Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE ENG e ileng ea susumelletsa lerasta hore le kute moriri oa lona o manyetse le be le khaotse ho hloea makhooa? Hona ke eng e ileng ea etsa hore mohlankana ea mabifi, ea neng a latela limokolara tsa lithethefatsi chelete a fetole tsela eo a neng a phela ka eona? Hlokomela hore na batho bana ba re’ng.

“Ke ile ka khaotsa le ho hloea makhooa.”​—HAFENI NGHAMA

LILEMO: 34

NAHA EA HESO: ZAMBIA

PELE: KE NE KE LE LERASTA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse kampong ea baphaphathehi ea Zambia. ’Mè oa ka o ile a baleha Namibia ka nako ea ntoa eaba o kena mokhatlong oa South West Africa People’s Organization (SWAPO). Mokhatlo ona o ne o loantša ’muso oa Afrika Boroa o neng o busa Namibia ka nako eo.

Pele ke e-ba lilemo li 15 ke ile ka lula likampong tse ’maloa tsa baphaphathehi. Likampong tsa SWAPO bana ba ne ba koetlisetsoa hore ba loanele tokoloho. Re ne re foqoa moea oa lipolotiki re bile re rutoa ho hloea makhooa.

Ha ke le lilemo li 11, ke ile ka batla ho tiiselletsoa hore ke be Mokreste kerekeng e neng e le kampong, e neng e tsoakile Maroma a K’hatholike, Malutere, Machache le ba likereke tse ling. Moruti eo ke ileng ka buisana le eena ha aa ka a nkhothalletsa ho etsa joalo. Ho tloha ka nako eo ke ile ka lumela hore Molimo ha a eo. Leha ho le joalo, ha ke le lilemo li 15 ka lebaka la hore ke ne ke rata ’mino oa reggae le hore ke ne ke labalabela ho felisa e meng ea mekhoa e mebe eo Maafrika a matšo a neng a tšoaroa ka eona, seo se ile sa etsa hore ke kenele mokhatlo oa Marasta. Ke ile ka hōlisa moriri oa ka hore o be manyetse, ka tsuba khomo ea fatše, ka khaotsa ho ja nama ka ba ka buella tokoloho ea batho ba batšo. Empa ha kea ka ka fetola boitšoaro ba ka bo bobe kapa hona ho khaotsa ho shebella lifilimi tse mabifi. Hape ke ile ka ’na ka sebelisa litlhapa.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka 1995, ha ke le lilemo tse ka bang 20, ke ile ka qalella ho nahanisisa ka thata hore na ke batla ho etsa’ng bophelong. Ke ne ke bala libuka tsohle tsa Marasta tseo ke neng ke li fumana. Tse ling tsa tsona li ne li qotsa Mangolo a Bibele empa tsela eo li neng li a hlalosa ka eona e ne e sa utloahale. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho ipalla Bibele.

Hamorao, motsoalle oa ka oa Lerasta o ile a mpha buka e thusang motho ho ithuta Bibele e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka ipalla buka eo hammoho le Bibele. Hamorao, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova eaba ke tsoela pele ho ithuta Bibele le tsona.

Ke ile ka sebetsa ka thata ’me ka khaotsa ho tsuba le ho noa joala ho tlōla. (2 Bakorinthe 7:1) Ke ile ka qala ho itokisa ka tsela e makhethe, ka kuta manyetse, ka khaotsa ho shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso hammoho le lifilimi tse mabifi, ka ba ka khaotsa le ho sebelisa litlhapa. (Baefese 5:3, 4) Qetellong ke ile ka khaotsa le ho hloea makhooa. (Liketso 10:34, 35) Hore ke etse liphetoho tsena ho ile ha hlokahala hore ke khaotse ho mamela ’mino o neng o khothalletsa ho ba le khethollo ea morabe le ho khaotsa ho itsoakanya le metsoalle ea ka ea pele e neng e ka ntšusumelletsa hore ke khutlele mekhoeng ea ka ea khale.

Ka mor’a hore ke etse liphetoho tseo, ke ile ka batla Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova eaba ke kōpa ho ba e mong oa tsona. Ha ke ne ke etsa qeto ea ho kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova, lelapa leso ha lea ka la thabela seo. ’Mè oa ka o ile a re nka kena kereke leha e le efe ea “Bokreste” hafeela e se ea Lipaki Tsa Jehova. Malome oa ka e mong eo e neng e le motho ea neng a hlaheletse ka mahetla ’musong, o ne a lula a ’nyefola ka qeto eo ke e entseng ea ho kopanela le Lipaki.

Leha ho le joalo, ho ithuta hore na Jesu o ne a tšoara batho joang le ho sebelisa likeletso tsa hae, ho ile ha nthusa hore ke mamelle ha ke hanyetsoa le ha ke songoa. Ha ke ne ke bapisa seo Lipaki li se rutang le seo Bibele e se rutang, ke ile ka kholiseha hore ke fumane bolumeli ba ’nete. Ka mohlala, Lipaki li latela taelo ea Bibele ea hore batho ba bang ba bolelloe molaetsa oa Bibele. (Matheu 28:19, 20; Liketso 15:14) Hape ha li kenelle lipolotiking.—Pesaleme ea 146:3, 4; Johanne 15:17, 18.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ho itloaetsa ho phela ka melao ea Bibele ho nthusitse ka litsela tse ngata. Ka mohlala, ho khaotsa ho tsuba khomo ea fatše ho nthusitse hore ke khaotse ho senya makholo a liranta khoeli le khoeli. Ha ke sa bona lintho tse sieo tseo ke neng ke li bona ha ke tsubile hape bophelo ba ka bo ntlafetse haholo ’meleng le kelellong.

Hona joale ke se ke khona ho laola bophelo ba ka ebile kea tseba hore na ke phelela’ng, e leng seo ke neng ke se labalabela ha ke ntse ke hōla. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore, kea utloa hore ke atlehile ho atamela haufi le Molimo.—Jakobo 4:8.

“Ke ithutile ho laola bohale ba ka.”​—MARTINO PEDRETTI

LILEMO: 43

NAHA EA HESO: AUSTRALIA

PELE: KE NE KE REKISA LITHETHEFATSI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Lelapa leso le ne le falla hangata ha ke ntse ke hōla. Ke ile ka lula metseng e menyenyane, motseng o moholo ’me ka nakoana ka lula ’mishoneng oa maaborijene o sebakeng sa mahaeng. Ke ntse ke hopola hantle nakong eo ha ke e-na le bo-motsoal’a ka le bo-malome—re tšoasa litlhapi, re tsoma, re etsa li-boomerang, le ho betla lintho tse ling.

Ntate oa ka e ne e le ralitebele, kahoo o ile a qalella ho nthuta ho loana ke sa le monyenyane haholo. Ke ne ke lula ke loantša batho. Ha ke le mocha ke ne ke qeta nako e ngata ke e-noa libareng. ’Na le metsoalle ea ka re ne re rata ho qholotsa batho. Re ne re sebelisa lithipa le melangoana ea baseball ho loantša sehlopha sa batho ba 20 kapa ho feta.

Ke ne ke etsa chelete ka ho rekisa lithethefatsi le thepa e neng e utsoitsoe ke basebetsi ba likepeng. Ke ne ke boetse ke latela limokolara tsa lithethefatsi chelete, ke tšosa batho ba neng ba li kolota ka sethunya. Sepheo sa ka e ne e le hore ke be ’molai ea hiroang. Lepetjo la ka e ne e le hore, Kea bolaea kapa kea bolaoa.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ke ne ke ile ka utloela ka Lipaki Tsa Jehova ha ke ntse ke hōla. Ke hopola ha ke sa tsoa ba lilemo li 20 ke botsa ’mè oa ka hore na oa tseba hore na li ka fumaneha hokae. Matsatsi a mabeli ka mor’a moo, Dixon eo e neng e le Paki, o ile a tla lapeng. Ka mor’a hore re bue nako e itseng, o ile a ’memela libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka ea libokeng tseo ’me hajoale ke na le lilemo tse fetang 20 ke ntse ke e-ea teng. Potso e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e-na le eona, Lipaki li ne li nkarabela eona li sebelisa Bibele.

Ke ile ka thabela ho tseba hore Jehova o amehile ka motho e mong le e mong, esita le ba liketso li mpe. (2 Petrose 3:9) Ke ile ka ithuta hore ke Ntate ea lerato ea tla ntlhokomela leha ho se motho ea ntlhokomelang. Ke ile ka thaba hape ha ke utloa hore o tla ntšoarela haeba ke fetola tsela eo ke phelang ka eona. Litemana tsa Bibele tse ho Baefese 4:22-24 li ile tsa nkama haholo. Litemana tsena li ile tsa nkhothalletsa hore ke “lahle botho ba khale” ’me ke “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo.”

Ho ile ha nka nako hore ke fetole tsela eo ke neng ke phela ka eona. Ke ne ke khona ho qeta beke ke sa tšoare lithethefatsi, empa ka mafelo beke ha ke e-na le metsoalle ea ka ke ne ke li sebelisa ka lebaka la khatello ea eona. Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho suthela hōle le metsoalle eo haeba ke ne ke batla ho fetola bophelo ba ka, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho fallela profinseng e ’ngoe. Metsoalle e meng ea ka e ile ea ithaopela ho mphelehetsa, eaba kea lumela. Ha re ntse re le tseleng, ba ile ba qalella ho tsuba khomo ea fatše ba ba ba mpha hore ke tsube. Ke ile ka ba bolella hore ke siile liketso tsa ka tse mpe morao, eaba ke arohana le bona moeling oa profinse. Hamorao ke ile ka utloa hore nakoana ka mor’a hore re arohane, metsoalle eo ea ka e ile ea ea tšoara banka poho ka sethunya se khaotsoeng molomo hore se be bohale le ho feta.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ha ke se ke khaotse maqhama le metsoalle eo, ke ile ka utloa ho se ho le bonolo hore ke etse liphetoho tseo ke li hlokang. Ke ile ka ba Paki e kolobelitsoeng ka 1989. Ha ke qeta ho kolobetsoa, ngoan’eso, ’mè oa ka le ntate oa ka le bona ba ile ba ntatela ho sebeletsa Jehova.

Ke se ke e-na le lilemo tse 17 ke nyetse ’me ke na le bana ba batle ba bararo. Ke ithutile ho laola bohale ba ka esita leha ke qholotsoa. Hape ke ithutile ho rata batho ba ‘lichaba tsohle, meloko eohle le maleme ’ohle.’ (Tšenolo 7:9) Ke bone ka bophelo ba ka hore mantsoe a Jesu ke ’nete. O ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Hore ke etse liphetoho ho ile ha hlokahala hore ke khaotse ho mamela ’mino o neng o khothalletsa ho ba le khethollo ea morabe

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

’Na le metsoalle ea ka re ne re rata ho qholotsa batho. Re ne re sebelisa lithipa le melangoana ea baseball ho loantša sehlopha sa batho ba 20 kapa ho feta