Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Leholimo ke Sebaka sa Mofuta Ofe?

Leholimo ke Sebaka sa Mofuta Ofe?

Leholimo ke Sebaka sa Mofuta Ofe?

BATHO ba bang ba nahana hore ho ke ke ha etsahala hore re tsebe ka leholimo kaha ha ho motho ea kileng a theoha teng ho tla re bolella hore na ho joang. Mohlomong ba lebetse hore Jesu o ile a re: ‘Ke theohile leholimong.’ (Johanne 6:38) O ile a boela a re ho baeta-pele ba bang ba bolumeli: “Lōna le tsoa libakeng tse tlaase; ’na ke tsoa libakeng tse holimo.” (Johanne 8:23) Jesu o ile a re’ng ka leholimo?

Jesu o ile a tiisa hore leholimo ke sebaka seo Jehova a lulang ho sona. O ile a re Molimo ke ‘Ntate oa hae ea leholimong.’ (Matheu 12:50) Empa Jesu o ile a sebelisa lentsoe “leholimo” ha a bua ka lintho tse ’maloa tse fapaneng. Ka mohlala, o ile a re sepakapaka ke “leholimo” ha a ne a re: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko.” (Matheu 6:26) Leha ho le joalo, Jehova o lula sebakeng se hōle haholo le sepakapaka. Bibele e re: “Ho na le Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše.”—Esaia 40:22.

Na “Ntate ea leholimong” o lula har’a linaleli? Ka Mangolong a Halalelang, bokahohle le bona bo bitsoa “leholimo.” Ka mohlala, mopesaleme e mong o ile a ngola: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole?”—Pesaleme ea 8:3, 4.

Ho hang Jehova Molimo a ke ke a lula bokahohleng boo a bo entseng, feela joalokaha ’metli oa mapolanka a ke ke a etsa k’habote ha a qeta a lula ka har’a eona. Ke kahoo ha Morena Solomone a ne a nehela tempele e Jerusalema ho Jehova, a ileng a re: “Na kannete Molimo o tla lula lefatšeng? Bona! Maholimo, e, leholimo la maholimo, a ke ke a u lekana; joale, ntlo ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang!” (1 Marena 8:27) Haeba Jehova a sa lule leholimong leo re le bonang, joale leholimo leo a lulang ho lona ke eng?

Le hoja batho ba ile ba hlahloba maholimo ao re a bonang ba sebelisa libonela-hōle tse matla ’me ba bang ba bona ba ile sepakapakeng, seo Bibele e se bolelang e lula e le ’nete: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18) Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho le joalo ha a ne a re: “Molimo ke Moea.”—Johanne 4:24.

Moea ke mofuta oa bophelo o phahametseng oa batho. Moea ha o na ’mele o kang oa nama le mali oo batho ba ka o bonang kapa ba o tšoara. Kahoo, ha Jesu a ne a re o ne a lula haufi le Ntate oa hae “leholimong,” o ne a bolela hore o ne a phela bophelo bo khanyang ho feta sebōpuoa leha e le sefe se phelang lefatšeng. (Johanne 17:5; Bafilipi 3:20, 21) Sebaka sena sa moea seo Jesu a neng a lula le Ntate oa hae ho sona, ke sona seo Bibele e reng ke “leholimo.” Se joang? Ho etsahala’ng ho sona?

Sebaka sa Mosebetsi o Thabisang

Bibele e hlalosa leholimo e le sebaka sa mosebetsi o mongata. E re ho na le libōpuoa tsa moea tse tšepahalang tse limilione tse makholo tse phelang teng. (Daniele 7:9, 10) Sebōpuoa se seng le se seng se na le botho ba sona bo ikhethang. Re tseba see joang? Linthong tsohle tse bōpiloeng, ha ho na lintho tse peli tse phelang tse tšoanang hantle, ka hona, re ka kholiseha hore libōpuoa tse leholimong le tsona ha li tšoane. Ntho e tsotehang ke hore libōpuoa tsena tsohle tse leholimong li sebelisana hantle ka kutloano, ho fapana hōle le se etsahalang lefatšeng mona moo e leng seoelo hore batho ba sebelisane hantle.

Hlokomela hore na Bibele e re’ng ka mosebetsi o etsoang leholimong. “Bokang Jehova, Lōna mangeloi a hae, a matla ka bonatla, a phethang taelo ea hae, ka ho mamela lentsoe la taelo ea hae. Bokang Jehova, lōna mabotho ’ohle a hae, lōna basebeletsi ba hae, ba etsang thato ea hae.” (Pesaleme ea 103:20, 21) Kahoo, leholimong ho etsoa mosebetsi o mongata. Re ka kholiseha hore ke mosebetsi o khotsofatsang.

Mangeloi a sebelitse ka nako e telele haholo a ntse a thabile le pele lefatše le bōptjoa. Ho latela Mangolo, ha Jehova a theha lefatše, bara ba Molimo ba ile ba “hoeletsa ka thabo hammoho” ’me “ba qala ho hlaba litlatse.” (Jobo 38:4, 7) E mong oa bara ba Molimo ba leholimong o ile a ba le tokelo ea ho sebetsa le Molimo ha a bōpa lintho tse ling tsohle. (Bakolose 1:15-17) Tlhaloso ena e thahasellisang ea mosebetsi o thabisang o etsoang leholimong e ka ’na ea etsa hore u ipotse lipotso ka leholimo le moloko oa batho.

Na Batho ba ne ba Reretsoe ho ea Leholimong?

Kaha mangeloi a ne a se a ntse a sebeletsa Molimo leholimong pele ho bōptjoa lefatše, ho hlakile hore monna oa pele le mosali oa hae ba ne ba sa bōpeloa ho phela leholimong. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a re ho banyalani bao ba pele: “Atang le ngatafale le tlale lefatše.” (Genese 1:28; Liketso 17:26) Adama e bile oa pele mefuteng ea libōpuoa tse phelang lefatšeng, ea neng a tla khona ho tseba Molimo le ho mo sebeletsa ka botšepehi. O ne a lokela ho hlahisa moloko oohle oa batho oo lehae la oona e neng e tla ba lefatše. “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.

Batho ka bobona ha ba batle ho shoa; lefu hase ntho ea tlhaho ho bona. Molimo o buile ka lefu ho Adama feela nakong eo a neng a bua ka kotlo ea ho se mamele. Hoja Adama o ile a mamela, a ka be a sa ka a shoa.—Genese 2:17; Baroma 5:12.

Ka hona, ha ho makatse hore ebe Molimo ha aa ka a re letho ho Adama ka ho ea leholimong. Kahoo, lefatše le ne le sa etsetsoa hore e be moo batho ba lekoang teng ho bona hore na ba loketse leholimo kapa che. Motho o ne a bōpetsoe ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ’me morero oo oa Molimo o ntse o tla phethahala. Bibele e tšepisa hore “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ho hlakile hore batho ba ne ba sa bōpeloa ho ea leholimong. Joale ke hobane’ng ha Jesu a ile a tšepisa baapostola ba hae hore ba tla phela leholimong? Na Jesu o ne a bolela hore batho bohle ba lokileng ba tla ea leholimong?