Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O re Hlomphile ka ho re fa Tokelo ea Hore re Ikhethele

O re Hlomphile ka ho re fa Tokelo ea Hore re Ikhethele

Atamela ho Molimo

O re Hlomphile ka ho re fa Tokelo ea Hore re Ikhethele

2 MARENA 18:1-7

BATSOALI ba lokela ho behela bana ba bona mohlala o motle. Tšusumetso e ntle eo batsoali ba bang le eona ho bana ba bona e ka ba thusa hore ba be le litšobotsi tse ntle ba be ba etse liqeto tse bohlale bophelong. Ka masoabi, batsoali ba bangata ha ba behele bana ba bona mohlala o motle. Na seo se bolela hore bana bao ba ke ke ba atleha bophelong? Karabo re e fumana ’neteng e khothatsang haholo, ea hore Jehova Molimo o re hlomphile ka ho re fa tokelo ea hore re ikhethele. Nahana ka pale ea Ezekiase, e fumanoang ho 2 Marena 18:1-7.

Ezekiase e ne e le “mora oa Akaze morena oa Juda.” (Temana ea 1) Akaze o ile a etsa hore bafo ba hae ba furalle borapeli bo hloekileng ba Jehova. Morena enoa ea khopo o ne a latela borapeli ba Baale, a bile a etsa litšebeletso tsa bona tsa ho etsa mahlabelo ka batho. O ile a ba a etsa hore mora a le mong kapa ba ’maloa babo Ezekiase ba bolaoe. Akaze o ile a koala menyako ea tempele eaba “o iketsetsa lialetare sekhutlong se seng le se seng Jerusalema.” O ile a “siteloa Jehova.” (2 Likronike 28:3, 24, 25) Ha ho pelaelo hore ntate oa Ezekiase o ne a le liketso li mpe ka ho fetisisa. Empa na seo se ne se bolela hore joang kapa joang Ezekiase le eena o tla latela liphoso tsa ntate oa hae?

Hang ha Ezekiase a qeta ho hlahlama ntate oa hae, Akaze, boreneng, ka potlako feela o ile a bontša hore o ne a sa tl’o latela mohlala o mobe oa ntate oa hae. Ezekiase o ile “a tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” (Temana ea 3) Ezekiase o ne a tšepa Jehova ’me “ha hoa ka ha e-ba le ea mong ea tšoanang le eena har’a marena ’ohle a Juda.” (Temana ea 5) Selemong sa hae sa pele sa ho busa, morena eo e monyenyane o ile a qala ho tlisa phetoho borapeling ba ’nete ka hore a tlose libaka tse phahameng, moo litšoantšo tsa bohetene li neng li rapelloa hona teng. Tempele e ile ea buloa hape eaba ho tsosolosoa borapeli bo hloekileng. (Temana ea 4; 2 Likronike 29:1-3, 27-31) Ezekiase o ile “a ’na a khomarela Jehova . . . , Jehova a ba le eena.”—Temana ea 6, 7.

Ke eng e ileng ea etsa hore Ezekiase a se ke a tšoaetsoa ke mohlala o mobe oa ntate oa hae? Na ebe mohlomong ’mè oa hae, Abija—eo ho sa tsejoeng ho hongata ka eena—o ile a behela mora eo oa hae mohlala o motle? Kapa na ebe mohlala o motle oa Esaia, ea ileng a qala mosebetsi oa hae oa ho profeta pele Ezekiase a hlaha, o ile oa susumetsa khosana ee e nyenyane? * Bibele ha e bolele. Ho sa tsotellehe hore na o thusitsoe ke eng, ’nete ea sala: Ezekiase o ile a khetha ho latela tsela e fapaneng ka ho feletseng le ea ntate oa hae.

Mohlala oa Ezekiase o khothatsa haholo ho motho leha e le ofe eo bonyenyaneng ba hae lintho li neng li sa tsamaee hantle ka lebaka la mohlala o mobe oa batsoali. Tse fetileng li ke ke tsa fetoloa; re ke ke ra hlakola lintho tse bohloko tse etsahetseng nakong e fetileng. Empa liketsahalo tseo ha li bolele hore joang kapa joang re tla hlōleha bophelong. Re ka iketsetsa liqeto hona joale tse ka etsang hore nakong e tlang re thabe. Joaloka Ezekiase, re ka khetha ho rata Molimo oa ’nete, Jehova, le ho mo sebeletsa. Seo se tla etsa hore re be ba khotsofetseng hona joale ebile se ka etsa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Re lokela ho leboha Molimo ea lerato hakaakang, ea fileng e mong le e mong oa rōna mpho ee e babatsehang ka ho fetisisa—e leng ea ho ikhethela!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Esaia o ile a profeta ho tloha ka selemo sa 778 B.C.E. ho fihlela neng-neng ka mor’a selemo sa 732 B.C.E. Ezekiase o ile a qala ho busa ka selemo sa 745 B.C.E., ha a ne a le lilemo li 25 feela.