Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Jesu a se Rutileng ka Molimo

Seo Jesu a se Rutileng ka Molimo

Seo Jesu a se Rutileng ka Molimo

“Mora ke eena feela ea hlileng a tsebang Ntate. Empa Mora o batla ho bolella ba bang ka Ntate e le hore le bona ba mo tsebe.”—LUKA 10:22, CONTEMPORARY ENGLISH VERSION.

PELE e e-ba motho oa nama, Mora oa Molimo oa letsibolo o ile a qeta lilemo tse se nang palo a le haufi-ufi le Ntate oa hae. (Bakolose 1:15) Ka hona, Mora o ile a tseba mehopolo ea Ntate, maikutlo a hae le litsela tsa hae. Hamorao ha Mora enoa a tla lefatšeng e le Jesu, o ne a chesehela ho ruta ’nete ka Ntate oa hae. Re ka ithuta ho hongata ka Molimo ka ho mamela seo Mora enoa a se buang.

Lebitso la Molimo Jesu o ne a nka lebitso la Molimo, e leng Jehova, e le la bohlokoa haholo. Mora enoa ea ratoang o ne a batla hore ba bang ba tsebe lebitso la Ntate oa hae ba be ba le sebelise. Lebitso la Jesu ka bolona le bolela “Jehova ke Poloko.” Bosiung ba pele a e-shoa, Jesu o ile a re ha a rapela Jehova: ‘Ke tsebahalitse lebitso la hao.’ (Johanne 17:26) Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a sebelisa lebitso la Molimo a ba a le tsebisa ba bang. Etsoe bamameli ba Jesu ba ne ba ka utloisisa joang ’nete ka Jehova haeba ba ne ba sa tsebe lebitso la Hae le hore na le emela eng? *

Lerato le leholo la Molimo Ka lekhetlo le leng ha Jesu a rapela Molimo o ile a re: “Ntate, . . . u nthatile pele lefatše le thehoa.” (Johanne 17:24) Kaha Jesu o ne a ile a bona lerato la Molimo ha a le leholimong, ha a le lefatšeng o ile a batla ho bontša lerato leo ka litsela tse ngata tse babatsehang.

Jesu o ile a bontša hore lerato la Jehova le leholo haholo. O ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefatše” ha le bolele “polanete ea lefatše.” Mona le sebelisitsoe ho emela batho—e leng moloko ’ohle oa batho. Lerato leo Molimo a ratang moloko oa batho ka lona le leholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea ratoang haholo e le hore batho ba tšepahalang ba ka lokolloa litlamong tsa sebe le lefu ’me ba be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Re ke ke ra utloisisa botebo ba lerato le leholo hakaalo.—Baroma 8:38, 39.

Jesu o ile a paka ka liketso ’nete ena e khothatsang: Jehova o na le lerato le tebileng ho barapeli ba hae e le batho ka bomong. Jesu o ile a ruta hore Jehova o tšoana le molisa ea ratang nku e ’ngoe le e ’ngoe, ebile kaofela ha tsona lia ikhetha ho eena. (Matheu 18:12-14) Jesu o ile a re ha ho na serobele se ka oelang fatše Jehova a sa tsebe. Jesu o ile a phaella ka hore: “Moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela.” (Matheu 10:29-31) Haeba Jehova o khona ho lemoha serobele se le seng ha se le sieo sehlaheng, ka sebele oa hlokomela ebile o tsotella morapeli e mong le e mong oa hae. Haeba Jehova o hlokomela le ho bala moriri oa lihlooho tsa rōna, ha ho pelaelo hore o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bophelo ba rōna, lintho tseo re li hlokang, mathata a rōna le matšoenyeho a rōna.

Ntate ea leholimong Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Jesu ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. Ha ho makatse hore ebe Mora enoa ea ratoang o ne a tloaetse ho bitsa Jehova le ho bua ka Eena e le “Ntate” oa hae. Ha e le hantle, mantsoeng a pele a tlalehiloeng ao Jesu a ileng a a bua ha a ne a le tempeleng ha a le lilemo li 12, o ile a bitsa Jehova “Ntate.” (Luka 2:49) Lentsoe le reng “Ntate” le hlaha ka makhetlo a ka bang 190 Likosepeleng. Ka makhetlo a sa tšoaneng, Jesu o ile a bua ka Jehova e le “Ntat’a lōna,” “Ntat’a rōna,” le “Ntate.” (Matheu 5:16; 6:9; 7:21) Tsela eo Jesu a sebelisitseng mantsoe ao ka bolokolohi ka eona e bontša hore batho ba baetsalibe le ba sa phethahalang ba ntse ba ka ba le kamano e haufi le Jehova, ba ba ba mo tšepa.

Ho ba mosa le ho ikemisetsa ho tšoarela Jesu o ne a tseba hore batho ba sa phethahalang ba hloka mosa o moholo oa Jehova. Papisong ea hae ea mora ea lehlasoa, Jesu o ile a tšoantša Jehova le ntate ea nang le kutloelo-bohloko, ea tšoarelang le ho amohela mora oa hae ea bakileng ka liatla tse peli. (Luka 15:11-32) Ka hona, mantsoe a Jesu a re kholisa hore Jehova o sheba phetoho leha e le efe pelong ea motho oa moetsalibe e ka etsang hore a Mo bontše mosa. Jehova o labalabela ho tšoarela moetsalibe ea bakang. Jesu o itse: “Kea le bolella hore ho tla ba le thabo e eketsehileng leholimong ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang ho feta ka e bang teng ka lebaka la ba mashome a robong a metso e robong ba lokileng ba sa hlokeng pako.” (Luka 15:7) Ke mang ea sa tl’o ikutloa a batla ho ba haufi le Molimo ea mohau joalo?

Ea utloang lithapelo Ha Jesu a sa le leholimong, pele a e-tla lefatšeng, o ile a iponela ka boeena hore Jehova ke “Ea Utloang thapelo” le hore O thabela lithapelo tsa barapeli ba hae ba tšepahalang. (Pesaleme ea 65:2) Ka hona, nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a ruta bamameli ba hae hore na ba rapele joang le hore na ba rapelle eng. O ile a fana ka keletso ena: “U se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.” O ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba rapelle hore thato ea Molimo “e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” Hape re ka rapella lijo tsa letsatsi ka leng, ra rapella hore re tšoareloe libe le hore re hanele moleko. (Matheu 6:5-13) Jesu o ile a ruta hore Jehova o arabela joaloka ntate lithapelo tsa bahlanka ba Hae, o araba likōpo tsa bona tse tsoang botebong ba pelo tseo ba li etsang ka tumelo.—Matheu 7:7-11.

Ha e le hantle, Jesu o ne a batla ho ruta ’nete ka Jehova le hore na ke Molimo oa mofuta ofe. Empa ho na le ntho e ’ngoe hape eo Jesu a neng a chesehela ho e bolella batho ka Jehova—mokhoa oo Jehova a tla fetola lefatše ka oona e le hore a phethahatse morero oa Hae ka lefatše le batho ba phelang ho lōna. Ha e le hantle, molaetsa ona oa Jesu e ne e le eona ntho e ka sehloohong eo a neng a ruta ka eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Qalong ha ho ne ho ngoloa Bibele, lebitso Jehova le ne le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000. Lebitso leo le bolela “ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:14) Molimo e ka ba ntho leha e le efe eo a nkang hore o tlameha ho ba eona e le hore a phethe morero oa hae. Lebitso lena le tiisa hore kamehla Molimo o tla lula a tšepahalla melao-motheo ea hae le hore o tla phethahatsa ntho leha e le efe eo a e tšepisang.