Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo o Ntse a Etsa’ng?

Molimo o Ntse a Etsa’ng?

Molimo o Ntse a Etsa’ng?

“Jehova, ke hobane’ng ha u ntse u emeletse hōle? Ke hobane’ng ha u lula u ipatile linakong tsa mahlomola?” *PESALEME EA 10:1.

HA MOTHO a habanya lihlooho tsa litaba feela, ruri oa kholiseha hore re phela “linakong tsa mahlomola.” Ha re oeloa ke tlokotsi—mohlomong re angoa ke liketso tsa bonokoane, re hlaheloa ke kotsi e mpe kapa ho hlokahala motho eo re mo ratang—re ka ’na ra ipotsa, Na Molimo oa re bona? Na oa re tsotella? Na o hlile o teng?

Leha ho le joalo, na u kile ua nahana hore e ka ’na eaba re fositse ka seo re lebeletseng hore Molimo a re etsetse sona? Ho tea mohlala: Nahana ka ngoana e monyenyane ea koatileng ka lebaka la hore ntate oa hae o ile mosebetsing. Ngoana eo o hlolohetsoe ntate oa hae joale o lakatsa eka a ka tla lapeng. O ikutloa a lahliloe. Letsatsi kaofela o lula a botsa, “Ntate o kae?”

Re ka hlokomela hang feela hore tsela eo ngoana eo a nahanang ka eona e fosahetse. Etsoe ka eona nako eo ntate oa hae o ntse a sebeletsa lelapa kaofela. Na ebe mohlomong le rōna tsela eo re nahanang ka eona e ka ’na eaba ke eona e fosahetseng ha re re, “Molimo o kae”?

Ka mohlala, batho ba bang ba ka ’na ba lakatsa hore Molimo e be moahloli eo mosebetsi oa hae e leng ho potlakela ho fa batho kotlo ha ba etsa se fosahetseng. Ba bang bona ba nka Molimo e le Father Christmas, eo mosebetsi oa hae e leng ho fana ka limpho tse kang mosebetsi, molekane oa lenyalo, esita le ho hapa tekete ea lotho.

Maikutlo ao ka bobeli a etsa hore batho ba nahane hore haeba Molimo a sa lihe kahlolo ka potlako kapa a sa fane ka seo re se kōpang, ho bolela hore ha a tsotelle ha re ntse re utloa bohloko ebile ha a tsebe seo re se hlokang. Empa seo hase ’nete! Ha e le hantle, hona joale ho na le seo Jehova Molimo a ntseng a se etsa ho hlokomela moloko oohle oa batho, le hoja e se ka tsela eo ba bangata ba e lebeletseng.

E le hore ke eng seo Molimo a ntseng a se etsa? E le ho araba potso eo, re lokela ho qala litaba morao qalehong ea bophelo ba batho, ha kamano eo Molimo a neng a e-na le eona le batho e senyeha hampe—le hoja e bile ka tsela eo e ntseng e ka lokisoa.

Liphello Tse Mpe Tsa Sebe

Ak’u nahane ka ntlo eo e bileng serutha ka lilemo tse ngata. Marulelo a oetse ka hare, mamati a oele ’me ka ntle e senyehile. Ntlo ena e kile ea e-ba maemong a matle—empa ha ho sa le joalo. Ha ho shejoa hore na ntlo eo e senyehile hakae, ho e tsosolosa e tla ba mosebetsi o moholo; hase mosebetsi o ka phethoang ka nakoana feela.

Joale nahana ka ho senyeha ho bileng teng bathong lilemong tse 6 000 tse fetileng ha sebōpuoa sa moea, Satane, se etsa hore Adama le Eva ba fetohele Molimo. Pele ho nako eo, banyalani bao ba pele ba ne ba thabela bophelo bo phethahetseng, ba lebeletse ho phela ka ho sa feleng hammoho le litloholo tsa bona tse neng li tla ba teng. (Genese 1:28) Leha ho le joalo, ha Adama le Eva ba etsa sebe ho ne ho tšoana le ha ba senyetsa batho ba e-s’o tsoaloe bophelo ka boomo.

U se ke ua nka liphello tse mpe tsa bofetoheli boo hasesaane. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe.” (Baroma 5:12) Ntle le hore sebe se re tliselitse lefu, se boetse se sentse kamano ea rōna le ’Mōpi se bile se re amme ’meleng, likelellong esita le maikutlong. Ka lebaka leo, boemo boo re leng ho bona bo tšoana le ba ntlo e senyehileng. Monna ea lokileng Jobo o ile a akaretsa boemo boo re leng ho bona ka ho bolela hore motho “o phela hakhutšoanyane, bophelo ba hae bo aparetsoe ke litsietsi.”—Jobo 14:1, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Empa na Molimo o ile a furalla moloko oa batho ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe? Le hanyenyane! Ha e le hantle, ho tloha ka nako eo ho tla fihlela joale Ntate oa rōna ea leholimong o ’nile a etsa ho itseng molemong oa batho bohle. E le hore u hle u ananele seo a re etsetsang sona, nahana ka mehato e meraro e hlokahalang ha ho tsosolosoa ntlo le hore na mohato o mong le o mong o nyalana joang le seo Molimo a seng a se entse ho lokisa maemo bakeng sa batho.

1 Ka mor’a ho lekola ntlo e senyehileng, mong’a eona o lokela ho etsa qeto ea hore na a e lokise kapa a e heletse.

Hang ka mor’a borabele bo bileng teng Edene, Jehova Molimo o ile a phatlalatsa morero oa hae oa ho lokisa maemo bakeng sa batho. Ha a bolella sebōpuoa sa moea se neng se hlohlelletsa borabele boo, o ile a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.”—Genese 3:15.

Ka mantsoe ao, Jehova o ne a tšepisa hore o tla felisa mohlohlelletsi eo oa borabele ba Edene. (Baroma 16:20; Tšenolo 12:9) Ho phaella moo, Jehova o ile a bolela esale pele hore “peō” eo ea ka moso e tla lopolla moloko oa batho sebeng. * (1 Johanne 3:8) Sena seo Molimo a se tšepisang se senola seo a neng a tla se etsa: O ne a tla lokisa pōpo ea hae, eseng ho e senya. Empa ho lokisa maemo bakeng sa batho ho ne ho tla nka nako e telele.

2 Setsebi sa mehaho se etsa moralo o hlakileng oa hore na ntlo e tla lokisoa joang.

Jehova Molimo o ile a fa Baiseraele melao e ba tataisang ’me a ba etsetsa moralo oa tempele eo ba neng ba tla mo rapela ho eona. Bibele e re: “Lintho tseo ke seriti sa lintho tse tlang ho tla.” (Bakolose 2:17) Joaloka moralo o hlakileng, li ne li tšoantšetsa lintho tse khōloanyane.

Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba etsa mahlabelo ka liphoofolo e le hore ba tšoareloe libe. (Levitike 17:11) Ketso eo e ne e tšoantšetsa sehlabelo se seholo se neng se tla neheloa lilemo tse makholo hamorao—e leng sehlabelo se neng se tla lopolla batho ka ho feletseng. * Tsela eo tabernakele le tempele li neng li entsoe ka eona, moo Baiseraele ba neng ba rapella teng, e ne e tšoantšetsa mehato eo Mesia a neng a tla e nka, ho tloha ka lefu la hae la sehlabelo ho fihlela ha a nyolohela leholimong.—Sheba chate e  leqepheng la 7.

3 Ho khethoa sehahi se tla latela se raliloeng se be se tsosolose mohaho.

Jesu e ne e le eena Mesia ea tšepisitsoeng ea neng a tla phethahatsa se neng se etsoa ke mahlabelo a Baiseraele ’me a fane ka bophelo ba hae ho lopolla batho. Johanne Mokolobetsi o ile a bitsa Jesu “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29) Jesu o ile a amohela mosebetsi oo ka ho rata. O ile a re: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 6:38.

Seo Molimo a neng a batla Jesu a se etse e ne e se feela ‘ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo bakeng sa ba bangata’ empa o ne a boetse a batla hore a etse selekane le balateli ba hae ka ’Muso. (Matheu 20:28; Luka 22:29, 30) ’Muso oo ke oona oo Molimo a tla o sebelisa ho phethahatsa morero oa hae molemong oa batho. Molaetsa oa ’Muso oa Molimo o bitsoa “litaba tse molemo” kaha o bontša hore Molimo o hlomme ’Muso leholimong o tla laola lintho tse lefatšeng!—Matheu 24:14; Daniele 2:44. *

Mosebetsi oa ho Tsosolosa o Tsoela Pele

Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a laela balateli ba hae, a re: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang . . . ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:19, 20.

Ka hona, ho lokisa maemo bakeng sa batho ho ne ho sa tl’o fella ha Jesu a shoa. Ho ne ho tla tsoela pele ho fihlela “qetellong ea tsamaiso ea lintho”—e leng nako eo ka eona ’Muso oa Molimo o tla qala ho laola lefatše. Nako eo e se e fihlile. Re tseba sena hobane seo Jesu a ileng a re ke pontšo ea ‘qetello ea tsamaiso ea lintho’ se se se ntse se phethahala. *Matheu 24:3-14; Luka 21:7-11; 2 Timothea 3:1-5.

Mehleng ena, Lipaki Tsa Jehova tse linaheng tse 236, li mamela taelo ea Jesu ea ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ha e le hantle, makasine ena eo u ntseng u e bala e etselitsoe ho u thusa hore u ithute ka ’Muso oo le seo o tla se phetha. Leqepheng la bobeli la Molula-Qhooa o mong le o mong, o tla fumana mantsoe ana: “Makasine ena . . . e khothatsa batho ka litaba tse molemo tsa hore ’Muso oa Molimo, oo e leng puso ea sebele e leholimong, o tla tloha o felisa bokhopo bohle ’me o fetole lefatše paradeise. E khothalletsa batho hore ba lumele ho Jesu Kreste, ea ileng a shoa e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng le eo hona joale a busang e le Morena oa ’Muso oa Molimo.”

Ke ’nete hore hona joale u ntse u ka utloa ka litlhaselo tsa bokhukhuni, likoluoa tsa tlhaho kapa ua hlaheloa ke litlokotsi. Empa ha u ithuta Bibele u tla kholiseha hore Molimo ha aa lahla batho. Ho e-na le hoo, ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:27) Tšepiso ea hae ea ho khutlisa seo batsoali ba rōna ba se lahlileng e tla hle e phethahale.—Esaia 55:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Bibele e bolela hore Jehova ke lebitso la Molimo.

^ ser. 16 E le hore u fumane tlhaloso e eketsehileng mabapi le Genese 3:15, bala khaolo ea 19 bukeng ea Atamela ho Jehova, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 19 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 5 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 22 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka ’Muso oa Molimo, sheba khaolo ea 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

^ ser. 25 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

 (Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

“SETŠOANTŠO SA NTHO EA SEBELE”​—Se Neng se Tšoantšetsoa ke Tabernakele

ALETARE

Boikemisetso ba Molimo ba ho amohela sehlabelo sa Jesu.—BAHEBERU 13:10-12.

MOPRISTA EA PHAHAMENG

Jesu.—BAHEBERU 9:11.

1 Ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a nyehela mahlabelo bakeng sa libe tsa batho.—LEVITIKE 16:15, 29-31.

1 Ka la 14 Nisan, 33 C.E., Jesu o ile a nehelana ka bophelo ba hae molemong oa rōna.—BAHEBERU 10:5-10; 1 JOHANNE 2:1, 2.

SEHALALELO

Boemo ba Jesu e le ea tsoetsoeng ka moea.—MATHEU 3:16, 17; BAROMA 8:14-17; BAHEBERU 5:4-6.

LESIRA

’Mele oa Jesu oa nama, o ileng oa arola bophelo ba hae ba lefatšeng le bophelo ba hae ba leholimong.—1 BAKORINTHE 15:44, 50; BAHEBERU 6:19, 20; 10:19, 20.

2 Moprista ea phahameng o ne a feta ka lehlakoreng le leng la lesira le neng le arola Sehalalelo le Sehalalelisiso.

2 Ha Jesu a qeta ho tsosoa, o ile a ‘feta ka lehlakoreng le leng la lesira’ ka hore a nyolohele leholimong “ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.”—BAHEBERU 9:24-28.

SEHALALELISISO

Leholimo.—BAHEBERU 9:24.

3 Ha moprista ea phahameng a se a le ka Sehalalelisisong, o ne a fafatsa mali a mang a sehlabelo ka pel’a areka ea selekane.—LEVITIKE 16:12-14.

3 Ka hore Jesu a hlahise ntho ea bohlokoa e phethiloeng ka mali a hae a tšolotsoeng, o ile a fana ka pheko ea ’nete ea libe tsa rōna.—BAHEBERU 9:12, 24; 1 PETROSE 3:21, 22.