Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Synagogeng—Moo Jesu le Barutuoa ba Hae ba Neng ba Ruta Teng

Synagogeng—Moo Jesu le Barutuoa ba Hae ba Neng ba Ruta Teng

Synagogeng​—Moo Jesu le Barutuoa ba Hae ba Neng ba Ruta Teng

“Joale a potoloha ho pholletsa le Galilea eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa bona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso.”—MATHEU 4:23.

NAKO le nako tlalehong ea Likosepele re fumana Jesu a le synagogeng. Hangata Jesu o ne a khetha synagoge hore e be hona moo a bolelang ka ’Muso oa Molimo le ho ruta ka oona, ebang o ne a le Nazaretha, e leng motse oo a hōletseng ho oona, kapa Kapernauma, e leng motse o neng o fetohile setsi sa tšebeletso ea hae, kapa metseng le metsaneng leha e le efe eo a neng a e etela nakong ea ha a phathahane ka tšebeletso ea hae ka lilemo tse tharo le halofo. Ha e le hantle, ha Jesu a nahana ka tšebeletso ea hae, o ile a re: “Kamehla ke ile ka ruta ka synagogeng le ka tempeleng, moo Bajuda kaofela ba phuthehang.”—Johanne 18:20.

Ka tsela e tšoanang, baapostola ba Jesu le Bakreste ba bang ba pele ba ne ba atisa ho ruta lisynagogeng tsa Bajuda. Empa ho tlile joang hore Bajuda ba tšoarele litšebeletso tsa borapeli lisynagogeng? Hona matlo ao a borapeli a ne a le joang mehleng ea Jesu? A re ke re hlahlobisiseng taba ena.

E ne e le ea Bohlokoa Bophelong ba Bajuda Banna ba Bajuda ba ne ba ea Jerusalema hararo ka selemo meketeng e neng e tšoareloa tempeleng e halalelang. Ha e le litšebeletso tsa borapeli tsa letsatsi le letsatsi tsona ba ne ba li tšoarela synagogeng, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba lula Palestina kapa ho e ’ngoe ea likolone tse ngata tsa Bajuda tse neng li le libakeng tse ling.

Synagoge e qalile ho sebelisoa neng? Ba bang ba lumela hore e bile nakong eo Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babylona (607-537 B.C.E.), ha tempele ea Jehova e ne e le lesupi. Kapa e ka ’na eaba e bile nakoana ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng, nakong eo moprista Esdrase a ileng a khothalletsa sechaba hore se be le tsebo e eketsehileng ea Molao oa Molimo se be se o utloisise.—Esdrase 7:10; 8:1-8; 10:3.

Qalong lentsoe “synagoge” le ne le bolela feela “seboka” kapa “phutheho.” Ke kamoo le sebelisitsoeng kateng ho Septuagint, e leng phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea lentsoe leo le ile la sebelisoa ha ho buuoa ka mohaho oo batho ba neng ba bokana ho oona bakeng sa borapeli. Lekholong la pele la lilemo C.E., hoo e ka bang motse o mong le o mong oo Jesu a neng a o etela o ne o e-na le synagoge ea oona; metse e meholo e ne e e-na le tse ’maloa; athe Jerusalema teng ho ne ho e-na le tse ngata. Mehaho eo e ne e le joang?

Ntlo ea Boemo bo Itekanetseng ea Bora-peli Ha Bajuda ba ne ba rera ho haha synagoge, ka tloaelo ba ne ba sheba sebaka se phahameng, ebe ba rala mohaho oo ka tsela eo monyako oa oona o moholo (1) o tla ba ka lehlakoreng le shebileng Jerusalema. Leha ho le joalo, haeba maemo a ne a sa lumele, ho ne ho sa latelloe lintho tse joalo.

Hangata synagoge e ne e e-ba mohaho o itekanetseng, o nang le thepa e seng kae ha o se o qetiloe. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa e ne e le areka (2), kapa polokelo eo ho eona ho neng ho behoa letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa la sechaba—e leng meqolo ea Mangolo a Halalelang. Ha liboka li ne li tšoaroa, areka eo e nkehang habobebe e ne e behoa sebakeng se loketseng, ebe hamorao e khutlisetsoa phaposing e sireletsehileng (3).

Pel’a areka ho ne ho e-na le litulo tse ka pele tse shebaneng le phutheho (4) tse behetsoeng baokameli ba synagoge le baeti leha e le bafe ba bohlokoa. (Matheu 23:5, 6) Hoo e ka bang bohareng ba holo ho ne ho e-na le sethala se phahameng se nang le sefalana hammoho le setulo sa sebui (5). Ka mahlakoreng a mararo ho lebana le sethala ho ne ho e-na le libenche tseo phutheho e lulang ho tsona (6).

Ka tloaelo synagoge e ne e sebelisoa ke phutheho ebile e tšehetsoa ke eona. Menehelo ea boithatelo e neng e etsoa ke bohle, ba ruileng esita le ba futsanehileng, e ne e thusa ho hlokomela mohaho oo e le hore o lule o le boemong bo botle. Empa liboka tse neng li tšoaroa synagogeng li ne li le joang?

Borapeli Synagogeng Tšebeletso ea borapeli synagogeng e ne e akarelletsa ho rorisa, ho rapela, ho bala Mangolo hammoho le ho ruta le ho bolela. Phutheho e ne e qala ka ho pheta Shema, e leng boipolelo ba tumelo ea Sejuda. E ne e bitsoa joalo ka lebaka la lentsoe le qalang la lengolo la pele le neng le phetoa: “Mamela [Shema], Uena Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.”—Deuteronoma 6:4.

Ka mor’a moo, ho ne ho baloa Torah, e leng libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele tse ngotsoeng ke Moshe, ebe ho fanoa ka tlhaloso. (Liketso 15:21) Ebe ka mor’a moo ho latela ’malo o mong, ho sebelisoa mantsoe a qotsitsoeng mangolong a baprofeta (haftarahs), ho ntan’o hlalosoa hore na a bolela’ng le hore na a ka sebelisoa joang bophelong. Ka linako tse ling libui tse etileng e ne e le tsona tse phethang karolo ena, joalokaha Jesu a ile a etsa ketsahalong e hlalositsoeng ho Luka 4:16-21.

Ke ’nete hore moqolo oo Jesu a ileng a o fuoa sebokeng seo o ne o se na likhaolo le litemana joaloka Libibele tsa rōna tsa kajeno. Kahoo, re ka inahanela feela ha Jesu a ne a phutholla moqolo ka letsoho la hae le letšehali, ha ka lehlakoreng le leng a ntse a o phutha ka letsoho le letona ho fihlela a fumane temana eo a e batlang. Ka mor’a ’malo, moqolo o ne o phuthoa kaofela ho fihlela moo o qalang.

Hangata litemana tsena li ne li baloa ka Seheberu sa pele-pele ebe li fetoleloa Searameng. Liphuthehong tsa Bagerike ho ne ho sebelisoa Septuagint.

E ne e le ea Bohlokoa Bophelong ba Letsa-tsi le Letsatsi Synagoge e ne e le ea bohlokoa haholo bophelong ba letsatsi le letsatsi ba Bajuda hoo ho eona ho neng ho phethoa mesebetsi e mengata e sa tšoaneng, esita le likamoreng tse ling tsa eona kapa mehahong e meng e hokahaneng le eona. Ka linako tse ling linyeoe li ne li tšoareloa moo, hammoho le lipitso tsa sechaba, esita le likopano tseo ho tsona ho neng ho e-ba le lijo likamoreng tsa ho jela tse neng li le hona mohahong oo. Ka linako tse ling baeti ba ne ba fuoa bolulo likamoreng tsa baeti tse mohahong o hokahaneng le synagoge.

Hoo e ka bang motseng o mong le o mong, ho ne ho boetse ho e-na le sekolo hona moo ho nang le synagoge, hangata mohahong o le mong le eona. Re ka inahanela feela kamore e tletseng barutoana ba banyenyane ba ithutang ho bala mongolo oo mosuoe a o ngotseng ka botenya letlapeng la boka. Likolo tseo ke tsona tse ileng tsa etsa hore sechaba sa boholo-holo sa Bajuda se tsebe ho bala le ho ngola, esita le batho feela ba tloaelehileng ba ne ba tloaelane le Mangolo.

Leha ho le joalo, sepheo se seholo sa synagoge e ne e le ho fana ka sebaka seo ho ka rapelloang ho sona kamehla. Ke ka hona ho sa makatseng hore ebe liboka tsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo li ne li tšoana haholo le tsa synagogeng ea Bajuda. Sepheo sa liboka tsa Bakreste le sona e ne e le ho rapela Jehova ka ho etsa lithapelo, ho bina lithoriso, ho bala Lentsoe la Molimo le ho le tšohla. Hase seo feela. Libakeng tseo ka bobeli tsa borapeli, lintho tse hlokahalang le litšenyehelo li ne li koaheloa ka menehelo ea boithatelo; libakeng tseo ka bobeli e ne e se baruti feela ba neng ba e-na le tokelo ea ho bala Lentsoe la Molimo le ho le tšohla; le hona liboka li ne li hlophisoa li bile li tsamaisoa ke banna ba hōlileng ba ikarabellang.

Kajeno Lipaki Tsa Jehova li leka ka matla ho latela mohlala o behiloeng ke Jesu le balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo. Ka hona, liboka tsa tsona tse tšoareloang Holong ea ’Muso li na le moo li tšoanang teng le liboka tseo tsa boholo-holo tse neng li tšoareloa synagogeng. Ho phaella moo, Lipaki li bokana ka sepheo se tšoanang le seo bohle ba ratang ’nete ba ’nileng ba e-ba le sona—e leng sa ho ‘atamela ho Molimo.’—Jakobo 4:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Mohaho ona o hahiloeng bocha o entsoe ho latela moralo oa lekholong la pele la lilemo oa Synagoge ea Gamla

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Likolo tse synagogeng li ne li ruta bashanyana ba ka bang lilemo li 6 ho ea ho tse 13