Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moeta-pele oa Rōna ea Mafolofolo Kajeno

Moeta-pele oa Rōna ea Mafolofolo Kajeno

Moeta-pele oa Rōna ea Mafolofolo Kajeno

“A tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.”—TŠEN. 6:2.

1, 2. (a) Seo Kreste a ileng a se etsa ho tloha ka 1914 ha e se e le morena, se hlalosoa joang ka Bibeleng? (b) Kreste o nkile mehato efe ho tloha ha a behoa teroneng?

KRESTE o ile a behoa teroneng e le Morena oa ’Muso oa Jehova oa Bomesia ka 1914. Hona joale re mo nka joang ha re nahana ka eena? Na re mo nka e le morena ea lutseng teroneng ea hae a tebisitse maikutlo, ’me nako le nako a ntse a sheba lefatšeng ho bona hore na phutheho ea hae e tsoela pele joang? Haeba ho joalo, re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona. Lipesaleme le buka ea Tšenolo li bontša hore ke morena ea matla ea kaletseng pere, ea kallang e le hore ‘a hlōle le hore a phethe tlhōlo ea hae,’ ’me o tla tsoela pele ho fihlela a ‘atlehile’ ka ho feletseng.—Tšen. 6:2; Pes. 2:6-9; 45:1-4.

2 Khato ea pele eo Kreste a ileng a e nka ka mor’a hore a behoe teroneng e le morena e ile ea e-ba ho hlōla “drakone le mangeloi a eona.” E le Mikaele, lengeloi le ka sehloohong le laolang mangeloi a lona, Kreste o ile a ntša Satane le bademona ba hae maholimong a halalelang ’me a ba lahlela lefatšeng. (Tšen. 12:7-9) Ka mor’a moo, e le “lenģosa la selekane” la Jehova, Jesu o ile a tla le Ntate oa hae ho tla hlahloba tempele ea moea. (Mal. 3:1) O ile a ahlola Bokreste-’mōtoana, e leng karolo e molato ka ho fetisisa ea “Babylona e Moholo,” a fumana bo le molato oa tšollo ea mali le bofebe ba moea boo bo bo entseng le tsamaiso ea lipolotiki ea lefatše lena.—Tšen. 18:2, 3, 24.

O Hloekisa Lekhoba la Hae le Lefatšeng

3, 4. (a) Ke mosebetsi ofe oo Kreste a ileng a o phetha e le “lenģosa” la Jehova? (b) Ho ile ha bonahala eng ha ho ne ho hlahlojoa tempele, hona Jesu e le Hlooho ea phutheho o ile a khetha mang?

3 Ha Jehova le “lenģosa” la hae ba ne ba hlahloba tempele eo ea moea, lebaleng la eona le lefatšeng ho ile ha bonahala sehlopha sa Bakreste ba ’nete, bao e neng e se karolo ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore le Bakreste bana ba tlotsitsoeng, kapa “bara ba Levi,” ba hloekisoe. Ho ile ha e-ba joalokaha moprofeta Malakia a ne a profetile, ha a ne a re: “[Jehova] o lula e le mohloekisi le mohlatsoi oa silevera ’me o tla hloekisa bara ba Levi; o tla ba tšeka joaloka khauta le joaloka silevera, ’me ka sebele ho Jehova e tla ba batho ba hlahisang nyehelo ea mpho ka ho loka.” (Mal. 3:3) Jehova o ile a sebelisa ‘lenģosa la hae la selekane,’ e leng Kreste Jesu, ho hloekisa Baiseraele bana ba moea.

4 Leha ho le joalo, Kreste o ile a fumana hore Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ne ba etsa sohle se matleng a bona hore ba fe ba ntlo ea tumelo lijo tsa moea ka nako e loketseng. Ho tloha ka 1879 ho ea pele, mathateng le manolong, ba ne ba ntse ba hatisa linnete tsa Bibele tse buang ka ’Muso oa Molimo makasineng ena. Jesu o ne a profetile hore “ha a fihla” a tlil’o hlahloba bahlanka ba hae ba ntlo ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho,’ o ne a tla fumana lekhoba le ntse le ba fa ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ O ne a tla phatlalatsa hore lekhoba leo le thabile a be a ‘le behe hore le okamele lintho tsohle tsa hae’ tse lefatšeng. (Mat. 24:3, 45-47) Kaha Kreste ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste, o ’nile a sebelisa ‘lekhoba lena le tšepahalang le le masene’ hore le okamele lintho tsa Hae tse amanang le ’Muso lefatšeng. O ’nile a tataisa ‘bahlanka ba ntlo’ ba tlotsitsoeng hammoho le metsoalle ea bona ea “linku tse ling” a sebelisa Sehlopha se Busang.—Joh. 10:16.

Ho Kotula Lefatše

5. Moapostola Johanne o ile a bona Morena eo e leng Mesia a etsa’ng ponong?

5 Moapostola Johanne o ile a bona pono ea ntho e ’ngoe eo Morena eo e leng Mesia a neng a tla e etsa “letsatsing la Morena,” ka mor’a hore A behoe teroneng ka 1914. Johanne o ile a ngola, a re: “Ka talima, ’me, bonang! leru le lesoeu, ’me holim’a leru ho lutse e mong ea joaloka mor’a motho, a roetse moqhaka oa khauta hloohong ’me a e-na le sekele e bohale letsohong la hae.” (Tšen. 1:10; 14:14) Johanne o ile a utloa lengeloi le tsoang ho Jehova le bolella Mokotuli enoa hore a akhele sekele ea hae hobane “lijalo tsa lefatše li butsoitse ka ho phethahetseng.”—Tšen. 14:15, 16.

6. Jesu o ile a re ho ne ho tla etsahala’ng ha nako e ntse e feta?

6 ‘Lijalo tsena tsa lefatše’ li re hopotsa papiso ea Jesu ea koro le mofoka. Jesu o ile a itšoantša le motho ea ileng a jala peō ea koro tšimong ea hae ka morero oa hore a tle a kotule koro e ntle, e tšoantšetsang “bara ba ’muso,” e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba tla busa le eena ’Musong oa hae. Empa bosiu sera e leng “Diabolose” se ile sa jala mofoka, e leng “bara ba ea khopo,” tšimong eo. Mojali o ile a laela basebetsi ba hae hore ba tlohele koro le mofoka li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa, e leng “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Ka nako eo, o ne a tla romela mangeloi a hae hore a arole koro le mofoka.—Mat. 13:24-30, 36-41.

7. Kreste o kotula “lijalo tsa lefatše” joang?

7 E le ho phethahatsa pono eo Johanne a ileng a e bontšoa, Jesu o ’nile a tsamaisa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa kotulo. Ho kotuloa ha “lijalo tsa lefatše” ho qalile ha ho ne ho bokelloa masala a “bara ba ’muso” ba 144 000, e leng “koro” e boletsoeng papisong ea Jesu. Phapang pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba bohata e ile ea totobala le ho feta ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, hoo e ileng ea tlatsetsa karolong ea bobeli ea ho kotuloa ha “lijalo tsa lefatše”—e leng ho bokelloa ha linku tse ling. Linku tsena tse ling hase “bara ba ’muso,” ho e-na le hoo, ke “bongata bo boholo” ba bafo ba ’Muso ba nang le boithatelo bo botle. Ba kotuloa har’a “batho, lichaba le lipuo.” Ba ikokobelletsa ’Muso oa Bomesia, o entsoeng ka Kreste Jesu le “bahalaleli” ba 144 000 ba tla busa le eena ’musong oo o leholimong.—Tšen. 7:9, 10; Dan. 7:13, 14, 18.

Ketello-pele Liphuthehong

8, 9. (a) Ke’ng e bontšang hore Kreste ha a shebe feela liketso tsa phutheho ka kakaretso, empa o boetse sheba le mokhoa oa bophelo oa Mokreste ka mong? (b) Ke ‘lintho life tse tebileng tsa Satane’ tse bontšitsoeng leqepheng la 26 tseo re lokelang ho li qoba?

8 Sehloohong se fetileng re bone kamoo Kreste a neng a beha boemo ba moea ba phutheho ka ’ngoe leihlo kateng lekholong la pele la lilemo C.E. Mehleng ea rōna, kaha ke Morena ea busang ea filoeng “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” Moeta-pele oa rōna, e leng Kreste, ke hlooho e mafolofolo ea liphutheho tse lefatšeng lohle le balebeli ba tsona. (Mat. 28:18; Bakol. 1:18) Jehova o “mo entse hlooho holim’a lintho tsohle ho phutheho” ea batlotsuoa. (Baef. 1:22) Hoa utloahala hore o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang phuthehong ka ’ngoe ea tse fetang 100 000 tsa Lipaki Tsa Jehova.

9 Jesu o ile a romela molaetsa phuthehong ea boholo-holo ea Thyatire, o reng: “Tsena ke lintho tse boleloang ke Mora oa Molimo, eo mahlo a hae a leng joaloka lelakabe la mollo, . . . ‘Ke tseba liketso tsa hao.’” (Tšen. 2:18, 19) O ile a khalemela litho tsa phutheho eo ka lebaka la tsela ea tsona ea bophelo ba boitšoaro bo bobe le ea ho ikhotsofatsa, a re ho tsona: “Ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.” (Tšen. 2:23) Mantsoe ao a bontša hore Kreste ha a shebe liketso tsa phutheho ka kakaretso feela, empa o boetse o sheba le mokhoa oa bophelo oa Mokreste ka mong. Jesu o ile a babatsa Bakreste ba Thyatire “ba sa kang ba tseba ‘lintho tse tebileng tsa Satane.’” (Tšen. 2:24) Ka ho tšoanang, le kajeno o amohela bacha le batho ba baholo ba qobang ho fatisisa “lintho tse tebileng tsa Satane,” ka ho ea Inthaneteng kapa ka ho bapala lipapali tsa video tse mabifi kapa ka ho mamela likhopolo tsa batho tse lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ruri oa thaba ha a bona boiteko le boitelo ba Bakreste ba bangata kajeno ba etsang sohle se matleng a bona hore ba latele ketello-pele ea hae linthong tsohle tseo ba li etsang bophelong!

10. Tsela eo Kreste a tataisang baholo ba phutheho ka eona e hlalositsoe joang, empa ke’ng eo ba lokelang ho e hlokomela?

10 Kreste o hlokomela phutheho ea hae e lefatšeng ka lerato a sebelisa baholo ba khethiloeng. (Baef. 4:8, 11, 12) Lekholong la pele la lilemo, balebeli bohle ba ne ba tsoetsoe ka moea. Lengolong la Tšenolo ba ne ba hlalositsoe e le linaleli tse ka letsohong le letona la Kreste. (Tšen. 1:16, 20) Kajeno, baholo ba bangata ba liphutheho ke karolo ea linku tse ling. Ba khethoa ka mor’a hore ho etsoe thapelo le tlas’a tataiso ea moea o halalelang, kahoo ho ka nkoa hore le bona ba tataisoa ke Kreste. (Lik. 20:28) Leha ho le joalo, baa hlokomela hore Kreste o sebelisa sehlotšoana sa banna ba Bakreste ba tlotsitsoeng e le Sehlopha se Busang hore se etelle balateli ba hae ba lefatšeng pele le ho ba tataisa.—Bala Liketso 15:6, 28-30.

“Tloo, Morena Jesu”

11. Ke hobane’ng ha re labalabela ho bona Moeta-pele oa rōna a tla kapele?

11 Tšenolong e ileng ea fuoa moapostola Johanne, Jesu o ile a bolela ka makhetlo-khetlo hore o tla kapele. (Tšen. 2:16; 3:11; 22:7, 20) Ha ho tika-tiko hore o ne a bua ka nako eo a neng a tla tla ka eona ho tla ahlola Babylona e Moholo le tsamaiso eohle e khopo ea lintho ea Satane. (2 Bathes. 1:7, 8) Kaha moapostola Johanne ea neng a se a hōlile o ne a labalabela ho bona ha liketsahalo tseo tse boletsoeng esale pele li phethahala, o ile a hooa a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.” Le rōna ba phelang qetellong ea tsamaiso ena e khopo ea lintho, re labalabela ho bona Moeta-pele le Morena oa rōna a tla ka matla a ’Muso a tl’o halaletsa lebitso la Ntate oa hae le ho tlosa qoso bobusing ba Hae.

12. Kreste o tla phethela mosebetsi ofe pele meea ea timetso e lokolloa?

12 Pele Jesu a tlil’o timetsa mokhatlo o bonahalang oa Satane, litho tsa ho qetela tsa Iseraele ea moea tsa ba 144 000 li tla fumana tiiso ea ho qetela. Bibele e bolela ka ho hlaka hore meea e tla timetsa tsamaiso ea Satane e ke ke ea lokolloa ho fihlela ba 144 000 ba tiisitsoe.—Tšen. 7:1-4.

13. Kreste o tla etsa hore ho ba teng ha hae ho bonahale joang karolong e qalang ea “matšoenyeho a maholo”?

13 Batho ba bangata lefatšeng ha ba e-s’o hlokomele “ho ba teng” ha Kreste ho tloha ka 1914. (2 Pet. 3:3, 4) Leha ho le joalo, haufinyane o tla etsa hore ho ba teng ha hae ho bonahale ka hore a lihe kahlolo ea Jehova holim’a likarolo tse fapaneng tsa tsamaiso ea lintho ea Satane. Ho timetsoa ha “motho ea sa eeng ka molao,” e leng baruti ba Bokreste-’mōtoana e tla ba ‘ponahalo e sa foseng ea ho ba teng ha hae.’ (Bala 2 Bathesalonika 2:3, 8.) Ho tla fana ka bopaki bo tiileng ba hore Kreste o sebetsa e le Moahloli ea khethiloeng oa Jehova. (Bala 2 Timothea 4:1.) Ho timetsoa ha karolo e molato ka ho fetisisa ea Babylona e Moholo, e tla ba selelekela sa ho timetsoa ho feletseng ha ’muso oo o khopo oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Jehova o tla kenya ka lipelong tsa baeta-pele ba lipolotiki hore ba timetse seotsoa sena sa moea. (Tšen. 17:15-18) Eo e tla ba karolo e qalang ea “matšoenyeho a maholo.”—Mat. 24:21.

14. (a) Ke hobane’ng ha karolo e qalang ea matšoenyeho a maholo e tla khutsufatsoa? (b) “Pontšo ea Mor’a motho” e tla bolela’ng ho batho ba Jehova?

14 Jesu o ile a hlalosa hore matsatsi a matšoenyeho ao a ne a tla khutsufatsoa “ka lebaka la bakhethoa,” e leng masala a Bakreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng. (Mat. 24:22) Jehova a ke ke a lumella hore ha bolumeli ba bohata bo timetsoa ho felisoe le Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le metsoalle ea bona ea linku tse ling. Jesu o ile a phaella ka ho re “ka mor’a matšoenyeho a matsatsi ao,” ho tla ba le lipontšo letsatsing, khoeling le linaleling, ka mor’a moo “pontšo ea Mor’a motho e tla bonahala leholimong.” Sena se tla etsa hore batho ba lichaba tsa lefatše ba ‘ikotle ka lebaka la ho lla.’ Empa sena se ke ke sa etsahalla batlotsuoa ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong, le metsoalle ea bona e nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Ba tla ‘ema tsoee! ’me ba phahamise lihlooho, hobane topollo ea bona ea atamela.’—Mat. 24:29, 30; Luka 21:25-28.

15. Kreste o tla etsa mosebetsi ofe ha a tla?

15 Pele Mor’a motho a phetha tlhōlo ea hae, o tla tla ka tsela e ’ngoe hape. O ile a profeta a re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. Lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli. O tla beha linku ka letsohong la hae le letona, empa lipōli a li behe ka ho la hae le letšehali.” (Mat. 25:31-33) Boprofeta bona bo bolela ho tla ha Kreste e le Moahloli ea tla arola batho ba “lichaba tsohle” ka lihlopha tse peli: “linku,” e leng ba tla beng ba bontšitse hore ba tšehetsa barab’abo ba moea (Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng) le “lipōli,” e leng “ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathes. 1:7, 8) Linku, e leng ba hlalosoang e le “ba lokileng,” li tla fumana ‘bophelo bo sa feleng’ lefatšeng, empa lipōli li “tla ea phelisong e sa feleng,” kapa timetsong.—Mat. 25:34, 40, 41, 45, 46.

Jesu o Phetha Tlhōlo ea Hae

16. Moeta-pele oa rōna e leng Kreste o tla phetha tlhōlo ea hae joang?

16 Ha bohle bao e tla ba marena le baprista ’moho le eena ba se ba tiisitsoe, ’me bao e leng linku ba se ba khethiloe ba bile ba behiloe ka letsohong la hae le letona la poloko, Kreste o tla tsoela pele hore a “phethe tlhōlo ea hae.” (Tšen. 5:9, 10; 6:2) A eteletse pele lebotho la mangeloi a matla ’me ka sebele a e-na le barab’abo ba tsositsoeng bafung, Jesu o tla timetsa tsamaiso eohle e lefatšeng ea Satane ea lipolotiki, ea sesole le ea khoebo. (Tšen. 2:26, 27; 19:11-21) Kreste o tla be a phethile tlhōlo ea hae ka mor’a hore a timetse tsamaiso e khopo ea Satane. Ka mor’a moo, o tla koalla Satane le bademona ba hae ka mohohlong ka lilemo tse sekete.—Tšen. 20:1-3.

17. Kreste o tla tataisetsa linku tsa hae tse ling ho eng nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, ’me re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

17 Ha moapostola Johanne a ne a bua ka “bongata bo boholo” ba linku tse ling, bo tla pholoha matšoenyeho a maholo, o ile a profeta hore “Konyana, e leng har’a terone, e tla ba lisa, ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo.” (Tšen. 7:9, 17) Ha ho pelaelo hore nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, Kreste o tla tsoela pele a etella pele ba linku tse ling ba mamelang lentsoe la hae e le kannete ’me a ba tataisetse bophelong bo sa feleng. (Bala Johanne 10:16, 26-28.) E se eka ka botšepehi re ka latela Moeta-pele oa rōna ea tsoaletsoeng borena—hona joale le ho fihlela re kena lefatšeng le lecha leo Jehova a le tšepisitseng!

Tlhahlobo

• Kreste o ile a nka khato efe ka mor’a hore a behoe teroneng?

• Kreste o sebelisa bo-mang lefatšeng hore ba etelle liphutheho pele?

• Kreste e leng Moeta-pele oa rōna o sa ntse a tla tla ka litsela life?

• Kreste o tla tsoela pele a re etella pele joang lefatšeng le lecha?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho timetsoa ha tsamaiso e khopo ea Satane ho tla etsa hore ho ba teng ha Kreste ho bonahale