Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu Kreste—Kamoo Molaetsa oa Hae o Ammeng Batho Kateng

Jesu Kreste—Kamoo Molaetsa oa Hae o Ammeng Batho Kateng

Jesu Kreste​—Kamoo Molaetsa oa Hae o Ammeng Batho Kateng

“Bopaki bo matla ka ho fetisisa ba hore monna ea bohlale oa Kapernauma o kile a phela ke mantsoe a hae [a mosa] ao le kajeno a ntseng a ama lipelo le maikutlo a batho.” *AUTHOR GREGG EASTERBROOK.

MANTSOE a na le matla a maholo. Mantsoe a khethiloeng hantle a bohlale a ka ama lipelo tsa batho, a etsa hore ba be le tšepo a ba a etsa hore ba fetole bophelo ba bona. Ha ho na motho ea kileng a bua mantsoe a matla joaloka a Jesu Kreste. E mong oa batho ba ileng ba utloa ha Jesu a ne a fana ka Thuto ea Thabeng e tsebahalang, o ile a ngola tjena hamorao: “Ha Jesu a qeta lipolelo tsena, phello ea e-ba hore bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.”—Matheu 7:28.

Le le holimo lena, batho lefatšeng kaofela ba tloaelane le lipolelo tse ngata tsa Jesu. Ak’u nahane ka mehlala e ’maloa feela ea lipolelo tsa hae tsa bohlokoa haholo.

“Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.”—Matheu 6:24.

“Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.

“Le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”—Matheu 22:21.

“Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Jesu o entse ho fetang feela ho bua mantsoe a sa lebaleheng. Molaetsa oo a neng a o ruta o ne o le matla hobane o ne o hasa ’nete ka Molimo, o ruta batho hore na ba ka fumana morero oa sebele oa bophelo joang, o bile o bolela ka ho hlaka pheko ea mahlomola ’ohle a batho—e leng ’Muso oa Molimo. Ha re hlahloba molaetsa ona maqepheng a latelang, re tla bona hore na ke hobane’ng ha Jesu a tsoela pele ho “ama lipelo le maikutlo a batho” ba limilione ka mantsoe a hae a mosa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Kapernauma e ne e nkoa e le motse oa habo Jesu o neng o le seterekeng sa Galilea.—Mareka 2:1.