Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lefatše le Tla Lula le Hlahisa Lijo Tse Lekaneng ho Hlokomela Tsohle Tse Phelang?

Na Lefatše le Tla Lula le Hlahisa Lijo Tse Lekaneng ho Hlokomela Tsohle Tse Phelang?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Lefatše le Tla Lula le Hlahisa Lijo Tse Lekaneng ho Hlokomela Tsohle Tse Phelang?

▪ Lefatše la rōna, e leng polanete e ntle, le na le matla a hlollang a ho hlokomela tsohle tse phelang. Leha ho le joalo, ha palo ea baahi e ntse e eketseha ’me lihlahisoa tsa lefatše li ntse li sebelisoa ka meharo, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na ho ka etsahala hore lefatše le khaotse ho hlahisa lijo? Na ho tla lula ho e-na le lijo tse lekaneng hammoho le lihlahisoa tsa lefatše?’

Ha re ntse re thuisa ka potso ena, re ka kholiseha hore seo Molimo a se tšepisitseng batho lilemong tse fetang 4 000 tse fetileng ke ’nete, ha a re: “Etsoe ka matsatsi ’ohle ao lefatše le ntseng le le teng ka ’ona, ha ho mohla ho jaloa ha peō le kotulo, le serame le mocheso, le lehlabula le mariha, le bosiu le motšehare, li tla khaotsa.” (Genese 8:22) Kahoo, joalokaha re se na pelaelo ea hore letsatsi le tla chaba letsatsi le leng le le leng, re ka kholiseha hore ha ho mohla lefatše le tla khaotsa ho hlahisa lijo tse hlokahalang bakeng sa tsohle tse phelang.

Tlalehong e entsoeng ka 2004, sehloohong se reng, “Na Lefatše le ka Khona ho re Fepa?,” Alex Kirby, eo e leng moqolotsi oa tsa tikoloho, o ile a re: “Lefatše le khona ho hlahisa lijo tse lekaneng bakeng sa bohle. Empa hangata lijo li ba moo li sa lokelang teng, li tura ho feta tekano, kapa ha li khone ho lula nako e telele. Kahoo mebuso ke eona e ikarabellang ho bona hore batho ba fumana lijo tse lekaneng, eseng hore lefatše ha le sa na matla.” Haeba lefatše le hlokomeloa hantle ’me lihlahisoa tsa lona li laoloa hantle, ha ho na lebaka la ho tšaba hore lijo li tla haella. Ka mohlala, Iseraeleng ea boholo-holo, Molimo o ile a fana ka melao e hlakileng mabapi le ho sebelisa naha ka tsela e loketseng. Joalokaha ho tlalehiloe ho Levitike 25:4, Molimo o ile a bolella Baiseraele hore: “Selemong sa bosupa ho lokela hore ho be le sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa naha . . . U se ke ua jala peō tšimong ea hao.” Le hoja ba ne ba sa lokela ho lema naha selemong se seng le se seng sa bosupa, Molimo o ile a tšepisa hore o tla etsa ka hohle hore ho be le lijo tse ngata tseo ba tla li thabela ’me ba ke ke ba tšoenyeha ka hore lijo li tla haella.—Levitike 26:3-5.

Le hoja ho etsoa boiteko bo matla kajeno ho lokisa tšenyo e entsoeng lefatšeng le linthong tseo le li hlahisang, batho ba bangata ba na le boikutlo ba hore hoo ke ho haha serobe phiri e se e jele. Pheko feela eo e tla ba ea ka ho sa feleng, e fumanoa ho Tšenolo 11:18. Moo, Bibele e bontša hore Jehova o tla “felisa ba senyang lefatše.” Jehova a ke ke a felisa feela tšoaro e mpe ea lefatše le lihlahisoa tsa lona, empa hape o tla tiisa hore lefatše le hlahisetsa baahi ba lona matletsa-tletse a lijo. Bohle bao ka boomo ba iphapanyetsang merero ea Molimo hammoho le bohle ba sebelisang lefatše ka morero oa boithati, ba tla felisoa. Ka lehlakoreng le leng, ba ikemiselitseng ho tšehetsa bobusi ba Jehova ba tla thabela ho bona ha mantsoe a Pesaleme ea 72:16 a phethahala, a reng: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”

Jehova, ka lerato la hae le ke keng la lekanngoa le ka bohlale ba hae, o rerile hore batho ba lule lehaeng la bona—e leng lefatše la paradeise—’me ba le hlokomele. (Genese 1:28) Pusong ea hae, batho ba mamelang ba tla ithuta ho sebelisa lihlahisoa tse ngata tsa lefatše ka bohlale ’me ha ho mohla ba tla li qeta. Re motlotlo hakaakang hore ebe re na le Mohlokomeli ea lerato joalo, ea tla khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang!—Pesaleme ea 145:16.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

“Mebuso ke eona e ikarabellang ho bona hore batho ba fumana lijo tse lekaneng, eseng hore lefatše ha le sa na matla”