Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebeletsa Molimo Nakong ea Keketseho e Babatsehang

Ho Sebeletsa Molimo Nakong ea Keketseho e Babatsehang

Ho Sebeletsa Molimo Nakong ea Keketseho e Babatsehang

Joalokaha ho boletse Harley Harris

E ne e le ka la 2 September, 1950, sebakeng sa Kennett, Missouri, U.S.A. Re ne re le kopanong ea potoloho, re pota-potiloe ke mokhopi. Ramotse o ile a bitsa Lebotho la Tšireletso e le hore le tl’o re sireletsa mokhoping oo o neng o tsoile taolong. Masole a neng a ntšitse lithunya le lithunya tse nang le lithipa, a ne a kolokile seterateng. Le hoja re ne re ntse re hlapaoloa, re ile ra ea likoloing tsa rōna, ’me ra ea Cape Girardeau, Missouri, e le hore re fumane karolo e setseng ea lenaneo la kopano. Ke hona moo ke ileng ka kolobetsoa teng ke le lilemo li 14. Empa e-re ke u bolelle hore na ho tlile joang hore ke sebeletse Jehova nakong ena ea moferefere.

MATHOASONG a lilemo tsa bo-1930, nkhono le ntate-moholo hammoho le bana ba bona ba robeli, ba ile ba utloa lipuo tse rekotiloeng tsa Mor’abo rōna Rutherford ’me ba ne ba kholisehile hore ba ne ba fumane ’nete. Batsoali ba ka, e leng Bay le Mildred Harris, ba ile ba kolobetsoa ka 1935 kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C. Ruri ba ne ba thabetse ho ba karolo ea “letšoele le leholo,” kapa “bongata bo boholo,” bo neng bo sa tsoa tsebahatsoa kopanong eo!—Tšen. 7:9, 14; King James Version.

Ke ile ka hlaha selemong se latelang. ’Me selemo ka mor’a moo, batsoali ba ka ba ile ba fallela tšimong e neng e se na phutheho e Mississippi. Ha re ntse re lula tšimong eo, ha ho na mohla molebeli ea tsamaeang a kileng a re etela. Lelapa leso le ne le ngollana le Bethele ’me le e-ba teng likopanong, ’me ka nakoana, ena e ne e le eona feela tsela eo re neng re kopana le barab’abo rōna ka eona.

Ho Mamella Mahloriso

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlorisoa haholo kaha li ne li sa nke lehlakore. Re ne re falletse Mountain Home, Arkansas. Ka letsatsi le leng, ’na le Ntate re ne re ntse re paka seterateng. Monna e mong o ile a choabola limakasine letsohong la Ntate, a li hotetsa a ba a li chesetsa hona moo. O ile a re re makoala ka hore ebe re ne re sa ea ntoeng. Kaha ke ne ke le lilemo li hlano feela, ke ile ka qala ho lla. Ntate o ile a sheba monna eo a khobile matšoafo, ho fihlela monna eo a tsamaea.

Ho ne ho boetse ho e-na le batho ba lokileng ba neng ba re rata. Ka lekhetlo le leng ha mokhopi o ne o teetse koloi eso hare, mochochisi oa sebakeng seo o ile a fihla. O ile a botsa, a re: “Ho etsahala’ng moo?” Eaba monna e mong o re, “Lipakinyana tsena Tsa Jehova li hana ho loanela naha ea habo tsona!” Eitse ho sa le joalo mochochisi eo a qhomela setepising sa koloi eso ’me a hoeletsa, a re: “Ke loanne Ntoeng ea I ea Lefatše, ’me ke tla loana le ho ena! Tlohelang batho bana ba tsamaee. Ha ba tšoenye motho!” Letšoele leo le ile la phatlalla le khutsitse. Ruri re ne re ananela batho ba lokileng joalo, ba neng ba re bontša mosa!—Lik. 27:3.

Likopano Lia re Matlafatsa

Kopano ea 1941 e neng e tšoaretsoe St. Louis, Missouri, e ne e tlile ka nako e loketseng. Ho hakanngoa hore ho ne ho e-na le batho ba fetang 115 000. Ho tsotehang ke hore ho ile ha kolobetsoa batho ba 3 903! Ke sa ntse ke hopola hantle puo ea Mor’abo rōna Rutherford e neng e e-na le sehlooho se reng, “Bana ba Morena.” O ile a bua ka ho toba le rōna bana, eaba kaofela ha rōna re fuoa buka e ntle ea Children. Kopano ena e ile ea ’matlafatsa e le hore nka tobana le se ileng sa etsahala selemong se latelang, e leng selemo seo ke neng ke lokela ho qala ho kena sekolo sa praemari ka sona. ’Na le bana ba rangoane re ile ra lelekoa sekolong ka lebaka la ho se lumelise folakha. Re ne re khutlela sekolong letsatsi ka leng e le hore re bone hore na ebe batsamaisi ba sekolo ba ne ba fetotse maikutlo kapa che. Hangata hoseng re ne re fohla har’a mefero ha re e-ea sekolong—ebe ha re fihla re khutlisetsoa hae. Leha ho le joalo, ke ne ke lumela hore e ne e le tsela eo re neng re bontša ka eona hore re tšepahalla ’Muso oa Molimo.

Empa, ho e-s’o ee kae, Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la liha kahlolo ea hore e ne e se tlamo ho lumelisa folakha. Qetellong, re ile ra khona ho khutlela sekolong. Tichere ea rōna e ne e le mosa haholo ’me e ile ea re lumella hore re etse mosebetsi oo re neng re saletse morao ho oona. Bana bao re neng re kena sekolo le bona, le bona ba ile ba re hlompha.

Kopano e ’ngoe eo ke e hopolang ke e neng e tšoaretsoe Cleveland, Ohio, ka 1942, eo ho eona Mor’abo rōna Nathan H. Knorr a ileng a fana ka puo e neng e e-na le sehlooho se reng, “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Puo ena e neng e hlalosa Tšenolo khaolo ea 17 e ile ea bontša hore ho ne ho tla ba le nako ea khotso ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Kahoo, ho ne ho lebeletsoe keketseho e khōloanyane. E le ho itokisetsa eona, ho ile ha buloa Sekolo sa Gileade ka 1943. Ke ne ke sa tsebe hore na seo se ne se tla ama bophelo ba ka joang nakong e tlang. Ka mor’a ntoa ho ile ha fela ha e-ba le khotso ’me mahloriso a ile a ea moriting. Leha ho le joalo, ha Ntoa ea Korea e qala ka 1950, mosebetsi oa rōna o ile oa boela oa hanyetsoa, joalokaha ho hlalositsoe qalong.

Ho Ikakhela ka Setotsoana Keketsehong e Bileng Teng

Ka 1954, ke ile ka qeta sekolong se phahameng, ’me khoeli hamorao ke ile ka qala ho bula maliboho. Ka mor’a ho sebeletsa Kennett, Missouri, moo re ileng ra pota-potoa ke mokhopi ka 1950, ke ile ka kōptjoa hore ke tle Bethele ka March 1955. Tšimo ea phutheho eo ke ileng ka abeloa ho eona e ne e akarelletsa Times Square, khubung ea New York City. Ruri bophelo ba moo bo ne bo fapane le ba mahaeng boo ke neng ke bo tloaetse! Ke ne ke khona ho tsosa thahasello ea batho ba New York ba maphathaphathe ka ho phetla sehlooho se thahasellisang makasineng ebe ke re, “Na u kile ua ipotsa potso ee?” Ba bangata ba ne ba amohela limakasine.

E ’ngoe ea lintho tseo ke neng ke li thabela haholo Bethele e ne e le borapeli ba hoseng, bo neng bo tšoaroa ke Mor’abo rōna Knorr. O ne a etsa hore litemana tsa Bibele li phele a bile a li hlalosa ka tsela e sebetsang. Ha a ne a bua le rōna bahlankana ba masoha, o ne a bua joalokaha ntate a bua le mora, ’me hangata o ne a fana ka keletso e molemo mabapi le kamoo re neng re lokela ho tšoara batho ba bong bo fapaneng kateng. Ka 1960, ke ne se ke entse qeto ea ho nyala.

Ke ile ka ngola lengolo la hore ke tlohela tšebeletso ea Bethele ka mor’a matsatsi a 30, empa ha kea ka ka fumana karabo. Le hoja ke ne ke le motho ea lihlong, ka mor’a matsatsi a 30 ke ile ka iteta sebete ho botsa barab’abo rōna hore na ba ne ba fumane lengolo la ka kapa che. Mor’abo rōna Robert Wallen ke eena ea ileng a araba fono eaba o tla moo ke neng ke sebetsa teng. O ile a mpotsa hore na ke ikutloa joang ka bopula-maliboho bo khethehileng kapa mosebetsi oa potoloho. Ke ile ka mo araba ka ho re: “Empa Bob ke hona ke leng lilemo li 24, ’me ha ke na phihlelo.”

Ke Qalisa Mosebetsi oa Potoloho

Mantsiboeeng ao, ke ile ka fumana enfelopo e khōlō ka kamoreng ea ka. Ho ne ho kentsoe foromo e le ’ngoe ea kōpo ea bopula-maliboho bo khethehileng ’me e ’ngoe e ne e le ea mosebetsi oa potoloho. Ke ile ka makala haholo! Ke kamoo ke ileng ka fumana mosa o sa ntšoanelang oa ho sebeletsa barab’eso mosebetsing oa potoloho karolong e ka boroa-bophirimela ea Missouri le e ka bochabela ea Kansas. Leha ho le joalo, pele ke tloha Bethele ke ile ka ea sekolong sa balebeli ba tsamaeang. Ha Mor’abo rōna Knorr a lihela likhala o ile a re: “Hore ebe le balebeli ba potoloho le ba setereke ha ho bolele hore le tseba ho feta barab’abo rōna ba liphuthehong. Ba bang ba bona ba na le phihlelo e fetang ea lōna. Empa maemo ha a ba lumelle hore ba etse mosebetsi oa potoloho. Le ka ithuta lintho tse ngata ho bona.”

Ruri ho ile ha fela ha e-ba joalo! Mor’abo rōna Fred Molohan le mosali oa hae, hammoho le mor’abo ea bitsoang Charley oa Parsons, Kansas, e ne e le mehlala e ikhethang. Ba ne ba ithutile ’nete mathoasong a lilemo tsa bo-1900. E ne e le ho thabisang hakaakang ho utloa liphihlelo tseo ba neng ba bile le tsona ke e-s’o hlahe le ho hlaha! Mora e mong oabo rōna e ne e le John Wristen, e leng mor’abo rōna ea neng a le mosa a bile a se a hōlile ea tsoang Joplin, Missouri, ea neng a qetile lilemo tse mashome a bula maliboho. Bara bana babo rōna ba ratehang ba ne ba hlompha tsela eo mokhatlo oa Jehova o etsang lintho ka eona. Ba ile ba etsa hore ke ikutloe hore ba ananela hore ebe ke molebeli oa bona oa potoloho—le hoja ke ne ke sa le monyenyane.

Ka 1962, ke ile ka nyala Cloris Knoche, eo e neng e le pula-maliboho ea mahlahahlaha ea moriri o mofubelu. ’Na le Cloris re ile ra tsoela pele re etsa mosebetsi oa potoloho. Ha re ne re fihlela ha barab’abo rōna, sena se ne se etsa hore re ba tsebe hantle. Re ile ra khona ho khothalletsa bacha hore ba kene tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke eona khothatso eo bacha ba babeli ba potolohong eo re neng re le ho eona—e leng Jay Kosinski le JoAnn Kresyman—ba neng ba e hloka. Ho sebetsa le bona tšimong le ho ba phetela kamoo bophelo ba boitelo bo thabisang kateng, ho ile ha ba susumelletsa hore ba ipehele lipakane. JoAnn e ile ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng, athe Jay eena o ile a sebeletsa Bethele. Hamorao, ba ile ba nyalana, ’me ba se ba qetile lilemo tse ka bang 30 ba le mosebetsing oa potoloho.

Tšebeletso ea Boromuoa

Ka 1966, Mor’abo rōna Knorr o ile a re botsa hore na ha re thahaselle ho sebeletsa linaheng tse ling. Re ile ra mo araba ka ho re: “Re khotsofetse moo re leng teng empa haeba ho e-na le tlhokahalo kae-kae, re ikemiselitse ho ea teng.” Ka mor’a beke, re ile ra memeloa Sekolong sa Gileade. Ruri e ne e le ho thabisang ho ba Bethele ha re ntse re e-ea sekolong le ho ba le batho ba bangata bao ke neng ke ba rata ebile ke ba hlompha! Re ile ra boela ra theha setsoalle le liithuti-’moho le rōna, tseo le hona joale li ntseng li sebeletsa ka botšepehi.

’Na le Cloris re ile ra romeloa Ecuador, Amerika Boroa, hammoho le Dennis le Edwina Crist, Ana Rodríguez, le Delia Sánchez. Ba ha Crist ba ile ba ea motse-moholo, Quito. ’Na le Cloris hammoho le Ana le Delia, re ile ra abeloa hore re sebeletse Cuenca, e leng motse oa boraro o moholo ka ho fetisisa Ecuador. Tšimo ea teng e ne e akarelletsa liprofinse tse peli. Phutheho ea pele Cuenca e qalile moo re neng re lula teng. E ne e le ’na le Cloris hammoho le Ana le Delia le batho ba bang ba babeli. Re ne re ipotsa hore na re tla khona joang ho phetha mosebetsi oa boboleli.

Motseng oa Cuenca ho ne ho e-na le likereke tse ngata, ’me ka matsatsi ao ho thoeng aa halalela, ho ne ho e-ba le mekoloko ea bolumeli motseng. Leha ho le joalo, batho ba Cuenca ba ne ba e-na le lipotso tse ngata. Ka mohlala, ha ke ne ke qala ho kopana le Mario Polo, eo e neng e le ’mampoli oa mejaho ea libaesekele Cuenca, o ile a mpotsa potso eo ke neng ke sa e lebella, a re, “Seotsoa seo ho buuoang ka sona bukeng ea Tšenolo ke mang?”

Ka lekhetlo le leng, Mario o ile a tla lehaeng la rōna bosiu a khathatsehile haholo. Moruti oa kereke ea evangeli o ne a mo file lingoliloeng tse itseng tse neng li bua Lipaki Tsa Jehova hampe. Ke ile ka mo bolella hore moqosuoa o lokela ho fuoa monyetla oa hore a ipuelle. Kahoo letsatsing le hlahlamang, Mario o ile a kōpa hore ’na le moruti eo re tle ha hae re tl’o araba liqoso tseo. Sebokeng seo, ke ile ka etsa tlhahiso ea hore re bue haholo ka Boraro-bo-bong. Ha moruti a bala Johanne 1:1, Mario ka boeena o ile a hlalosa hore na e bolela’ng. Ho ile ha etsahala se tšoanang ka temana e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e neng e qotsoa. Joalokaha ho ka lebelloa, moruti o ile a tsamaea a sa khona ho paka thuto ea Boraro-bo-bong. Sena se ile sa kholisa Mario le mosali oa hae hore re ruta ’nete, ’me e ile ea e-ba basireletsi ba hloahloa ba lithuto tsa Bibele. Ho thabisa hakaakang ho bona hore liphutheho tsa Cuenca li eketsehile ho fihla ho tse 33, e leng ho bolelang hore tšimong ea pele eo re neng re abetsoe ho sebeletsa ho eona li se li fihla ho 63—e leng keketseho e babatsehang e le kannete!

Ho Bona Keketseho ha ke le Lekaleng

Ka 1970, ’na le Al Schullo re ile ra kōptjoa hore re ee lekaleng, Guayaquil. ’Na le eena re ne re sebetsa lekaleng. Joe Sekerak o ne a sebetsa lekaleng ka nakoana a pakela liphutheho tsohle tse 46 tsa naha eo libuka. Ka nakoana, Cloris o ne a e-ea tšimong ha ’na ke ntse ke sebetsa Bethele. O khonne ho thusa batho ba 55 hore ba kolobetsoe, ’me hangata kopanong ho ne ho kolobetsoa batho ba bararo ho isa ho ba bahlano bao a ba thusitseng.

Ka mohlala, Cloris o ne a ithuta le mosali ea bitsoang Lucresia, eo monna oa hae a neng a mo hanyetsa. Ho sa tsotellehe seo, qetellong Lucresia o ile a kolobetsoa ’me a qala ho sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla. O ile a ruta bana ba hae litsela tsa Jehova. Hona joale bara ba hae ba babeli ke baholo, ’me e mong ke pula-maliboho ea khethehileng; morali oa hae o sebeletsa e le pula-maliboho. Setloholo sa hae se ile sa nyaloa ke mor’abo rōna ea molemo, ’me le bona ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Lelapa lena le thusitse batho ba bangata hore ba ithute ’nete.

Ka 1980 ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 5 000 Ecuador. Ofisi ea rōna e ne e se e sa re lekane. Mora e mong oabo rōna o ile a re fa setša sa lihekthere tse 32 karolong e ka thōko ho Guayaquil. Ka 1984 re ile ra qala ho haha ofisi e ncha ea lekala le Holo ea Kopano setšeng sena, ’me li ile tsa neheloa ka 1987.

Baithaopi ba Kenya Letsoho Keketsehong

Ho theosa le lilemo, e bile ho thabisang ho bona bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba tla Ecuador ba tlil’o thusa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata. Mohlala oo ke o hopolang ka ho khetheha ke oa Andy Kidd, eo e neng e le tichere Canada empa a se a tlohetse mosebetsi. O ile a fallela Ecuador ka 1985 a le lilemo li 70 ’me a sebeletsa ka botšepehi ho fihlela a hlokahala ka 2008 a le lilemo li 93. Ha ke ne ke qala ho mo bona kabelong ea hae, e ne e le eena feela molebeli phuthehong e nyenyane. Le hoja a ne a sa tsebe Sepanishe hantle, o ile a fana ka puo ea phatlalatsa a ba a khanna Thuto ea Molula-Qhooa. O ile a boela a tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo a ba a fana ka lipuo tse ’maloa Sebokeng sa Tšebeletso! Hona joale ho se ho e-na le liphutheho tse peli tse khōlō sebakeng seo, tse nang le bahoeletsi ba ka bang 200 le baholo ba bangata.

Mora e mong oabo rōna, e leng Ernesto Diaz, ea ileng a falla United States le lelapa la hae, o ile a bua tjena ka mor’a hore a qete likhoeli tse robeli a le Ecuador: “Bana ba rōna ba bararo ba ithutile Sepanishe ’me e se e le baboleli ba ipabolang ba litaba tse molemo. Joaloka ntate oa bona, ke finyeletse pakane eo ho neng ho bonahala eka nke ke ka khona ho e finyella tsamaisong ena—e leng ea ho ba pula-maliboho oa kamehla, le ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng le lelapa la ka. Ka kakaretso, re khanna lithuto tsa Bibele tse 25. Sena sohle se entse hore lelapa la rōna e be le momahaneng, ’me ka holim’a tsohle, se entse hore ke be le kamano e haufi le Jehova ho feta leha e le neng pele.” Ruri re ananela bara le barali bana babo rōna ba ratehang!

Lekala le ile la boela la atolosoa ka 1994, ’me la imena habeli ka boholo. Ka 2005 re ile ra ba le bahoeletsi ba fetang 50 000, ’me ho ile ha hlokahala hore lekala le boele le atolosoe. Sena se ne se akarelletsa Holo ea Kopano e khōloanyane le mohaho o mocha oa bolulo hammoho le liofisi tsa phetolelo. Mehaho ena e mecha e ile ea neheloa ka la 31 October, 2009.

Ha ke ne ke lelekoa sekolong ka 1942, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 60 000 United States. Hona joale ho na le tse fetang milione. Ha re ne re fihla Ecuador ka 1966, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba ka bang 1 400. Hona joale ho na le ba fetang 68 000. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ba sa ntse ba tla eketseha hobane ho na le batho ba 120 000 ba khanneloang lithuto tsa Bibele ’me batho ba fetang 232 000 ba ne ba le teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 2009. Ka sebele, Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae ka tsela eo re neng re ke ke ra e nahana le ka mohla. Ho thabisa hakaakang ho phela nakong ena ea keketseho e babatsehang le sebakeng seo e etsahalang ho sona! *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 34 Ha sehlooho sena se ntse se lokisetsoa khatiso, Harley Harris o ile a hlokahala a ntse a tšepahala ho Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Kopano e neng e tšoaretsoe ka ntle (ka 1981) le Holo ea Kopano ea Guayaquil (ka 2009) setšeng se le seng