Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha e le Hantle ’Nete ke Efe ka Leholimo?

Ha e le Hantle ’Nete ke Efe ka Leholimo?

Ha e le Hantle ’Nete ke Efe ka Leholimo?

TABA ea ho ea phela leholimong e ka utloahala e le ntho e khahlisang haholo! Tšepo ea hore motho o tsoela pele a phela ka mor’a hore a shoe e hlalosoa ka litsela tse sa tšoaneng ke Mamosleme, Mahindu, Mabuddha le litho tsa malumeli a bolelang hore ke a Bokreste, haesita le batho ba bangata ba sa thahaselleng bolumeli. Ka tloaelo leholimo le nkoa e le sebaka se setle le se thabisang, moo batho ba ke keng ba hlola ba utloa bohloko ebile e le moo ba kopanang le “baratuoa ba bona ba hlokahetseng.” Leha ho le joalo, maele ana a khale ke ’nete ho batho ba bangata: Batho bohle ba batla ho ea leholimong empa ha ho na ea batlang ho shoa e le hore a ee teng. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

Haeba re ne re bōpetsoe hore re shoe e le hore re ee leholimong, na batho ba bangata ba ne ba ke ke ba labalabela seo joalokaha ngoana a labalabela ho ipona a hōlile kapa mocha a labalabela ho ipona a nyetse kapa a nyetsoe? Empa batho ba bangata ha ba batle ho shoa.

Ho ntse ho le joalo, baruti ba ruta hore re baeti feela ba nakoana lefatšeng, moo re hlileng re reretsoeng ho ea lula teng ke leholimong. Ka mohlala, ho ile ha qotsoa mantsoe a Theodore Edgar Cardinal McCarrick, moarekabishopo ea seng a behile meja fatše oa Washington, D.C., ha a ne a re: “Ha rea bōpeloa ho phela mona. Re bōpetsoe ho phela leholimong.” Ka ho tšoanang, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa U.S. National Association of Evangelicals, le eena o ile a qotsoa ha a ne a re: “Morero oa bophelo ke hore re thabise Molimo re tsebe ho ea leholimong . . . kaha leholimo ke lehae la rōna.”

Ba lumelang hore ha motho a shoa o il’o phela leholimong, hangata ba na le mabaka a fokolang a ho tšehetsa tumelo eo ea bona. George Barna, e leng mopresidente oa k’hamphani e etsang lipatlisiso ka maikutlo a malumeli, o ile a fumana hore ho batho ba bangata, “maikutlo ao ba nang le ’ona ka bophelo ba hona joale le ba ka mor’a lefu ba a fumana mehloling e sa tšoaneng e kang lifiliming, ’minong le libukeng tsa lipale.” Florida, moruti oa Episcopal o ile a qotsoa ha a ne a re: “Ha ho seo re se tsebang ka leholimo ntle le hore feela ke moo Molimo a leng teng.”

Leha ho le joalo, leholimo ke taba ea bohlokoa e tšohloang ka Bibeleng. Leholimo ke sebaka se joang ho latela Lentsoe la Molimo? Na motho o bōpetsoe ho phela leholimong? Haeba ehlile batho ba ea leholimong, ba il’o etsa’ng moo?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba batla ho ea leholimong empa e le ba fokolang ba batlang ho shoa e le hore ba ee teng?