Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

5 Neng Hona Hokae?

5 Neng Hona Hokae?

Na ho na le Taba Hore na re Rapela

5 Neng Hona Hokae?

HA HO pelaelo hore u hlokometse hore malumeli a mangata a nka ho ba le matlo a majabajaba a thapelo e le ntho ea bohlokoa, a bile a beha linako tse khethehileng tsa ho rapela letsatsi le letsatsi. Na Bibele e re re lokela ho rapella sebakeng se itseng feela le hona ka nako e itseng?

Bibele e bontša hore ho na le linako tse itseng tseo batho ba lokelang ho rapela ka tsona. Ka mohlala, pele Jesu a ja le balateli ba hae, o ile a rapela Molimo ho mo leboha. (Luka 22:17) Ha barutuoa ba hae ba bokane ho etsa tšebeletso ea borapeli, ba ile ba rapela ’moho. Ka tsela eo, ba ne ba latela mokhoa oo e neng e le khale o etsoa lisynagogeng tsa Bajuda le tempeleng e Jerusalema. Molimo o ne a rerile hore tempele e be “ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”—Mareka 11:17.

Ha bahlanka ba Molimo ba bokana ho rapela hammoho, lithapelo tsa bona li ka utluoa. Molimo oa thaba ha sehlopha sa batho se e-na le boikutlo bo le bong ’me thapelo ea sona e le tumellanong le melao-motheo ea Mangolo. Thapelo e joalo e ka ba ea etsa hore a etse ntho eo mohlomong a neng a sa rera ho e etsa. (Baheberu 13:18, 19) Lipaki Tsa Jehova li rapela kamehla libokeng tsa tsona. U mengoa ka mofuthu hore u tle Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang hore u tl’o ikutloela lithapelo tsa bona.

Leha ho le joalo, Bibele ha e re motho o lokela ho rapela feela ka nako e itseng kapa sebakeng se itseng. Ka Bibeleng, re fumana tlaleho ea bahlanka ba Molimo ba neng ba rapela neng kapa neng, kae kapa kae. Jesu o itse: “Ha u rapela, u kene ka kamoreng ea hao ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring; joale Ntat’ao ea talimang sephiring o tla u buseletsa.”—Matheu 6:6.

Ruri hona hoa khothatsa! Ha e le hantle u ka rapela ’Musi oa bokahohle sephiring neng kapa neng ’me ua kholiseha hore o tla u utloa. Hase feela hangata Jesu a neng a batla moo a ka bang mong e le hore a rapele! Ka lekhetlo le leng o ile a qeta bosiu bohle a rapela Molimo ’me ho hlakile hore o ne a kōpa hore a mo tataise ha a etsa qeto e ’ngoe eo e neng e le ea bohlokoa haholo.—Luka 6:12, 13.

Banna le basali ba bang ka Bibeleng ba ile ba rapela ha ba lokela ho etsa liqeto tse tebileng kapa ha ba tobane le mathata a maholo. Ka linako tse ling ba ne ba rapella holimo ’me ka linako tse ling ba rapella ka pelong; ba ne ba rapela e le sehlopha kapa ba le bang. Ntho ea bohlokoa ke hore ba ne ba rapela. Molimo ka boeena o mema bahlanka ba hae ka mantsoe ana: “Rapelang le sa phetse.” (1 Bathesalonika 5:17) Kamehla o ikemiselitse ho mamela ba etsang thato ea hae. Na eo hase memo e lerato?

Ke ’nete hore lefatšeng lena la kajeno le tletseng ka batho ba hlokang tšepo, ba bangata baa ipotsa hore na thapelo e fela e e-na le molemo kapa che. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ruri e ka nthusa?’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Re ka rapela neng kapa neng, kae kapa kae