Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lilemo Tse 500 Tsa Thuto ea Calvin—Li Finyeletse Eng?

Lilemo Tse 500 Tsa Thuto ea Calvin—Li Finyeletse Eng?

Lilemo Tse 500 Tsa Thuto ea Calvin—Li Finyeletse Eng?

JEAN CAUVIN (John Calvin) o hlahetse Noyon, Fora, ka 1509. Ke eena mothehi oa tumelo e ileng ea phetha karolo e khōlō bophelong ba batho ba bangata Europe, Linaheng Tsa Amerika, Afrika Boroa le libakeng tse ling. O nkoa e le e mong oa Bafetoheli ba ka sehloohong ba lithuto tsa kereke e K’hatholike historing ea Linaha Tsa Bophirimela.

Kajeno, lilemong tse ka bang 500 ka mor’a hore Thuto ea Calvin e thehoe, e ntse e le eona eo litumelo tse ngata tsa likereke tsa Prostanta li itšetlehileng ka eona, tse kang Kereke ea Reformed, ea Presbitheri, ea Congregational, ea Maphurithane le tse ling. Ka khoeli ea September selemong se fetileng, mokhatlo oa World Alliance of Reformed Churches o ile oa tlaleha hore o na le balateli ba limilione tse 75 linaheng tse 107.

Ho ba Khahlanong le Bok’hatholike

Ntate oa Calvin e ne e le ’muelli oa molao ebile e le mongoli oa kereke e K’hatholike, Noyon. Mohlomong ka lebaka la mosebetsi oa hae, o ne a bona boitšoaro bo bobe bo neng bo atile ho baruti ba mehleng eo ea hae. Ha ho tsebahale hantle hore na sena se ile sa etsa hore ntate oa John hammoho le moholoane oa hae ba belaele kapa ba qetelle ba sa hlomphe kereke kapa che, empa ha nako e ntse e e-ea ba ile ba khaoloa kerekeng. Ha ntate oa John a hlokahala, John o ile a fumana bothata ha a lokela ho mo pata ka tsela ea Bokreste. Mohlomong sena ke sona se ileng sa etsa hore John a se ke a tšepa Kereke e K’hatholike le ho feta.

Libuka tse ngata ha li bue hakaalo ka Calvin ha a sa le mocha ntle le hore feela ke motho ea neng a le lihlong a bile a thōtse. Esita le moo a neng a kena sekolo teng Paris, Orléans le Bourges, ho bonahala a ne a se na metsoalle e mekaalo. Empa o ne a le hlooho e bonolo a bile a le kelello e chatsi. Ka lebaka la sena, le taba ea hore o ne a sebetsa ka thata—a ithuta ho tloha hoseng ka hora ea bohlano ho fihlela har’a mp’a bosiu—o ile a fumana lengolo la doctorate thutong ea molao le pele a e-ba lilemo li 23. O ile a ba a ithuta Seheberu, Segerike le Selatine e le hore a ithute Bibele. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Calvin a neng a tsebahala ka eona ke hore e ne e le motho ea nkang lintho ka botebo le ea nang le mekhoa e metle mosebetsing, e leng litšobotsi tseo le mehleng ena batho ba bangata ba ntseng ba li amahanya le balateli ba Thuto ea Calvin.

Nakong eona eo Jeremane, eo e neng e le naha ea boahelani, Martin Luther o ile a nyatsa Kereke e K’hatholike phatlalatsa ka hore e tletse bobolu le hore lithuto tsa eona ha lia thehoa Bibeleng. Ntho e tummeng ke ea hore e ka ’na eaba ke eena ea ileng a kokotella litletlebo tsa hae tse 95 lemating la kereke e Wittenberg ka 1517, a khothalletsa kereke hore e etse liphetoho. Batho ba bangata ba ile ba lumellana le Luther, eaba ka potlako Bofetoheli khahlanong le lithuto tsa K’hatholike bo tlala hohle Europe. Ho hlakile hore sena se ile sa etsa hore ho be le khanyetso e khōlō libakeng tse ngata, e leng ho neng ho bolela hore baipelaetsi, kapa Maprostanta, ba ne ba beha bophelo ba bona kotsing haeba ba ntša maikutlo a bona. Ka 1533, Nicholas Cop motsoalle oa Calvin, o ile a fana ka puo e tšehetsang Luther, Paris, ’me kaha Calvin ke eena ea neng a mo thusitse ho e ngola, ba ile ba lokela hore ka bobeli ba balehe e le hore ba se ke ba bolaoa. Calvin ha aa ka a hlola a khutlela Fora ho ea lula teng.

Ka 1536, Calvin o ile a hatisa Institutes of the Christian Religion, e leng buka ea lithuto tsa motheo tsa tumelo ea Boprostanta. O ile a e romella Morena Francis I e le ha a buella Maprostanta a Fora, ao hamorao a ileng a tsejoa e le Mahuguenot. Calvin o ile a hanyetsa lithuto tsa K’hatholike ka matla a ba a lula a khomaretse thutong ea motheo ea tumelo ea hae—e leng bobusi ba Molimo. Ntle le hore buka eo ea Calvin ea Institutes e ile ea e-ba le tšusumetso e khōlō litabeng tse itseng tsa bolumeli, e tsebahala hape ka hore e ile ea e-ba le tšusumetso e itseng puong ea Sefora le tseleng eo se ngoloang ka eona. Calvin o ile a thoholetsoa ka hore ke e mong oa Bafetoheli ba ka sehloohong. Qetellong o ile a aha Geneva, Switzerland, ’me ho tloha ka 1541, o ile a etsa hore motse oo e be khubu ea liphetoho tsa hae.

Ho Susumelletsa Batho ba Geneva Hore ba Fetohe

Calvin o ile a ba le tšusumetso e khōlō bathong ba Geneva. Encyclopedia of Religion e re kaha o ne a e-na le boitšoaro bo botle a bile a lokile, o ile a fetola Geneva eo e neng e le “motse o neng o tumme hampe, hore e be motse oo batho bohle ba teng ba behetsoeng melao e metle ea boitšoaro.” Ho ile ha boela ha e-ba le liphetoho tse ling. Dr. Sabine Witt, mookameli oa German Historical Museum ea Berlin, o re: “Ka lebaka la lintoa tsa bolumeli Fora, palo ea baahi [ba Geneva] e ile ea imena habeli lilemong tse ’maloa feela ka mor’a hore baphaphathehi ba likete ba Maprostanta ba balehele teng.” Kaha Mahuguenot a ne a e-na le mekhoa e metle mosebetsing joaloka Calvin, a ile a hōlisa moruo oa motse oo, a etsa hore Geneva e be setsi sa khatiso le moo ho etsoang lioache.

Baphaphathehi ba tsoang linaheng tse ling le bona ba ile ba balehela Geneva, ho akarelletsa le ba bangata ba tsoang Engelane, moo Maprostanta a neng a le kotsing ka lebaka la Mofumahali Mary I. Macalvin, ao boholo a neng a entsoe ka batho ba seng bakae ba balehileng naheng ea habo bona, a ile a theha seo koranta ea bolumeli e bitsoang Christ in der Gegenwart (Mokreste oa Kajeno) e reng ke “thuto ea bolumeli ea ba hlorisitsoeng.” Ka 1560 baphaphathehi ba ile ba hatisa Bibele e bitsoang Geneva Bible, e leng eona ea pele ea Senyesemane e arotsoeng ka litemana. Ka lebaka la hore Bibele ena e ne e le nyenyane hantle, e ile ea nolofalletsa batho hore ba ithute Lentsoe la Molimo ka bomong. Mohlomong Bibele ena ke eona e ileng ea nkoa ke Maphurithane ha a ne a fallela Amerika Leboea ka 1620.

Leha ho le joalo, Geneva ha ea ka ea e-ba setšabelo sa motho e mong le e mong. Michael Servetus ea hlahetseng Spain ka 1511, o ile a ithuta Segerike, Selatine, Seheberu le bongaka ’me e ka ’na eaba o ile a kopana le Calvin ha ba ne ba le sekolong Paris. Ha Servetus a ntse a ithuta Bibele, o ile a hlokomela hore thuto ea Boraro-bo-bong e ne e sa thehoa Mangolong. O ile a leka ho ngolla Calvin ka taba ena, empa Calvin eena a nka Servetus e le sera sa hae. Ka lebaka la hore Servetus o ne a hlorisoa ke Mak’hatholike Fora, o ile a balehela Geneva, motseng oa Calvin. Ho e-na le hore a amoheloe ka mofuthu, o ile a tšoaroa, a qosoa ka hore ke mokhelohi, eaba o chesetsoa thupeng ka 1553. Rahistori Friedrich Oehninger, o re: “Le kajeno polao ea Servetus e ntse e nkoa e le sekhobo bophelong ba motho eo ea neng a nkoa e le Mofetoheli e moholo [Calvin] le linthong tseo a li entseng.”

Calvin o ile a etsa mosebetsi o moholo ha a ntse a le letšolong la hae la ho etsa liphetoho. Ho boleloa hore o ile a ngola libuka tse fetang 100 tseo ho ka etsoang lipatlisiso ho tsona le mangolo a fetang 1 000, a ba a fana ka lipuo tse ka bang 4 000 Geneva. Nakong ena eohle, Calvin ha aa ka a fana ka maikutlo a hae feela a hore na Bokreste bo lokela ho ba joang, empa o ile a etsa ka hohle hore a susumetse Bakreste hore ba phele ka tsela eo a nahanang hore ba lokela ho phela ka eona, haholo-holo Geneva, e leng motse oo a neng a o nka e le motse oa Molimo. *

Calvin o finyeletse eng Geneva ka boiteko ba hae bo matla ba ho batla liphetoho? Ho latela Lekala la ’Muso la Lipalo-palo Switzerland, ka 2000, ke batho ba ka etsang liphesente tse 16 feela ba Geneva ba neng ba kena Kereke ea Reformed (ea Thuto ea Calvin), ebile ho na le Mak’hatholike a mangata ho feta Macalvin motseng oo.

Likarohano Tsa Bolumeli Lia Eketseha

Ka lebaka la Bofetoheli khahlanong le lithuto tsa K’hatholike, motse ka mong esita le liprofinse li ile tsa phatlalatsa hore na li tšehetsa bolumeli bofe ho Bok’hatholike, Bolutere kapa Bocalvin ’me seo se ile sa etsa hore ho be le likarohano tse khōlō Europe ka lebaka la bolumeli. Le hoja Bafetoheli ba ne ba le ntsoe leng ha ba tšoaea Kereke e K’hatholike liphoso, ba ne ba e-na le likhohlano ka bo bona. Dr. Witt, ea ileng a qotsoa pejana, o re: “Ho se lumellane lithutong tsa bolumeli ho ile ha e-ba teng esita le har’a Maprostanta ka booona.” Le hoja kaofela a ne a lumela hore Bibele e lokela hore e be eona motheo oa tumelo ea Bokreste, a ne a hanyetsana haholo lithutong tse ling tsa ’ona. Khang e ileng ea hlahella ka potlako e bile ea hore na Lijo Tsa Shoalane li bolela’ng hammoho le ho ba teng ha Kreste. Ha nako e ntse e e-ea, Thuto ea Calvin e ile ea hlaha ka thuto e ’ngoe eo ho phehisanoang khang haholo ka eona: ea hore motho o reretsoe qetello esale pele.

Ho ne ho phehisanoa khang haholo ka hore na ha e le hantle ho rereloa qetello esale pele ho bolela’ng. Sehlopha se seng sa Macalvin se ne se re le pele batho ba etsa sebe, Molimo o ne a se a entse qeto ea hore batho ba seng bakae ba khethiloeng ba tla pholosoa ka Kreste, athe ba bang kaofela bona ba ke ke ba pholosoa. Ka hona, sehlopha sena se ne se lumela hore ke Molimo ea etsang qeto ea hore na ke bo-mang ba tla pholosoa, se bile se lumela hore batho ha ba lekane. Macalvin a mang ’ona a ne a lumela hore motho e mong le e mong o na le monyetla oa ho pholosoa le hore ke motho ea ka ikhethelang hore na o batla ho pholosoa kapa che. Sena se ne se bolela hore ho pholosoa ke khetho ea motho. Ho fihlela nako e telele ka mor’a hore Calvin a shoe, Macalvin a ile a ’na a ferekana ka litaba tse kang qeto eo Molimo a e etsetsang batho, boikhethelo ba motho le ho lekana ha menyetla e bulehetseng batho.

Lefa le Lebe le Siiloeng ke Thuto ea Calvin

Lekholong la bo20 la lilemo, Kereke ea Dutch Reformed ea balateli ba Calvin e ile ea etsa thuto ea eona ea ho rereloa qetello esale pele motheo oa khethollo ea ’mala Afrika Boroa. Ha Nelson Mandela, e leng mopresidente oa pele oa motho e motšo Afrika Boroa, a ne a bua ka taba ea ’muso o neng o re batho ba basoeu ba phahametse ba batšo, o ile a re: “Taba ena e ile ea tšehetsoa ke Kereke ea Dutch Reformed, e ileng ea tšehetsa apareteiti ka thuto ea eona ea hore Maafrikanere ke moloko o khethiloeng ke Molimo ha batho ba batšo bona e le libōpuoa tse lokelang ho hatelloa. Ho latela Maafrikanere, kereke e ne e lumellana le apareteiti.”

Ka bo-1990, Kereke ea Dutch Reformed e ile ea kōpa tšoarelo phatlalatsa ka ho tšehetsa apareteiti. Boipolelong ba bona ba molao bo bitsoang Rustenburg Declaration, baeta-pele ba kereke ba ile ba re: “Ba bang ba rōna re ile ra sebelisa Bibele hampe hore re tšehetse apareteiti, ra etsa hore batho ba bangata ba lumele hore Molimo oa e tšehetsa.” Ka lilemo tse ngata, taba ea hore kereke e ne e tšehetsa apareteiti e ile ea bakela batho mahlomola ka lebaka la khethollo ea ’mala, ea ba ea fana ka maikutlo a hore Molimo o ne a le molato!

John Calvin o ile a shoela Geneva ka 1564. Ho tlalehoa hore pele a shoa, o ile a leboha litho tsa kereke ea hae “hore ebe li ile tsa hlompha hakana motho eo ha e le hantle a neng a sa tšoaneloe ke tlhompho e kaalo,” a ba a kōpa tšoarelo ka bofokoli ba hae ba ho hloka mamello le ho ba bohale. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore mokhoa oa ho etsa lintho oa Maprostanta—o bonahalang ka ho sebetsa ka thata, ho itšoara le ho ikitlaetsa mosebetsing—o tšoana hantle le oa John Calvin.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, leqepheng la 321-325, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ka lebaka la Bofetoheli khahlanong le lithuto tsa K’hatholike, motse ka mong esita le liprofinse li ile tsa phatlalatsa hore na li tšehetsa bolumeli bofe ho Bok’hatholike, Bolutere kapa Bocalvin ’me seo se ile sa etsa hore ho be le likarohano tse khōlō Europe ka lebaka la bolumeli

[’Mapa o leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SPAIN

FORA

PARIS

Noyon

Orléans

Bourges

SWITZERLAND

GENEVA

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Buka ea Calvin ea “Institutes” (1536) e ile ea fana ka lithuto tsa motheo tsa tumelo ea Prostanta

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© INTERFOTO/​Alamy

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Polao ea Servetus e sa le sekhobo bophelong ba Calvin le linthong tseo a li entseng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Mary Evans Picture Library

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

“Geneva Bible” (1560) ke eona Bibele ea pele ea Senyesemane e arotsoeng ka litemana

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy American Bible Society

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

French town: © Mary Evans Picture Library