Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”

“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”

“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”

“Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.”—MAT. 13:43.

1. Jesu o ile a sebelisa lipapiso hore a hlalose litšobotsi life tse sa tšoaneng tsa ’Muso?

JESU KRESTE o ile a sebelisa lipapiso kapa litšoantšo tse ngata e le hore a hlalose litšobotsi tse sa tšoaneng tsa ’Muso. O ile a “bua le bongata ka lipapiso. Ka sebele, o ne a sa bue le bona kantle ho papiso.” (Mat. 13:34) Lipapisong tse mabapi le ho jala peō ea ’nete ea ’Muso, Jesu o ile a totobatsa karolo eo boemo ba pelo ea motho bo e phethang tabeng ea ho amohela molaetsa, hammoho le karolo eo Jehova a e phethang khōlong ea moea. (Mar. 4:3-9, 26-29) Jesu o ile a boela a etsa papiso mabapi le keketseho e ikhethang ea batho ba neng ba tla amohela molaetsa oa ’Muso le haeba e se kamehla keketseho eo e eeng e bonahale qalong. (Mat. 13:31-33) Ho phaella moo, o ile a totobatsa hore hase bohle ba mamelang molaetsa oa ’Muso bao e hlileng e leng bafo ba tšoanelehang ba ’Muso oo.—Mat. 13:47-50. *

2. Papisong ea Jesu ea koro le mofoka, peō e ntle e emela’ng?

2 Leha ho le joalo, papiso e ’ngoe ea Jesu e bua haholo ka ho bokelloa ha ba tla busa le Jesu ’Musong oa hae. Hangata e bitsoa papiso ea koro le mofoka ’me e tlalehiloe ho Matheu khaolo ea 13. Le hoja papisong e ’ngoe Jesu a re bolella hore peō e jaloang ke “lentsoe la ’muso,” papisong ena, o re bolella hore peō e ntle e emela ho hong ho fapaneng—e leng “bara ba ’muso.” (Mat. 13:19, 38) Bana hase bafo ba ’Muso empa ke “bara,” kapa majalefa a ’Muso.—Bar. 8:14-17; bala Bagalata 4:6, 7.

Papiso ea Koro le Mofoka

3. Hlalosa bothata boo motho ea papisong ena a tobaneng le bona le hore na o etsa qeto ea ho bo rarolla joang.

3 Papiso eo ke ena: “’Muso oa maholimo o joaloka motho ea ileng a jala peō e ntle tšimong ea hae. Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla ’me sa jalella mofoka har’a koro, ’me sa tloha. Ha lekhasi le hlaha ’me le hlahisa litholoana, joale le mofoka oa bonahala. Kahoo makhoba a mong’a ntlo a tla ’me a re ho eena, ‘Monghali, na ha ua ka ua jala peō e ntle tšimong ea hao? Joale, ho tla joang hore ebe e na le mofoka?’ A re ho ’ona, ‘Sera, motho, se ile sa etsa sena.’ A re ho eena, ‘Joale, na u batla hore re ee ’me re o bokelle?’ A re, ‘Che; esere ha le ntse le bokella mofoka, la tšoha le o fotholella le koro. Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa; ’me ka nako ea kotulo ke tla bolella bakotuli, Pele bokellang mofoka ’me le o tlame mangata hore o chesoe, joale le e’o bokellela koro ka tlung ea ka ea polokelo.’”—Mat. 13:24-30.

4. (a) Motho ea papisong ee ke mang? (b) Jesu o ile a qala ho jala peō ee neng hona o e jetse joang?

4 Motho ea ileng a jala peō e ntle tšimong ea hae ke mang? Jesu o fana ka karabo hamorao ha a hlalosetsa barutuoa ba hae a re: “Mojali oa peō e ntle ke Mor’a motho.” (Mat. 13:37) Jesu, e leng “Mor’a motho,” o ile a lokisa tšimo hore e jaloe, nakong ea lilemo tse tharo le halofo tseo a neng a etsa tšebeletso ka tsona lefatšeng. (Mat. 8:20; 25:31; 26:64) Joale, ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, o ile a qala ho jala peō e ntle—e leng “bara ba ’muso.” Kamoo ho bonahalang kateng, ho jala hona ho qalile ha Jesu, e le moemeli oa Jehova, a ne a qala ho tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa, kahoo a ba tlotsa hore e be bara ba Molimo. * (Lik. 2:33) Peō e ntle e ile ea hōla hore e be koro e butsoitseng. Kahoo, sepheo sa ho jala peō e ntle e ne e le hore qetellong ho bokelloe palo e feletseng ea bao e neng e tla ba majalefa le babusi hammoho le Jesu ’Musong oa hae.

5. Sera ke mang papisong ee, ’me mofoka o tšoantšetsa bo-mang?

5 Sera ke mang, hona mofoka ke bo-mang? Jesu o re bolella hore sera ke “Diabolose.” Ho hlalosoa hore mofoka ke “bara ba ea khopo.” (Mat. 13:25, 38, 39) Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe mofoka oo Jesu a neng a bua ka oona e ne e le bearded darnel. Ha semela sena se chefo se sa hōla, pele se butsoa, se tšoana le koro haholo. Ke tšoantšetso e loketseng hakaakang ea Bakreste-’mōtoana, ba ipolelang hore ke bara ba ’Muso, empa ba sa behe litholoana tsa ’nete! Bakreste bana ba baikaketsi ba bolelang hore ke balateli ba Kreste, ha e le hantle ke karolo ea “peō” ea Satane Diabolose.—Gen. 3:15.

6. Mofoka o qalile ho hlaha neng, hona batho ba ne ba “robetse” joang ka nako eo?

6 Bakreste baa ba kang mofoka ba ile ba hlaha neng? Jesu o re ba hlahile “ha batho ba ntse ba robetse.” (Mat. 13:25) See se etsahetse neng? Re fumana karabo mantsoeng ao moapostola Pauluse a ileng a a bolella baholo ba Efese ha a ne a re: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa, ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Lik. 20:29, 30) O ile a tsoela pele ho lemosa baholo bao hore ba lule ba falimehile moeeng. Ka mor’a hore baapostola, ba neng ba sebetsa e le “thibelo” ea bokoenehi, ba qale ho robala lefung, Bakreste ba bangata ba ile ba robala moeeng. (Bala 2 Bathesalonika 2:3, 6-8.) Ke eona nako eo bokoenehi bo boholo bo qalileng ka eona.

7. Na koro e ’ngoe e ile ea fetoha mofoka? Hlalosa.

7 Jesu ha aa ka a re koro e ne e tla fetoha mofoka, empa o itse mofoka o ne o jetsoe har’a koro. Kahoo, papiso ena ha e bue ka Bakreste ba ’nete ba koenehelang ’nete. Ho e-na le hoo, e bontša boiteko bo etsoang ka boomo ke Satane ba ho silafatsa phutheho ea Bokreste ka hore a kenye batho ba khopo ka hare ho eona. Nakong eo ka eona moapostola oa ho qetela, e leng Johanne, a neng a se a tsofetse, bokoenehi bona bo ne bo se bo bonahala ka ho hlaka.—2 Pet. 2:1-3; 1 Joh. 2:18.

“Li Tloheleng li Hōle Hammoho ho Fihlela ha ho Kotuloa”

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha litaelo tsa Monghali ho makhoba a hae li ne li utloahala ho bamameli ba Jesu? (b) Phethahatsong ea papiso ee, koro le mofoka li ile tsa hōla hammoho joang?

8 Makhoba a Monghali a mo tsebisa bothata ’me aa botsa: ‘Na u batla hore re ee ’me re bokelle mofoka?’ (Mat. 13:27, 28) Karabo ea hae e ka ’na ea utloahala e makatsa. O a bolella hore a tlohele koro le mofoka li hōle hammoho ho fihlela nakong ea kotulo. Taelo eo e ne e tla ba e utloahalang ho barutuoa ba Jesu. Ba ne ba tla hlokomela kamoo ho leng thata kateng ho khetholla koro ho mofoka oa darnel. Batho ba neng ba e-na le tsebo e itseng ea temo ba ne ba tla hopola hore metso ea bearded darnel e atisa ho lohellana le ea koro. * Hase feela Monghali a ba laelang hore ba lete!

9 Ka tsela e tšoanang, e se e le makholo a lilemo joale maquloana a fapa-fapaneng a Bokreste-mōtoana a ntse a hlahisa mofoka o mongata haholo—o qalileng kerekeng ea Roma e K’hatholike le ea Orthodox ’me hamorao oa hlaha lihlopheng tse fapa-fapaneng tsa Boprostanta, tse ileng tsa hlaha. Nakong eona ena, lipeō tse seng kae tsa koro ea ’nete li ile tsa jaloa tšimong ea lefatše. Papisong ena, mong’a ntlo o ile a leta ka mamello nakong e telele ea khōlo ho fihlela ho fihla nako e batlang e le khutšoanyane ea kotulo.

Nako ea Kotulo eo e Leng Khale e Letetsoe

10, 11. (a) Nako ea kotulo e neng? (b) Koro ea tšoantšetso e tlisoa neng ka tlung ea Jehova ea polokelo?

10 Jesu o re ho rōna: “Kotulo ke qetello ea tsamaiso ea lintho, ’me bakotuli ke mangeloi.” (Mat. 13:39) Mosebetsi oa ho arola o tsoela pele matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho e khopo—bara ba ’Muso ba lokela ho bokelloa le ho aroloa ho bohle ba kang mofoka. Mabapi le sena, moapostola Petrose o re ho rōna: “Ke nako e behiloeng bakeng sa hore kahlolo e qale ka ntlo ea Molimo. Joale haeba e qala pele ka rōna, bofelo ba ba sa mameleng litaba tse molemo tsa Molimo e tla ba bofe?”—1 Pet. 4:17.

11 Nakoana ka mor’a hore ho qalehe matsatsi a ho qetela, kapa “qetello ea tsamaiso ea lintho,” ho ile ha qala kahlolo ea ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ’nete—hore na e ne e hlile e le “bara ba ’muso” kapa e le “bara ba ea khopo.” Ha kotulo e qala, ho ile ha oa Babylona e Moholo “pele,” eaba “joale” ka mor’a moo, ho bokelloa bara ba ’Muso. (Mat. 13:30) Empa hona joale koro ea tšoantšetso e bokelloa joang ka tlung ea Jehova ea polokelo? Bana ba kotutsoeng ba tlisoa ka phuthehong ea Bokreste e tsosolositsoeng, moo Molimo a ba bontšang mosa le moo a ba sireletsang, kapa ba amohela moputso oa bona oa ho phela leholimong.

12. Kotulo e tsoela pele ka nako e kae?

12 Kahlolo e nka nako e kae? Jesu o ile a bua ka “nako” ea kotulo, e leng nako eo hangata e tsoelang pele ka nako e itseng. (Tšen. 14:15, 16) Kahlolo ea batlotsuoa ka bomong e tsoela pele nakong eohle ea bofelo. E tla tsoela pele ho fihlela ba fumane tiiso ea ho qetela.—Tšen. 7:1-4.

13. Mofoka o baka ho khoptjoa ka tsela efe, hona o etsa tlōlo ea molao joang?

13 Ke bo-mang ba tla bokelleloa ka ntle ho ’Muso, hona ba baka ho khoptjoa ba bile ba etsa tlōlo ea molao joang? (Mat. 13:41) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba kang mofoka, ba thetsitse batho ba limilione ka makholo a lilemo. Sena ba se entse ka lithuto tse hlomphollang Molimo, e leng “lintho . . . tse bakang ho khoptjoa,” tse kang thuto ea hore batho ba hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele le thuto ea Boraro-bo-bong ea mohlolo le e ferekanyang. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba behetse mehlape ea bona mohlala o mobe ka setsoalle sa bona sa bofebe le lefatše lena ’me maemong a mang ka boitšoaro ba bona bo bobe boo ba bo etsang pepenene. (Jak. 4:4) Ho phaella moo, Bokreste-’mōtoana bo ntse bo mamella boitšoaro bo bobe ba litho tsa bona ho ea pele. (Bala Juda 4.) Ho sa tsotellehe sena sohle, ba tsoela pele ba iketsa eka ke balumeli ebile ba tšaba Molimo. Bara ba ’Muso ba thaba hakaakang hore ebe ba arotsoe litšusumetsong tseo tse kang mofoka le lithutong tse silafetseng tse bakang ho khoptjoa!

14. Batho ba kang mofoka baa lla ba bile ba tsikitlanya meno a bona joang?

14 Batho ba kang mofoka baa lla ba bile ba tsikitlanya meno a bona joang? (Mat. 13:42) “Bara ba ea khopo” ba hlokofatsoa ke ’nete ea hore “bara ba ’muso” ba pepesitse boemo bo chefo moeeng ba batho bana ba kang mofoka. Hape ba llela tšehetso ea litho tsa bona tsa kereke e ntseng e fokotseha, hammoho le taba ea hore ebe ha ba sa khona ho laola litho tsa kereke.—Bala Esaia 65:13, 14.

15. Batho ba kang mofoka ba chesoa ka mollo ka kutloisiso efe?

15 Mofoka oa bokelloa ebile o chesoa ka kutloisiso efe? (Mat. 13:40) Sena se bolela se tla qetella se etsahetse ka mofoka. Ho lahleloa ha oona ka sebōping sa mollo ka tsela ea tšoantšetso ho bontša hore o ea timetsong ea ka ho sa feleng. (Tšen. 20:14; 21:8) Bakreste-’mōtoana ba kang mofoka le ba baikaketsi, ba tla felisoa ‘matšoenyehong a maholo.’—Mat. 24:21.

“Ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”

16, 17. Malakia o ile a profeta eng mabapi le tempele ea Molimo, hona see se ile sa qala ho phethahala neng?

16 Ke nakong efe moo ba kang koro “ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi”? (Mat. 13:43) Malakia o ile a profeta sena mabapi le ho hloekisoa ha tempele ea Molimo: “‘Ka tšohanyetso ho tla tla Morena oa ’nete tempeleng ea Hae, eo le mo batlang, le lenģosa la selekane leo le le thabelang. Bonang! Ka sebele o tla tla,’ ho boletse Jehova oa mabotho. ‘Empa ke mang ea tla mamella letsatsi la ho tla ha hae, ’me ke mang ea tla ema ha a hlaha? Etsoe o tla ba joaloka mollo oa mohloekisi le joaloka lokho ea bahlatsoi. O lula e le mohloekisi le mohlatsoi oa silevera ’me o tla hloekisa bara ba Levi; o tla ba tšeka joaloka khauta le joaloka silevera, ’me ka sebele ho Jehova e tla ba batho ba hlahisang nyehelo ea mpho ka ho loka.’”—Mal. 3:1-3.

17 Mehleng ea kajeno, ho hlakile hore boprofeta bona bo ile ba qala ho phethahala ka 1918 ha Jehova, hammoho “le lenģosa la selekane,” e leng Jesu Kreste, ba ne ba hlahloba tempele ea moea. Malakia o re bolella se etsahalang ha ho hloekisoa hona ho fihla qetellong, o re: “Ka sebele le tla boela le bone phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.” (Mal. 3:18) Mosebetsi o eketsehileng o etsoang ke Bakreste ba ’nete ba tsosolositsoeng o bontša hore nako eo e bile qalo ea nako ea kotulo.

18. Daniele o ile a profeta hore ho ne ho tla etsahala’ng mehleng ea rōna?

18 Moprofeta Daniele o ile a bua ka mehla ea rōna ha a ne a bolela esale pele a re: “Ba nang le temohisiso ba tla khanya joaloka ho khanya ha sepakapaka; ’me ba tlisang ba bangata ho lokeng, ba tla khanya joaloka linaleli ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Dan. 12:3) Baa ba khanyang hakaale ke bo-mang? Ke Bakreste ba tlotsitsoeng, e leng koro ea ’nete eo Jesu a buileng ka eona papisong ea hae ea koro le mofoka! Ho ‘bokelleloa ka ntle’ ha Bakreste-’mōtoana ba kang mofoka ho bonoe ka ho hlaka ke bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha ba batho ba kang linku. Bana bao e tla ba bafo ba ’Muso le bona ba etsa hore leseli la bona le khanye lefatšeng lena le lefifi ha ba ikopanya le masala a Iseraele ea moea.—Zak. 8:23; Mat. 5:14-16; Bafil. 2:15.

19, 20. “Bara ba ’muso” ba letetse eng ka tabatabelo, hona re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

19 Kajeno, “bara ba ’muso” ba letetse ka tabatabelo moputso oa bona o khanyang oa ho ea phela leholimong. (Bar. 8:18, 19; 1 Bakor. 15:53; Bafil. 1:21-24) Leha ho le joalo, ho fihlela ka nako eo, ba lokela ho lula ba tšepahala, ba ’ne ba tsoele pele ho khanya ka ho phatsimang, ba sa tšoane le “bara ba ea khopo.” (Mat. 13:38; Tšen. 2:10) Bohle re thaba hakaakang hore ebe mehleng ea rōna re bile le tlotla ea ho bona litholoana tsa ho ‘bokelleloa ka ntle’ hona ha tšoantšetso ha mofoka!

20 Empa ho na le kamano efe pakeng tsa bara baa ba ’Muso le bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha ba batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e le bafo ba ’Muso? Potso ena e tla arajoa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 1 E le hore u fumane tlhaloso e qaqileng mabapi le lipapiso tsena, sheba Molula-Qhooa oa July 15, 2008, leqepheng la 12-21.

^ ser. 4 Papisong ena, ho jala ha ho emele mosebetsi oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa, o neng o tla tlisa ba bacha bao e neng e tla ba Bakreste ba tlotsitsoeng. Mabapi le peō e ntle e jaloang tšimong, Jesu o ile a re: “Bana ke [eseng “e tla ba”] bara ba ’muso.” Ho jala ho bolela ho tlotsoa ha bara bana ba ’Muso tšimong ea lefatše.

^ ser. 8 Metso ea bearded darnel e lohellana le metso ea koro hoo ho e fothola pele ho kotuloa ho neng ho tla bolaea koro.—Sheba Insight on the Scriptures, Buka ea 1, leqepheng la 1178.

Na U sa Hopola?

Papisong ea Jesu ea koro le mofoka, likarolo tsee tsa papiso li bolela’ng?

• Peō e ntle

• Motho ea ileng a jala peō

• Ho jaloa ha peō

• Sera

• Mofoka

• Nako ea kotulo

• Ntlo ea polokelo

• Ho lla le ho tsikitlanya meno

• Sebōpi sa mollo

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Pentekonta ea 33 C.E. e ile ea e-ba nako eo peō e ntle e ileng ea qala ho jaloa ka eona

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Hona joale, koro ea tšoantšetso e ntse e tlisoa ka tlung ea Jehova ea polokelo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.