Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Fumanang Metsoalle e Tšepahalang

Kamoo U ka Fumanang Metsoalle e Tšepahalang

Tsa Bacha

Kamoo U ka Fumanang Metsoalle e Tšepahalang

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Jonathane, Davida le Saule

Kakaretso: Ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Jonathane le Davida e e-ba metsoalle e meholo.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA 1 SAMUELE 17:57–18:11; 19:1; 20:1-17, 41, 42.

Hlalosa kamoo u nahanang hore Saule o ne a shebahala kateng. (Ntlha e thusang: Bala 1 Samuele 10:20-23.)

․․․․․

Ho ka etsahala hore Davida e ne e sa le moshanyana ha a qala ho kopana le Jonathane. U nahana hore o ne a shebahala joang? (Ntlha e thusang: Bala 1 Samuele 16:12, 13.)

․․․․․

U nahana hore Davida le Jonathane ba ne ba ikutloa joang ha ba arohana ho latela mantsoe a bona a hlahang qetellong ea 1 Samuele khaolo ea 20?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Tlaleho e re “moea oa Jonathane oa tlamahana le moea oa Davida”—kapa ho latela Contemporary English Version, “Davida le Jonathane ea e-ba metsoalle e meholo.” (1 Samuele 18:1) Ke litšobotsi life tseo Davida a neng a e-na le tsona tseo e ka ’nang eaba li ile tsa hapa pelo ea Jonathane? (Ntlha e thusang: Bala 1 Samuele 17:45, 46.)

․․․․․

E ka ’na eaba Jonathane o ne a feta Davida ka lilemo tse 30 kaofela. U nahana hore ke’ng e ileng ea ba thusa hore e be “metsoalle e meholo” le hoja ba ne ba fetana hakaalo ka lilemo?

․․․․․

Litšobotsi tse ling tse bontšang hore motho ke motsoalle oa sebele ke life, joalokaha ho bontšitsoe tlalehong ee e amang maikutlo? (Ntlha e thusang: Bala Liproverbia 17:17; 18:24.)

․․․․․

Ke hobane’ng ha Jonathane a ile a tšepahalla Davida ho feta ntate oa hae?

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Setsoalle.

․․․․․

Botšepehi.

․․․․․

Ho etsa setsoalle le batho ba baholo.

․․․․․

Seo u ka se etsang hore u be le metsoalle ea sebele.

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

HAEBA U SE NA BIBELE, E KŌPE HO LIPAKI TSA JEHOVA KAPA U BALE LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO www.watchtower.org