Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ka Sebele ’Muso oa Hao e Tla ba o Tiileng’

‘Ka Sebele ’Muso oa Hao e Tla ba o Tiileng’

Atamela ho Molimo

‘Ka Sebele ’Muso oa Hao e Tla ba o Tiileng’

2 Samuele 7:1-16

HO PHOLLETSA le histori, babusi ba bangata ba ile ba tlosoa litulong. Ba bang ha baa ka ba khethoa hape, ha ba bang bona ba ile ba tlosoa ka likhoka. Empa ho thoe’ng ka Jesu Kreste, Morena oa ’Muso oa leholimo oa Molimo? Na ho na le se ka mo thibelang ho busa e le Morena ea khethiloeng ke Molimo? Karabo e ka fumanoa mantsoeng ao Jehova a a buileng ho Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, joalokaha a tlalehiloe lengolong la 2 Samuele khaolo ea 7.

Qalong ea khaolo ena, re ithuta hore Davida o soabile, hobane le hoja eena e le morena feela tjee oa motho, o lula ntlong e ntle ea borena, ha areka ea Molimo eona e lula tenteng ea boemo bo tlaase. * Davida o bolela hore o lakatsa ho hahela Jehova ntlo kapa tempele e hlomphehang. (Temana ea 2) Empa Davida hase eena ea tla haha ntlo eo. Jehova o sebelisa moprofeta Nathane ho bolella Davida hore mora oa hae ke eena ea tla haha tempele.—Temana ea 4, 5, 12, 13.

Jehova o angoa ke takatso ea Davida e tlohang botebong ba pelo. Tumellanong le boinehelo ba Davida le boprofeta, Molimo o etsa selekane le Davida sa hore O tla hlahisa e mong lelokong la hae la borena ea tla busa ka ho sa feleng. Nathane o bolella Davida tšepiso ea Molimo e tiileng: “Ka sebele ntlo ea hao le ’muso oa hao e tla ba tse tiileng ka pel’a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang; terone ea hao e tla tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Temana ea 16) Mojalefa oa selekane see, Ea tla busa ka ho sa feleng, ke mang?—Pesaleme ea 89:20, 29, 34-36.

Jesu oa Nazaretha e ne e le setloholo sa Davida. Ha lengeloi le phatlalatsa tsoalo ea Jesu, le ile la re: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Ka lebaka leo, selekane se entsoeng le Davida se ile sa phethahala ho Jesu Kreste. Kahoo ho busa ha hae ha hoa itšetleha ka khetho ea motho, empa ho itšetlehile ka tšepiso ea Molimo e tiileng, e mo nehang tokelo ea ho busa ka ho sa feleng. A re hopoleng hore kamehla litšepiso tsa Molimo lia phethahala.—Esaia 55:10, 11.

Ho na le lithuto tse peli tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona lengolong la 2 Samuele khaolo ea 7. Ea pele, ha ho pelaelo hore ha ho ntho leha e le efe kapa motho ea ka thibelang Jesu Kreste ho busa. Kahoo re ka kholiseha hore o tla phethahatsa morero oo a o boletseng oa puso ea hae, e leng ho etsa hore thato ea Molimo e etsahale ka ho feletseng lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong.—Matheu 6:9, 10.

Ea bobeli ke hore tlaleho ena e re ruta thuto e amang maikutlo ka Jehova. Hopola hore Jehova o ile a lemoha morero o neng o le ka pelong ea Davida ’me a o ananela. Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o ananela boinehelo ba rōna borapeling ba hae. Maemong a mang, liketsahalo tseo re ke keng ra khona ho li laola, tse kang ho fokolloa ke bophelo kapa ho hōla, li ka re sitisa ho phetha sohle seo lipelo tsa rona li labalabelang ho se etsa tšebeletsong ea Molimo. Haeba ho le joalo, e se eka re ka tšelisoa ke ho tseba ’nete ea hore Jehova o lemoha esita le merero e ka pelong e tletseng boinehelo borapeling ba hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Areka ea selekane e ne e le lebokose le halalelang le neng le hahiloe ka taelo ea Jehova le ho ea ka moralo o tsoang ho eena. E ne e tšoantšetsa boteng ba Jehova Iseraeleng ea boholo-holo.—Exoda 25:22.