Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebitso la Molimo, Jehova, Tempeleng ea Egepeta

Lebitso la Molimo, Jehova, Tempeleng ea Egepeta

Lebitso la Molimo, Jehova, Tempeleng ea Egepeta

LEBITSO la Molimo, e leng Jehova kapa Yahweh, le hlahile khale hakae linthong tse ling ntle le ka Bibeleng? Litsebi tse ling li araba tjena ka kholiseho eohle: Ke khale koana lekholong la bo14 la lilemo B.C.E. Ke hobane’ng ha li araba joalo?

Hoo e ka bang ka selemo sa 1370 B.C.E., Baegepeta ba ne ba hlōtse linaha tse ngata. ’Musi oa Egepeta ka nako eo, e leng Faro Amenhotep (Amenophis) III, o ile a haha tempele e ntle haholo Soleb, Nubia, eo hona joale e bitsoang Sudan. Ha baepolli ba lintho tsa khale ba sibolla tempele eo, ba ile ba fumana mongolo oa litšoantšo oa Egepeta o neng o bonahala o e-na le Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo—e leng YHWH, kapa Jehova. Mongolo oo o fatiloeng lejoeng o ngotsoe lilemo tse 500 pele ho Lejoe la Moabe le tsebahalang haholo—leo pele ho neng ho nkoa hore ke eona ntho ea khale haholo e nang le lebitso la Molimo. Ke hobane’ng ha lebitso la Molimo oa Bibele e ka ’na eaba le ngotsoe tempeleng ea Baegepeta?

“Shasu Naha ea Jahu”

Faro Amenhotep III o ile a nehela tempele eo a e hahileng ho molimo ea bitsoang Amun-Ra. Tempele eo e ne e ka ba bolelele ba limithara tse 120 ’me e ne e le lebōpong le ka bophirimela la Nōka ea Nile. Mongolo oa litšoantšo o khabisitseng litšiea ka holong e ’ngoe ea tempele eo o thathamisitse mabitso a libaka tseo Amenhotep a ileng a re o ile a li hlōla a ba a li laola. Sebaka ka seng se emetsoe ke motšoaruoa ea tlanngoeng matsoho ka morao, ea nang le thebe e ngotsoeng lebitso la naha ea habo kapa la morabe oa habo. Linaha tsa batho ba bangata ba bitsoang Bashasu kapa Bashosou li hlaha har’a mengolo eo. Bashasu e ne e le bo-mang?

Bashasu e ne e le lebitso le akaretsang leo Baegepeta ba neng ba le rehile Babedouin, e leng merabe e neng e nyatseha e neng e lula ka nģ’ane ho moeli o ka bochabela oa Egepeta. Libaka tsa Shasu li ne li akarelletsa Palestina e ka boroa, Transjordan e ka boroa le Sinai. Bafuputsi ba bang ba re libaka tse hlalositsoeng e le tsa Bashasu li ne li fihla likarolong tse hōle leboea tse kang Lebanone le Syria. Lethathamo la libaka tse hlōtsoeng tse bontšitsoeng Soleb le akarelletsa sebaka se ngotsoeng ka litsela tse sa tšoaneng, e leng “Yahwe naheng ea Shosou,” “Shasu naha ea Jahu” kapa “Naha ea Shasu-yhw.” Motho ea ithutetseng lintho tsa boholo-holo tsa Egepeta, Jean Leclant, o re lebitso leo le ngotsoeng thebeng e Soleb “le lumellana le ‘litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la molimo’ oa Bibele, e leng YHWH.”

Litsebi tse ngata li lumela hore Jahu, Yahu kapa Yahwe eo ho buuoang ka eona mona le litabeng tse tšoanang le tsena e tlameha e le lebitso la sebaka kapa setereke se itseng. Setsebi se bitsoang Shmuel Ahituv se re mongolo oo o bua ka “sebaka seo batho ba rapelang Yāhū, Molimo oa Baiseraele, ba neng ba hloma ba hlomola ho sona.” * Haeba seo e le ’nete, lebitso la sebaka seo e tla ba le leng la a mangata a Searame sa boholo-holo a emelang sebaka hammoho le molimo ea rapeloang sebakeng seo. Mohlala o mong ke oa Assur, e emelang naha ea Assyria hammoho le molingoana oa moo ea phahameng ka ho fetisisa.

Mabapi le mantsoe a ngotsoeng tempeleng ea Nubia, Roland de Vaux, eo e leng setsebi sa Bibele ebile e le moepolli oa lintho tsa khale, o re: “Ho tloha morao koana bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo BC, moo baholo-holo ba Baiseraele ba neng ba lula teng, ho ne ho e-na le lebitso la sebaka kapa la motho le neng le tšoana hantle le la Molimo oa Baiseraele, kapa le batla le tšoana haholo le lona.”

Lebitso le Ntseng le Hlomphuoa

Soleb hase sona feela sebaka se Nubia moo lebitso la Yahwe le hlahang mongolong oa litšoantšo oa Baegepeta. Tempeleng ea Ramses II e Amarah Bophirimela hammoho le ea Aksha, ho boetse ho fumaneha se bonahalang e le likopi tsa lethathamo le fumanoeng Soleb. Lethathamong la Amarah, mongolo oa litšoantšo o reng “Yahwe naheng ea Shosou” o bonahala o tšoana haholo le e meng e libakeng tsa Shosou, tseo ho nahanoang hore ke Seire le Labane. Bibele e amahanya libaka tseo le karolo e ka boroa ea Palestina, Edomo le Sinai. (Genese 36:8; Deuteronoma 1:1) Tseo ke libaka tseo hangata li neng li eteloa ke batho ba neng ba tseba Jehova ba bile ba mo rapela pele Baiseraele ba lula Egepeta le ka mor’a moo.—Genese 36:17, 18; Numere 13:26.

Ho fapana le mabitso a melimo e meng e hlahang mengolong ea boholo-holo, lebitso la Molimo oa Bibele, e leng Jehova, le kajeno le ntse le sebelisoa haholo le ho hlomphuoa. Ka mohlala, linaheng tse fetang 230 Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse supileng li ikitlaetsa ka matla ho thusa ba bang hore ba tsebe ka lebitso leo, ba be ba atamele ho Molimo eo ea nang le lebitso le ikhethang, e leng la Jehova.—Pesaleme ea 83:18; Jakobo 4:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Litsebi tse ling li na le khoao ea hore na efela mongolo oo oa litšoantšo o bolela hore Bashasu “e ne e le balateli ba molimo ea bitsoang Yahweh.” Li lumela hore lebitso leo le sa tsejoeng la naha eo, le mpile la itšoanela feela le la Molimo oa Baiseraele.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ke hobane’ng ha Jehova, e leng lebitso la Molimo oa Bibele, le ngotsoe ka tempeleng ea bohetene ea Baegepeta?

[’Mapa o leqepheng la 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

EGEPETA

Tempele e Soleb

SUDAN

Nōka ea Nile

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Setšoantšo se tšieng ea tempele

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Lithako tsa tempele ea Amun-Ra tse Soleb, Sudan

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Ed Scott/Pixtal/age fotostock

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

Background: Asian and Middle Eastern Division/The New York Public Library/Astor, Lenox and Tilden Foundations