Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Motho ea “Pelo e Robehileng le e Sithabetseng” a Kōpa Tšoarelo

Ha Motho ea “Pelo e Robehileng le e Sithabetseng” a Kōpa Tšoarelo

Atamela ho Molimo

Ha Motho ea “Pelo e Robehileng le e Sithabetseng” a Kōpa Tšoarelo

2 Samuele 12:1-14

KAOFELA re etsa sebe hangata. Ho sa tsotellehe hore na re soabela ketso eo hakae, re ka ’na ra ipotsa: ‘Ebe Molimo oa nkutloa ha ke mo rapela ke tiile hore ke bakile? Na o tla ntšoarela?’ Bibele e re ruta ’nete ena e tšelisang: Le hoja ho se mohla Jehova a nkang sebe habobebe, o ikemiselitse ho tšoarela moetsalibe ea bakang. Ha re bala 2 Samuele khaolo ea 12, re fumana bopaki ba sena tabeng ea Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo.

Ak’u nahane ka se ileng sa etsahala. Davida o entse libe tse tebileng. O entse bofebe le Bathe-sheba, ’me eitse ha a hlōleha ho pata sebe seo, eaba o hlophisa hore monna oa mosali eo a bolaoe. Davida o lula libe tsa hae holimo ’me ho feta likhoeli tse ngata a itsoella pele joalokaha eka ha a na molato. Athe, Jehova o ntse a mo shebile. O bona libe tsa hae. Empa Jehova o ne a boetse a bona pelong ea Davida hore a ka ’na a baka. (Liproverbia 17:3) Jehova o ne a tla etsa’ng?

Jehova o romela moprofeta Nathane ho Davida. (Temana ea 1) A tataisoa ke moea o halalelang, Nathane o fihla ho morena, o bua le eena ka bohlale a tseba hore o lokela ho khetha mantsoe a hae. O tla etsa joang hore Davida a hlokomele hore o ntse a ithetsa, a be a lemohe hore na libe tseo tsa hae li tebile hakae?

Nathane o etsa hore Davida a se ke a ikemela ka ho mo phetela pale eo ho seng pelaelo hore e tla mo ama pelo kaha e ne e kile ea e-ba molisana. Ke pale ea banna ba babeli, e mong ke morui ha e mong e le mofutsana. Monna ea ruileng o ne a e-na “le linku tse ngata haholo le likhomo,” empa monna ea futsanehileng o ne a e-na le “konyana e le ’ngoe e tšehali.” Monna ea ruileng o ile a ba le moeti, eaba o batla ho mo lokisetsa lijo. Ho e-na le hore a hlabe e ’ngoe ea linku tsa hae, o ile a hlaba konyana ea monna oa mofutsana. Ho hlakile hore Davida o ile a nahana hore pale eo ke ’nete kaha o ile a be a se a phasoloha ka bohale, a re: “Monna ea etsang sena o tšoaneloa ke ho shoa!” Hobaneng? Davida o re: “Ka lebaka la hore . . . ha aa ka a bontša qenehelo.” *Temana ea 2-6.

Pale ea Nathane e phethile morero oa eona. Ha e le hantle, Davida o ikahlotse. Joale Nathane o mo bolella sefahla-mahlo: “Monna eo ke uena!” (Temana ea 7) Kaha Nathane o bua bakeng sa Molimo, ho hlakile hore Jehova o nka seo Davida a se entseng se le khahlanong le eena ka ho toba. Ka hore Davida a tlōle melao ea Molimo, o bontšitse hore ha a hlomphe Mofani oa Molao. Molimo o re: “U ’nyelisitse.” (Temana ea 10) Khalemelo eo e matla e ama Davida pelo ’me oa lumela: “Ke sitetsoe Jehova.” Nathane o tiisetsa Davida hore Jehova o mo tšoaretse, empa Davida o tla lokela ho mamella liphello tsa liketso tsa hae.—Temana ea 13, 14.

Ka mor’a hore sebe sa hae se pepesoe, Davida o ile a ngola seo hona joale e leng Pesaleme ea 51. Ho eona, o ile a tšolla maikutlo a pelo ea hae, a bontša ka ho hlaka hore o bakile. Davida o nyelisitse Jehova ka libe tsa hae. Empa ka mor’a hore morena eo ea bakileng a thabele melemo e babatsehang ea ho tšoareloa ke Jehova, o ile a re: “Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” (Pesaleme ea 51:17) Ana ke a mang a mantsoe a khothatsang ka ho fetisisa ho moetsalibe ea bakileng ea batlang hore Jehova a mo hauhele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Ho hlabela moeti konyana e ne e le ho bontša ho mo amohela. Empa ho utsoa konyana e ne e le tlōlo ea molao ’me kotlo ea teng e ne e le ho buseletsa ka tse ’nè. (Exoda 22:1) Ho latela Davida, monna oa morui o ile a bontša hore ha a na mohau ka hore a nke konyana ea mofutsana. Kahoo o ile a nka phoofolo ea monna oa mofutsana e neng e ka hlokomela lelapa la hae ka ho fana ka lebese, boea kapa ho mo qalla mohlape oa linku.