Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Muso o Tla Fetola Lefatše Lohle

’Muso o Tla Fetola Lefatše Lohle

Ruta Bana ba hao

’Muso o Tla Fetola Lefatše Lohle

NA UA tseba hore na ’Muso oo ke ofe?— * Ke oo Jesu a ileng a re ruta hore re o rapelle. O ile a re ruta hore re kōpe Molimo, re re: “’Muso oa hao o ke o tle.” (Matheu 6:9, 10) E se e le lilemo tse ka bang 2 000 balateli ba Jesu ba ntse ba rapela Molimo hore ’Muso oa Hae o tle. Na u se u kile ua u rapella?—

E le hore u utloisise hore na ’muso ke eng, pele u lokela ho tseba hore na morena ke eng. Morena ke motho ea busang. Hangata ho ba le sebaka se itseng seo a se busang. Sebaka seo ’Muso oa Molimo o tla se busa se akarelletsa lefatše kaofela. Ha ’Muso oa Molimo o tla, ka nako eo motho e mong le e mong ea lefatšeng o tla thabela mahlohonolo ao puso ea hae e tla a tlisetsa batho.

’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo. Ho Esaia 9:6, Bibele e bua ka ’Musi oa ’muso ona. Hlokomela hore na e re’ng ka eena: “Re tsoaletsoe ngoana, . . . ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae. O tla rehoa lebitso la . . . Khosana ea Khotso.”

Na ua tseba hore na khosana ke eng?— E, ke mora oa morena. Morena ea phahameng ka ho fetisisa ea leholimong ke mang?— U nepile, haeba u itse ke Jehova. Bibele e re ke “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Hangata ka Bibeleng Jesu o bitsoa “Mora oa Molimo.” Lebaka le leng leo ka lona a bitsoang joalo ke hore Jehova ke eena ea bōpileng Jesu. Jehova ke eena Ntate oa Jesu.—Luka 1:34, 35; Johanne 1:34, 49; 3:17; 11:27; 20:31; Liketso 9:20.

’Muso oa Molimo oo Jesu a ileng a re ruta hore re o rapelle, ke puso e ikhethang. Ke “puso ea bohosana” hobane Jehova o etsa hore mora oa hae, Jesu, e be ’Musi kapa Morena oa ’Muso oo. Empa na u ne u tseba hore ho na le ba bang ba tla khethoa hore ba buse e le marena le Jesu ’Musong oa Ntate oa hae?— A re ke re bue ka bona.

Nakoana pele Jesu a shoa, o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore o ea “ka tlung” ea Ntate oa hae ea leholimong. O ile a re: “Ke il’o le lokisetsa sebaka, . . . e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.” (Johanne 14:1-3) Na ua tseba hore na baapostola le batho ba bang ba khethiloeng ba tla etsa’ng le Jesu leholimong?— “Ba tla busa le eena e le marena.” Bibele ebile e re bolella hore na ke ba bakae ba tla busa le Jesu e le marena. Ke ba 144 000.—Tšenolo 14:1, 3; 20:6.

U nahana hore ho tla ba joang lefatšeng ha Khosana ea Khotso e busa le ba khethiloeng ba 144 000?— Ho tla ba monate haholo! Ha ho na ho ba le lintoa. Liphoofolo li tla phelisana ka khotso li be li phelisane le rōna ka khotso. Ha ho na motho ea tla kula kapa ea tla shoa. Mahlo a ba foufetseng a tla bona, litsebe tsa ba sa utloeng li tla utloa, ba holofetseng ba tla matha ba be ba tlōla-tlōle joaloka khama. Lefatše le tla hlahisetsa motho e mong le e mong lijo tsa boleng bo botle. ’Me batho bohle ba tla ratana joalokaha Jesu a ile a ruta barutuoa ba hae hore ba ratane. (Johanne 13:34, 35) A re ke re phetle litemana tse thathamisitsoeng mona tsa buka ea Esaia ’me re bale ka lintho tse thabisang tse tla etsahala.—Esaia 2:4; 11:6-11; 25:8; 33:24; 35:5, 6; 65:21-24.

Haesale Jesu a ruta batho hore ba rapele ba re “’muso oa hao o ke o tle,” e se e le batho ba limilione ba ithutileng ka ’Muso oo. Ho tseba sena ho fetotse bophelo ba bona. Haufinyane ha ’Muso oo o tla ’me o nkela mebuso eohle ea lefatše sebaka, batho bohle ba sebeletsang Jehova Molimo le ’Musi eo a mo khethileng, Jesu Kreste, ba tla phela ka khotso, ba sa kule ba bile ba thabile.—Johanne 17:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

LIPOTSO:

▪ Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo o boetse o bitsoa “puso ea bohosana”?

▪ Ke bo mang ba tla busa le Jesu ’Musong oa Ntate oa hae?

▪ Ho tla ba joang lefatšeng pusong ea Jesu ea bohosana?