Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U lokela ho Tšepahala ka Linako Tsohle?

Na U lokela ho Tšepahala ka Linako Tsohle?

Na U lokela ho Tšepahala ka Linako Tsohle?

BATHO bohle baa tšepahala ka linako tse ling; mohlomong ba bangata ba tšepahala hoo e ka bang kamehla. Empa ke batho ba bakae bao u ba tsebang ba lekang ho tšepahala ka linako tsohle?

Mehleng ena, batho ha ba tšepahale maemong a mangata bophelong. Leha ho le joalo, hoa tsebahala hore na Molimo o ikutloa joang ka botšepehi. Ka mohlala, batho ba bangata ba tseba mantsoe ana a molao oa borobeli Melaong e Leshome: “U se ke ua utsoa.” (Exoda 20:15) Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ikemela ka hore ka linako tse ling maemo ke ’ona a ba tlamang hore ba utsoe kapa ba etse lintho tse ling tsa bolotsana. A re ke re hlahlobe mabaka a mararo ao batho ba tloaetseng ho ikemela ka ’ona ha ba utsoa.

Na Motho o Lokela ho Utsoa Hobane e le Mofutsana?

Ralipolotiki e mong oa Moroma o kile a re: “Bofutsana bo tsoala bonokoane.” Motho ea futsanehileng a ka ’na a bona ho lokile hore a utsoe. Batho ba bang ba ka ’na ba lumellana le seo. Jesu o ile a nka taba ee joang? O ne a qenehela batho ba futsanehileng haholo. O ne ‘a ba hauhela.’ (Matheu 9:36) Leha ho le joalo, ha ho mohla a kileng a lumella bosholu. Joale motho ea futsanehileng o lokela ho etsa’ng?

Molimo o qenehela batho ba lekang ka hohle ho mo mamela ’me o tla hlohonolofatsa boiteko ba bona e le hore ba fumane seo ba se hlokang. (Pesaleme ea 37:25) Bibele e tšepisa hore: “Jehova a ke ke a etsa hore moea oa ea lokileng o lape, empa o tla sutumelletsa takatso ea ba khopo hōle.” (Liproverbia 10:3) Na motho ea futsanehileng a ka tšepa see? Victorine o kholisehile hore ho fela ho le joalo.

Victorine ke mohlolohali ea hulang ka thata ea nang le bana ba bahlano ba kenang sekolo. O lula naheng e futsanehileng eo thuso ea lichelete e tsoang ’musong e fokolang haholo. O qeta nako ea hae e ngata a sebetsa ka ntle moo menyetla ea ho utsoa e leng mengata. Leha ho le joalo, Victorine ha a hoheloe ke ho utsoa. Ho e-na le hoo, o ikhoantlella ka ho ba morekisi oa seterateng ea tšepahalang. Ke hobane’ng ha a lula a tšepahala?

“Lebaka la pele, ke lumela hore Molimo oa tšepahala le hore o tla tšepahala ho ’na haeba ke mo etsisa. La bobeli ke hore, bana ba ka ba ka ithuta ho tšepahala ha ba bona ke tšepahala.”

Lintho li mo tsamaela joang? “Re na le lijo, liaparo le moo re lulang. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ee ke tlamehe ho kōpa metsoalle ea ka hore e nthuse, ka mohlala, ka chelete ea ha re ea ngakeng ka tšohanyetso. Kamehla ke ’nile ka fumana seo ke se hlokang. Hobane’ng? Hobane metsoalle ea ka ea tseba hore ke e bolella ’nete ebile ke e kōpa feela seo ke se hlokang.

“Bana ba ka ba hōla ba tšepahala. Ka le leng morao tjena moahelani oa ka e mong o ile a bona ke behile chelete ea tšepe tafoleng, eaba oa mpotsa hore na ha ke tšabe hore bana ba ka ba tla e nka. Ha aa ka a lumela ha ke mo bolella hore le ka mohla bana ba ka ba ke ke ba etsa joalo. Ke sa tsebe, o ile a batla ho bona hore na seo ke se buang ke ’nete kapa che. Ka lenyele, o ile a siea chelete ea tšepe e kaalo ka lifranc tse 200 ntlong ea rōna, moo bana ba ka e bonang habonolo. Ha a khutla letsatsing le hlahlamang, o ile a makala ha a bona chelete eo e ntse e le hona moo a e siileng teng. Ho ba le bana ba tšepahalang ho thabisa ho feta ho ba le maruo.”

“E Mong le e Mong oa Utsoa”

Bosholu mosebetsing ke kobo-anela. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba nahana hore, kaha “E mong le e mong oa utsoa, joale ke hobane’ng ha ’na ke sa utsoe?” Ho fapana le seo, Bibele eona e re: “U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.” (Exoda 23:2) Victoire o ile a mamela keletso eo. Na e ile ea mo tsoela molemo?

Ha a le lilemo li 19, Victoire o ile a fumana mosebetsi fekthering e etsang oli ea palema. Ho e-s’o ee kae, o ile a lemoha hore basali ba 40 ba neng ba sebetsa moo ba ne ba utsoa lipete tsa tholoana ea palema ba li pata ka libasketeng tsa bona. Mafelo-beke a mang le a mang, ba ne ba rekisa lipete tseo ’me ba fumana chelete e lekanang le moputso oa matsatsi a mararo kapa a mane. Victoire o re: “Ha e le hantle, e mong le e mong o ne a utsoa. Ba ne ba lebeletse hore ke ba etsise, empa ke ile ka hana, ka ba bolella hore ke leka ho phela ke tšepahala. Ba ile ba ntšoma, ba mpolella hore ke sethoto.

“Ka letsatsi le leng ha re chaisa mosebetsing, manejara a be a se a re thoso! O ile a secha libaskete tsa rōna ’me a fumana lipete tsa tholoana ea palema ka basketeng e ’ngoe le e ’ngoe ka ntle le ea ka. Kaofela ba ne ba lokela ho nyaoloa hang-hang kapa ba sebetse libeke tse peli ba sa khole. Nakong ea libeke tseo tse peli, basali bao ba ile ba kholiseha hore ha ke sethoto.”

“Molimo ha a fe Motho ka Letsoho”

U ee u ikutloe joang ha u thola ntho ea bohlokoa ea motho e mong? Ba bangata ba ba le boikutlo ba hore ba itholetse eona, ebe ba qhela monahano oa hore ba e khutlisetse ho mong’a eona. Ba sebelisa lepetjo la hore “Molimo ha a fe motho ka letsoho.” Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho etsa joalo ha ho phoso. Ba ikhothatsa ka hore, le mong’a eona o se a e tetse. Ba bang bona ba re hase boikarabelo ba bona ho ea batla mong’a eona—etsoe oo ke mosebetsi o thata.

Molimo o re’ng ka see? Ho Deuteronoma 22:1-3 ho bontšoa hore ea thotseng ntho e lahlehileng o ne a sa lokela ho ipolokela eona empa o ne a tla e boloka “ho fihlela motho eo [mong’a eona] a e batla, ’me ebe u e khutlisetsa ho eena.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Haeba ea thotseng ntho e lahlehileng a ne a sa e tlalehe, o ne a ka qosoa ka bosholu. (Exoda 22:9) Na ee ke ntho e ka etsahalang mehleng ee? Christine o kholisehile hore ea etsahala.

Christine ke mookameli oa sekolo sa praefete. Ka Laboraro le leng, o ile a fumana moputso oa hae oa khoeli. Joalokaha e le tloaelo Afrika Bophirimela, o ile a tlama chelete eo seshobana eaba o e sunya ka mokotleng oa hae. Eaba o emisa tekesi ea sethuthuthu o potlakela sebokeng. Ha a fihla moo a theohang, a qala ho phopholetsa chelete ea tšepe ka mokotleng hore a lefe mokhanni oa tekesi. Kaha ho ne ho le lefifi, seshobana seo sa chelete sa oela fatše a sa hlokomele.

Metsotso hamorao, Blaise ea lilemo li 19, eo e neng e le moeti sebakeng seo, o ile a feta seterateng seo. O ne a lumellane le motsoalle oa hae hore ba tla kopana sebokeng seo Christine a neng a ea ho sona. O ile a bona seshobana seo sa chelete eaba oa se thonaka, o se kenya pokothong. Ha seboka se fela, o ile a bolella motsoalle oa hae hore ho na le ntho eo a e thotseng ka ntle le hore haeba ho e-na le motho ea lahlehetsoeng, a ka mo founela, a mo bolelle hore na o lahlehetsoe ke eng.

Ha Christine a fihla hae mantsiboeeng ao, o ile a ferekana haholo ha mokotla o re na u n’u ’nehile’ng. Ka mor’a beke o ile a bolella motsoalle e mong oa hae ea bitsoang Josephine hore o lahlile chelete, eaba motsoalle oa hae o mo bolella hore moeti ea neng a etetse sebokeng seo ba neng ba ile ho sona o itse ho na le ntho eo a e thotseng. Christine o ile a founela Blaise ’me a mo bolella hore na o lahlehetsoe ke bokae. O ile a thaba haholo ha Blaise a khutlisa chelete eo ea hae. Blaise eena? O ne a bolokile chelete eo beke kaofela, empa o itse: “Ke ile ka thaba haholo ha ke khutlisa chelete eo ho feta ha ke ne ke e bolokile.”

Lebaka Leo ba Lekang ka Matla Hore ba Lule ba Tšepahala

Victorine, Victoire le Blaise ba lula libakeng tse fapaneng ebile ha ba tsebane. Empa ho na le ntho eo ba tšoanang ka eona. Kaofela ke Lipaki Tsa Jehova, tse khomarelang seo Bibele e se buang ka botšepehi. Ba letetse lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng. “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” Ka nako eo, bohle ba lulang moo e tla ba batho ba lokileng le ba tšepahalang.—2 Petrose 3:13.

Victorine ha a na tšepo e kaalo ea hore maemo a hae a lichelete a tla ntlafala ho se hokae ho fihlela ha Molimo a fetola maemo lefatšeng. Leha ho le joalo, o ruile moeeng, e leng ntho e ke keng ea rekoa ka chelete. Bana ba hae baa tšepahala ebile ba mekhoa e metle. Sontaha se seng le se seng ba bua “ka thabo” ha ba bolella baahelani litaba tse molemo, ba ba hlalosetsa kamoo Molimo a tla khotsofatsa “bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete” ’me a lebele “bohle ba mo ratang.”—Pesaleme ea 145:7, 18, 20.

Ka mor’a nako, Victoire o ile a lihela fekthering eo ea oli ea palema. O ile a iqalla khoebo ea ho rekisa garri (mofuta oa phofo e haitsoeng ea cassava) ’marakeng. Ho tšepahala ha hae ho ile ha khahla bareki ba bangata. Ha e le hantle, ka mor’a nakoana o ile a fokotsa nako eo a e qetang a le ’marakeng e le hore a be le nako e eketsehileng ea ho bolella ba bang ka tšepo ea ho phela lefatšeng leo batho bohle ba tla beng ba tšepahala. Hamorao o ile a nyaloa, ’me eena le molekane oa hae ba tšebeletsong ea nako e tletseng.

Chelete ea Christine e ne e lahlehile haufi le Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Blaise o ne sa tsebe batho ba bangata ba neng ba le teng sebokeng seo, empa seo a neng a se tseba ke hore e ne e le bara le barali babo ba Bakreste, ba neng ba leka ho phela ka botšepehi kamehla.

Ke batho ba bakae bao u ba tsebang ba lekang ho tšepahala ka linako tsohle? Ak’u nahane feela u se u le har’a batho ba tšepahalang ba 50, ba 100, kapa ba 200. Lipaki Tsa Jehova li latsoa thabo e joalo Liholong tsa tsona tsa ’Muso. Ke hobane’ng ha u sa etele moo ’me u leke ho tloaelana le tsona?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Ho ba le bana ba tšepahalang ho thabisa ho feta ho ba le maruo.”—VICTORINE

[Lebokose le leqepheng la 14]

Na Liproverbia 6:30 e Buella Bosholu?

Liproverbia 6:30 e re: “Batho ha ba nyelise lesholu hobane feela le utsoa hore le khotsofatse moea oa lona ha le lapile.” Na polelo ee e buella bosholu? Le hanyenyane. Taba eo ho buuoang ka eona moo e bontša hore Molimo o ntse a nka lesholu le ikarabella bakeng sa phoso ea lona. Temana e latelang e re: “Empa, ha le fumanoa, le tla buseletsa hasupa; le tla fana ka matlotlo ’ohle a ntlo ea lona.” (Liproverbia 6:31) Le hoja lesholu le utsoang ka lebaka la tlala le ka ’na la se ke la behoa molato joaloka lesholu le utsoang ka lebaka la meharo kapa ka morero oa ho ntša ba bang kotsi, le lona le ntse le lokela ho “buseletsa,” kapa ho lefa molato. Batho ba batlang ho amoheloa ke Molimo ha baa lokela ho ba le molato oa bosholu ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe.