Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banna, na le Ikokobelletsa Bohlooho ba Kreste?

Banna, na le Ikokobelletsa Bohlooho ba Kreste?

Banna, na le Ikokobelletsa Bohlooho ba Kreste?

“Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste.”—1 BAKOR. 11:3.

1. Ke eng e bontšang hore Jehova ke Molimo ea nang le taolo?

TŠENOLO 4:11 e re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Kaha ke eena ’Mōpi, Jehova Molimo ke ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng ’me o phahametse pōpo eohle ea hae. Taba ea hore Jehova “hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso,” e bonahala tseleng eo lelapa la hae la mangeloi le hlophisitsoeng ka eona.—1 Bakor. 14:33; Esa. 6:1-3; Baheb. 12:22, 23.

2, 3. (a) Ke mang eo Jehova a ileng a mo bōpa pele? (b) Ke kamano efe eo Mora oa letsibolo a nang le eona le Ntate oa hae?

2 Pele ho bōptjoa eng kapa eng, Molimo o ne a le mong ka nako e telele haholo. Sebōpuoa sa hae sa pele e ne e le sa moea se tsejoang e le “Lentsoe” hobane e ne e le ’Muelli oa Jehova. Lentsoe ke eena eo lintho tse ling tsohle li bileng teng ka eena. Hamorao, o ile a tla lefatšeng e le motho ea phethahetseng ’me ea e-ba Jesu Kreste.—Bala Johanne 1:1-3, 14.

3 Mangolo a re’ng ka kamano eo Molimo a nang le eona le Mora oa hae oa letsibolo? Ha a ne a bululeloa hore a ngole, moapostola Pauluse o ile a re: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakor. 11:3) Kreste o tlas’a bohlooho ba Ntate oa hae. E le hore libōpuoa tse bohlale li ka ba le khotso le taolo, ho hlokahala hore ho be le bohlooho le hore li ikokobeletse bona. Esita le eo ‘lintho tse ling tsohle li ileng tsa bōptjoa ho sebelisoa eena’ ho lebeletsoe hore a ikokobeletse bohlooho ba Molimo.—Bakol. 1:16.

4, 5. Jesu o ne a ikutloa joang ka kamano eo a neng a e-na le eona le Jehova?

4 Jesu o ne a ikutloa joang ka ho ikokobelletsa bohlooho ba Jehova le ho tla lefatšeng? Mangolo a re: ‘Kreste Jesu, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, ha aa ka a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.’—Bafil. 2:5-8.

5 Ka linako tsohle, Jesu o ne a ikokobelletsa thato ea Ntate oa hae. O ile a re: “Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na; . . . kahlolo eo ke fanang ka eona e lokile, hobane ha ke batle thato ea ka, empa ke batla thato ea ea nthomileng.” (Joh. 5:30) O ile a re: ‘Kamehla ke etsa lintho tse khahlisang Ntate.’ (Joh. 8:29) Ho elella qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o ile a rapela Ntate oa hae a re: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, kaha ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona hore ke o etse.” (Joh. 17:4) Ho hlakile hore Jesu o ne a se na bothata ba ho hlompha bohlooho ba Molimo le ho bo amohela.

Mora o Rua Molemo ka ho Ikokobelletsa Ntate

6. Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi life tse tsotehang?

6 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bonahatsa litšobotsi tse ngata tse tsotehang. E ’ngoe ea tsona e ne e le lerato le leholo leo a ileng a bontša hore o rata Ntate oa hae ka lona. O ile a re: “Ke rata Ntate.” (Joh. 14:31) Hape o ile a bontša hore o rata batho haholo. (Bala Matheu 22:35-40.) Jesu o ne a le mosa a bile a nahanela batho, o ne a se bohale kapa a sa ikhohomose. O ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Batho ba lilemo tsohle ba kang linku, haholo ba neng ba khahlapetsoa ba bile ba hatelloa, ba ne ba khothatsoa haholo ke botho ba Jesu bo ratehang le molaetsa oa hae o hlasimollang.

7, 8. Ho ea ka Molao oa Moshe, mosali ea neng a e-na le phallo ea mali o ne a sa lumelloa ho etsa’ng, empa Jesu o ile a mo tšoara joang?

7 Nahana ka tsela eo Jesu a neng a tšoara basali ka eona. Ho tloha khale, banna ba bangata ba ’nile ba khahlapetsa basali. Ke sona se neng se etsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Iseraele ea boholo-holo. Empa Jesu o ne a tšoara basali ka tlhompho. Sena se totobala tseleng eo a ileng a tšoara ka eona mosali ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali ka lilemo tse 12. Lingaka tse ngata “li ne li mo baketse bohloko bo boholo” ’me o ne a sebelisitse chelete eohle ea hae a leka ho fumana pheko. Ho sa tsotellehe boiteko boo bohle, “o ne a bile mobe haholo.” Ho ea ka Molao oa Moshe, o ne a nkoa a sa hloeka. Mang kapa mang ea neng a ka mo tšoara, le eena e ne e tla ba ea sa hloekang.—Lev. 15:19, 25.

8 Ha mosali eo a utloa hore Jesu o ne a phekola batho ba kulang, o ile a kena har’a bongata bo neng bo pota-potile Jesu, a re: “Haeba nka ama liaparo tsa hae tsa ka ntle feela ke tla fola.” O ile a ama Jesu ’me a fola hang-hang. Jesu o ne a tseba hore mosali eo o ne a sa lokela ho ama seaparo sa hae. Ho sa tsotellehe seo, ha aa ka a mo omanya. Ho e-na le hoo, o ile a mo tšoara ka mosa. O ne a utloisisa hore na e tlameha ebe o ne a ikutloa joang lilemo tseo kaofela ’me a hlokomela hore o ne a selebaletsoe. Ka qenehelo Jesu o ile a re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole.”—Mar. 5:25-34.

9. Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba leka ho thibela bana hore ba tle ho eena, o ile a re’ng?

9 Esita le bana ba ne ba phutholoha ha ba e-na le Jesu. Ka lekhetlo le leng ha batho ba ne ba tlisitse bana ho eena, barutuoa ba hae ba ile ba ba nyatsa ka matla, mohlomong ba nahana hore o ne a ke ke a batla ho khathatsoa ke bana. Empa hase tsela eo Jesu a neng a ikutloa ka eona. Tlaleho ea Mangolo e re: ‘Ha Jesu a bona sena o ile a halefa ’me a re ho barutuoa ba hae: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela, etsoe ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.”’ Ho feta moo, o ile a “sika bana bao ’me [a] qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.” Jesu o ne a sa mamelle bana feela, empa o ne a ba amohela ka mofuthu.—Mar. 10:13-16.

10. Ho tlile joang hore Jesu a be le litšobotsi tseo a neng a li bonahatsa?

10 Ho tlile joang hore Jesu a be le litšobotsi tseo a neng a li bonahatsa ha a sa ntse a phela lefatšeng? Pele e e-ba motho oa nama, o ile a bona Ntate oa hae ea leholimong ka nako e telele haholo ’me a ithuta litsela tsa hae. (Bala Liproverbia 8:22, 23, 30.) Ha a le leholimong, o ne a bone kamoo Jehova a neng a sebelisa bohlooho ba hae ka lerato kateng holim’a libōpuoa tsohle tsa Hae eaba o etsisa tsela eo. Na Jesu a ka be a ile a etsa joalo hoja o ne a sa ikokobetsa? O ne a thabela ho ikokobelletsa Ntate oa hae, ’me Jehova o ne a thabela ho ba le Mora ea joalo. Ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ne a bonahatsa ka ho phethahetseng litšobotsi tse tsotehang tsa Ntate oa hae ea leholimong. Ruri ke tlotla e kaakang hore re ikokobeletse Kreste, e leng eena eo Molimo a mo khethileng hore e be ’Musi ’Musong oa leholimo!

Etsisa Litšobotsi Tsa Kreste

11. (a) Ke mang eo re lokelang ho ikitlaelletsa ho mo etsisa? (b) Ke hobane’ng ha banna ba ka phuthehong e le bona haholo-holo ba lokelang ho leka ka matla ho etsisa Jesu?

11 Bohle ba ka phuthehong ea Bokreste, haholo-holo banna, ba lokela ho tsoela pele ba ikitlaelletsa ho etsisa litšobotsi tsa Kreste. Joalokaha ho se ho boletsoe, Bibele e re: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste.” Joalokaha Kreste a ne a etsisa Hlooho ea hae, e leng Molimo oa ’nete, banna ba Bakreste le bona ba lokela ho leka ka matla hore ba etsise hlooho ea bona—e leng Kreste. Ke sona seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa ha e ne e e-ba Mokreste. O ile a eletsa Bakreste-’moho le eena a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakor. 11:1) Moapostola Petrose eena o ile a re: “Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Pet. 2:21) Ho na le lebaka le leng hape leo ka lona banna ba lokelang ho thahasella keletso ea hore ba etsise Kreste. Ke bona bao e bang baholo le bahlanka ba sebeletsang. Joalokaha Jesu a ne a thabela ho etsisa Jehova, banna ba Bakreste ba lokela ho thabela ho etsisa Kreste le litšobotsi tsa hae.

12, 13. Baholo ba lokela ho tšoara linku tse tlhokomelong ea bona joang?

12 Baholo ba ka phuthehong ea Bokreste ba tlameha ho ithuta ho tšoana le Kreste. Petrose o ile a fa banna ba baholo, kapa baholo, keletso ena: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:1-3) Baholo ba Bakreste ha baa lokela ho hatella, ho khahlapetsa, ho rena ka thata kapa ho hloka mosa. Kaha ba etsisa mohlala oa Kreste, ba loanela ho ba lerato, ho nahanela, ho ikokobetsa le ho ba mosa ha ba sebelisana le linku tse behiloeng tlhokomelong ea bona.

13 Banna ba etellang pele ka phuthehong ha baa phethahala, ’me ba lokela ho lula ba hopola seo. (Bar. 3:23) Kahoo ba tlameha ho labalabela ho ithuta ka Jesu le ho etsisa lerato la hae. Ho hlokahala hore ba nahanisise ka tsela eo Molimo le Kreste ba tšoarang batho ka eona ebe ba loanela ho latela mohlala oa bona. Petrose oa re eletsa o re: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Pet. 5:5.

14. Baholo ba lokela ho hlompha batho ba bang hakae?

14 Banna ba khethiloeng ka phuthehong ba lokela ho bonahatsa litšobotsi tse ntle ha ba sebelisana le mohlape oa Molimo. Baroma 12:10 e re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba hlompha batho ba bang. Joaloka Bakreste ba bang kaofela, banna bana ha ‘baa lokela ho etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong ba lokela ho nka hore ba bang ba ba phahametse.’ (Bafil. 2:3) Ruri ba etellang pele ba lokela ho nka hore batho ba bang ba ba phahametse. Ha banna ba khethiloeng ba etsa joalo, ba tla be ba latela keletso ea Pauluse ha a re: “Leha ho le joalo, rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ikhahlisa. E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha. Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.”—Bar. 15:1-3.

‘Ho Abela Basali Tlhompho’

15. Banna ba lokela ho tšoara basali ba bona joang?

15 Joale, nahana ka keletso eo Petrose a e fang banna ba nyetseng. O ngotse a re: “Lōna banna, le tsoele pele ho lula le [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo, le ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo, se setšehali.” (1 Pet. 3:7) Ho hlompha motho ho bolela ho mo tlotla haholo. Ka lebaka leo, u ne u tla nahanela tsela eo motho eo a ikutloang ka eona, seo a se hlokang le seo a se batlang ’me u ka ’na ua mo tšehetsa ntle le haeba ho e-na le lebaka la bohlokoa la hore u se ke ua etsa joalo. Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joalo.

16. Lentsoe la Molimo le fa banna temoso efe mabapi le ho hlompha basali ba bona?

16 Ha Petrose a bolella banna hore ba hlomphe basali ba bona, o phaella ka temoso e reng: “E le hore lithapelo tsa lōna li se ke tsa sitisoa.” (1 Pet. 3:7) Seo se bontša ka ho hlaka hore na Jehova o nka ka ho teba hakae tsela eo monna a tšoarang mosali oa hae ka eona. Ho se mo hlomphe ho ka sitisa lithapelo tsa hae. Ho feta moo, na hangata basali ha ba thabe ha banna ba bona ba ba tšoara ka tlhompho?

17. Monna o lokela ho rata mosali oa hae hakae?

17 Tabeng ea hore monna a rate mosali oa hae, Lentsoe la Molimo le fana ka keletso ena: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. . . . Kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho . . . E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata.” (Baef. 5:28, 29, 33) Banna ba lokela ho rata basali ba bona hakae? Pauluse o ile a ngola a re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baef. 5:25) Ka sebele, monna o lokela ho ikemisetsa hore a be a telle mosali oa hae bophelo ba hae, joalokaha Kreste a ile a tella batho ba bang bophelo ba hae. Ha monna oa Mokreste a tšoara mosali oa hae ka mosa, a mo nahanela, a mo hlokomela, a sa ichebe boeena, ho ba bonolo haholoanyane hore mosali oa hae a ikokobeletse bohlooho ba hae.

18. Banna ba ka fumana thuso efe ha ba ntse ba phetha boikarabelo ba bona lenyalong?

18 Na ke ho lebella mohlolo hore banna ba abele basali ba bona tlhompho ka tsela ee? Che, le ka mohla Jehova o ne a ke ke a re ba etse ntho eo ba neng ba ke ke ba e khona. Etsoe, barapeli ba Jehova ba ka fumana matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng—e leng moea o halalelang oa Molimo. Jesu o ile a re: “Haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:13) Ha banna ba rapela, ba ka kōpa hore Jehova a ba thuse ka moea oa hae ha ba sebelisana le batho ba bang, ho akarelletsa le basali ba bona.—Bala Liketso 5:32.

19. Ho tla tšohloa’ng sehloohong se latelang?

19 Ka sebele, banna ba na le boikarabelo bo boima ba hore ba ithute ho ikokobelletsa Kreste ba be ba etsise bohlooho ba hae. Empa basali bona ba lokela ho etsa’ng, haholo-holo ba nyetsoeng? Sehloohong se latelang ho tla tšohloa maikutlo ao ba lokelang ho ba le ’ona mabapi le karolo eo ba e phethang tokisetsong ea Jehova.

Na U sa Hopola?

• Ke litšobotsi life tsa Jesu tseo re lokelang ho li etsisa?

• Baholo ba lokela ho tšoara linku joang?

• Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Etsisa Jesu ka ho hlompha batho ba bang