Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Thusang Motsoalle oa Hao ea Kulang

Kamoo U ka Thusang Motsoalle oa Hao ea Kulang

Kamoo U ka Thusang Motsoalle oa Hao ea Kulang

NA U kile ua utloa u sa tsebe hore na u re’ng ha u bua le motsoalle oa hao ea kulang haholo? Kholiseha hore u ka sebetsana le boemo bona ka katleho. Joang? Ha ho na melao e tobileng. Litso tsa batho li ka ’na tsa fapana. Semelo sa bona le sona se ka ’na sa fapana haholo. Ka hona, ntho e ka etsang hore mokuli e mong a ikutloe a le betere e ka ’na ea se ke ea thusa mokuli e mong. Hape maemo le maikutlo a mokuli a ka ’na a feto-fetoha letsatsi ka leng.

Ntho ea bohlokoa ke hore u leke ho ipeha boemong ba motsoalle oa hao ’me u fumane hore na ke eng eo ha e le hantle a hlokang hore u mo thuse ka eona. U ka etsa see joang? Litlhahiso tse ’maloa tse latelang li thehiloe melao-motheong ea Bibele.

Mamela ka hloko

MELAO-MOTHEO EA BIBELE:

“Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.”—JAKOBO 1:19.

“Ho na le . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.”MOEKLESIA 3:1, 7.

▪ Ha u etetse motsoalle oa hao ea kulang, mamela ka hloko le ka kutloelo-bohloko. U se ke ua potlakela ho fana ka keletso kapa ua nahana hore u lokela ho mo fa tharollo kamehla. Ha u potlakela ho ntša maikutlo a hao, u ka ’na ua iphumana u buile ntho e mo utloisang bohloko, le hoja e ne e se ka boikemisetso. Hase hore motsoalle oa hao ea kulang o hloka tharollo mathateng a hae, empa o hloka motho ea tla mo mamela ka pelo eohle ea hae.

Etsa hore motsoalle oa hao a lokolohe ha a itlhalosa. U se ke ua mo kena hanong, ua bebofatsa boemo ba hae ka ho pheta-pheta mantsoe a le mang moo u lekang ho mo khothatsa. Emílio o re: “Ke ile ka tšoaroa ke fungal meningitis ’me ka qetella ke se ke sa bone. * Ka linako tse ling ke nyahama haholo, ebe metsoalle ea ka e leka ho nkhothatsa ka ho re: ‘Hase uena feela ea hlaheloang ke mathata ana ngoan’eso. Batho ba bangata ba imetsoe ke mathata a tebileng le ho feta ana a hao.’ Leha ho le joalo, ha ba hlokomele hore ho bebofatsa boemo bona ba ka ha ho nthuse ka letho. Ho e-na le hoo, se nkutloisa bohloko ’me se ntetebetsa le ho feta.”

Fa motsoalle oa hao monyetla oa hore a tšolle pelo ea hae a sa tšabe hore u tla nyatsa maikutlo a hae. Haeba a re o tšohile, mo bolelle hore ua utloisisa ho e-na le hore u re feela a se ke a tšoha. Eliana ea tšoeroeng ke kankere o re: “Ha ke lla ’me ke tšohile ka lebaka la boemo ba ka, seo ha se bolele hore ha ke sa tšepa Molimo.” Etsa boiteko ba hore u amohele motsoalle oa hao kamoo a leng kateng, eseng ka tsela eo uena u batlang hore a be ka eona. Hopola hore hona joale a ka ’na a utloa bohloko habonolo le hore ha a nke lintho ka tsela e tloaelehileng. E-ba le mamello. Mo mamele—esita le haeba a u bolella lintho tseo a ’nileng a u bolella tsona hangata. (1 Marena 19:9, 10, 13, 14) A ka ’na a ikutloa a batla ho u phetela lintho tseo a fetang tlas’a tsona.

E-ba le kutloelo-bohloko ’me u be ea nahanelang

MELAO-MOTHEO EA BIBELE:

“Thabang le batho ba thabileng; llang le batho ba llang.”BAROMA 12:15.

“Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”MATHEU 7:12.

▪ Ipehe boemong ba motsoalle oa hao. Haeba o emetse ho ea sebetsoa, o ntse a le tlas’a phekolo, kapa o emetse sephetho sa lingaka, a ka ’na a ikutloa a sa tsitsa maikutlong, ka hona, a ka ’na a utloa bohloko habonolo. Leka ho hlokomela seo ’me u ikamahanye le boemo ba maikutlo a hae a feto-fetohang. Ena e ka ’na ea se ke ea e-ba nako e loketseng ea ho mo botsa lipotso tse ngata, haholo-holo tsa botho.

Ana Katalifós, eo e leng setsebi sa kelello lefapheng la bongaka, o re: “Fa bakuli monyetla oa hore ba bue ka maloetse a bona ha ba batla ho etsa joalo, ’me u se ke ua ba qhobela mantsoe ka hanong. Ha ba batla ho bua, buisana le bona ka ntho leha e le efe eo ba batlang ho bua ka eona. Empa ha ba se moeeng oa ho bua, u ka ’na ua ba lota feela u ithōletse, ’me ho ba tšoara ka letsoho feela ka tsela e mofuthu ho ka ba khothatsa haholo. Kapa u ka ’na ua fumana hore ba itlhokela feela motho ea tla utloisisa ha ba tšolla maikutlo a bona.”

Hlompha litaba tsa botho tsa motsoalle oa hao. Mongoli e mong ea bitsoang Rosanne Kalick, ea ileng a hlaseloa ke kankere ka makhetlo a mabeli, o re: “Nka hore seo motsoalle oa hao a u bolellang sona ke lekunutu. U se ke ua ntša litaba tseo a u boleletseng tsona, ntle le haeba u kōptjoa hore u be ’muelli oa lelapa. Botsa mokuli hore na ke lintho life tseo a sa tsotelleng ha ba bang ba li tseba.” Edson, ea neng a kile a hlaseloa ke kankere, o re: “Motsoalle e mong oa ka o ile a jala taba ea hore ke na le kankere ’me ke saletsoe ke nako e nyenyane ke ntse ke phela. U tsebe hore ka nako eo ke ne ke qeta ho sebetsoa. Ke ne ke tseba hore ke na le kankere, empa ke ne ke emetse sephetho sa litlhahlobo tse entsoeng. Kankere eo e ne e e-s’o name. Empa o ne a se a jetse litaba tsa ka. Mosali oa ka o ile a utloisoa bohloko haholo ke lintho tse sa nahaneleng tseo batho ba bang ba neng ba li bua le tseo ba neng ba li botsa.”

Haeba motsoalle oa hao o lokela ho etsa qeto ea hore na a amohele phekolo efe, u se ke ua potlakela ho bua hore na uena u ne u tla etsa’ng haeba u ne u le boemong ba hae. Mongoli e mong ea bitsoang Lori Hope, ea kileng a hlaseloa ke kankere, o re: “Pele u ka romela motho ea tšoeroeng ke kankere kapa eo e kileng ea mo tšoara boitsebiso leha e le bofe, ho molemo hore u mo botse pele hore na a ka rata ho fumana boitsebiso bo joalo. Ho seng joalo, u ka iphumana u utloisitse motsoalle oa hao bohloko empa u ne u re ua mo thusa, le hoja a ka ’na a se ke a u bolella hore u mo utloisitse bohloko.” Hase batho kaofela ba ratang ho fuoa boitsebiso bo bongata mabapi le mekhoa e sa tšoaneng ea phekolo.

Esita le haeba u le motsoalle ea haufi haholo, u se ke ua lula molebe ha u etetse motsoalle oa hao. Boteng ba hao ke ba bohlokoa haholo, empa ho ka ’na ha etsahala hore ka linako tse ling motsoalle oa hao a se ke a ba moeeng oa ho qeta nako a e-na le uena. E ka ’na eaba o khathetse ’me ha a na matla a makaalo a ho qoqa kapa hona ho mamela motho nako e telele. Ka lehlakoreng le leng, u se ke ua fana ka maikutlo a hore u tatetse ho tsamaea. Motsoalle oa hao o lokela ho bona hore ruri ua mo tsotella.

Ho ba ea nahanelang ho akarelletsa ho lekanyetsa lintho hantle le ho etsa liqeto tse loketseng boemo ka bong. Ka mohlala, pele u phehela motsoalle oa hao ea kulang lijo kapa u mo tlisetsa lipalesa, u ka mo botsa hore na ke lintho life tseo e ka ’nang eaba lia mo hlōla. Haeba u kula, mohlomong u tšoeroe ke sefuba, e tla ba ho bontša lerato ho emela hore u fole pele u ka etela motsoalle oa hao.

Mo matlafatse

MELAO-MOTHEO EA BIBELE:

“Maleme a ba bohlale ke pholiso.”LIPROVERBIA 12:18.

“Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.”BAKOLOSE 4:6.

▪ Haeba tsela eo u nkang motsoalle oa hao ea kulang ka eona e sa fetohe, seo se tla utloahala lipolelong tsa hao ’me se bonahale liketsong tsa hao. Nka motsoalle oa hao e ntse e le eena eane eo u mo tsebang, ea nang le litšobotsi tsane tse ileng tsa etsa hore le tloaelane haholo. U se ke ua lumella bokuli ba hae hore bo le kene lipakeng. Haeba u bua le motsoalle oa hao joalokaha eka ke sono e ke keng ea iketsetsa letho, a ka ’na a qala ho ba le maikutlo a joalo. Roberta, ea tšoeroeng ke lefu le sa tloaelehang la masapo le fetelang ho motho ka lefutso, o re: “Ke batla motho a ntšoare joaloka mang le mang. Ke ’nete hore ke holofetse, empa ke ntse ke e-na le maikutlo a ka le lintho tseo ke li ratang. U se ke ua ncheba joalokaha eka ke sono. U se ke ua mpuisa joalokaha eka kelello ea ka ha e sebetse hantle.”

U hopole hore hase feela taba ea hore na u re’ng ha u bua, empa le tsela eo u behang taba ka eona ke ea bohlokoa. Esita le boikutlo boo lentsoe la hao le fanang ka bona bo ka ama motho. Nakoana ka mor’a hore Ernesto a bolelloe ke lingaka hore o tšoeroe ke kankere, o ile a fumana mohala o tsoang ho motsoalle oa hae ea lulang naheng e ’ngoe, ea ileng a re: “U re u tšoeroe ke kankere, ha ke kholoe!” Ernesto oa hopola: “Tsela eo a ileng a bitsa ‘u’ le ‘kankere’ ka eona, e ile ea nkutloisa bohloko haholo.”

Lori Hope, eo e leng mongoli, o fana ka mohlala o mong, o re: “Potso feela e reng ‘U ntse u ea joang?’ e ka ba le meelelo e mengata ho mokuli. Ho itšetlehile ka hore na lentsoe la motho ea botsang le fetisa boikutlo bofe, sefahleho sa hae se joang ha a botsa, o sebelisana hakae le mokuli, o mo tloaetse hakae le hore na o botsa potso eo neng, e ka ba potso e khothatsang mokuli, e mo hlabang kapa e tsosang tšabo e neng e se e kokobela.”

Ha ho pelaelo hore motsoalle ea kulang o hloka ho ikutloa hore oa tsotelloa, oa utloisisoa hape oa hlomphuoa. Ka hona, tiisetsa motsoalle oa hao hore u mo nka e le oa bohlokoa haholo le hore u ikemiselitse ho mo thusa. Rosemary, mokuli ea nang le hlahala bokong, o re: “Ke ile ka tiea lengole haholo ha ke utloa metsoalle ea ka e re ea nthata le hore e tla nthusa ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng.”—Liproverbia 15:23; 25:11.

Ikemisetse ho thusa

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“A re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.”1 JOHANNE 3:18.

▪ Ka mor’a hore ho fumanoe hore na motsoalle oa hao o tšoere ke eng, lintho tseo a li hlokang li tla fetoha ha a se a fuoa phekolo. Empa nakong ena eohle, a ka ’na a hloka thuso. Ho e-na le hore u bue mantsoe a sa tobang a kang, “u mpolelle haeba ho e-na le ntho eo u e hlokang,” leka ho toba taba. Ho ithaopela ho mo thusa ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi e kang ho pheha, ho hloekisa, ho hlatsoa, ho aena, ho phetha mesebetsi e meng ea lapeng, ho ea mabenkeleng le ho mo isa tleleniking kapa sepetlele, ke tse ling tsa lintho tse ’maloa tse thusang tseo u ka bontšang motsoalle oa hao ka tsona hore ua mo tsotella. E-ba ea ka tšeptjoang ’me u boloke nako. Phethahatsa litšepiso tsa hao.—Matheu 5:37.

Rosanne Kalick, eo e leng mongoli, o re: “Ntho leha e le efe eo re e etsang, ebang ke e khōlō kapa ke e nyenyane, hafeela e etsa hore mokuli a se ke a nahana ka ho kula ha hae feela hoo a hlokomolohang bophelo ba hae, e tla thusa haholo.” Sílvia ea ileng a hlaseloa ke kankere ka makhetlo a mabeli o lumellana le seo. O re: “Maikutlo a ka a ile a kokobela haholo ka ba ka khothala ha letsatsi le leng le le leng metsoalle ea ka e fapa-fapaneng e ne e nkisa motseng o mong ho ea fumana phekolo ea radiation. Re ne re qoqa ka lintho tse sa tšoaneng ha re le tseleng, ebe ha re khutla re pota kae-kae ho thabela kofi hammoho. Sena se ne se etsa hore ke ikutloe ke le motho hape joaloka ba bang.”

Leha ho le joalo, u se ke ua nahana hore u tseba hantle hore na motsoalle oa hao o hloka’ng. Kalick o fana ka tlhahiso ena: “Lula u mo botsa hore na o hloka’ng.” O phaella ka ho re: “U se ke ua laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe moo u reng ua mo thusa. Seo se ka ’na sa senya litaba. Haeba u sa mphe monyetla oa hore ke etse ntho leha e le efe, ha e le hantle u mpha maikutlo a hore ha ho na ntho eo nka khonang ho e etsa. Ke ntse ke batla ho ba motlotlo ka lintho tse itseng tseo ke iketsetsang tsona. Ha ke batle ho ikutloa eka ke thoto feela tjee. Uena nthuse hore ke etse lintho tseo nka khonang ho iketsetsa tsona.”

Ha ho pelaelo hore motsoalle oa hao o hloka ho ikutloa e ntse e le oa bohlokoa ka tsela e itseng. Adilson ea tšoeroeng ke AIDS, o re: “Ha u kula, ha u batle hore batho ba u qhelele ka thōko joalokaha eka u ntho feela e se nang molemo oa letho kapa e ke keng ea iketsetsa letho. U batla ho be le moo u kenyang letsoho teng ho thusa, esita le haeba e ka ba ka ntho e fokolang feela. Motho oa thaba ha a ntse a khona ho etsa lintho tse itseng! Ho etsa hore a ’ne a batle ho phela. Ke ananela haholo ha batho ba ntlohella hore ke iketsetse liqeto, ebe baa li hlompha. Ho kula ha ho bolele hore ha re sa khona ho phetha boikarabelo ba rōna ba ho ba bo-ntate, bo-’mè kapa boikarabelo leha e le bofe.”

Lula u le haufi le eena

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”LIPROVERBIA 17:17.

▪ Haeba u sitoa ho etela motsoalle oa hao hobane u le hōle haholo kapa u sitisoa ke mabaka a itseng, u ka mo founela hore le ke le qoqe hamonate, ua mo ngolla molaetsa o mokhutšoaane kapa ua mo ngolla e-mail. U ka re’ng ha u ngola? Alan D. Wolfelt, eo e leng moeletsi oa batho ba hlahetsoeng ke lintho tse bohloko, o re: “Bua ka liketsahalo tse monate tseo le bileng le tsona nakong e fetileng. Mo tšepise hore u tla ngola hape e se khale—’me u phethahatse tšepiso eo.”

Ha ua lokela ho ithiba ho khothatsa motsoalle oa hao hobane feela u tšaba hore u ka ’na ua bua ntho e fosahetseng kapa ua etsa liphoso. Hangata ho ba teng ha hao ke hona habohlokoa. Lori Hope o ngotse tjena bukeng ea hae: “Kaofela ha rōna rea bua kapa re etsa lintho tse ka ’nang tsa utloisisoa hampe kapa tsa utloisa motho e mong bohloko ka tsela e itseng le hoja e se ka morero. Sena hase bothata. Bothata ke ha u tšaba ho etsa liphoso hoo u qobang motho eo ha e le hantle a u hlokang.”

Motsoalle ea kulang haholo o tla u hloka ho feta leha e le neng pele. Ipake hore u “motsoalle oa ’nete.” Boiteko ba hao ba ho mo thusa bo ke ke ba felisa bohloko boo a bo utloang, empa bo ka etsa hore motho eo u mo ratang a khone ho mamella boemo boo bo thata.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Mabitso a mang a fetotsoe.