontša hore re balateli ba ’nete ba Kreste, Molimo o tla re hauhela, ’me bokamoso ba rōna bo tla sireletseha, joalokaha eka bo thehiloe letlapeng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Lingoliloeng tse ling tsa K’hatholike tsa Senyesemane tsa morao-rao, ho akarelletsa le The Jerusalem Bible, li fetolela tetragrammaton ka “Yahweh.”

Na U sa Hopola?

• Balateli ba ’nete ba Kreste ba fapana joang le ba bohata?

• Bolela “litholoana” tse ling tse khethollang Bakreste ba ’nete.

• U ka ipehela lipakane life mabapi le ho hlahisa litholoana tsa Bokreste?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Na u tloaetse ho sebelisa Bibele kamehla tšebeletsong?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na batho ba bang ba tseba boemo ba hao mabapi le mekete e sa tšehetsoeng ke Mangolo?