Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea ka Lopollang ba Hoeletsang ho Kōpa Thuso?

Ke Mang ea ka Lopollang ba Hoeletsang ho Kōpa Thuso?

Ke Mang ea ka Lopollang ba Hoeletsang ho Kōpa Thuso?

“Molimo, u fe morena liqeto tsa hao tsa boahloli . . . Etsoe o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso.”—PES. 72:1, 12.

1. Tabeng ea Davida, re ithuta’ng ka mohau oa Molimo?

MANTSOE aa ao ho bonahalang hore a ngotsoe ke Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, a khothatsa hakaakang! Lilemo tse ngata pele a a ngola, o ne a ile a ikoahlaea ka mor’a hore a etse bofebe le Bathe-sheba. Ka nako eo, Davida o ile a kōpa Molimo ka tieo a re: “Hlakola litlōlo tsa ka ho ea ka bongata ba mehauhelo ea hao. . . . Sebe sa ka se ka pel’a ka kamehla. . . . Bona! Ke ile ka tsoalloa phosong ka bohloko ba pelehi, ’Mè a nkemolela sebeng.” (Pes. 51:1-5) Kaha Jehova o mohau, o ela hloko taba ea hore re futsitse sebe.

2. Pesaleme ea 72 e ka re thusa joang?

2 Jehova oa utloisisa hore boemo ba rōna boa haula. Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe esale pele, Morena eo Molimo a mo tlotsitseng “o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” (Pes. 72:12, 13) Topollo e tla tlisoa joang? Pesaleme ea 72 e re bolella hore na e tla tlisoa joang. Pina ena e qapiloeng mabapi le borena ba mora oa Davida, Solomone, e re fa leseli la kamoo puso ea Mora oa Molimo, e leng Jesu Kreste, e tla lopolla batho matšoenyehong kateng.

Selelekela sa Puso ea Kreste

3. Solomone o ile a kōpa eng, ’me Molimo o ile a mo fa eng?

3 Ka mor’a hore a laele hore Solomone a behoe boreneng, Davida ea neng a se a hōlile o ile a mo fa litaelo tse tobileng tseo Solomone a ileng a li phethahatsa ka botšepehi. (1 Mar. 1:32-35; 2:1-3) Hamorao Jehova o ile a itlhahisa ho Solomone ka toro eaba o re: “Kōpa seo ke lokelang ho u fa sona.” Solomone o ile a kōpa ntho e le ’ngoe a re: “U fe mohlanka oa hao pelo e mamelang hore a ahlole sechaba sa hao, ho lemoha pakeng tsa botle le bobe.” Ka lebaka la kōpo ea Solomone e entsoeng ka boikokobetso, Molimo o ile a mo fa seo a neng a se kōpile a ba a mo ekeletsa ka lintho tse ling.—1 Mar. 3:5, 9-13.

4. Puso ea Solomone e ile ea hlalosoa joang ke ’musi e mong oa mehleng ea hae?

4 Ka tlhohonolofatso ea Jehova, pusong ea Solomone ho ile ha e-ba le khotso le nala e tsotehang ka ho fetisisa, eo ho seng ’muso ofe kapa ofe o kileng oa e-ba le eona lefatšeng. (1 Mar. 4:25) E mong oa batho ba ileng ba tla ho tla bona hore na puso ea Solomone e joang, e ne e le mofumahali oa Sheba hammoho le bahlanka ba hae ba bangata. O ile a re ho Solomone: “Lentsoe leo ke le utloileng naheng ea heso . . . ke ’nete . . . ke ne ke sa bolelloa le halofo. U fetisitse ka bohlale le katleho lintho tse utloiloeng.” (1 Mar. 10:1, 6, 7) Leha ho le joalo, bohlale bo boholo le ho feta bo ile ba bontšoa ke Jesu, ea ileng a ipolela ka nepo a re: “Bonang! ho hong ho fetang Solomone ho teng mona.”—Mat. 12:42.

Topollo Pusong ea Solomone e Moholo

5. Pesaleme ea 72 e senola’ng, hona e re bolella’ng esale pele?

5 Joale a re ke re hlahlobeng Pesaleme ea 72 e le hore re tsebe litlhohonolofatso tse tla ba teng pusong ea Jesu Kreste, e leng Solomone e Moholo. (Bala Pesaleme ea 72:1-4.) Pesaleme ena e senola kamoo Jehova a ikutloang kateng ka “puso ea bohosana” ea Mora oa hae, “Khosana ea Khotso,” e leng Jesu Kreste. (Esa. 9:6, 7) Ka tataiso ea Molimo, Solomone e Moholo o tla ‘buella nyeoe ea ea hlorileng ’me a pholose bara ba ea futsanehileng.’ Puso ea hae e tla ba ea khotso le ho loka. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša esale pele hore na Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete e tla finyella’ng.—Tšen. 20:4.

6. Jesu o ile a bontša joang esale pele hore na ho tla ba le litlhohonolofatso life pusong ea ’Muso?

6 Nahana ka liketso tse ling tsa Jesu Kreste tse re bontšang esale pele hore na o tla etsetsa batho eng ha Pesaleme ea 72 e phethahala. Re na le mabaka a utloahalang a ho khahloa ke qenehelo e khōlō eo a neng a e-na le eona ho batho ba neng ba le mahlomoleng. (Mat. 9:35, 36; 15:29-31) Ka mohlala, monna ea neng a tšoeroe ke lepera o ile a tla ho Jesu ’me a mo kōpa ka tieo a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a re: “Kea batla. Hloeka.” Monna eo o ile a fola! (Mar. 1:40-42) Hamorao, Jesu o ile a kopana le mohlolohali ea neng a shoetsoe ke mora ea mong too! Ka lebaka la ho “mo hauhela,” Jesu o ile a re ho mofu, “Tsoha!” eaba mora oa hae oa tsoha. O ile a boela a phela!—Luka 7:11-15.

7, 8. Lintho tse ling tse ileng tsa bontša hore Jesu o na le matla a ho folisa ke life?

7 Jehova o ile a fa Jesu matla a hore a etse mehlolo. Sena se ile sa bonahala tabeng ea “mosali e mong ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali ka lilemo tse leshome le metso e ’meli.” Le hoja “lingaka tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo hape [a] ne a sebelisitse sohle seo a nang le sona,” ha e le hantle o ne a bile mobe le ho feta. Mosali enoa o ile a kena ka har’a bongata eaba o ama Jesu ’me e ne e le tlōlo ea Molao hore motho ea neng a e-na le “lehatlelo” a etse joalo. (Lev. 15:19, 25, Bibele—Phetolelo e Ncha) Jesu o ile a hlokomela hore ho ne ho e-na le matla a neng a tsoile ho eena ’me kahoo o ile a botsa hore na ke mang ea mo amileng. Kaha mosali eo o ne ‘a tšohile ’me a thothomela, o ile a itihela fatše ka pel’a hae eaba o mo bolella ’nete eohle.’ Ha Jesu a hlokomela hore Jehova o phekotse mosali eo, o ile a ba mosa ho eena eaba o re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.”—Mar. 5:25-27, 30, 33, 34.

8 Ka matla a ho folisa ao Jesu a neng a a filoe ke Molimo, o ile a phekola ba kulang ’me e tlameha ebe bashebelli ba ile ba hlolloa. Ka mohlala, ha ho pelaelo hore batho ba bangata ba ile ba hlolloa ha ba bona Jesu a phekola batho pele ho Thuto ea hae ea Thabeng. (Luka 6:17-19) Ha Johanne Mokolobetsi a ne a romile manģosa a mabeli ho batla bopaki bo tiileng ba hore na Jesu ke Mesia, a ile a Mo fumana “a phekola ba bangata maloetse le mafu a bohloko le meea e khopo, ’me a fa batho ba bangata ba foufetseng mohau oa ho bona.” Joale, Jesu o ile a re ho manģosa ao a mabeli: “Le tlalehele Johanne seo le se boneng le seo le se utloileng: ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa, mafutsana a ntse a bolelloa litaba tse molemo.” (Luka 7:19-22) E tlameha ebe molaetsa oo o ile oa khothatsa Johanne hakaakang!

9. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e ne e le selelekela sa eng?

9 Ke ’nete hore Jesu o ile a lopolla batho mahlomoleng ka nakoana ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng. Bao a ileng a ba folisa kapa a ba tsosa ba ile ba shoa hamorao. Leha ho le joalo, mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ne a le lefatšeng, e ne e le selelekela sa topollo ea ka ho sa feleng eo batho ba tla e fumana pusong ea hae ea Bomesia.

Haufinyane Lefatše Lohle e Tla ba Paradeise!

10, 11. (a) Litlhohonolofatso tsa ’Muso li tla ba teng ka nako e kae, hona puso ea Jesu e tla ba joang? (b) Ke mang ea tla ba le Kreste Paradeiseng, hona o tla phela ka ho sa feleng haeba a etsa’ng?

10 Leka ho nahana hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng la Paradeise. (Bala Pesaleme ea 72:5-9.) Barapeli ba Molimo a le mong feela oa ’nete ba tla phela Paradeiseng hafeela letsatsi le khoeli li ntse li le teng—ha e le hantle, ka ho sa feleng! Morena Jesu Kreste o tla ba khatholla, ‘joaloka pula holim’a joang bo kutiloeng le joaloka lipula tsa melupe tse kolobisang lefatše.’

11 Ha u ntse u nahana ka phethahatso ea pesaleme ena, na tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ha e u ame maikutlo? Ka sebele moetsalibe ea neng a khokhothetsoe thupeng o ile a hlolloa ha Jesu a ne a re ho eena: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) Pusong ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete, monna eo o tla tsosoa bafung. Haeba a ikokobelletsa puso ea Kreste, o tla phela ka ho sa feleng lefatšeng a sa kule ho hang a bile a thabile.

12. Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ba sa lokang ba tsositsoeng ba tla ba le monyetla ofe?

12 Pusong ea Solomone e Moholo, e leng Jesu Kreste, “ea lokileng o tla atleha.” (Pes. 72:7) Ka nako eo, Kreste o tla bontša hore o rata batho haholo ebile o ba tsotella haholo, feela joalokaha a ile a etsa ha a ne a le lefatšeng. Lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisang, le bona batho “ba sa lokang” ba tla tsosoa, ba fuoe monyetla o thabisang oa hore ba lumellane le melao ea Jehova ’me ba phele. (Lik. 24:15) Ha e le hantle, batho ba tla hana ho lumellana le seo Molimo a se batlang, ba ke ke ba lumelloa ho tsoela pele ba phela ebe ba senya khotso le khutso ea lefatše le lecha.

13. Puso ea ’Muso e tla ba khōlō hakae, hona ke hobane’ng ha ho se mohla khotso ea eona e tla senngoa?

13 Taba ea hore puso ea Solomone e Moholo e tla tlala lefatše lohle e bontšoa ka mantsoe ana: “O tla ba le bafo ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng le ho tloha Nōkeng [ea Eufrate] ho ea lipheletsong tsa lefatše. Baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla inama ka pel’a hae, lira tsa hae li tla nyeka lerōle.” (Pes. 72:8, 9) Ha ho pelaelo hore Jesu Kreste o tla busa lefatše lohle. (Zak. 9:9, 10) Ba ananelang puso ea hae le litlhohonolofatso tsa eona ba tla “inama” ka boikokobetso bo tlohang botebong ba pelo. Ka lehlakoreng le leng, ka tsela ea tšoantšetso baetsalibe ba sa bakeng ba tla khaoloa, le haeba ba le “lilemo li lekholo.” (Esa. 65:20) Ba tla “nyeka lerōle.”

Jesu oa re Qenehela

14, 15. Re tseba joang hore Jesu o utloisisa kamoo batho ba ikutloang kateng le hore “o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso”?

14 Batho ba baetsalibe ba boemong bo haulang ’me ba hloka thuso e le kannete. Empa re na le tšepo. (Bala Pesaleme ea 72:12-14.) Jesu, Solomone e Moholo, oa re qenehela hobane oa utloisisa hore ha rea phethahala. Ho feta moo, Jesu o ile a utloa bohloko ka lebaka la ho loka, ’me Molimo o ile a lumella hore a tobane le liteko a le mong. Ka sebele, Jesu o ile a tšoenyeha haholo maikutlong hoo “mofufutso oa hae [o ileng] oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše”! (Luka 22:44) Hamorao, ha a ne a le thupeng ea tlhokofatso o ile a hooa a re: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” (Mat. 27:45, 46) Jesu o ile a tšepahala ho Jehova Molimo ho sa tsotellehe lintho tsohle tse ileng tsa mo utloisa bohloko le boiteko bo matla boo Satane a ileng a bo etsa ho leka ho mo susumelletsa hore a furalle Jehova.

15 Re ka kholiseha hore Jesu o bona bohloko boo re bo utloang ’me “o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi.” Kaha Jesu o na le kameho e lerato joaloka Ntate oa hae, o tla “mamela mafutsana” ebile o tla “folisa ba robehileng lipelo, [a tlamise] maqeba a bona a bohloko.” (Pes. 69:33; 147:3) Jesu a ka “utloela mefokolo ea rōna bohloko,” etsoe o ‘lekiloe ka litsela tsohle joaloka rōna.’ (Baheb. 4:15) Ho hotle hakaakang ho tseba hore hona joale Morena Jesu Kreste oa busa leholimong le hore o labalabela ho lopolla batho ba utloang bohloko!

16. Ke hobane’ng ha Solomone a ne a utloela bafo ba hae bohloko?

16 Kaha Solomone o ne a le bohlale a bile a e-na le temohisiso, ha ho pelaelo hore o ne a hlile a “utloela ea tlaase bohloko.” Ntle ho moo, bophelo ba hae bo ne bo tletse liketsahalo tse sithabetsang le tse utloisang bohloko. Mor’abo, e leng Amnone, o ile a beta khaitseli ea hae Tamare ’me moholoane oa Solomone, e leng Absalome, a re Amnone a bolaeloe tlōlo eo ea molao. (2 Sam. 13:1, 14, 28, 29) Absalome o ile a iphamolela terone ea Davida, empa teko ena ea ho phethola ’muso e ile ea hlōleha, eaba Absalome o bolaoa ke Joabe. (2 Sam. 15:10, 14; 18:9, 14) Hamorao, mor’abo Solomone ea bitsoang Adonija o ile a leka ho inkela borena. Hoja o ne a ile a atleha, ha ho pelaelo hore Solomone a ka be a ile a bolaoa. (1 Mar. 1:5) Taba ea hore Solomone o ne a utloisisa mahlomola a batho e hlakisoa ke seo a ileng a se bua thapelong ha ho ne ho khakoloa tempele ea Jehova. Mabapi le bafo ba hae, morena o ile a rapela a re: “E mong le e mong o tseba lefu la hae le bohloko ba hae . . . [Jehova] u tšoarele ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsohle tsa hae.”—2 Likron. 6:29, 30.

17, 18. Bahlanka ba bang ba Molimo ba ile ba tlameha ho loana le lintho life tse utloisang bohloko, hona ke eng e ba thusitseng hore ba etse joalo?

17 ‘Bohloko ba rōna’ bo ka ’na ba bakoa ke liketsahalo tse itseng tse ileng tsa re hlahela nakong e fetileng. Mary, * eo e leng Paki ea Jehova e lilemo li ka holimo ho 30, oa ngola o re: “Ke na le mabaka ’ohle a hore ke thabe, empa ha ke nahana ka bophelo ba ka ba nakong e fetileng kea soaba ebile ke utloa bohloko. Ke soaba haholo, ’me hangata kea lla, joalokaha eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetse maobane. Lintho tse ka kelellong ea ka tseo ho leng thata hore ke li lebale, li sa ntse li etsa hore ke ikutloe ke se na thuso ke bile ke le molato.”

18 Bahlanka ba bangata ba Molimo ba ka utloisisa hore na ho joang ho ba le maikutlo ao, empa ke’ng e ka ba fang matla a hlokahalang e le hore ba ka mamella? Mary o re: “Hona joale ntho e etsang hore ke thabe ke metsoalle ea ’nete le bara le barali beso ka phuthehong. Ke boetse ke nahana ka seo Jehova a tšepisang hore o tla se etsa nakong e tlang, ’me ke kholisehile hore mehoo ea ka e kōpang thuso e tla fetoloa mehoo ea thabo.” (Pes. 126:5) Re lokela ho beha tšepo ea rōna tokisetsong eo Molimo a e entseng ka Mora oa hae, e leng ’Musi eo a mo khethileng. Mabapi le eena ho ile ha boleloa esale pele ha thoe: “O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.” (Pes. 72:13, 14) Seo se khothatsa hakaakang!

Re Lebeletse Lefatše le Lecha la Nala

19, 20. (a) Joalokaha ho bontšitsoe Pesalemeng ea 72, puso ea ’Muso e tla rarolla bothata bofe? (b) Tlotla e khōlō e lokela ho lebisoa ho mang mabapi le puso ea Kreste, hona u ikutloa joang ka seo e tla se finyella?

19 Leka hape hore u bone ka kelello bokamoso ba batho ba lokileng lefatšeng le lecha la Molimo pusong ea Solomone e Moholo. Re tšepisoa hore “ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.” (Pes. 72:16) Kaha ha hoa tloaeleha hore lijo-thollo li lengoe litlhōrōng tsa lithaba, mantsoe ana a hatisa kamoo lefatše le tla ntša chai kateng. Lihlahisoa tsa lona “li tla ba joaloka Lebanone,” e leng sebaka seo chai ea sona e neng e le khōlō haholo pusong ea Solomone. Nahana feela! Ha ho sa tla ba le likhaello tsa lijo, motho ea sa fepehang hantle ’meleng le motho ea lapileng! Ka nako eo bohle ba tla thabela “mokete oa lijo tse nang le oli e ngata.”—Esa. 25:6-8; 35:1, 2.

20 Ke mang ea tla tlotlisoa ka litlhohonolofatso tsee tsohle? Tlotla e khōlō e tla lebisoa ho Jehova Molimo, Morena oa ka ho sa Feleng le ’Musi oa Bokahohle. Ha e le hantle, ka nako eo kaofela ha rōna re tla kopanela karolong ena e qetellang ea pina ena e monate le e khathollang e reng: “Lebitso la hae [la Morena Jesu Kreste] le ke le be teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang; lebitso la hae le be leholo ka pel’a letsatsi, ba ke ba itlhohonolofatse ka eena; lichaba tsohle li ke li phatlalatse hore o thabile. Ho bokoe Jehova Molimo, Molimo oa Iseraele, ea etsang mesebetsi e hlollang a le mong. Ho bokoe lebitso la hae le khanyang ho isa nakong e sa lekanyetsoang, khanya ea hae e tlale lefatšeng lohle. Amen le Amen.”—Pes. 72:17-19.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Lebitso le fetotsoe.

U ka Araba Joang?

Pesaleme ea 72 e ile ea fana ka selelekela sefe sa boprofeta?

• Solomone e Moholo ke mang, hona puso ea hae e tla ba khōlō hakae?

• Ke eng e u khahlang ka ho khetheha har’a litlhohonolofatso tse boletsoeng esale pele Pesalemeng ea 72?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Nala e neng e le teng pusong ea Solomone e ne e le selelekela sa eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Re lokela ho ikitlaelletsa hore re fumane bophelo Paradeiseng pusong ea Solomone e Moholo