Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu o Phahamisa ho Loka ha Molimo Joang?

Jesu o Phahamisa ho Loka ha Molimo Joang?

Jesu o Phahamisa ho Loka ha Molimo Joang?

‘Molimo o ile a beha Kreste hore e be nyehelo bakeng sa poelano ka tumelo maling a hae. Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae.’—BAR. 3:25.

1, 2. (a) Bibele e re ruta’ng mabapi le boemo ba batho? (b) Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong see?

TLALEHO ea Bibele e buang ka bofetoheli bo ileng ba ba teng serapeng sa Edene e tsebahala haholo. Kaofela ha rōna re utloa liphello tsa sebe sa Adama joalokaha ho hlalositsoe mantsoeng ana: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Bar. 5:12) Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae ho etsa se nepahetseng, re etsa liphoso tseo re hlokang hore Molimo a re tšoarele tsona. Esita le moapostola Pauluse o ile a bua ka pelo e bohloko a re: “Molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa. Ke monna ea sōtō hakaakang!”—Bar. 7:19, 24.

2 Kaha kaofela ha rōna re baetsalibe, hoa utloahala hore re botse lipotso tsena tsa bohlokoa: Ho tlile joang hore Jesu oa Nazaretha a tsoaloe a sa futsa sebe, hona ke hobane’ng ha a ile a kolobetsoa? Tsela eo Jesu a ileng a phela ka eona e ile ea phahamisa ho loka ha Jehova joang? Habohlokoa le ho feta, lefu la Kreste le ile la finyella’ng?

Ho Loka ha Molimo Hoa Phephetsoa

3. Satane o ile a thetsa Eva joang?

3 Ka booatla batsoali ba rōna ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba furalla bobusi ba Molimo eaba ba khetha ho busoa ke “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” (Tšen. 12:9) Hlokomela hore na sena se ile sa etsahala joang. Satane o ile a belaella hore na tsela eo Jehova Molimo a busang ka eona e lokile kapa che. O ile a etsa joalo ka ho botsa Eva potso e reng: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eva o ile a pheta taelo ea Molimo e hlakileng ea hore ke sefate se le seng feela se neng se sa lokela ho angoa, ho seng joalo ba ne ba tla shoa. Eaba Satane o qosa Molimo ka ho re o leshano. Diabolose o ile a re: “Ka sebele le ke ke la shoa.” Ka mor’a moo, o ile a thetsa Eva ka ho etsa hore a lumele hore Molimo o ne a mo hanela ka ntho e molemo le hore ha a ne a ka ja tholoana eo, o ne a tla tšoana le Molimo, a be le bolokolohi ba ho ikhethela se setle le se sebe.—Gen. 3:1-5.

4. Batho ba ile ba e-ba tlas’a bobusi ba bohanyetsi ba Satane joang?

4 Ha e le hantle, Satane o ile a fana ka maikutlo a hore batho ba ne ba tla thaba haholoanyane haeba ba ne ba ka itokolla ho Molimo. Ho e-na le hore Adama a tšehetse bobusi ba Molimo bo lokileng, o ile a mamela mosali oa hae eaba le eena o ja tholoana e neng e thibetsoe. Ka tsela eo, Adama o ile a lahleheloa ke boemo ba hae bo phethahetseng mahlong a Jehova ’me a re kenya jokong e boima ea sebe le lefu. Ka nako e tšoanang, batho ba ile ba e-ba tlas’a bobusi ba Satane, e leng “molimo oa lefatše lena,” bo hanyetsang ba Molimo.—2 Bakor. 4:4, Bibele ea Sesotho; Bar. 7:14.

5. (a) Jehova o ile a bontša joang hore o ne a bua ’nete? (b) Molimo o ile a fa litloholo tsa Adama le Eva tšepo efe?

5 Tumellanong le lentsoe la hae le sa foseng, Jehova o ile a ahlolela Adama le Eva lefu. (Gen. 3:16-19) Empa seo se ne sa bolele hore morero oa Molimo o ne o hlōlehile. Ho hang ho ne ho se joalo! Ha Jehova a ne a ahlola Adama le Eva, o ile a fa litloholo tsa bona tsa nakong e tlang lebaka la hore li be le tšepo e tsotehang. O ile a etsa joalo ka ho phatlalatsa morero oa hae oa ho hlahisa “peō” eo Satane a neng a tla e loma serethe. Leha ho le joalo, Peō eo e neng e tšepisitsoe e ne e tla hlaphoheloa leqebeng leo le seretheng ’me e ne e tla “khoba [Satane] hlooho.” (Gen. 3:15) Bibele e qaqisa taba ena ka ho bua se latelang mabapi le Jesu Kreste: “Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa ka morero ona, e leng, ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Joh. 3:8) Empa boitšoaro ba Jesu le lefu la hae li ile tsa phahamisa ho loka ha Molimo joang?

Kolobetso ea Jesu e ne e Tšoantšetsa’ng?

6. Re tseba joang hore Jesu ha aa ka futsa sebe ho Adama?

6 Ha Jesu e se e le monna ea tiileng, o ne a tla tšoana hantle le Adama ea neng a phethahetse. (Bar. 5:14; 1 Bakor. 15:45) Sena se bolela hore Jesu o ne a lokela ho tsoaloa e le motho ea phethahetseng. Seo se ne se ka etsahala joang? Lengeloi Gabriele le ile la hlalosetsa Maria, e leng ’mè oa Jesu taba ena e hlakileng: “Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” (Luka 1:35) Ho ka etsahala hore ebe ha Jesu e ne e sa le ngoana, Maria o ile a mo bolella lintho tse itseng mabapi le tsoalo ea hae. Kahoo, ka lekhetlo le leng ha Maria le Josefa e leng ntate oa Jesu oa mohōlisi ba ne ba mo fumana ka tempeleng ea Molimo, Jesu ea neng a sa le monyenyane o ile a ba botsa a re: “Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?” (Luka 2:49) Ho hlakile hore ho tloha ha Jesu a ne a sa le monyenyane o ne a tseba hore ke Mora oa Molimo. Kahoo, ho phahamisa ho loka ha Molimo e ne e le habohlokoa haholo ho eena.

7. Jesu o ne a e-na le ntho efe ea bohlokoa?

7 Jesu o ile a bontša hore o ne a thahasella lintho tsa moea ka ho teba ka hore a be teng kamehla libokeng tsa borapeli. Kaha o ne a e-na le kelello e phethahetseng, e tlameha ebe o ne a utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e utloa le eo a neng a e bala Mangolong a Seheberu. (Luka 4:16) O ne a boetse a e-na le ntho ea bohlokoa—e leng ’mele o phethahetseng oo batho ba neng ba ka etsetsoa sehlabelo ka oona. Ha Jesu a ne a kolobetsoa, o ne a ntse a rapela ’me e ka ’na eaba o ne a ntse a nahana ka mantsoe a boprofeta ba Pesaleme ea 40:6-8.—Luka 3:21; bala Baheberu 10:5-10. *

8. Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a leka ho thibela Jesu ho kolobetsoa?

8 Qalong Johanne Mokolobetsi o ne a batla ho thibela Jesu ho kolobetsoa. Hobane’ng? Hobane Johanne o ne a kolobetsa Bajuda e le tšoantšetso ea hore ba ne ba baketse libe tseo ba neng ba li entse khahlanong le Molao. Kaha Jesu e ne e le mong ka Johanne ea haufi, e tlameha ebe Johanne o ne a tseba hore Jesu o ne a lokile ’me ho ne ho sa hlokahale hore a bake. Jesu o ile a tiisetsa Johanne hore ho ne ho loketse hore A kolobetsoe. Jesu o ile a re: “Ka tsela eo ho re loketse ho phetha sohle se lokileng.”—Mat. 3:15.

9. Kolobetso ea Jesu e ne e tšoantšetsa’ng?

9 Kaha Jesu e ne e le motho ea phethahetseng, o ne a ka ’na a etsa qeto ea hore joaloka Adama o ne a ka khona ho tsoala batho ba phethahetseng. Leha ho le joalo, le ka mohla Jesu o ne a sa labalabele bokamoso bo joalo hobane seo e ne e se thato ea Jehova ka eena. Molimo o ne a rometse Jesu lefatšeng hore a tl’o phetha mosebetsi oa Peō e tšepisitsoeng, kapa Mesia. Sena se ne se akarelletsa hore Jesu a etse sehlabelo ka bophelo ba hae bo phethahetseng. (Bala Esaia 53:5, 6, 12.) Ho hlakile hore kolobetso ea Jesu e ne e sa tšoantšetse ntho e tšoantšetsoang ke ea rōna. E ne e sa akarelletse ho inehela ho Jehova, kaha Jesu e ne e se e ntse e le karolo ea sechaba sa Iseraele se neng se inehetse ho Molimo. Ho e-na le hoo, kolobetso ea Jesu e ne e tšoantšetsa hore o ne a itlhahisa ho Molimo hore a etse thato ea hae, eo Mangolo a neng a boletse hore Mesia o ne a tla e etsa.

10. Hore Mesia a phethe thato ea Molimo ho ne ho akarelletsa’ng, hona Jesu o ne a ikutloa joang ka see?

10 Thato ea Jehova ka Jesu e ne e akarelletsa hore a bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, a etse barutuoa a be a ba lokisetse mosebetsi oa nakong e tlang oa ho etsa barutuoa. Ho itlhahisa ha Jesu ho ne ho boetse ho akarelletsa boikemisetso ba hae ba hore a mamelle ho hlorisoa le ho bolaoa ka sehlōhō e le hore a tšehetse bobusi ba Jehova Molimo bo lokileng. Kaha Jesu o ne a rata Ntate oa hae ea leholimong e le kannete, o ne a thabela ho etsa thato ea Molimo ’me o ne a khotsofatsoa haholo ke hore a hlahise ’mele oa hae e le sehlabelo. (Joh. 14:31) O ne a boetse a thabela ho tseba hore molemo oa bophelo ba hae bo phethahetseng o ne o ka fuoa Molimo e le thekollo ho re rekolla bokhobeng ba sebe le lefu. Na Molimo o ile a amohela taba ea hore Jesu a itlhahise ho jara boikarabelo boo bo boholo? Ka sebele ho joalo!

11. Jehova o ile a bontša joang hore o ne a amohela Jesu e le Mesia kapa Kreste?

11 Bangoli ba Likosepele ka bone ba bona ba fane ka bopaki ba hore Jehova Molimo o ile a bolela ka ho hlaka hore o ne a amohela Jesu, nakong eo a neng a e-tsoa ka metsing Nōkeng ea Jordane. Johanne Mokolobetsi o ile a paka a re: “Ke bone moea o theoha joaloka leeba o tsoa leholimong, ’me o lula holim’a [Jesu] . . . Ke ho bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.” (Joh. 1:32-34) Ho feta moo, ketsahalong eo Jehova o ile a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.”—Mat. 3:17; Mar. 1:11; Luka 3:22.

Jesu o Ile a Tšepahala ho Isa Lefung

12. Jesu o ile a etsa’ng ka lilemo tse tharo le halofo ka mor’a hore a kolobetsoe?

12 Ka lilemo tse latelang tse tharo le halofo, Jesu o ile a ikakhela ka setotsoana ha a ne a ruta batho ka Ntate oa hae le ka ho loka ha bobusi ba Molimo. O ne a khathala ha a ne a haola ka maoto Naheng e Tšepisitsoeng, empa ho ne ho se letho le neng le ka mo thibela hore a pakele ’nete ka ho phethahetseng. (Joh. 4:6, 34; 18:37) Jesu o ile a ruta batho ba bang ka ’Muso oa Molimo. Ka hore ebe ka mohlolo o ile phekola batho ba kulang, a fepa matšoele a lapileng a ba a tsosa le bafu, o ile a bontša hore na ’Muso o ne o tla etsetsa batho eng.—Mat. 11:4, 5.

13. Jesu o ile a ruta’ng mabapi le thapelo?

13 Ho e-na le hore a ithorise ka lintho tseo a neng a li ruta le mesebetsi ea hae ea ho phekola, Jesu o ile a beha mohlala o ikhethang ka hore ka boikokobetso a ise thoriso eohle ho Jehova. (Joh. 5:19; 11:41-44) Jesu o ile a boela a bolela hore na ke lintho life tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo re lokelang ho li rapella. Lithapelo tsa rōna li lokela ho akarelletsa likōpo tsa hore lebitso la Molimo, e leng Jehova, “le halaletsoe” le hore bobusi bo lokileng ba Molimo bo nkele puso e khopo ea Satane sebaka e le hore “thato ea [Hae] e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Mat. 6:9, 10) Jesu o ile a boela a re khothalletsa hore re etse lintho tse tumellanong le lithapelo tseo ka hore re “batle ’muso pele le ho loka ha [Molimo].”—Mat. 6:33.

14. Le hoja Jesu a ne a phethahetse, ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore a etse boiteko e le hore a phethe boikarabelo ba hae mabapi le morero oa Molimo?

14 Ha nako ea hore Jesu a shoe lefu la sehlabelo e ntse e atamela, o ile a hlokomela haholoanyane hore na o ne a jere boikarabelo bo boima hakae. Morero le botumo ba Ntate oa hae li ne li itšetlehile ka hore Jesu a mamelle nyeoe e se nang toka le lefu le sehlōhō. Matsatsi a mahlano pele ho lefu la hae, Jesu o ile a rapela a re: “Joale moea oa ka o khathatsehile, ’me ke tla re’ng? Ntate, mpholose horeng ena. Leha ho le joalo, ke ka lebaka lena ke fihlileng horeng ena.” Ka mor’a hore a hlahise maikutlo ana a tloaelehileng a botho, ka ho hloka boithati Jesu o ile a tsepamisa maikutlo tabeng ea bohlokoa haholo eaba oa rapela o re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Jehova o ile a araba ka potlako a re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.” (Joh. 12:27, 28) Ka sebele, Jesu o ne a ikemiselitse ho mamella teko e khōlō ka ho fetisisa ea botšepehi eo ho seng motho ea kileng a tobana le eona. Empa, ha ho pelaelo hore ha Jesu a utloa mantsoe ao a Ntate oa hae ea leholimong, sena se ile sa etsa hore a kholisehe ka matla hore o ne a tla atleha ho phahamisa bobusi ba Jehova le ho bo tlosa qoso. ’Me o ile a fela a atleha!

Seo Lefu la Jesu le se Finyeletseng

15. Nakoana pele Jesu a e-shoa, ke hobane’ng ha a ile a re: “Ho phethehile”?

15 Ha Jesu a ne a leketlile thupeng ea tlhokofatso a le mothating oa ho hema ka thata ka lekhetlo la ho qetela, o ile a re: “Ho phethehile!” (Joh. 19:30) Ruri Molimo o ile a thusa Jesu hore a finyelle lintho tse khōlō ka lilemo tse tharo le halofo ho tloha ha a ne a kolobetsoa ho fihlela ha a ne a e-shoa! Ha Jesu a e-shoa, ho ile ha e-ba le tšisinyeho e khōlō ea lefatše, ’me molaoli oa lebotho la Roma ea neng a okametse taba ea ho bolaoa ha hae o ile a susumelletseha hore a re: “Ka sebele enoa e ne e le Mor’a Molimo.” (Mat. 27:54) Kamoo ho bonahalang kateng, molaoli eo o ne a bone ha Jesu a ne a songoa ka lebaka la ho ipolela hore ke Mora oa Molimo. Ho sa tsotellehe lintho tsohle tse ileng tsa mo utloisa bohloko, Jesu o ile a lula a tšepahala a ba a paka hore Satane ke raleshano e mobe. Satane o ne a hlahisitse phephetso ena mabapi le batho bohle ba tšehetsang bobusi ba Molimo: “Motho o tla nehelana ka ntho ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona e le hore a pholose bophelo ba hae.” (Job 2:4, Complete Jewish Bible) Ka ho tšepahala ha hae, Jesu o ile a bontša hore Adama le Eva ba ka be ba ile ba tšepahala tekong ea bona e neng e batla e le bonolo. Habohlokoa ka ho fetisisa, bophelo ba Jesu le lefu la hae li ile tsa tšehetsa tsa ba tsa phahamisa ho loka ha bobusi ba Jehova. (Bala Liproverbia 27:11.) Na ho na le ho hong hape hoo lefu la Jesu le ho finyeletseng? Ka sebele ho teng!

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha ho ile ha khoneha hore lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste li be le boemo bo lokileng mahlong a hae? (b) Jehova o ile a putsa Mora oa hae joang ka lebaka la ho tšepahala ha hae, hona Morena Jesu Kreste o sa ntse a etsa joalo joang?

16 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba phetse pele Jesu a tla lefatšeng. Ba ne ba e-na le boemo bo lokileng mahlong a Molimo ’me ba ile ba fuoa tšepo ea tsoho. (Esa. 25:8; Dan. 12:13) Empa Molimo ea halalelang, Jehova, o ne a ka hlohonolofatsa batho ba baetsalibe ka tsela e tsotehang joalo motheong ofe oa molao? Bibele e re: “Molimo o ile a [beha Jesu Kreste] hore e be nyehelo bakeng sa poelano ka tumelo maling a hae. Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae, hobane a ne a tšoarela libe tse etsahetseng nakong e fetileng ha Molimo a ne a bontša mamello; e le hore a bonahatse ho loka ha hae nakong ena ea hona joale, e le hore e ka ba ea lokileng esita le ha a bolela hore motho ea nang le tumelo ho Jesu o lokile.”—Bar. 3:25, 26. *

17 Jehova o ile a putsa Jesu ka ho mo tsosetsa boemong bo phahameng ho feta boo a neng a e-na le bona pele a tla lefatšeng. Hona joale Jesu o phela e le sebōpuoa se tlotlehang sa moea se sa shoeng. (Baheb. 1:3) Kaha ke Moprista ea Phahameng ebile ke Morena, Morena Jesu Kreste o sa ntse a thusa balateli ba hae hore ba phahamise ho loka ha Molimo. Ruri rea leboha hore ebe Ntate oa rōna ea leholimong, e leng Jehova, ke Moputsi oa bohle ba etsang sena le ba mo sebeletsang ka botšepehi ha ba ntse ba etsisa Mora oa hae!—Bala Pesaleme ea 34:3; Baheberu 11:6.

18. Sehloohong se latelang se ithutoang ho tla buuoa ka eng haholo?

18 Ho tloha ka Abele, batho ba tšepahalang ba ne ba e-na le kamano e haufi le Jehova hobane ba ne ba bontša tumelo ’me ba e-na le tšepo Peōng e tšepisitsoeng. Jehova o ne a tseba hore Mora oa hae o ne a tla lula a tšepahala le hore lefu la hae le ne le tla koahela “sebe sa lefatše” ka ho phethahetseng. (Joh. 1:29) Lefu la Jesu le boetse le tsoela batho ba phelang kajeno molemo. (Bar. 3:26) Kahoo, thekollo ea Kreste e ka u tlisetsa litlhohonolofatso life? Taba eo e tla tšohloa sehloohong se latelang se ithutoang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mona moapostola Pauluse o qotsa Pesaleme ea 40:6-8 ho latela phetolelo ea Septuagint ea Segerike, e akarelletsang mantsoe a reng, “u ile ua ntokisetsa ’mele.” Poleloana ena ha e fumanehe liphetolelong tse teng hona joale tsa Mangolo a Seheberu a boholo-holo.

^ ser. 16 Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” leqepheng la 6 le la 7.

U ka Araba Joang?

• Ho loka ha Molimo ho ile ha phephetsoa joang?

• Kolobetso ea Jesu e ne e tšoantšetsa’ng?

• Lefu la Jesu le ile la finyella’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Na ua tseba hore na kolobetso ea Jesu e ne e tšoantšetsa’ng?