Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

7 Na Molimo o Tla e Utloa?

7 Na Molimo o Tla e Utloa?

Thapelo

7 Na Molimo o Tla e Utloa?

POTSO ena e tsosa thahasello ea batho ba bangata ebile e etsa hore ba batle ho tseba. Bibele e bontša hore esita le kajeno Jehova o mamela lithapelo. Ho itšetlehile ka rōna hore na o tla li utloa kapa a ke ke a li utloa.

Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba neng ba ikaketsa ha ba rapela; ba ne ba amehile feela ka hore ba hlahe eka ba lokile mahlong a batho. O ile a re batho ba joalo ba ne ba tla fumana “moputso oa bona ka botlalo,” ka mantsoe a mang, ba ne ba tla fumana seo ba hlileng ba se batlang, e leng ho eloa hloko ke batho, ho e-na le hore ba fumane seo ba se hlokang, e leng ho utluoa ke Molimo. (Matheu 6:5) Ka ho tšoanang le kajeno, ba bangata ba rapela tumellanong le thato ea bona ho e-na le ea Molimo. Ho iphapanyetsa melao-motheo ea Bibele eo re e tšohlileng ho etsa hore Molimo a se ke a ba mamela.

Joale uena? Na Molimo o utloa lithapelo tsa hao? Karabo ha ea itšetleha ka hore na u oa morabe ofe, oa sechaba sefe, kapa hona hore na u boemong bofe sechabeng. Bibele ea re tiisetsa: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Na mantsoe ao a hlalosa seo u leng sona? Haeba u tšaba Molimo, u tla mo nka e le ea phahameng ka ho fetisisa ’me u tla tšaba ho mo utloisa bohloko. Haeba u sebetsa ho loka, u tla batla ho etsa seo Molimo a reng se nepahetse ho e-na le ho latela thato ea hao kapa ho latela se etsoang ke batho ba bang. Na ruri u batla hore Molimo a utloe lithapelo tsa hao? Bibele e bontša hore na u ka etsa seo joang. *

Ke ’nete hore batho ba bangata ba batla hore Molimo a arabe lithapelo tsa bona ka mohlolo. Empa le mehleng ea Bibele e ne e se kamehla Molimo a neng a etsa mehlolo. Ka linako tse ling ho ne ho feta lilemo tse makholo pele ho ka etsahala mohlolo o mong ho e tlalehiloeng. Ho feta moo, Bibele e bontša hore mehlolo e ile ea fela ka mor’a mehla ea baapostola. (1 Bakorinthe 13:8-10) Na joale see se bolela hore Molimo ha a sa araba lithapelo mehleng ee? Che! Ak’u nahane ka lithapelo tse ling tseo a li arabang.

Molimo o fana ka bohlale. Jehova ke Mohloli e moholo ka ho fetisisa oa bohlale bohle ba sebele. O fana ka bona ka seatla se bulehileng, o bo fa ba batlang tataiso ea hae le ba batlang ho phela ka eona.—Jakobo 1:5.

Molimo o fana ka moea oa hae o halalelang le melemo eohle ea oona. Moea o halalelang ke matla a sebetsang a Molimo. Ha ho na matla a maholo ho feta ana. O ka re thusa hore re mamelle liteko. O ka etsa hore re be le khotso le ha re le har’a mathata. O ka re thusa hore re hlaolele litšobotsi tse ling tse ntle le tse ratehang. (Bagalata 5:22, 23) Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae hore Molimo o fana ka mpho ena ea hae ka seatla se bulehileng.—Luka 11:13.

Molimo o fana ka tsebo ho ba mo batlang ka tieo. (Liketso 17:26, 27) Ho na le batho ba batlang ’nete ka tieo lefatšeng lohle. Ba batla ho tseba Molimo—hore na lebitso la hae ke mang, morero oa hae ka lefatše le batho ke ofe, le hore na ba ka atamela haufi le eena joang. (Jakobo 4:8) Hangata Lipaki Tsa Jehova li kopana le batho ba joalo ’me li thabela ho ba fa likarabo tsa Bibele tsa lipotso tseo.

Na ebe ke lona lebaka le entseng hore ebe u ile ua amohela makasine ee? Na u batla ho tseba Molimo? Mohlomong ena ke tsela eo a arabelang thapelo ea hao ka eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na u rapele joang le hore Molimo a utloe lithapelo tsa hao, sheba khaolo ea 17 ea buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.