Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Litaba Tse Molemo’ li Boleloa Lihlekehlekeng Tse Hōle ka Leboea Australia

‘Litaba Tse Molemo’ li Boleloa Lihlekehlekeng Tse Hōle ka Leboea Australia

‘Litaba Tse Molemo’ li Boleloa Lihlekehlekeng Tse Hōle ka Leboea Australia

JESU o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Lipaki Tsa Jehova li mamela taelo eo ea Jesu ’me li leka ho ruta batho molaetsa oa Bibele, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. (Matheu 28:19, 20) Batho ba etsang mosebetsi ona ke ba ithaopileng ’me ka linako tse ling ba sebetsa tlas’a maemo a thata le hona ba sebelisa lichelete tsa bona.

Ka mohlala, Nathan le Carly ba ile ba etsa liphetoho tse itseng bophelong ba bona e le hore ba tle ba khone ho ea bolella batho ba lulang lihlekehlekeng tse hōle tsa Torres Strait litaba tse molemo. Ka 2003, moemeli e mong oa ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova oa Australia o ile a ba kōpa hore ba fallele sehlekehlekeng se bitsoang Thursday Island ho ea sebetsa le phutheho ea moo. Sehlekehleke seo ke se seng sa tse ngata tse khabisitseng leoatle la Pacific ka botalana ba tsona pakeng tsa Australia le New Guinea.

Ka 2007, ba lelapa la Nathan ba ile ba reka sekepe se tsofetseng sa lehong se bitsoang Teisan-Y, se neng se sebelisetsoa ho bokella liperela. Ba ile ba sebelisa chelete ea bona ho tsosolosa sekepe seo eaba ba qala ho nka maeto ho ea lihlekehlekeng tse leshome tse hōle haholo e le hore ba e’o bolella baahi ba tsona litaba tse molemo, ka bolulo ba le Thursday Island. Se latelang ke “Tlaleho ea Letsatsi le Letsatsi ea Motsamaisi oa Sekepe” ea a mang a maeto a bona.

January 2008: Kajeno ke nka seketsoana ho ea Bamaga e bohōle ba lik’hilomithara tse 40 ho ea feela, ke il’o lata Lipaki tsa moo tse tšeletseng. Joale re se re le ka har’a Teisan-Y ’me re leba sehlekehlekeng sa Warraber le sa Poruma. Litanka li tletse peterole e etsang lilithara tse 5 500 eo re e rekileng ka lidolara tse peli lithara ka ’ngoe. Sekepe se tsamaea butle haholo, bonyane ka lik’hilomithara tse ka bang leshome ka hora. Empa le sele le bohoeng ba ntja ’me maqhubu ke a manyenyane feela leoatleng.

Ha re fihla re emisa sekepe, ba ’maloa ba rōna ba nang le beng ka bona Warraber ba kena seketsoaneng ho ea kōpa morena tumello ea ho bolela. Ke moruti oa kereke ea motseng moo, empa o re lumella hore re bue le baahi. Re etsa se tšoanang ha re fihla Poruma ’me le teng re lumelloa ho bolela. Batho ba mona ba botsoalle haholo ’me ba thahasella ho bala lingoliloeng tsa rōna. Re qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele.

April 2008: Re rera ho kena leetong ho leba lihlekehlekeng tse tharo tse hōle ka ho fetisisa tsa Dauan, Saibai le Boigu, tse haufi le moeli oa Papua New Guinea (PNG). Ha re le tseleng boemo ba leholimo bo ba bobe haholo, ka hona re khelohela sehlekehlekeng se bitsoang Mabuiag Island. Mabuiag e bohōle ba lik’hilomithara tse 70 feela ho tloha moo re lulang teng, empa re tsamaea lik’hilomithara tse 140 kaofela kaha re ntse re tsoelipana ho qoba mafika a mangata tseleng.

Leqhubu le leholo le etsa hore seketsoana se fasolohe sekepeng sa rōna sa Teisan-Y. Re khutlela morao ka sekepe ka har’a maqhubu a maholohali ho ea se lata. Boholo ba batho ba ka sekepeng baa forafora ka lebaka la ho ba leoatleng.

Ha re fihla Mabuiag re lumelloa ho bolela litaba tse molemo, ’me batho ba teng ba re amohela ka mofuthu hoo re bileng re lebalang le mathata a sa tsoa re hlahela. ’Mè e mong o thabetse ho utloa molaetsa oa rōna hoo a nkang lingoliloeng tse ling hore a tle a li behe laebraring ea motseng oo, moo a sebetsang teng.

May ho ea ho October 2008: Boemo ba leholimo bo bobe, ka hona re sitoa ho ea lihlekehlekeng tse ling. Re sebelisa nako ena hore re bolele litaba tse molemo motseng, re etse mesebetsi e re kenyetsang chelete re be re lokise sekepe.

Sekepe se na le lintho tse ngata tse hlokang ho lokisoa, kahoo re ea motseng o koung ea Weipa ’me re ntša sekepe ka metsing re se hula ka tereilara e khōlō. Re ile ra o nka hanyenyane, athe ke mosebetsi o moholohali! Lipaki tsa phutheho ea moo li ithaopela ho re thusa ka mesebetsi e kang ea ho lokisa lipompo tsa metsi, ho penta le mosebetsi oa mapolanka. Ba bang ba re tlisetsa tse eang ka maleng. Ba bang bona ba re fa lintho tseo re tla li sebelisa leetong la rōna le latelang ha re il’o bolela. Re hloka mantsoe a ho leboha kamohelo ea bona e mofuthu le thuso eo ba re fileng eona.

December 2008: Re boetse re rera ho ea lihlekehlekeng tsa Dauan, Saibai le Boigu. Re khona ho qoba lifefo tse matla re thusoa ke mochine o fanang ka temoso ha sekepe se le leoatleng, athe o tataisang sekepe hore na se tsamaee hokae oona o re thusa hore re tsoelipane le mafika. Ho re nka lihora tse 12 ho fihla Dauan ka sekepe, empa re qala ho bona sehlekehleke se setle hakana! Lithajana tsa teng li koahetsoe ke maru. Batho ba Dauan ba re mamela ka thahasello e khōlo ’me re hlophisa hore re tla tsoela pele ho ithuta Bibele le bona ka fono ha re se re khutletse hae.

Moahi e mong oa moo oa mosali ea bitsoang Lettie o ne a kile a fumana limakasine tsa rōna kae-kae eaba o romela setlankane se kōpang lingoliloeng tse ling. Ofisi ea lekala ea Australia e ile ea mo romela tsona ea ba ea romela phutheho ea rōna lengolo le kōpang hore haeba re ka khona, re mo etele. Qetellong re fumana Lettie ’me re thabela ho kenya letsoho ho mo khotsofatseng tlaleng ea hae ea moea.

Sehlekehlekeng sa Saibai, morena o re hanela ho bolella baahi ba moo litaba tse molemo. Empa o lumella ba nang le beng ka bona sehlekehlekeng seo hore ba ka ba etela ho ea qoqa le bona. ’Muso o mphile konteraka ea ho penta matlo Saibai, ka hona sena se nthusa hore ke lefelle tse ling tsa litšenyehelo tsa rōna.

Re tsamaea le e mong oa baralib’abo rōna ea bitsoang Tassie, eo ha habo e leng PNG e bohōle ba lik’hilomithara tse ’nè feela ho tloha Saibai. Ka lebaka la selekane se entsoeng le ’muso oa Australia, baahi ba PNG ba ka tla Saibai le ho hoeba teng. Tassie o kopana le batho ba bangata ba tsoang motseng oa habo empa ha a na libuka tse ba lekaneng kaofela. Esale e ba Paki ea Jehova, Tassie o qala ho kopana le batho ba motseng oa habo. Re khutlela sekepeng ho ea lata lebokose la lingoliloeng, tseo boholo ba tsona li ngotsoeng ka Fanakalo ea PNG, e leng puo e tsejoang e le Tok Pisin. Tassie o bolella sehlopha sa batho ba fetang 30 ba tsoang PNG molaetsa oa Bibele, ’me ba thahasellang molaetsa oo ba nka lingoliloeng tsohle tse ka lebokoseng. Motse oo batho bana ba lulang ho oona o keneha feela ka sekepe ’me ho ka etsahala hore ebe ha o e-s’o ka o eteloa ke Lipaki Tsa Jehova.

Ha ho bonolo ho fihla sehlekehlekeng sa ho qetela sa Boigu. Re saletsoe ke lik’hilomithara tse ’nè hore re fihle lebōpong ’me metsi a se a le botebo ba limithara tse peli le halofo feela. Sekepe sa rōna se hloka metsi a botebo ba limithara tse 1,8. ’Na le motho e mong ka sekepeng re nka seketsoana ho ea hlahloba sebaka sena le ho fumana tsela e kenang sehlekehlekeng. Pula ho na ea litloebelele, ka hona re ba metsi te! Ho re nka lihora tse peli hore re fumane tsela.

Ha re fihla, baahi ba sehlekehlekeng seo ba re makaletseng ba re bolella hore ’mapa oo re o sebelisang o fosahetse, ba bile ba re bolella hore ha ho na motho ea kenang sehlekehlekeng seo le moo, esita le bona ba lebelang mabōpong kapa sesole sa metsing. Morena o re hanela ho bolela litaba tse molemo empa o lumella ba nang le beng ka bona sehlekehlekeng sena hore ba ba etele ’me ba ba bolelle litaba tse molemo. Re hahela lentsoe la morena lesaka, ka hona re etela beng ka rōna feela. Monna e mong o amohela buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, * o e bala hang-hang ’me o qala ho ngola lipotso tsa hae maqepheng a ka morao a Bibele. Hamorao monna enoa o kopana le Lipaki hape ha a etetse Thursday Island.

January 2009: Re khutlela lihlekehlekeng tsa Moa le Mabuiag ho ea buisana le ba ileng ba thahasella molaetsa oa Bibele. Re amoheloa hamonate lihlekehlekeng tseo ka bobeli. Ba bangata motseng oa St. Paul o Moa Island ba re kōpa hore re se ke ra nka nako e telele pele re khutla. Morena o re re ka tla neng kapa neng ho tla bolella batho ba motseng molaetsa oa Bibele ha re batla.

Ho na le lihlekehleke tse 17 tse nang le baahi Torres Strait. Ha re tsebe hore na re tla khona ho finyella motho e mong le e mong ea lulang ho tsona. Empa kaofela ha rōna phuthehong ena e sehlekehlekeng se seng sa tse hōle ka leboea Australia re thabela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho rorisa ’Mōpi oa rōna e Moholo, Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

[’Mapa o leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

AUSTRALIA

Weipa

Bamaga

LIHLEKEHLEKE TSA TORRES STRAIT

PAPUA NEW GUINEA

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Based on NASA/​Visible Earth imagery

[’Mapa o leqepheng la 24, 25]

Bamaga

Sehlekehleke sa Thursday

Sehlekehleke sa Moa

Sehlekehleke sa Warraber

Sehlekehleke sa Poruma

Sehlekehleke sa Mabuiag

Sehlekehleke sa Saibai

Sehlekehleke sa Dauan

Sehlekehleke sa Boigu

PAPUA NEW GUINEA

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Based on NASA/Visible Earth imagery

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Re fihla Thursday Island

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ha re ntse re etela batho Saibai Island

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Morali’abo rōna o bolela litaba tse molemo ka puo ea Tok Pisin