Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ua Mengoa!

Ua Mengoa!

Ua Mengoa!

U MEMELOA ho ea kae? Ho ea ho e ’ngoe ea liofisi tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova, tseo ka tloaelo li bitsoang Bethele. Ho na le tse 118 linaheng tse fapa-fapaneng. Hangata baeti ba hlalosa kamoo ba ananelang kateng seo ba se bonang se etsahala Bethele.

Ka mor’a ho bona basebetsi ba bangata ba sebetsang ka thata, ba sebeletsang Jehova ka thabo ofising ea lekala ea Mexico, seithuti se seng sa Bibele se secha lilemong se ile sa hlolloa hoo se ileng sa botsa: “Ke tlameha ho etsa’ng e le hore nka lula moo?” Ho ile ha thoe ho sona: “U tlameha ho kolobetsoa pele. Ka mor’a moo, e ka ba hantle hore u sebeletse u le pula-maliboho kapa ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng.” Mohlankana eo o ile a latela keletso eo, ’me ka mor’a lilemo tse peli o ile a bitsoa hore a e’o sebeletsa Bethele ea Mexico, moo a seng a qetile lilemo tse 20 a sebeletsa teng.

Bethele ke Eng?

Ka Seheberu, lebitso “Bethele” le bolela “Ntlo ea Molimo.” (Gen. 28:19, NW, ftn.) Mehaho e fapa-fapaneng ea liofisi tsa makala e sebelisetsoa ho hatisa le ho aba Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le ho fana ka thuso ea moea liphuthehong tse fetang 100 000 tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Basebetsi ba Bethele ba ka bang 20 000—e leng banna le basali ba maemo le litso tse sa tšoaneng—ka boitelo ba sebeletsa Jehova le bara le barali babo bona ba Bakreste ka nako e tletseng. Ba qetileng lilemo tse ngata mosebetsing ona oa Bokreste ba sebetsa hammoho le bacha ba mahlahahlaha. Mantsiboea le mafelo-beke, litho tsa malapa a Bethele li thabela ho kopanela le liphutheho tse haufi tsa Lipaki Tsa Jehova libokeng le tšebeletsong ea Bokreste. Li boetse li sebelisa nako eo li lokolohileng ka eona hore li ithute Bibele, li ikhatholle li be li phethe mabaka a botho.

Khoeli le khoeli litho tsa lelapa la Bethele li fumana chelete e nyenyane e koahelang litšenyehelo. Li ja lijo tse hlabosang le tse matlafatsang ’me li lula likamoreng tse hloekileng le tse nang le lintho tse hlokahalang. Mahae a Bethele ha aa etsetsoa hore a be majabajaba. Leha ho le joalo, a na le lintho tse hlokahalang. Baeti ha ba khahloe feela ke mehaho le mabala a hlokometsoeng hantle hammoho le tsela e hlophisehileng eo lintho li etsoang ka eona empa ba boetse ba khahloa ke mosa le tšebelisano-’moho e renang Bethele. E mong le e mong o sebetsa ka mafolofolo, empa ha ho motho ea phathahaneng haholo hore a ka ba mosa ho ba bang. Bethele ha ho khethollanoe ka maemo ebile ha ho na motho ea iphahamisang ka lebaka la mosebetsi oo a o etsang. Mosebetsi o mong le o mong ke oa bohlokoa, ebang ke oa ho hloekisa, ho sebetsa jareteng, ho pheha, ho sebetsa setsing sa khatiso kapa ofising. Basebetsi ba Bethele ba sebetsa hammoho ba le ngatana-’ngoe ho tšehetsa tšebeletso e etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.—Bakol. 3:23.

Tseba Basebetsi ba Bang ba Bethele

A re ke re tsebeng haholoanyane ka litho tsa lelapa lena la machaba. Li ile tsa susumetsoa ke’ng hore li batle ho sebetsa Bethele? Nahana ka mohlala oa Mario. Ha Mario e ne e e-ba Paki ea Jehova, o ne a sebetsa mosebetsi o phahameng k’hamphaning ea likoloi ea Jeremane ’me o ne a e-na le monyetla oa ho tsoela pele. Nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a ithaopela ho qeta beke e le ’ngoe Bethele naheng ea habo. O ile a fuoa kabelo ea hore a sebetse setsing sa khatiso. Mario o ile a bona phapang e khōlō pakeng tsa bao a ileng a sebetsa le bona Bethele le bao a neng a sebetsa le bona mosebetsing oa boipheliso. Kahoo o ile a etsa kōpo ea ho sebetsa Bethele ka nako e tletseng. Le hoja beng ka eena le basebetsi-’moho ba bangata ba ne ba sa utloisise qeto ea hae, hona joale Mario o thabela ho sebetsa Bethele ea Jeremane.

Ba bangata ba kenela tšebeletso ea Bethele ba se na thuto e khethehileng kapa tsebo. Ho bile joalo ka Abel, ea seng a sebelitse Bethele ea Mexico ka lilemo tse 15. O re: “Ruri ke ithutile lintho tse ngata Bethele. Ke ithutile ho sebelisa mechine ea khatiso e tsoetseng pele haholo. Kea tseba hore haeba ke ne ke sa sebetse Bethele ke ne nka etsa chelete e ngata ka lebaka la tsebo ena, empa ke ne nke ke ka fumana seo ke se fumanang mona—e leng bophelo bo nang le khutso le bo khotsofatsang, moo motho a sa tšoenyeheng ka letho le moo ho se nang tlhōlisano e atileng libakeng tse ngata tsa tšebetso. Ke lumela hore ke fumane thuto e molemo ka ho fetisisa, e nthusitseng hore ke hōle moeeng le kelellong. Esita le univesithing e itlhommeng pele ka ho fetisisa, ke ne nke ke ka fumana melemo e joalo.”

Ho Etela Bethele ho ka U Matlafatsa

Ho etela Bethele feela ho ka ba le phello e molemo kamanong eo motho a nang le eona le Molimo. Ke sona se ileng sa etsahala ka Omar oa Mexico. ’Mè oa hae o ile a mo ruta linnete tsa Bibele. Empa ha Omar a le lilemo li 17, o ile a khaotsa ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa. Qetellong o ile a oela mekhoeng e litšila ’me a phela bophelo ba ho rata lintho tse bonahalang. Hamorao, ha Omar a ne a sebeletsa k’hamphani e itseng, o ile a tsamaea le moifo o ileng oa ea Bethele ea Mexico o il’o bontša hore na thepa ea eona e sebetsa joang. Omar o re: “Ka mor’a ho bontša batho ba re amohetseng hore na thepa ea rōna e sebetsa joang, ba ile ba re bontša sebaka. Tsela e mosa eo ke ileng ka tšoaroa ka eona le seo ke ileng ka se bona, se ile sa etsa hore ke nahane ka bophelo boo ke neng ke bo phela ba hore ebe ke ne ke arohane le Jehova. Hang-hang ke ile ka boela ka qala ho ba teng libokeng le ho ithuta Bibele. Likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore ke etele Bethele, ke ile ka kolobetsoa. Ke leboha Jehova ka khothatso eo ke ileng ka e fumana ha ke ne ke etetse Bethele.”

Masahiko oa Japane, le eena o ile a hōlela lelapeng la Lipaki. Leha ho le joalo, o ile a qala ho nahana hore ho phela ka tsela ea Bokreste ho na le melao e thata. O ile a phathahana haholo ka mesebetsi ea sekolo ’me a khaotsa ho ba teng libokeng le ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Masahiko o re: “Ka letsatsi le leng lelapa leso le metsoalle e ’maloa ea Bakreste ba ile ba etsa qeto ea ho etela Bethele. Kaha lelapa leso le ile la nqophella, ke ile ka ea. Ha ke ntse ke bona Bethele, ke ile ka ikutloa ke khothetse ho feta leha e le neng pele. Thabo eo ke ileng ka ba le eona ha ke ne ke e-na le Bakreste ba bang leetong leo, e ne e le ntho eo ho neng ho se mohla nkileng ka ba le eona ha ke ne e-na le metsoalle ea ka eo e seng Lipaki. Ke ile ka ba le takatso e matla ea hore ke phele ka tsela ea Bokreste, ’me ke ile ka etsa qeto ea ho kōpa hore ke khanneloe thuto ea Bibele.” Hona joale Masahiko ke mosebeletsi oa nako e tletseng phuthehong ea habo.

Paki e ’ngoe ea Fora e ile ea fallela Moscow ka mosebetsi. Ha e le moo, ha ea ka ea kopana le batho ba Jehova ’me e ile ea fokola moeeng. E ile ea kopanela boitšoarong bo bobe ’me qetellong ea nyalana le motho eo e seng Paki. Eaba morali e mong oabo rōna oa Mokreste ea tsoang Fora oa e chakela ’me ba etela lehaeng la Bethele St. Petersburg, Russia. Ha e ngola e re: “Ha re le Bethele re ile ra amoheloa ka mofuthu, ’me sena se ile sa nkama maikutlo. Ho ne ho rena khotso. Ke ile ka utloa hore ho na le moea oa Jehova. Ebe ke hobane’ng ha ke ne ke entse phoso ea ho suthela hōle le mokhatlo oa Jehova? Ka mor’a hore ke etele Bethele, ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ’me ke ile ka boela ka qala ho ikemisetsa ho ruta bana ba ka Bibele.” Ho phaella thusong e ’ngoe eo e ka ’nang eaba Paki ena e neng e fokola moeeng e ile ea e fumana, e ile ea matlafatsoa haholo ke ho etela Bethele ’me ka mor’a moo ea hatela pele hantle.

Ho etela Bethele ho ka ’na ha e-ba le phello efe ho batho ba sa tsebeng ka Lipaki Tsa Jehova? Ka 1988, Alberto, ea neng ea ikakhetse ka setotsoana lipolotiking, o ile a etela Bethele ea Brazil. O ile a khahloa haholo ke bohloeki, tlhophiso le tsela eo mosebetsi o neng o etsoa ka eona pepenene. Nakoana pele Alberto a etela Bethele, o ne a ile a etela seminaring eo soare sa hae e neng e le moruti ho eona. Alberto o ile a bona phapang. Alberto o re: “Seminaring eo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e etsetsoa sekhukhung.” Nakoana ka mor’a hore a etele Bethele, o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele, a tlohela lipolotiki, ’me hona joale ke moholo ka phuthehong.

Tloo U Etele Bethele!

Batho ba bangata ba entse boikitlaetso ba ho etela ofising ea lekala naheng ea habo bona. Ka mohlala, naheng ea Brazil, Paulo le Eugenia ba ile ba boloka chelete ka lilemo tse ’nè e le hore ba ka nka leeto la matsatsi a mabeli ba tsamaea lik’hilomithara tse 3 000 ka bese ho ea bona lehae la Bethele naheng ea habo bona. Ba re: “Ha re ikoahlaee. Hona joale re se re e-na le pono e pharaletseng ka mokhatlo oa Jehova. Ha re hlalosetsa batho bao re ithutang Bibele le bona ka mosebetsi o etsoang Bethele, ka linako tse ling baa re botsa ba re, ‘Na le se le kile la fihla moo?’ Hona joale re ka ba araba ka ho re e.”

Na ho na le ofisi ea lekala kapa lehae la Bethele naheng ea heno kapa ea boahelani? Re kōpa hore u etele teng. Ruri u tla amoheloa ka mofuthu ’me u tla fumana melemo e meholo ea moea ka ho etela Bethele.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Mario

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Abel

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jeremane

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Japane

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Brazil