Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

3 Joang?

3 Joang?

Re Lokela ho Rapela

3 Joang?

TABENG ea thapelo, malumeli a mangata a hatella haholo taba ea hore na motho o lokela ho etsa eng ha a rapela, a bue mantsoe afe le ho latela tloaelo efe. Leha ho le joalo, Bibele e re thusa hore re se ke ra ba le maikutlo a joalo, ho e-na le hoo, re amehe haholo ka potso ena ea bohlokoa, “Re lokela ho rapela joang?”

Bibele e bontša hore bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ne ba rapela libakeng tse sa tšoaneng le hona ba etsa lintho tse sa tšoaneng ha ba rapela. Ba ne ba rapella ka pelong kapa ba rapella holimo ho ea ka maemo ho fapana. Ba ne ba rapela ba shebile holimo kapa ba kobile lihlooho. Ho e-na le hore ba sebelise litšoantšo, lifaha kapa libuka tsa thapelo ha ba rapela, ba ne ba rapela ka mantsoe a bona, ho tsoa botebong ba pelo. Ke eng e neng e etsa hore Molimo a utloe lithapelo tsa bona?

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, ba ne ba lebisa lithapelo tsa bona ho Molimo a le mong feela, e leng Jehova. Ho na le taba e ’ngoe ea bohlokoa. Ho 1 Johanne 5:14, rea bala: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” Lithapelo tsa rōna li lokela ho lumellana le thato ea Molimo. See se bolela’ng?

E le hore re rapele tumellanong le thato ea Molimo, re tlameha ho tseba hore na thato ea hae ke efe. Ka hona, ke habohlokoa ho ithuta Bibele hore lithapelo tsa rōna li utluoe. Na see se bolela hore Molimo a ke ke a re utloa ntle le haeba re le litsebi tsa Bibele? Che, empa Molimo o lebeletse hore re ithute thato ea hae, re batle ho e utloisisa le ho etsa lintho tumellanong le eona. (Matheu 7:21-23) Re lokela ho rapela tumellanong le seo re ithutang sona.

Ha re ithuta ka Jehova le thato ea hae, tumelo ea rōna ea hōla, e leng ntho e ’ngoe ea bohlokoa tabeng ea thapelo. Jesu o ile a re: “Lintho tsohle tseo le li kōpang ka thapelo, le e-na le tumelo, le tla li amohela.” (Matheu 21:22) Ho ba le tumelo ha ho bolele ho lumela taba ka hlooho e ntšo feela. Ho e-na le hoo, ho bolela ho lumela ntho e itseng eo le hoja u e-s’o e bone, ho nang le bopaki bo matla ka eona. (Baheberu 11:1) Bibele e na le bopaki bo bongata ba hore Jehova, eo re ke keng ra mo bona, ke motho oa sebele, ea ka tšeptjoang le ea ikemiselitseng ho araba lithapelo tsa ba lumelang ho eena. Ho feta moo, kamehla re ka kōpa tumelo e eketsehileng kaha Jehova o rata ho re fa seo re se hlokang.—Luka 17:5; Jakobo 1:17.

Ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo mabapi le hore na re rapele joang. Jesu o ile a re: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Ka hona, Jesu ke eena eo re ka atamelang Ntate, Jehova, ka eena. Ke ka hona Jesu a ileng a bolella balateli ba hae hore ba rapele ka lebitso la hae. (Johanne 14:13; 15:16) Seo ha se bolele hore re lokela ho rapela Jesu. Ho e-na le hoo, re rapela ka lebitso la Jesu, re ntse re hopola hore Jesu ke eena ea entseng hore re khone ho atamela Ntate oa rōna ea phethahetseng le ea halalelang.

Ka lekhetlo le leng balateli ba haufi-ufi ba Jesu ba ile ba mo kōpa: “Morena, re rute ho rapela.” (Luka 11:1) Ho hlakile hore ba ne ba sa kōpe ho tseba ka lintho tsa motheo tse kang tseo re qetang ho li tšohla. Ha e le hantle, seo ba neng ba se bolela ke ho re, ‘Re lokela ho rapella eng?’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Lithapelo tseo Molimo a li arabang ke tse etsoang tumellanong le thato ea hae, tse etsoang ka tumelo ’me li etsoa ka lebitso la Jesu