Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa

Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa

Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa

JESU KRESTE o ile a bolela esale pele hore nakong e tlang, ‘bofelo bo ne bo tla tla.’ Ha a bua ka nako eo, o ile a re: “Nakong eo ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.”—Matheu 24:14, 21.

Seo Jesu a se buileng ka bofelo, hammoho le se boleloang ke litemana tse ling tsa Bibele tabeng ena, se etsa hore batho ba ipotse lipotso tse itseng tsa bohlokoa. Ke hobane’ng ha u sa nke Bibele ea hao ’me u ipalle hore na e re’ng ha e araba lipotso tseo?

1 Ho Tla Fela Eng?

Bibele ha e rute hore lefatše ka bolona le tla timetsoa. Mopesaleme o ngotse, a re: “[Molimo] o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Hape Bibele ha e rute hore batho kaofela ba tl’o timetsoa ka mollo. (Esaia 45:18) Jesu ka boeena o ile a bontša hore ho na le batho ba tla pholoha bofelo. (Matheu 24:21, 22) Ka hona, ha e le hantle, Bibele e ruta hore ho tla fela eng?

Mebuso e hlōlehang ea batho e tla fela. Molimo o ile a susumelletsa moprofeta Daniele hore a re: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

Ntoa le tšilafalo li tla fela. Ha Pesaleme ea 46:9 e hlalosa seo Molimo a tla se etsa, e re: “O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.” Bibele e boetse e ruta hore Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Bokebekoa le ho hloka toka li tla fela. Lentsoe la Molimo le tšepisa tjena: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.” *Liproverbia 2:21, 22.

2 Bofelo bo Tla Tla Neng?

Jehova Molimo o na le “nako e behiloeng” eo ka eona a tla felisa bokhopo ’me a hlome ’Muso oa hae. (Mareka 13:33) Empa Bibele e bontša ka ho hlaka hore re ke ke ra lekanyetsa letsatsi le tobileng la hore na bofelo bo tla ba teng neng. Jesu o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:36) Leha ho le joalo, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba bolela esale pele hore na maemo a ne a tla ba joang lefatšeng nakoana pele Molimo a tlisa bofelo. Bofelo bo qholong ea nta haeba lintho tsohle tse latelang li etsahala ka nako e le ’ngoe lefatšeng ka bophara.

Haesale ha ho e-s’o be le merusu ea lipolotiki, ea tikoloho le ea lichaba ka tsela e tšoanang le hona joale. Ha Jesu a araba lipotso tsa barutuoa ba hae ka bofelo, o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ho tla ba le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng, ho tla ba le likhaello tsa lijo. Tsena ke tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” (Mareka 13:8) Moapostola Pauluse o ile a re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-5.

Letšolo la ho bolela lefatšeng ka bophara ka lipuo tse sa tšoaneng le tsoela pele. Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

3 Ho Tla Etsahala’ng ka Mor’a Bofelo?

Bibele ha e rute hore batho bohle ba lokileng ba tla nkeloa leholimong ho ea phela ka ho sa feleng thabong e khaphatsehang. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a ruta hore morero oa Molimo oa tšimolohong o tla phethahatsoa. O ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5; 6:9, 10) Bibele e tšepisa hore ba tla shoa pele bofelo bo tla, bona ba tla tsosoa bafung. (Jobo 14:14, 15; Johanne 5:28, 29) Joale ka mor’a bofelo ho tla etsahala’ng?

Jesu o tla busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo a le leholimong. Moprofeta Daniele o itse: “Ka ’na ka talima liponong tsa bosiu, ’me, bonang! e mong ea joaloka mor’a motho [Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung] o ne a tla ka maru a maholimo; a kena ho Moholo-holo oa Matsatsi [Jehova Molimo], ’me a atametsoa ka pel’a Hae. [Jesu] a fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.”—Daniele 7:13, 14; Luka 1:31, 32; Johanne 3:13-16.

Bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla phela hantle ’meleng, ba lule ba sireletsehile ho ea ho ile ’me ba phele ka ho sa feleng. Moprofeta Esaia o ile a re: “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.” (Esaia 65:21-23) Ha moapostola Johanne a bua ka nako eo, o ile a ngola: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

4 U Lokela ho Etsa’ng e le Hore U Pholohe Bofelo?

Moapostola Petrose o ile a bolela hore mehleng ea bofelo ho tla ba le ba tla soma khopolo ea hore Molimo o tla kenella litabeng tsa batho e le hore a felise bokhopo lefatšeng. (2 Petrose 3:3, 4) Leha ho le joalo, Petrose o khothalletsa ba phelang mehleng ena ea rōna hore ba nke mehato ena e latelang.

Ba ithute ho se etsahetseng nakong e fetileng. Petrose o ile a re Molimo ha aa “ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše la boholo-holo, empa a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka, hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.” (2 Petrose 2:5) Ha a bua ka basomi, Petrose o ile a re: “Ho ea ka takatso ea bona, ha ba ele hloko ’nete ena, hore ho ne ho e-na le maholimo ho tloha khale le lefatše le neng le eme le setlellane ho tsoa metsing le har’a metsi ka lentsoe la Molimo; ’me ka mekhoa eo lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi. Empa ka lentsoe le tšoanang maholimo le lefatše * tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.”—2 Petrose 3:5-7.

Ba phele ho ea ka melao ea Molimo ea boitšoaro. Petrose o ile a re ba batlang ho pholoha bofelo ba tla etsa ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’ (2 Petrose 3:11) Hlokomela hore Petrose o hatisa taba ea “liketso tse halalelang tsa boitšoaro” le “liketso tsa boinehelo ba bomolimo.” Ka hona, ho hlokahala ho fetang feela hore motho a re o na le tumelo kapa hore ka motsotso oa ho qetela, e be ke hona a reng o sebeletsa Molimo.

Ke liketso life ka ho khetheha tseo Molimo a li amohelang? Ke hobane’ng ha u sa bapise seo u se tsebang le seo Bibele e se rutang tabeng ee? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa. Li kōpe hore li u bontše ka Bibeleng ea hao hore na likarabo tsa tsona li tsoa hokae. Ho etsa joalo ho ka ’na ha u thusa hore u be le sebete le kholiseho ha u lebeletse bokamoso, ho sa tsotellehe lintho tse re bakelang tšabo hona joale.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Hape bala sehlooho se reng “Na Bohle ba na le Monyetla o Tšoanang oa ho Tseba Molimo?” leqepheng la 22 hona makasineng ena.

^ ser. 19 Mona Petrose o bua ka lefatše ka tsela ea tšoantšetso. Moshe, ea ileng a ngola Bibele le eena o ile a bua ka lefatše ka tsela ea tšoantšetso. O ile a re: “Lefatše lohle la tsoela pele le e-na le puo e le ’ngoe.” (Genese 11:1) Hase lefatše la sebele le tla timetsoa, feela joalokaha e se lefatše la sebele le neng le bua “puo e le ’ngoe.” Ho e-na le hoo, joalokaha Petrose a bontša, ba khopo ke bona ba tla timetsoa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Lefatše le ke ke la fela, empa ho tla fela ba le senyang