Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka eng ha a ne a bua ka ‘mokoloko oa tlhōlo’?

Pauluse o ile a ngola a re: ‘Molimo . . . o re etella pele mokolokong oa tlhōlo hammoho le Kreste ’me o etsa hore monko oa tsebo ea hae o utloahale ka rōna sebakeng se seng le se seng! Etsoe ho Molimo re monko o monate oa Kreste har’a ba ntseng ba pholosoa le har’a ba timelang; ho ba timelang re monko o tsoang lefung o e-ea lefung, ho ba ntseng ba pholosoa re monko o tsoang bophelong o e-ea bophelong.’—2 Bakorinthe 2:14-16.

Moapostola o ne a bua ka mokete oa mokoloko oo Baroma ba neng ba tloaetse ho o etsa e le ho tlotla molaoli oa mabotho ha a ile a hlōla lira tsa ’Muso. Liketsahalong tse joalo, lintho tse hapiloeng ntoeng hammoho le batšoaruoa ba ne ba behoa pontšeng ebe ho nehelanoa ka lipoho tse tla etsoa sehlabelo ha molaoli ea hlōtseng le lebotho la hae ba ntse ba thoholetsoa phatlalatsa. Qetellong ea mokoloko oo, ho ne ho etsoa mahlabelo ka lipoho ’me mohlomong ho ne ho bolaoa batšoaruoa ba bangata.

Buka ea The International Standard Bible Encyclopedia, e re polelo ea tšoantšetso ea “monko o monate oa Kreste” oo ho ba bang o bolelang bophelo ’me ho ba bang o bolelang lefu, “e ka ’na eaba e bile teng ka lebaka la tloaelo ea Baroma ea ho chesa libano ha ba ntse ba le mokolokong oa tlhōlo. Monko o monate o neng o bolela tlhōlo ho bahlōli o ne o hopotsa batlamuoa ba ntoa hore e ka ’na eaba ba tl’o bolaoa.” *

“Libaka tse phahameng” tseo ho buuoang ka tsona hangata Mangolong a Seheberu e ne e le eng?

Ha Baiseraele ba ne ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a ba laela hore ba felise libaka tsohle tsa borapeli tsa Bakanana ba neng ba lula moo. Molimo o ile a re: “Le senye litšoantšo tsohle tsa bona tsa lejoe, ’me litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe e qhibilihisitsoeng le lokela ho li senya, ’me le lokela ho felisa libaka tsa bona tse phahameng tse halalelang.” (Numere 33:52) E ka ’na eaba libaka tseo tsa borapeli ba bohata li ne li le ka holim’a lithaba kapa e ne e le likalana tse hahiloeng libakeng tse ling joaloka tlas’a lifate kapa metseng. (1 Marena 14:23; 2 Marena 17:29; Ezekiele 6:3) Ho tsona ho ne ho ka ba le lialetare, litšiea kapa lipalo tse halalelang, litšoantšo, liluloana tsa libano le lintho tse ling tse neng li sebelisetsoa borapeli.

Pele ho ahoa tempele Jerusalema, Baiseraele ba ne ba rapela Jehova libakeng tse neng li amoheleha tseo Mangolo a reng ke libaka tse phahameng. Moprofeta oa Molimo Samuele o ile a etsetsa mahlabelo “sebakeng se phahameng” motseng oo ho sa boleloang hore na ke ofe naheng ea Zufe. (1 Samuele 9:11-14) Leha ho le joalo, ha tempele e se e hahiloe, marena a mangata a neng a tšepahala ho Jehova a ile a leka ho felisa “libaka tse phahameng.”—2 Marena 21:3; 23:5-8, 15-20; 2 Likronike 17:1, 6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 E le hore u fumane tlhaloso ea se neng se boleloa ke Pauluse papisong eo, sheba Molula-Qhooa oa November 15, 1990, leqepheng la 27.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Karolo ea setšoantšo se betliloeng se bontšang mokoloko oa tlhōlo oa baroma, lekholong la bobeli la lilemo C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph taken by courtesy of the British Museum

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Masalla a litšia tse halalelang, Gezere