Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Latela Kreste ka Botlalo?

Na U Latela Kreste ka Botlalo?

Na U Latela Kreste ka Botlalo?

“Feela joalokaha ka sebele le tsamaea, . . . le ’ne le ho etse ka botlalo haholo.”—1 BATHES. 4:1.

1, 2. (a) Ke lintho life tse khōlō tseo batho ba bangata ba mehleng ea Jesu ba ileng ba li bona? (b) Ke hobane’ng ha mehla ea rōna le eona e le ea bohlokoa?

NA U kile ua nahana hore na e tlameha ebe ho ne ho le monate hakaakang ho phela ha Jesu a ne a le lefatšeng? U ka ’na ua nahana hore na ho ne ho tla ba joang ho phekoloa ke Jesu ebe ha u sa opeloa ka tsela leha e le efe. Kapa u ka ’na ua nahana ka thabo e khōlō ea ho bona Jesu le ho mo utloa—ho khona ho ithuta ho eena kapa ho mo bona a etsa mohlolo o itseng. (Mar. 4:1, 2; Luka 5:3-9; 9:11) E ka be e bile tlotla e kaakang hoja ebe u ne u phela ha Jesu a ne a etsa mesebetsi eo eohle! (Luka 19:37) Ka mor’a nako eo, ha ho moloko o boneng lintho tseo, ’me seo Jesu a ileng a se finyella lefatšeng “ka sehlabelo sa hae,” se ke ke sa phetoa.—Baheb. 9:26; Joh. 14:19.

2 Leha ho le joalo, mehla ea rōna le eona ke ea bohlokoa. Hobane’ng? Hona joale re phela nakong eo Mangolo a profetileng hore ke ‘nako ea bofelo’ le ‘matsatsi a ho qetela.’ (Dan. 12:1-4, 9; 2 Tim. 3:1) Nakong ena, Satane o lelekiloe leholimong. Haufinyane o tla tlangoa ’me a lahleloe ka “mohohlong.” (Tšen. 12:7-9, 12; 20:1-3) Hona nakong ena, re boetse re na le tlotla e khethehileng ea ho etsa mosebetsi o ke keng oa phetoa oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” lefatšeng lohle.—Mat. 24:14.

3. Ke eng eo Jesu a ileng a e bolella balateli ba hae nakoana pele a nyolohela leholimong, ’me e ne e tla akarelletsa’ng?

3 Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Mosebetsi oo o ne o tla akarelletsa ho ruta ho neng ho tla etsoa lefatšeng lohle. Ka sepheo sefe? Ka sepheo sa hore pele bofelo bo tla, ho etsoe barutuoa—kapa balateli ba eketsehileng ba Kreste. (Mat. 28:19, 20) Re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho atleha mosebetsing oo Kreste a re fileng oona?

4. (a) Seo Petrose a se buileng ho 2 Petrose 3:11, 12 se hatisa bohlokoa ba eng? (b) Re lokela ho ba seli ka eng?

4 Hlokomela sena seo moapostola Petrose a ileng a se bua, ha a ne a re: “Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova!” (2 Pet. 3:11, 12) Mantsoe a Petrose a hatisa bohlokoa ba hore re lule re lebetse matsatsing ana a ho qetela e le hore re tiise hore mokokotlo oa tsela eo re phelang ka eona ke liketso tsa boinehelo ba bomolimo. Liketso tseo li akarelletsa ho bolela litaba tse molemo. Kahoo, ke thabo e kaakang hore re bone cheseho eo ka eona barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ba etsang mosebetsi oa Kreste oa ho bolela! Leha ho le joalo, rea hlokomela hore re lokela ho ba seli hore cheseho eo re etsang tšebeletso ea Molimo ka eona, e se ke ea fokotsoa ke likhatello tsa letsatsi le letsatsi tse bakoang ke lefatše la Satane le ho se phethahale hoo re ho futsitseng. Ka hona, a re tšohleng kamoo re ka lulang re latela Kreste kateng.

Amohela Boikarabelo bo Fanoang ke Molimo

5, 6. (a) Pauluse o ile a babatsa balumeli-’moho le eena ba Jerusalema ka eng, empa o ile a ba lemosa eng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho nka boikarabelo boo Molimo a re fileng bona ka botebo?

5 Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Bakreste ba Jerusalema, o ile a babatsa balumeli-’moho le eena ka tlaleho ea bona ea nakong e fetileng ea hore ebe ba ile ba mamella ka botšepehi le tlas’a mahloriso. O ile a re: “Le ’ne le hopole matsatsi a pele ao ka ’ona, ka mor’a hore le behoe leseling, le ileng la mamella ntoa e khōlō tlas’a litlhokofatso.” Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a hopola botšepehi ba bona. (Baheb. 6:10; 10:32-34) E tlameha ebe mantsoe a monate ao Pauluse a ileng a babatsa Bakreste bao ba Baheberu ka ’ona a ile a ba khothatsa haholo. Leha ho le joalo, lengolong lona leo, Pauluse o ile a boela a hlokomelisa ka mokhoa oo batho ba nang le oona, oo haeba o sa laoloe, o ka fokotsang cheseho ea motho tšebeletsong ea Molimo. O ile a bolela hore Bakreste ba lokela ho ba seli hore ‘ba se ke ba ikhula,’ kapa ba ipehela mabaka a ho se latele litaelo tsa Molimo.—Baheb. 12:25.

6 Temoso eo ea hore ba se ke ba tloaela ho “ikhula” boikarabelong boo Molimo a faneng ka bona, e sebetsa le ho Bakreste kajeno. Rea hlokomela hore re lokela ho ikemisetsa ho nka boikarabelo ba rōna ba Bokreste ka botebo re be re lule re cheseha tšebeletsong ea Molimo. (Baheb. 10:39) Ha e le hantle, ho etsa tšebeletso e halalelang ke taba ea lefu le bophelo.—1 Tim. 4:16.

7, 8. (a) Ke eng e tla re thusa hore re lule re chesehela tšebeletso ea Molimo? (b) Haeba cheseho eo re neng re e-na le eona e fokotsehile, re lokela ho hopola’ng ka Jehova le Jesu?

7 Ke eng e tla re thusa ho ba seli hore re se ke ra ipehela mabaka ha re tšoanela ho phetha boitlamo boo re bo entseng ho Molimo? Tsela ea bohlokoa eo re ka loantšang mokhoa oo ka eona ke ka hore re nahanisise kamehla ka hore na kano ea rōna ea boinehelo e bolela’ng. Ha e le hantle, re ile ra tšepisa Jehova hore ntho e neng e tla tla pele bophelong ba rōna e ne e tla ba ho etsa thato ea hae, ’me re batla ho boloka tšepiso eo. (Bala Matheu 16:24.) Kahoo, ho hlokahala hore ka linako tse ling re ke re eme ’me re ipotse: ‘Na boikemisetso ba ka ba ho phelela boinehelo ba ka ho Molimo bo sa ntse bo tšoana le ha ke ne ke kolobetsoa? Kapa cheseho eo ke neng ke e-na le eona qalong e fokotsehile ha lilemo li ntse li feta?’

8 Haeba ha re itlhahloba ka botšepehi re fumana hore re se re batla re le monyebe, e ka ba hantle hore re hopole mantsoe a hlasimollang a ileng a buuoa ke moprofeta Sofonia. O ile a re: “E se eka matsoho a hao a ke ke a tepella. Jehova Molimo oa hao o ka hare ho uena. Joaloka Ea matla, o tla pholosa. O tla thaba ka lebaka la hao ka nyakallo.” (Sof. 3:16, 17) Mantsoe ana a khothatsang a ile a sebetsa ka lekhetlo la pele ho Baiseraele ba boholo-holo ba ileng ba khutlela Jerusalema ba tsoa botlamuoeng Babylona. Leha ho le joalo, khothatso ena e sa ntse e sebetsa ho batho ba Molimo kajeno. Kaha mosebetsi oo re o etsang ke mosebetsi oa Jehova, re lokela ho hopola hore Jehova le Mora oa hae ba re tšehelitse ebile baa re matlafatsa hore re phethe ka botlalo boikarabelo boo Molimo a re fileng bona. (Mat. 28:20; Bafil. 4:13) Haeba re loanela hore re tsoele pele ho etsa mosebetsi oa Molimo ka cheseho, o tla re hlohonolofatsa a be a re thuse hore re ’ne re tsoele pele moeeng.

“Le ’ne le Batle ’Muso Pele” ka Cheseho

9, 10. Jesu o hatisa ntlha efe ka papiso ea hae ea lijo tse khōlō tsa shoalane, hona re ka ithuta’ng ho eona?

9 Ha a ntse a e-ja lelapeng la ’musi e mong oa Mofarisi, Jesu o ile a etsa papiso ea mokete o moholo oa lijo. Papisong eo, o ile a hlalosa monyetla o ileng oa fuoa batho ba fapa-fapaneng oa hore ba itokisetse ’Muso oa maholimo. O ile a boela a etsa papiso ea hore na ho “ikhula” ho bolela’ng. (Bala Luka 14:16-21.) Baeti ba neng ba memiloe ba papiso ea Jesu ba ile ba fana ka mabaka a ho se tle moketeng. E mong o ile a bolela hore ho ne ho hlokahala hore a e’o lekola tšimo eo a neng a sa tsoa e reka. E mong eena o ile a re o rekile likhomo ’me o ne a batla ho ea li hlahloba. E mong hape a re: ‘Nke ke ka tla. Ke sa tsoa nyala.’ Mabaka ana a ne a sa utloahale. Ka tloaelo, motho ea rekang tšimo kapa liphoofolo, o li hlahloba pele, kahoo ha ho letho le potlakileng hore a li hlahlobe ka mor’a moo. Hona ke eng e ka sitisang motho ea sa tsoa nyala hore a amohele memo ea bohlokoa hakaalo? Ha ho makatse hore ebe papisong ena mong’a mokete o ile a halefa haholo!

10 Batho bohle ba Molimo ba ka ithuta ho hong papisong ena ea Jesu. Ba ka ithuta’ng? Le ka mohla ha rea lokela ho lumella litaba tsa rōna, tse kang tse boletsoeng papisong ea Jesu hore e be tsa bohlokoa ho feta tšebeletso eo re e etsetsang Molimo. Haeba Mokreste a sa boloke litaba tsa botho sebakeng sa tsona, cheseho ea hae tšebeletsong e tla fokotseha butle-butle. (Bala Luka 8:14.) E le hore seo se se ke sa etsahala, re latela keletso ena ea Jesu e reng: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae.” (Mat. 6:33) Ka sebele hoa khothatsa ho bona hore bahlanka ba Molimo—ebang ba banyenyane kapa ba baholo—ba sebelisa keletso eo ea bohlokoa! Ha e le hantle, ba bangata ba nkile bohato ba ho nolofatsa tsela eo ba phelang ka eona e le hore ba ka eketsa nako eo ba e qetang tšebeletsong. Ba inoesa ka nkho hore ho batla ’Muso pele ka cheseho, ho thabisa e le kannete ebile ho khotsofatsa haholo.

11. Ke tlaleho efe ea Bibele e bontšang hore ho sebeletsa Molimo ka cheseho le ka pelo eohle ke habohlokoa?

11 E le ho bontša hore ke habohlokoa ho sebeletsa Molimo ka cheseho, hlokomela ketsahalo e ileng ea etsahala bophelong ba Morena Joase oa Iseraele. Kaha o ne a amehile ka hore Syria e ne e ka ’na ea hapa Iseraele, Joase o ile a ea ho Elisha a lla. Moprofeta Elisha o ile a mo laela hore a fulele motsu nģ’a Syria ka fensetere, e le ho bontša hore sechaba seo se ne se tla hlōloa ka thuso ea Jehova. Ka sebele sena se ne se lokela ho tsosa morena eo molota. Ka mor’a moo, Elisha o ile a bolella Joase hore a nke metsu ea hae ebe o otla fatše ka eona. Joase o ile a otla fatše ka makhetlo a mararo. Sena se ile sa halefisa Elisha, hobane ho otla fatše ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng ho ne ho tla bontša hore o ne a tla “hlasela Syria ho fihlela e felile.” Joale, Joase o ne a tla hlōla ka makhetlo a mararo feela, empa a sa hlōle ka botlalo. Kaha Joase o ile a etsa ka monyebe, ha aa ka a hlōla ka ho feletseng. (2 Mar. 13:14-19) Re ka ithuta’ng tlalehong eo? Hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo hafeela re etsa mosebetsi oa hae ka pelo eohle le ka cheseho.

12. (a) Ke eng e tla re thusa ho lula re cheseha tšebeletsong ea Molimo ha re ntse re loana le mathata a bophelo? (b) Pheta kamoo ho lula u phathahane tšebeletsong ho u ruisang molemo kateng.

12 Mathata a bophelo a bontša hore na re cheseha hakae le hore na re inehetse hakae tšebeletsong ea Molimo. Bara le barali babo rōna ba bangata ba loana le maemo a boima a moruo. Ba bang ba khathatsoa matla ke hore ho kula haholo ho fokotsa seo ba khonang ho se etsa tšebeletsong ea Jehova. Leha ho le joalo, e mong le e mong oa rōna a ka nka mehato e tiisang hore a lule a cheseha a bile a tsoela pele ho latela Kreste ka botlalo. Ka kōpo hlokomela mangolo le litlhahiso tse thathamisitsoeng lebokoseng le nang le sehlooho se reng, “Ke Eng e Tla U Thusa Hore U ’ne U Latele Kreste?” Nahana hore na u ka li sebelisa joang kahohle kamoo u ka khonang. Haeba u ka etsa joalo u tla kotula melemo ea sebele. Ho phathahana tšebeletsong ho re thusa hore re tiee, ho ntlafatsa bophelo ba rōna ho bile ho re fa khotso e khōlō le thabo. (1 Bakor. 15:58) Ho feta moo, ho etsa tšebeletso ea Molimo ka pelo eohle ho re thusa hore ‘re lule re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’—2 Pet. 3:12.

Sekaseka Maemo a Hao ka Botšepehi

13. Re ka fumana joang hore na ho sebeletsa Molimo ka moea oohle ho bolela’ng ho rōna ka bomong?

13 Leha ho le joalo, hopola hore ho etsa lintho ka moea ’ohle hase taba ea hore na u qeta nako e kae tšebeletsong. Maemo a batho ha a tšoane. Motho ea sebetsang hora kapa tse peli feela tšimong ka khoeli a ka khahlisa Jehova haholo haeba seo e le sona phetho seo bophelo ba hae bo mo lumellang hore a se etse. (Bapisa le Mareka 12:41-44.) Kahoo, e le hore re fumane hore na ho sebeletsa Molimo ka moea oohle ho bolela’ng ho rōna ka bomong, re lokela ho sekaseka bokhoni ba rōna le maemo a rōna ka botšepehi. Kaha re balateli ba Kreste, re boetse re batla hore maikutlo a rōna a lumellane le a hae. (Bala Baroma 15:5; 1 Bakor. 2:16) Ke eng eo Jesu a neng a e etelletsa pele bophelong ba hae? O ile a re ho matšoele a Kapernauma: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . , hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43; Joh. 18:37) U nahanne ka cheseho ea Jesu tšebeletsong ea hae, sekaseka maemo a hao e le hore u bone hore na ebe ho ka etsahala hore u ntlafatse tšebeletso ea hao haholoanyane.—1 Bakor. 11:1.

14. Re ka eketsa tšebeletso ea rōna ka litsela life tse ling?

14 Ho nahana ka hloko ka maemo a rōna ho ka ’na ha etsa hore re fihlele qeto ea hore re ka eketsa nako eo re e qetang tšebeletsong. (Mat. 9:37, 38) Ka mohlala, bacha ba baloang ka likete ba sa tsoa qeta sekolong, ba ekelitse tšebeletso ea bona ’me hona joale ba fumana thabo e tlisoang ke ho sebeletsa ka cheseho e le bo-pula-maliboho. Na le uena u ka rata ho inoesa ka nkho? Bara le barali ba bang babo rōna ba hlahlobile maemo a bona eaba ba etsa qeto ea hore ba ka fallela libakeng tse ling linaheng tsa habo bona, kapa ba ba ba ea linaheng tse ling, moo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso ba bangata. Ba bang bona ba ithutile puo e ’ngoe e le hore ba thuse batho ba buang lipuo lisele. Le hoja ho eketsa tšebeletso ea rōna ho ka ’na ha e-ba thata, ho na le mahlohonolo a mangata, ’me re ka thusa batho ba bang ba bangata hore ba “fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:3, 4; 2 Bakor. 9:6.

Mehlala ea Bibele e ka Lateloang

15, 16. Re ka etsisa mehlala ea bo-mang hore re be balateli ba chesehang ba Kreste?

15 Batho ba bang bao e ileng ea e-ba baapostola ba ile ba etsa joang ha Kreste a ne a ba bitsa hore e be balateli ba hae? Bibele e re ka Matheu: “A siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe a ema eaba o qala ho mo latela.” (Luka 5:27, 28) Re bolelloa se latelang ka Petrose le Andrease bao e neng e le batšoasi ba litlhapi: “Hang-hang ha ba tlohela matlooa, ba mo latela.” Ka mor’a moo, Jesu o ile a bona Jakobo le Johanne, ba neng ba e-na le ntate oa bona ’me ba ntse ba lokisa matlooa. Ba ile ba etsa joang ha Jesu a ba mema? “Hang-hang ha ba siea sekepe ’me ba siea ntat’a bona, ba mo latela.”—Mat. 4:18-22.

16 Mohlala o mong o motle ke oa Saule, eo e ileng ea e-ba moapostola Pauluse. Le hoja a ne a ile a hlorisa balateli ba Kreste ka mabifi, o ile a fetoha ’me ea e-ba ‘sejana se khethetsoeng’ ho jara lebitso la Kreste. “Kapele-pele ka lisynagogeng [Pauluse o ile] a qala ho bolela Jesu, hore Enoa ke Mora oa Molimo.” (Lik. 9:3-22) Hape, ho sa tsotellehe hore Pauluse o ne a tlameha ho mamella mathata a mangata le mahloriso, ha ho mohla a ileng a felloa ke cheseho.—2 Bakor. 11:23-29; 12:15.

17. (a) U labalabela eng mabapi le ho latela Kreste? (b) Re fumana mahlohonolo afe ha re etsa thato ea Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna le ka matla ’ohle a rōna?

17 Ka sebele re labalabela ho etsisa mehlala e metle ea barutuoa bao, re be re nke bohato ka cheseho le ka boikitlaetso. (Baheb. 6:11, 12) Re fumana mahlohonolo afe ha re ntse re loanela ho latela Kreste ka cheseho le ka botlalo? Re fumana thabo ea ’nete ha re etsa thato ea Molimo ’me rea khotsofala ha re amohela litokelo tse eketsehileng le boikarabelo ka phuthehong. (Pes. 40:8; bala 1 Bathesalonika 4:1.) Ha ho pelaelo hore ha re ntse re ikitlaelletsa ho latela Kreste, re fumana mahlohonolo a maholo le a nako e telele, a kang khotso ea kelello, khotsofalo, ho amoheloa ke Molimo le tšepo ea bophelo bo sa feleng.—1 Tim. 4:10.

Na U sa Hopola?

• Re filoe mosebetsi ofe oa bohlokoa, ’me re lokela ho o nka joang?

• Ke mokhoa ofe oo batho ba nang le oona oo re lokelang ho ba seli mabapi le oona, hona hobane’ng?

• Ke eng eo re lokelang ho e sekaseka ka botšepehi?

• Ke eng e tla re thusa hore re ’ne re latele Kreste?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ke Eng e Tla U Thusa Hore U ’ne U Latele Kreste?

▪ Bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, ’me u thuise ka seo u se balang.—Pes. 1:1-3; 1 Tim. 4:15.

▪ Rapela khafetsa hore moea oa Molimo o u thuse o be o u tataise.—Zak. 4:6; Luka 11:9, 13.

▪ Ikamahanye le ba bontšang hore ba chesehela tšebeletso ho tloha pelong.—Liprov. 13:20; Baheb. 10:24, 25.

▪ Elelloa hore metsotso e se e jele babeli.—Baef. 5:15, 16.

▪ Falimehela liphello tse bohloko tsa ho “ikhula.”—Luka 9:59-62.

▪ Kamehla u nahane kano ea hao ea boinehelo le mahlohonolo a mangata a tlisoang ke ho sebeletsa Jehova le ho latela Kreste ka pelo eohle.—Pes. 116:12-14; 133:3; Liprov. 10:22.