Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bonngoe ba Bokreste bo Tlotlisa Molimo

Bonngoe ba Bokreste bo Tlotlisa Molimo

Bonngoe ba Bokreste bo Tlotlisa Molimo

“Le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea.”—BAEF. 4:3.

1. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba le Efese ba ile ba tlotlisa Molimo joang?

BONNGOE ba phutheho ea Bokreste e neng e le Efese ea boholo-holo bo ile ba tlotlisa Molimo oa ’nete, e leng Jehova. Sebakeng seo sa khoebo se neng se ruile, ho bonahala eka bara ba bang babo rōna ba Bakreste e ne e le barui ba neng ba e-na le makhoba, athe ba bang e ne e le makhoba mohlomong ba bile ba futsanehile. (Baef. 6:5, 9) Ba bang e ne e le Bajuda ba neng ba ithutile ’nete likhoeling tse tharo tseo ka tsona moapostola Pauluse a ileng a fana ka puo synagogeng ea bona. Pele ho moo, ba bang ba ne ba rapela Artemise ’me ba ne ba sebelisa tsebo ea boselamose. (Lik. 19:8, 19, 26) Ho hlakile hore Bokreste ba ’nete bo ile ba kopanya batho ba limelo tse ngata. Pauluse o ile a hlokomela hore bonngoe ba phutheho bo ne bo tlotlisa Jehova. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho eena e be khanya ka phutheho.”—Baef. 3:21.

2. Ke eng e neng e beha bonngoe ba Bakreste ba Efese kotsing?

2 Leha ho le joalo, bonngoe bo thabisang ba phutheho ea Efese bo ne bo le kotsing. Pauluse o ile a lemosa baholo, a re: “Har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Lik. 20:30) Ho phaella moo, bara ba bang babo rōna ba ne ba ntse ba bonahatsa moea o bakang karohano oo Pauluse a ileng a lemosa hore ‘o sebetsa ho bara ba ho se mamele.’—Baef. 2:2; 4:22.

Lengolo le Totobatsang Bonngoe

3, 4. Lengolo leo Pauluse a neng a le ngoletse Baefese le hatisa bonngoe joang?

3 Pauluse o ile a hlokomela hore e le hore Bakreste ba ka tsoela pele ba sebelisana ka kutloano, e mong le e mong oa bona o lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho sebeletsa bonngoe. Molimo o ile a bululela Pauluse hore a ngolle Baefese lengolo leo moko-taba oa lona e neng e le bonngoe. Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola ka morero oa Molimo oa “ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste.” (Baef. 1:10) O ile a boela a tšoantša Bakreste le majoe a sa tšoaneng a hahang ntlo. “Mohaho oohle, o kopantsoe hammoho ka tumellano, o hōla ho ba tempele e halalelang bakeng sa Jehova.” (Baef. 2:20, 21) Ho phaella moo, Pauluse o ile a hatisa bonngoe ba Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba a ba a hopotsa barab’abo rōna hore kaofela ba bōpiloe ke Molimo. O ile a re Jehova ke “Ntate, eo lelapa le leng le le leng leholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena.”—Baef. 3:5, 6, 14, 15.

4 Ha re ntse re hlahloba khaolo ea 4 ea Baefese, re tla bona hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala boiteko hore ho be le bonngoe, hore na Jehova o re thusa joang hore re be bonngoeng, le hore na ke litšobotsi life tse tla re thusa hore re lule re le bonngoeng. E ka ba hantle hore u bale khaolo eo kaofela e le hore u ka rua molemo thutong ena le ho feta.

Ke Hobane’ng ha ho Finyella Bonngoe ho Hloka Hore ho Etsoe Boiteko bo Tiileng?

5. Ke hobane’ng ha mangeloi a Molimo a ka mo sebeletsa a le bonngoeng, empa ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata hore rōna re be bonngoeng?

5 Pauluse o ile a ipiletsa ho barab’abo ba Efese hore ba “leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea.” (Baef. 4:3) E le ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala boiteko tabeng ena, nahana ka mangeloi a Molimo. Lefatšeng ha ho na libōpuoa tse peli tse tšoanang hantle, kahoo re ka etsa qeto e utloahalang ea hore Jehova o hlohonolofalitse le leng le le leng la mangeloi a hae a limilione ka litšobotsi tse ikhethang. (Dan. 7:10) Leha ho le joalo, a ka sebeletsa Jehova a le bonngoeng hobane kaofela aa mo mamela ’me a phetha thato ea hae. (Bala Pesaleme ea 103:20, 21.) Mangeloi a tšepahalang a na le litšobotsi tse fapa-fapaneng; Bakreste le bona ba na le tsona empa ba bile ba na le mefokolo e fapa-fapaneng. Sena se ka etsa hore ho be thata ho ba le bonngoe.

6. Ke litšobotsi life tse tla re thusa hore re thabele ho sebelisana le barab’abo rōna ba nang le mefokolo e fapaneng le ea rōna?

6 Ha batho ba sa phethahalang ba leka ho sebelisana, ho ka ba bonolo hore ba be le mathata. Ka mohlala, ho ka etsahala’ng haeba mor’abo rōna ea bonolo le ea lulang a fihla morao a sebeletsa Jehova le mor’abo rōna ea bolokang nako empa e le sefela-peloana? E mong le e mong oa bona a ka ’na a nahana hore boitšoaro ba e mong ha boa loka ebe oa lebala hore likarolo tse itseng tsa boitšoaro ba hae le tsona li ntse li sa loka. Bara baa babo rōna ba ka sebeletsa hammoho ka kutloano joang? Hlokomela kamoo litšobotsi tse bueletsoeng ke Pauluse mantsoeng a hae a latelang li ka ba thusang kateng. Ka mor’a moo u nahane kamoo re ka sebeletsang bonngoe kateng ka hore re hlaolele litšobotsi tseo. Pauluse o ile a ngola a re: “Ke le kōpa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang . . . ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le bonolo, ka tiisetso, le mamellane ka lerato, le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.”—Baef. 4:1-3.

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re sebeletse ho ba bonngoeng le Bakreste ba bang ba sa phethahalang?

7 Ho ithuta ho sebeletsa Molimo re le bonngoeng le batho ba bang ba sa phethahalang ke habohlokoa haholo hobane ho na le ’mele o le mong feela oa barapeli ba ’nete. “Ho na le ’mele o le mong, le moea o le mong, esita le joalokaha le ile la bitsoa ka tšepo e le ’ngoe eo le ileng la bitsetsoa ho eona; Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe; Molimo o mong le Ntate oa batho bohle.” (Baef. 4:4-6) Moea oa Jehova o mokhatlong o le mong feela oa bara ba motho oo Molimo a o sebelisang, oo e bileng e leng oona feela oo a o hlohonolofatsang. Esita leha motho e mong ka phuthehong a re khopisa, na ho na le nģ’e ’ngoe moo re ka eang? Ha ho nģ’e ’ngoe moo re ka utloang lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.—Joh. 6:68.

“Limpho Tseo e Leng Banna” li Sebeletsa Hore ho be le Bonngoe

8. Kreste o sebelisa’ng ho re matlafatsa khahlanong le lintho tse bakang karohano?

8 Pauluse o ile a sebelisa mokhoa o neng o tloaelehile har’a masole a boholo-holo ho bapisa kamoo Jesu a faneng ka “limpho tseo e leng banna” kateng ho etsa hore ho be le bonngoe ka phuthehong. Lesole le hlōtseng le ne le ka ’na la khutla le moholehuoa oa lireng e le hore e ka ba lekhoba le thusang mosali oa lesole leo ka mesebetsi e tloaelehileng. (Pes. 68:1, 12, 18) Ka tsela e tšoanang, ha Jesu a ne a hlōla lefatše o ile a ba le makhoba a mangata a ileng a ithaopela ho mo sebeletsa. (Bala Baefese 4:7, 8.) O ile a sebelisa baholehuoa bao ba tšoantšetso joang? “O ile a fana ka ba bang e le baapostola, ba bang e le baprofeta, ba bang e le baevangeli, ba bang e le balisa le mesuoe, ka sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng, bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste, ho fihlela bohle re fihlela bonngoeng tumelong.”—Baef. 4:11-13.

9. (a) “Limpho tseo e leng banna” li re thusa joang hore re be bonngoeng? (b) Ke hobane’ng ha setho se seng le se seng sa phutheho se lokela ho kenya letsoho tabeng ea hore ho be le bonngoe ka phuthehong?

9 Kaha ke balisa ba lerato, ‘limpho tsena tseo e leng banna’ li re thusa hore re lule re le bonngoeng. Ka mohlala, haeba moholo oa phutheho a hlokomela barab’abo rōna ba babeli “ba hlohlelletsang tlhōlisano,” a ka kenya letsoho ka matla tabeng ea hore ho be le bonngoe ka phuthehong ka hore a fane ka keletso ka thōko, e le ‘ho ba khutlisetsa tseleng ka moea o bonolo.’ (Bagal. 5:26–6:1) Kaha ‘limpho tsena tseo e leng banna’ ke mesuoe, li re thusa hore re be le tumelo e tiileng e thehiloeng lithutong tsa Bibele. Ka tsela eo ba sebeletsa hore ho be le bonngoe ’me ba re thusa hore re hatele pele ho fihlela khōlong e feletseng ea Bokreste. Pauluse o ile a bolela hore morero oa sena ke “hore re se ke ra hlola re e-ba bana, ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto ka ho qhekella ha batho, ka mano a ho qapa phoso.” (Baef. 4:13, 14) Mokreste e mong le e mong o lokela ho kenya letsoho tabeng ea hore ho be le bonngoe mokhatlong oa bara ba motho, feela joalokaha setho se seng le se seng sa ’mele ea rōna se haha litho tse ling ka ho li fa seo li se hlokang.—Bala Baefese 4:15, 16.

Sebeletsa ho ba le Litšobotsi Tse Ntle

10. Boitšoaro bo litšila bo ka beha bonngoe ba rōna kotsing joang?

10 Na u hlokometse hore khaolo ea bone ea lengolo leo Pauluse a ileng a le ngolla Baefese e bolela hore ho bontša lerato ke hona ho re thusang hore re be Bakreste ba hōlileng tsebong ba bonngoeng? Ka mor’a moo, e bontša hore na lerato le akarelletsa’ng. Ka mohlala, ho latela tsela ea lerato ho re thibela ho etsa bohlola le boitšoaro bo hlephileng. Pauluse o ile a phehella barab’abo hore ba se ke ba ‘hlola ba tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea.’ Batho bao ba ne ba ‘feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro’ ’me ba ne ba “ineheletse boitšoaro bo hlephileng.” (Baef. 4:17-19) Lefatše leo re phelang ho lona le tletseng boitšoaro bo litšila le beha bonngoe ba rōna kotsing. Batho ba soasoa ka bohlola, ba bina ka bona, ba ithabisa ka ho bo shebella ’me ba bo etsa sephiring kapa pepenene. Empa le ho bonya le motho, ho ka ’nang ha akarelletsa ho etsa eka ua mo rata empa u sa rera ho nyalana le eena, ho ka u suthisetsa hōle le Jehova le phutheho. Hobane’ng? Hobane habonolo feela ho ka lebisa bohloleng. Ho phaella moo, ha motho ea lenyalong a bonya le motho e mong ebe o etsa bofebe, seo se ka arohanya batsoali le bana ka sehlōhō sa ba sa arohanya balekane ba se nang molato le balekane ba bona. Ruri seo se baka karohano! Hase feela Pauluse a ileng a ngola a re: “Ha lea ithuta Kreste a le joalo”!—Baef. 4:20, 21.

11. Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba etse phetoho efe?

11 Pauluse o ile a hatisa hore re lokela ho lahla litsela tsa ho nahana tse bakang pherekano ’me ho e-na le hoo re sebeletse ho ba le litšobotsi tse re nolofalletsang hore re lule ka kutloano le batho ba bang. O ile a re: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona [botho ba khale] tse thetsang; . . . le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baef. 4:22-24) Re ka ‘nchafala joang matleng a susumetsang likelello tsa rōna’? Haeba re thuisa ka kananelo ka seo re ithutang sona Lentsoeng la Molimo le mohlaleng o motle oa Bakreste ba hōlileng tsebong re bile re etsa boiteko, re ka ba le botho bo bocha bo ‘bōpiloeng ho ea ka thato ea Molimo.’

Ithute Litsela Tse Ntle Tsa ho Bua

12. Ho bua ’nete ho etsa hore ho be le bonngoe joang, hona ke hobane’ng ha batho ba bang ba thatafalloa ho bua ’nete?

12 Ke habohlokoa haholo hore batho bao e leng karolo ea lelapa le le leng kapa phutheho e le ’ngoe ba bue ’nete. Ho bua ka tsela e tobileng, e lokolohileng le e mosa ho ka etsa hore batho ba be le kamano e haufi. (Joh. 15:15) Empa ho etsahala’ng haeba motho a thetsa mor’abo? Ha mor’abo a hlokomela hore o mo thetsitse, ha a sa tla mo tšepa hakaalo. Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola a re: “E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae, hobane re litho ba bang tsa ba bang.” (Baef. 4:25) Motho ea tloaetseng ho bua leshano, mohlomong a qalile e sa le ngoana, a ka ’na a thatafalloa ho qala ho bua ’nete. Empa Jehova o tla ananela boiteko boo a bo etsang ba hore a fetohe ’me o tla mo thusa.

13. Ho lahla puo e nyefolang ho akarelletsa’ng?

13 Jehova o re ruta hore re sebeletse hore ho be le tlhompho le bonngoe ka phuthehong le ka lapeng, ka ho beha melao e tiileng ea hore na re lokela ho bua ka tsela efe. “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna . . . Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baef. 4:29, 31) Tsela e ’ngoe eo re ka qobang puo e mpe ka eona ke ka hore re ikitlaelletse ho hlompha batho ba bang haholoanyane. Ka mohlala, monna ea nyefolang mosali oa hae ha a bua le eena, o lokela ho leka ka matla hore a fetole maikutlo a hae ka eena, haholo-holo ha a ntse a ithuta kamoo Jehova a hlomphang basali kateng. Molimo o bile o tlotsa basali ba bang ka moea o halalelang, e leng se ba fang tšepo ea hore ba tla busa le Kreste e le marena. (Bagal. 3:28; 1 Pet. 3:7) Ka tsela e tšoanang, mosali ea lulang a omanya monna oa hae o lokela ho susumelletseha hore a fetohe ha a ntse a ithuta kamoo Jesu a ileng a ithiba kateng ha a ne a halefisoa.—1 Pet. 2:21-23.

14. Ke hobane’ng ha ho halefa ho le kotsi?

14 Ho hlōleha ho laola bohale ho tsamaisana le puo e nyefolang. Le hona ho ka arohanya batho ba utloanang. Bohale bo tšoana le mollo. Bo ka tsoa taolong habonolo eaba bo baka tšenyo. (Liprov. 29:22) Motho ea nang le lebaka le utloahalang la ho bontša ho se khotsofale ha hae o tlameha ho laola bohale ka hloko e le hore a se ke a senya likamano tsa bohlokoa. Bakreste ba lokela ho ikitlaelletsa ho tšoarela, ba se ke ba boloka sekhopi ’me ba se ke ba bua ka taba eo hape. (Pes. 37:8; 103:8, 9; Liprov. 17:9) Pauluse o ile a eletsa Baefese, a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baef. 4:26, 27) Ho hlōleha ho laola bohale ho ka fa Diabolose monyetla oa hore a bake karohano le likhohlano ka phuthehong.

15. Ho nka ntho eo e seng ea rōna ho ka hlahisa litholoana life?

15 Ho hlompha thepa ea batho ba bang ho thusa hore ho be le bonngoe ka phuthehong. Bibele e re: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa.” (Baef. 4:28) Ka kakaretso batho ba Jehova baa tšepana. Haeba Mokreste a ne a ka sebelisa ho tšepana hoo hampe ebe o nka ntho eo e seng ea hae, o ne a tla be a senya bonngoe boo bo thabisang.

Ho Rata Molimo ho Etsa Hore re be Bonngoeng

16. Re ka bua puo e hahang joang e le hore re matlafatse bonngoe ba rōna?

16 Bonngoe ba phutheho ea Bokreste bo hlahisoa ke hore ebe kaofela ha rōna re tšoara batho ba bang ka lerato hobane re susumetsoa ke lerato leo re ratang Molimo ka lona. Ho ananela mosa oa Jehova ho re susumelletsa hore re etse boiteko bo tiileng ba hore re sebelise keletso e reng: “[Buang] polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang. . . . Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baef. 4:29, 32) Ka mosa Jehova oa re tšoarela le hoja re le batho ba sa phethahalang. Na le rōna ha rea lokela ho tšoarela batho ba bang ha re hlokomela ho se phethahale ha bona?

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ka tieo hore re sebeletse hore ho be le bonngoe?

17 Bonngoe ba batho ba Molimo bo tlotlisa Jehova. Moea oa hae o re susumetsa ka litsela tse sa tšoaneng hore re sebeletse hore ho be le bonngoe. Ruri re ke ke ra batla ho hanyetsa tataiso ea moea oo. Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la soabisa moea o halalelang oa Molimo.” (Baef. 4:30) Bonngoe ke letlotlo leo re tšoanelang ho le sireletsa. Bo thabisa bohle ba leng ho bona bo bile bo tlotlisa Jehova. “Ka hona, le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.”—Baef. 5:1, 2.

U ka Araba Joang?

• Ke litšobotsi life tse etsang hore ho be le bonngoe har’a Bakreste?

Boitšoaro ba rōna bo ka thusa joang hore ho be le bonngoe ka phuthehong?

Lipuo tsa rōna li ka re thusa joang hore re sebelisane le batho ba bang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Batho ba limelo tse sa tšoaneng ba bonngoeng

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na u hlokomela likotsi tsa ho bonya le motho e mong?