Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha lengolo la Bibele la 1 Bakorinthe le bua ka nama ea mahlabelo a etsetsoang litšoantšo?

Moapostola Pauluse o ile a ngola ho re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekisoang ’marakeng oa nama le ’ne le e je, le sa botsisise letho ka lebaka la matsoalo a lōna.” (1 Bakorinthe 10:25) Nama eo e ne e tsoa hokae?

Ho etsa mahlabelo a liphoofolo e ne e le ketsahalo ea bohlokoa litempeleng tsa Bagerike le Baroma, empa ho ne ho sa jeoe nama eohle ea mahlabelo a liphoofolo meketeng eo. Nama e setseng litempeleng tsa bohetene e ne e qetella e rekisoa limmarakeng tsa sechaba tsa nama. Buka ea Idol Meat in Corinth, e re: “Ba boholong lihlotšoaneng tsa borapeli tsa bokhelohi . . . ka linako tse ling ba bitsoa baapehi kapa bo-ralilakha. Ha ba qeta ho hlaba liphoofolo tsa mahlabelo, ba ne ba pataloa ka nama, ebe ba e rekisa ’marakeng.”

Kahoo, hase hore nama eohle e neng e rekisoa ’marakeng ke e neng e setse meketeng ea bolumeli. Lintho tse epolotsoeng ’marakeng oa nama (e leng macellum ka Selatine) oa Pompeii, li bontša masapo a ntseng a feletse a linku. Setsebi Henry J. Cadbury, o re sena se bontša hore “e ka ’na eaba nama e ne e rekisoa e le phoofolo e ntseng e phela kapa e hlabeloa macellum haesita le hore e ne e rekisoa e se e ntse e hlabiloe kapa e tsoa mahlabelong a tempele.”

Ntlha eo Pauluse a neng a e hatisa e ne e le hore le hoja Bakreste ba ne ba ke ke ba kopanela borapeling ba bohetene, ka tlhaho nama eo ho neng ho entsoe mahlabelo ka eona tempeleng e ne e sa silafala.

Ke hobane’ng ha Bajuda le Basamaria ba ne ba sa utloane mehleng ea Jesu?

Johanne 4:9 e re “Bajuda [ba ne ba se na] litšebelisano le Basamaria.” Ho bonahala lehloeo lena le qalile khale koana ha Jeroboame a ne a theha borapeli ba litšoantšo ’musong o ka leboea oa meloko e leshome ea Iseraele. (1 Marena 12:26-30) Basamaria ba ne ba lula Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso oo o ka leboea. Ha meloko e leshome e haptjoa ke Baassyria ka 740 B.C.E., Baassyria ba ile ba beha balichaba ba bahetene motseng oa Samaria. Ho hlakile hore taba ea hore Basamaria ba ile ba nyalana le balichaba bana e ile ea etsa hore borapeli ba bona bo silafale le ho feta.

Lilemong tse makholo ka mor’a moo, Basamaria ba ile ba e-ba khahlanong le boiteko ba Bajuda ba neng ba khutla botlamuoeng Babylona ba ho tsosolosa tempele ea Jehova hammoho le marako a Jerusalema. (Esdrase 4:1-23; Nehemia 4:1-8) Likhohlano tsa bolumeli li ile tsa tota le ho feta ha Basamaria ba haha tempele ea bona Thabeng ea Gerizime, mohlomong lekholong la bone la lilemo B.C.E.

Mehleng ea Jesu, lentsoe “Mosamaria” le ne le matahanngoa le bolumeli ho feta ho hlalosa motho ea tsoang sebakeng se itseng ’me le ne le bolela motšehetsi oa sehlopha sa bokhelohi se neng se atile Samaria. Basamaria ba ne ba ntse ba rapella Thabeng ea Gerizime ’me Bajuda ba ne ba ba nka ba nyonyeha ba bile ba sa hlomphehe.—Johanne 4:20-22; 8:48.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Poleite ea letsopa e bontšang ha ho etsoa mahlabelo, lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Jeroboame o ile a theha borapeli ba litšoantšo