Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlape o Mong, Molisa o Mong

Mohlape o Mong, Molisa o Mong

Mohlape o Mong, Molisa o Mong

“Lōna ba ntatetseng le lōna le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.”—MAT. 19:28.

1. Jehova o ile a sebelisana joang le litloholo tsa Abrahama, hona ke hobane’ng ha see se sa bolele hore ho hang o ne a sa tsotelle batho ba lichaba tse ling?

JEHOVA o ne a rata Abrahama, kahoo O ile a rata litloholo tsa Abrahama ka lerato le tšepahalang. Ka lilemo tse fetang makholo a 15, o ne a nka sechaba sa Iseraele, se neng se tsoa lesikeng la Abrahama, e le sechaba sa hae se khethehileng, “thepa [ea hae] e khethehileng.” (Bala Deuteronoma 7:6.) Na seo se ne se bolela hore ho hang Jehova o ne a sa tsotelle batho ba lichaba tse ling? Che. Nakong eo, batho bao e neng e se Baiseraele, ba neng ba lakatsa ho rapela Jehova ba ile ba lumelloa hore ba ikopanye le sechaba sa hae se khethehileng. Basokolohi bana ba ne ba nkoa e le karolo ea sechaba. Sechaba se ne se lokela ho ba nka e le banab’abo sona. (Lev. 19:33, 34) Ba ne ba bile ba lebeletsoe hore ba boloke melao eohle ea Jehova.—Lev. 24:22.

2. Jesu o ile a bua mantsoe afe a makatsang, ’me a hlahisa lipotso life?

2 Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolella Bajuda ba mehleng ea hae mantsoe ana a makatsang: “’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” (Mat. 21:43) Ke bo-mang bao e neng e tla ba sechaba see se secha, hona phetoho ee e re ama joang kajeno?

Sechaba se Secha

3, 4. (a) Moapostola Petrose o ile a bolela hore sechaba see se secha ke sefe? (b) Sechaba see se secha ke bo-mang?

3 Moapostola Petrose o ile a bolela ka ho hlaka hore na sechaba sena se secha ke sefe. Ha a ne a ngolla Bakreste-’moho le eena, o ile a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:9) Joalokaha ho ne ho profetiloe, batho bao e leng Bajuda ka tlhaho ba ileng ba amohela hore Jesu ke Mesia, e bile bona litho tsa pele tsa sechaba seo se secha. (Dan. 9:27a; Mat. 10:6) Hamorao, Baiseraele ba bangata le bona ba ile ba akarelletsoa sechabeng sena se secha, hobane Petrose o ile a phaella ka ho re: “Ka nako e ’ngoe le ne le se sechaba, empa joale le sechaba sa Molimo.”—1 Pet. 2:10.

4 Petrose o ne a bua le bo-mang moo? Qalong ea lengolo la hae, o re: “[Molimo] o ile a re fa tsoalo e ncha ho tla tšepong e phelang ka tsoho ea Jesu Kreste bafung, ho tla lefeng le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng. Le bolokiloe maholimong bakeng sa lōna.” (1 Pet. 1:3, 4) Kahoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong ke bona sechaba sena se secha. Ke “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16) Ponong, moapostola Johanne o ile a bona hore Baiseraele bana ba moea ba 144 000. Ba “rekiloe har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana” e le hore ba sebetse e le “baprista” ba be ba ‘buse le Jesu e le marena ka lilemo tse sekete.’—Tšen. 5:10; 7:4; 14:1, 4; 20:6; Jak. 1:18.

Na le ba Bang Baa Akarelletsoa?

5. (a) Poleloana e reng “Iseraele ea Molimo” e bua ka bo-mang? (b) Ke hobane’ng ha lentsoe “Iseraele” le e-na le moelelo o pharaletseng ka linako tse ling?

5 Kahoo, ho hlakile hore poleloana e reng “Iseraele ea Molimo” e ho Bagalata 6:16 e bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng feela. Leha ho le joalo, na ho na le makhetlo a mang ao ka ’ona Jehova a sebelisang sechaba sa Iseraele e le papiso kapa tšoantšetso e akarelletsang Bakreste ba bang bao e seng batlotsuoa? Karabo e ka fumanoa mantsoeng ana ao Jesu a ileng a a bua ho baapostola ba hae ba tšepahalang a reng: “Ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso, e le hore le ka ja le ho noa tafoleng ea ka ’musong oa ka, le ho lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 22:28-30) Sena se tla etsahala “pōpong e entsoeng bocha,” kapa nakong ea tsosoloso, Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.—Bala Matheu 19:28; NW, ftn.

6, 7. Polelo e reng “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” e bolela bo-mang ho Matheu 19:28 le Luka 22:30?

6 Pusong ea Lilemo Tse Sekete, ba 144 000 ba tla sebeletsa e le marena, baprista le baahloli ba le leholimong. (Tšen. 20:4) Ba tla ahlola bo-mang, hona ba tla busa bo-mang? Ho Matheu 19:28 le Luka 22:30, re bolelloa hore ba tla ahlola “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” “Meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” e tšoantšetsa bo-mang moo? E tšoantšetsa batho bohle ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng—ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu empa ba sa balelloe sehlopheng sa marena le baprista. (Moloko oa Levi o ne o sa balelloe lethathamong la meloko e 12 ea batho bao e leng Baiseraele ka tlhaho.) Batho bao mona ba tšoantšetsoang ke meloko e 12 ea Iseraele ke ba tla fumana melemo ea moea tšebeletsong ea boprista ea ba 144 000. Batho bana bao e seng baprista, ba ruang molemo tšebeletsong ea baprista bao, le bona ke batho ba Molimo, ’me oa ba rata ebile oa ba amohela. Ho loketse hore ebe ba tšoantšoa le sechaba sa hae sa boholo-holo.

7 Hoa utloahala hore ebe ka mor’a hore moapostola Johanne a bone Baiseraele ba moea ba 144 000 ba neng ba fuoa tiiso ea ho qetela pele ho matšoenyeho a maholo, o ile a boela a bona “bongata bo boholo” bo se nang palo, bo tsoang “lichabeng tsohle.” (Tšen. 7:9) Batho bana ba tla pholoha matšoenyeho a maholo ’me ba kene Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Pusong eo ba tla kopana le batho ba libilione ba tla tsosoa bafung. (Joh. 5:28, 29; Tšen. 20:13) Batho bana bohle e tla ba “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” ea tšoantšetso, e tla ahloloa ke Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000.—Lik. 17:31; 24:15; Tšen. 20:12.

8. Liketsahalo tsa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo li tšoantšetsa kamano e pakeng tsa ba 144 000 le batho ka kakaretso joang?

8 Kamano ena e teng pakeng tsa ba 144 000 le batho ka kakaretso, e ne e tšoantšetsoa ke liketsahalo tsa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo. (Lev. 16:6-10) Pele ho tsohle, moprista ea phahameng o ne a lokela ho nyehela poho e le nyehelo ea sebe “molemong oa hae le oa ntlo ea hae.” Kahoo, sehlabelo sa Jesu se sebelisoa pele ho ba ntlo ea hae ea baprista ba tlaasana, e leng ba tlang ho sebeletsa le eena leholimong. Ho phaella moo, Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe, ho ne ho nyeheloa lipōli tse peli bakeng sa libe tsa Baiseraele ba bang. Boemong bona, boo ho bona moloko oa baprista o tšoantšetsang ba 144 000, Baiseraele ba bang ba tšoantšetsa batho bohle ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Tlhaloso ena e bontša hore poleloana “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” e hlahang ho Matheu 19:28, ha e bolele baprista ba tlaasana ba Jesu ba tlotsitsoeng ka moea, empa e bolela batho bohle ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu. *

9. Baprista ba ponong ea Ezekiele ea tempele ba tšoantšetsa bo-mang, hona Baiseraele bao e seng ba leloko la boprista ba tšoantšetsa bo-mang?

9 Nahana ka mohlala o mong. Moprofeta Ezekiele o ile a bontšoa pono e telele ea tempele ea Jehova. (Ezek., likhao. 40-48) Ponong eo, baprista ba ne ba sebetsa ka tempeleng, ba ruta ba bile ba fumana keletso le khalemelo e tsoang ho Jehova bakeng sa sechaba. (Ezek. 44:23-31) Ponong eona eo, batho ba meloko e sa tšoaneng ba ne ba tla ba tlil’o rapela le ho nyehela mahlabelo. (Ezek. 45:16, 17) Kahoo, tabeng eo ho buuoang ka eona mona, baprista ba tšoantšetsa batlotsuoa, athe Baiseraele bao e seng ba leloko la boprista ba tšoantšetsa batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Pono ena e totobatsa hore lihlopha tsena tse peli li sebetsa hammoho ka kutloano, ’me sehlopha sa boprista ke sona se etellang pele borapeling bo hloekileng.

10, 11. (a) Re bone phethahatso efe e matlafatsang tumelo ea mantsoe a Jesu? (b) Ho botsoa potso efe mabapi le linku tse ling?

10 Jesu o ile a bua ka “linku tse ling” tseo e neng e sa tl’o ba tsa “lesaka” le le leng le “mohlatsoana” oa balateli ba hae ba tlotsitsoeng. (Joh. 10:16; Luka 12:32) O ile a re: “Le tsona ke tla li tlisa, ’me li tla mamela lentsoe la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.” Ruri ho bona phethahatso ea mantsoe ao ho matlafalitse tumelo ea rōna! Lihlopha tse peli tsa batho li kopantsoe hammoho—e leng sehlotšoana sa batlotsuoa le bongata bo boholo ba linku tse ling. (Bala Zakaria 8:23.) Le hoja ka tsela ea tšoantšetso linku tse ling li sa sebeletse lebaleng le ka hare la tempele ea moea, li sebeletsa lebaleng le ka ntle la tempele eo.

11 Empa haeba ka linako tse ling Jehova o sebelisa batho ba Iseraele ea boholo-holo bao e seng ba leloko la boprista hore ba tšoantšetse linku tsee tse ling, na batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng le bona ba lokela ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso? Hona joale re tla tšohla karabo ea potso ena.

Selekane se Secha

12. Jehova o ile a profeta tokisetso efe e ncha?

12 Jehova o ile a profeta tokisetso e ncha bakeng sa sechaba sa hae ha a ne a re: “Sena ke selekane seo ke tla se hlaba le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao. . . . Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona, ke o ngole lipelong tsa bona. Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.” (Jer. 31:31-33) Ka selekane sena se secha, tšepiso eo Jehova a ileng a e etsetsa Abrahama e ne e tla phethahala ka tsela e tsotehang le e neng e tla nka nako e telele.—Bala Genese 22:18.

13, 14. (a) Ke bo-mang ba nang le seabo selekaneng se secha? (b) Ke bo-mang ba ruang molemo ho sona, hona ba ‘tšoarella’ selekaneng see se secha joang?

13 Jesu o ile a bua ka selekane sena se secha bosiung ba pele ho lefu la hae ha a ne a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.” (Luka 22:20; 1 Bakor. 11:25) Na Bakreste bohle baa akarelletsoa selekaneng see se secha? Che. Ba bang, joaloka baapostola ba ileng ba noa senoelo seo bosiung boo, ba na le seabo selekaneng se secha. * Jesu o ile a etsa selekane se seng le bona sa hore ba buse le eena ’Musong oa hae. (Luka 22:28-30) Ba tla busa le Jesu ’Musong oa hae.—Luka 22:15, 16.

14 Ho thoe’ng ka ba tla phela lefatšeng ’Musong oa hae? Ba rua molemo selekaneng se secha. (Bagal. 3:8, 9) Le hoja ba se na seabo ho sona, ba ‘tšoarella’ selekaneng sena se secha ka ho ikokobelletsa lintho tseo li se hlokang, feela joalokaha moprofeta Esaia a ile a profeta a re: “Batho basele ba ikopantseng le Jehova hore ba mo sebeletse le hore ba rate lebitso la Jehova, e le hore e be bahlanka ba hae, bohle ba bolokang sabatha e le hore ba se ke ba e silafatsa le ba tšoarellang selekaneng sa ka, ke tla boela ke ba tlise thabeng ea ka e halalelang ’me ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.” Ka mor’a moo Jehova o re: “Etsoe ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”—Esa. 56:6, 7.

Ke Bo-mang ba Lokelang ho Ja?

15, 16. (a) Moapostola Pauluse o amahanya selekane se secha le eng? (b) Ke hobane’ng ha batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba sa je litšoantšetso tsa Sehopotso?

15 Ba keneng selekaneng se secha ba “na le sebete bakeng sa tsela ea ho kena sebakeng se halalelang.” (Bala Baheberu 10:15-20.) Bana ke ba tla “amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa.” (Baheb. 12:28) Kahoo, ke feela bao e tla ba marena le baprista leholimong le Jesu Kreste ba lokelang ho noa “senoelo” se emelang selekane se secha. Bana ba nang le seabo selekaneng se secha ke bona bao ho entsoeng tšepiso ea ho ba nyalisa Konyana. (2 Bakor. 11:2; Tšen. 21:2, 9) Batho ba bang bohle ba bang teng Sehopotsong sa selemo le selemo ke bashebelli ba hlomphang, ba sa jeng litšoantšetso.

16 Pauluse o boetse o re thusa ho utloisisa hore ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ha ba je litšoantšetso tsa Sehopotso. O ile a re ho Bakreste ba tlotsitsoeng: “Etsoe nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.” (1 Bakor. 11:26) Morena o “fihla” neng? Ha a tla a tlil’o nka ba ho qetela ba sehlopha sa monyaluoa ea tlotsitsoeng a ba isa habo bona leholimong. (Joh. 14:2, 3) Ho hlakile hore ho tšoara tšebeletso ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena selemo le selemo ho ke ke ha tsoela pele ka ho sa feleng. “Ba setseng” ba peō ea mosali ba sa ntseng ba le lefatšeng, ba tla tsoela pele ho ja lijo tsena ho fihlela kaofela ba fumana moputso oa bona oa leholimong. (Tšen. 12:17) Leha ho le joalo, haeba batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng ba ne ba lokela ho ja litšoantšetso tsena, lijo tsena tsa Sehopotso li ne li tla lokela ho tsoela pele ka ho sa feleng.

Ba “Tla Fetoha Batho ba Ka”

17, 18. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Ezekiele 37:26, 27 bo phethahetse joang?

17 Jehova o ile a profeta ka bonngoe ba sechaba sa hae ka mantsoe ana: “Ke tla hlaba selekane sa khotso le bona; e tla ba selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang le bona. Ke tla ba beha le ho ba atisa le ho beha sehalalelo sa ka ka har’a bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Tabernakele ea ka e tla ba holim’a bona, ’me ka sebele ke tla ba Molimo oa bona, ’me bona e tla ba sechaba sa ka.”—Ezek. 37:26, 27.

18 Batho bohle ba Molimo ba ka rua molemo phethahatsong ea tšepiso ena e tsotehang, e leng selekane sena sa khotso ea Bokreste. Ka sebele, Jehova o tiiselitse bahlanka bohle ba hae ba mamelang hore ba tla ba le khotso. Tholoana ea moea oa hae ea bonahala har’a bona. Sehalalelo sa hae, seo mona se tšoantšetsang borapeli bo hloekileng ba Bokreste, se har’a bona. Ba fetohile batho ba hae e le kannete, hobane ba lahlile mefuta eohle ea borapeli ba litšoantšo ’me Jehova ke eena feela Molimo eo ba mo rapelang.

19, 20. Ke bo-mang ba akarelletsoang ho bao Jehova a ba bitsang “batho ba ka,” hona ke eng eo selekane se secha se etsang hore e khonehe?

19 Ruri e bile ho hlollang ho bona ha lihlopha tsena tse peli li momahanngoa mehleng ena ea rōna! Le hoja bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha bo se na tšepo ea ho ea phela leholimong, bo motlotlo hore ebe bo ikopantse le ba nang le eona. Bo ikopantse le Iseraele ea Molimo. Ka ho etsa sena, bo akarelletsoa har’a bao Jehova a reng ke “batho ba ka.” Boprofeta bona bo phethahala ho bona: “Ka sebele lichaba tse ngata li tla kopanngoa le Jehova letsatsing leo, ’me li tla fetoha batho ba ka; ’me ke tla lula ka hare ho [lōna].”—Zak. 2:11; 8:21; bala Esaia 65:22; Tšenolo 21:3, 4.

20 Jehova o entse hore sena se khonehe ka selekane se secha. Batho basele ba moea ba limilione ke karolo ea sechaba seo Jehova a se amohelang. (Mik. 4:1-5) Ba ikemiselitse ho tsoela pele ba tšoareletse selekaneng seo ka hore ba amohele litumellano tsa sona le ho mamela lintho tse hlokahalang ho sona. (Esa. 56:6, 7) Ha ba etsa joalo, bona hammoho le Iseraele ea Molimo, ba fumana mahlohonolo a maholo a hore ba lule ba e-na le khotso. E se eka le uena u ka fumana mahlohonolo ao—hona joale le ka ho sa feleng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Ka tsela e tšoanang, batlotsuoa ke bona bao haholo-holo ho buuoang ka bona e le “phutheho.” (Heb. 12:23) Leha ho le joalo, lentsoe “phutheho” le ka ba le moelelo o mong, le ka bolela Bakreste bohle ho sa tsotellehe hore na tšepo ea bona ke ea ho phela hokae.—Sheba Molula-Qhooa oa April 15, 2007, leqepheng la 21-23.

^ ser. 13 Jesu ke Mokena-lipakeng oa selekane seo, ha a na seabo ho sona. Kaha ke Mokena-lipakeng, ho hlakile hore ha aa ka a ja litšoantšetso.

Na U sa Hopola?

• “Meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” e tla ahloloa ke ba 144 000 ke bo-mang?

• Batlotsuoa le linku tse ling ba ameha joang selekaneng se secha?

• Na Bakreste bohle ba lokela ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso?

• Ho ile ha profetoa hore ho ne ho tla ba le bonngoe bofe mehleng ea rōna?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Krafo/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Many are now serving along with the Israel of God

7,313,173

4,017,213

1,483,430

373,430

1950 1970 1990 2009