Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlang re Neng re le Lebōpong la Leoatle

Mohlang re Neng re le Lebōpong la Leoatle

Lengolo le Tsoang Grenada

Mohlang re Neng re le Lebōpong la Leoatle

HAEBA u ne u ka fuoa kabelo ea hore u sebeletse u le moromuoa naheng e ’ngoe, thabo e ne e tla etsa hore u ikutloe u tatetse ho ea moo. Joaloka ngoana ea tonneng mahlo, ea labalabelang ho tseba ho itseng, u tla labalabela ho tseba hore na batho ba moo ba joang, sebaka sa teng se joang haesita le hore na ebe ke lintho life tseo u tla kopana le tsona tšebeletsong eo.

Ha re ne re abeloa ho ea Grenada le mosali oa ka, e leng sebaka se setle haholo se moeling oa mabōpo a ka bang 45 a leoatle, re ile ra ipotsa hore na ebe ho tla ba joang ho ba mabōpong ao. Ka mor’a nakoana feela re ile ra thabela ho qeta letsatsi re le ho le leng la ’ona, empa re ne re sa thabisoa hakaalo ke letsatsi le chabileng hamonate le ho bapalla maqhubung, re ne re thabisitsoe ke batho.

Ho tloha moo re lulang teng Grenada ho ea Lebōpong la Grand Anse ke nako e khutšoanyane haholo—empa re feta libakeng tse botle bo tsotehang! Tsela e eang teng e methinya e mengata, e leng ntho e re fang monyetla oa hore re bone libaka tsena tse ntle ka ho fetisisa. Maralla a teng a koahetsoe ke limela tse tala. Hoo e ka bang mothinyeng o mong le o mong re bona lithaba, meru e metalana, liphororo le botle bo hlollang ba leoatle leo re le bonelang tlaasana mane. Hase feela bahahlauli ba tsoang likhutlong tse ’nè tsa lefatše ba etelang mona! Botle bo mona bo hlolla hoo moqhobi oa koloi a lokelang ho ba hlokolosi hore mahlo a hae a lule a le ka tseleng. Ho na le moo litsela tsena tse methinya li leng tšesaane hoo e leng mohlolo hore ebe likoloi ha li thulane ha li fetana.

Joale re fihla Convention Trade Center, e pel’a tsela Lebōpong la Grand Anse. Ka mor’a nakoana, sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova sa batho ba ka bang 600, se se se bokane hammoho ho thabela botsoalle le ho tla fuoa thupelo ea Bibele. Lena e ne e le letsatsi la bohlokoa haholo ho Lesley le Daphne, e leng banyalani ba ka holingoana ho lilemo tse 70. Lesley o ne a tlil’o kolobetsoa. Ke khale Daphne a labalabela ho bona letsatsi lena, kaha eena o ile a kolobetsoa ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka 1958.

Ho Lipaki, ho kolobetsoa—ka hore motho a qoelisoe metsing—ke ntho ea bohlokoa haholo. Ke bohato boo motho a bo nkang ha a se a e-na le tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele ’me a e sebelisa bophelong ba hae. Ke pontšo eo motho a e etsang phatlalatsa ho bontša hore o inehetse ho Jehova Molimo.

Ke ne ke kōpuoe hore ke fane ka puo e hlalosetsang batho hore na Mangolo a re’ng ka kolobetso. Ha puo e fela, Lesley o ile a ema hammoho le ba bang ba babeli bao le bona ba neng ba tlil’o kolobetsoa. O ne a apere hempe e tšoeu e terekuoeng hantle, a fasitse thae, a bile a ntse a bososela. Ke ile ka botsa: “Na u baketse libe tsa hao ’me u inehetse ho Jehova ho etsa thato ea hae?” U ne u ka ikutloela hore eena le ba bang ba ne ba hlile ba tiile ba bile ba inehetse ka hohle ha ba araba ka “E!” e tsoang botebong ba pelo.

Ke ile ka ameha pelo ha ke nahana ka lintho tse entseng hore Lesley a qetelle a kolobelitsoe. O ne a le leqe ho ithuta Bibele ka lilemo tse ngata. Joale ka lekhetlo le leng a etela sehlekehlekeng se seng le mosali oa hae. Ha ba le moo ba ile ba etsa qeto ea hore e mong le e mong o tla ea bolumeling ba hae. Lesley o ile a re ho Daphne: “E-ea kerekeng ea hao le ’na ke tla ea ho ea ka.”

Lesley o ile a siea Daphne Holong ea ’Muso eaba eena o ea kerekeng ea Chache e ntseng e le sebakeng seo. Ha kereke e tsoa, Lesley o ile a khutlela Holong ea ’Muso ho ea lata mosali oa hae. Ha a fihla holong o ile a pota-potoa ke batho ba mosa le ba botsoalle ba ileng ba mo amohela ka mofuthu, le hoja ba ne ba qala ho kopana le eena. Seo se ile sa ama Lesley. Kerekeng ea hae ho ne ho se motho ea ileng a re letho ho eena. Lesley o ile a re ho Daphne: “Nkeke ka hlola ke le beha kerekeng eno. Ha ho na motho leha a le mong ea ileng a leka ho bua le ’na, esita le eena moruti. Ha ho na motho ea ileng a ntumelisa. Ke kene ka ba ka tsoa ho se ea mpuisang.” Ha Lesley a ne a tsoa kerekeng moo, e ne e le ha a tsoela ruri.

Ka mor’a moo, Lesley o ile a qala ho ithuta Lentsoe la Molimo a tiile. Joale o ne a se a loketse hore a ka kolobetsoa. Ba il’o kolobetsoa ba ile ba ea lebōpong la leoatle, eaba re ba sala morao. Kaha leoatle le ne le le haufi, ho ne ho sa hlokahale hore re etse letamo la kolobetso joalokaha ho etsoa likopanong tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova. Mona teng re ile ra tšela tsela feela ho ea leoatleng.

Lebōpo la Grand Anse ke sebaka se setle se lehlabathe le lesoeu, se bolelele ba lik’hilomithara tse tharo ’me metsi a teng a maputsoa a lula a futhumetse selemo ho pota. Bahahlauli ba ile ba bonahala ba maketse ha ba bona sehlopha sa rōna se fihla lebōpong, sa banna ba apereng lihempe, ba fasitseng lithae le basali ba tenneng mese ea sefuba kapa ea letheka. Lesley o ne a se a apere sekipa le borikhoe bo bokhutšoaane. U se u ka inahanela feela hore na Daphne o ne a ikutloa joang ha a bona monna oa hae a kolobetsoa lilemong tse 50 ka mor’a hore eena a kolobetsoe! Letsatsi la motšehare le ne le khanya ’me le sefahleho sa hae le sona se ne se khanya ke thabo. Bahahlauli le bona ba ile ba thaba hammoho le rōna. Le bona ba ne ba opa liatla ha motho a qeta ho kolobetsoa.

Lebōpo lena le se le ntse le tlotlisa ’Mōpi ka maholimo a maputsoa, lehlabathe le lesoeu hammoho le maqhubu a iketlileng. Joale ’Mōpi o ile a tlotlisoa le ho feta ha batho ba bararo ba qetang ho kolobetsoa ba tsoa ka metsing. Ba ile ba re thabisa haholo ho feta botle ba sebaka sena. Ka sebele letsatsi lena le ne le ikhetha. Ho Lesley le Daphne, letsatsi lena leo ka lona re neng re le lebōpong la leoatle e ne e le la bohlokoa ka ho fetisisa.