Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

4 Eng?

4 Eng?

Re Lokela ho Rapella

4 Eng?

E ’NILE ea bitsoa thapelo e pheta-phetoang ho feta lithapelo tsohle tsa Bakreste lefatšeng. Ebang seo ke ’nete kapa che, thapelo ea mohlala ea Jesu—eo ka linako tse ling e bitsoang Thapelo ea Morena kapa Ntat’a Rōna ea Maholimong—ke e ’ngoe ea lithapelo tse utloisisoang hampe ka ho fetisisa. Batho ba limilione ba pheta mantsoe a eona ka hlooho kamehla, mohlomong hangata ka letsatsi. Empa Jesu o ne a sa rera hore thapelo eo e sebelisoe joalo. Re tseba joang?

Pele a pheta thapelo eo, Jesu o ile a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.” (Matheu 6:7) Na ka mor’a hore Jesu a cho joalo o ile a ikhanyetsa ka hore a bolele mantsoe ao batho ba lokelang ho a tšoara ka hlooho le ho a pheta-pheta? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, Jesu o ne a re ruta hore na re rapelle eng, o ne a bile a re bolella hore na ke lintho life tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li rapella. A re ke re hlahlobisiseng seo a se buileng. Thapelo eo e tlalehiloe ho Matheu 6:9-13.

“Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”

Ka mantsoe ana, Jesu o ne a hopotsa balateli ba hae hore lithapelo kaofela li lokela ho lebisoa ho Ntate oa hae, Jehova. Empa na ua tseba hore na ke hobane’ng ha lebitso la Molimo e le la bohlokoa hakaalo le hore na ke hobane’ng ha le lokela ho halaletsoa?

Ho tloha tšimolohong ea moloko oa batho, lebitso le halalelang la Molimo le ’nile la nyetoa ka mashano. Sera sa Molimo, e leng Satane, se ile sa re Jehova ke ’Musi ea leshano le ea ichebileng boeena, ea se nang tokelo ea ho busa lintho tseo A li bōpileng. (Genese 3:1-6) Ba bangata ba lumellana le Satane, ba ruta hore Molimo ha a tsotelle, o khopo ebile o rata ho iphetetsa kapa ba hana ka ho feletseng hore ke Eena ’Mōpi oa lintho tsohle. Ba bang bona ba bile ba hlasetse lebitso la hae, ba etsa bonnete ba hore ba ntša lebitso Jehova Libibeleng ba bile ba hanela batho ho le sebelisa.

Bibele e bontša hore Molimo o tla tlosa liketso tsena kaofela tse hlokang toka. (Ezekiele 39:7) Ka ho etsa joalo, o tla u fa lintho tsohle tseo u li hlokang, a be a rarolle mathata ’ohle a hao. Joang? Mantsoe a latelang thapelong ea Jesu a fana ka karabo.

“’Muso oa hao o ke o tle.”

Kajeno ho na le pherekano e khōlō har’a batho ba bolumeli ba rutang ka ’Muso oa Molimo. Empa joalokaha bamameli ba Jesu ba ne ba tseba, baprofeta ba Molimo e ne e le khale ba ile ba bolela hore Mesia, e leng Mopholosi ea khethiloeng ke Molimo, o ne a tla busa ’Musong o neng o tla tlisa liphetoho lefatšeng. (Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44) O tla halaletsa lebitso la Molimo ka hore o pepese mashano a Satane ebe ka mor’a moo o felisa Satane le mesebetsi eohle ea hae. ’Muso oa Molimo o tla felisa ntoa, ho kula, tlala haesitana le lefu ka bolona. (Pesaleme ea 46:9; 72:12-16; Esaia 25:8; 33:24) Ha u rapella ’Muso oa Molimo hore o tle, u rapella hore litšepiso tseo kaofela li phethahale.

“Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”

Mantsoe ana a Jesu a fana ka maikutlo a hore thato ea Molimo e tla fela e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong moo Molimo a lulang teng. Ha ho letho le thibetseng thato ea Molimo hore e phethahale leholimong; Mora oa Molimo o ile a loana le Satane le mahlahana a hae moo, eaba o ba lelekela lefatšeng. (Tšenolo 12:9-12) Joaloka tse peli tse qalang, kōpo ena ea boraro thapelong ena ea mohlala e re thusa hore re nahane haholo ka lintho tseo e leng tsona tsa bohlokoa haholo, e leng thato ea Molimo, eseng ea rōna. Thato ea hae ke eona eo kamehla e tlisetsang pōpo eohle ea hae lintho tse molemo ka ho fetisisa. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore le motho ea phethahetseng, Jesu, a re ho Ntate oa hae: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.”—Luka 22:42.

“Re fe kajeno bohobe ba rōna.”

Ka mor’a moo, Jesu o ile a bontša hore re ntse re ka rapella lintho tseo re li hlokang. Ha ho letho le phoso ka ho rapela Molimo hore a re fe lintho tseo re li hlokang tsa letsatsi le letsatsi. Ha e le hantle, ha re etsa joalo re tla be re ikhopotsa hore Jehova ke eena ea fang “batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:25) Bibele e re ke motsoali ea lerato ea thabelang ho fa bana ba hae lintho tseo ba li hlokang. Leha ho le joalo, joaloka motsoali ea lerato, a ke ke a ba fa lintho tseo a tsebang hore ha li na ho ba tsoela molemo.

“U re tšoarele melato ea rōna.”

Na ho na le seo u se kolotang Molimo? Na u hloka hore a u tšoarele? Kajeno batho ba bangata ha ba sa tseba hore na ha e le hantle sebe ke eng le hore na se tebile hakae. Empa Bibele e ruta hore mathata ’ohle a rōna a bakoa ke sebe, kaha ke sona se entseng hore batho ba shoe. Kaha re tsoaletsoe sebeng, kaofela ha rōna re etsa sebe nako le nako ’me tšepo feela eo re nang le eona ea hore re fumane bophelo bo sa feleng e itšetlehile ka hore Molimo a re tšoarele. (Baroma 3:23; 5:12; 6:23) Hoa khothatsa ho tseba hore Bibele e re: “Jehova, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela.”—Pesaleme ea 86:5.

“U re lopolle ho ea khopo.”

Na ua hlokomela hore na ke ntho e potlakileng le e tebileng hakae hore u fumane tšireletso ea Molimo? Ba bangata ha ba lumele hore “ea khopo,” e leng Satane, o fela a le teng. Empa Jesu o ile a ruta hore Satane ke motho oa sebele, a ba a mo bitsa “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 16:11) Satane o silafalitse lefatše lena leo a le laolang ’me o ikemiselitse le ho u silafatsa, a be a etse hore u se ke ua ba le kamano e haufi le Ntate oa hao, Jehova. (1 Petrose 5:8) Leha ho le joalo, Jehova o matla ho feta Satane hōle, ebile o thabela ho sireletsa ba Mo ratang.

Kakaretso eo e khutšoanyane ea lintlha tsa bohlokoa tsa thapelo ea Jesu ea mohlala ha e akarelletse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka e rapellang. Hopola seo 1 Johanne 5:14 e re bolellang sona ka Molimo: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” Ka hona, u se ke ua tšoenyeha ka hore mathata a hao ke ntho e se nang thuso hoo u ke keng ua a rapella ho Molimo.—1 Petrose 5:7.

Ho thoe’ng ka nako le sebaka? Na ho na le taba hore na re rapela neng hona hokae?