Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le ’ne le Batle “ho Loka ha Hae” Pele

Le ’ne le Batle “ho Loka ha Hae” Pele

Le ’ne le Batle “ho Loka ha Hae” Pele

“Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—MAT. 6:33.

1, 2. Ho loka ha Molimo ke’ng, hona ho itšetlehile ka eng?

“JOALE, le ’ne le batle ’muso pele.” (Mat. 6:33) Lipaki Tsa Jehova kajeno li tseba keletso ena eo Jesu Kreste a faneng ka eona Thutong ea hae ea Thabeng haholo. Likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna, re leka ka hohle hore re bontše hore re rata ’Muso oo ebile re batla ho o sebeletsa ka botšepehi. Empa re boetse re lokela ho hopola karolo e latelang ea mantsoe ana, e reng, “le ho loka ha hae.” Ho loka ha Molimo ke eng, ’me ho ho batla pele ho bolela’ng?

2 Mantsoe a Segerike sa pele a fetoletsoeng e le “ho loka” a ka boela a fetoleloa e le “toka” kapa “bokhabane.” Kahoo, ho loka ha Molimo ho bontša bokhabane ho ea ka melao-motheo le melao ea hae. Kaha Jehova ke ’Mōpi, o na le tokelo ea ho beha melao-motheo ea se setle le se sebe, se nepahetseng le se fosahetseng. (Tšen. 4:11) Leha ho le joalo, ho loka ha Molimo ha hoa itšetleha ka letoto la melao e thata kapa letoto le sa feleng la melao le litaelo tse se nang botho. Ho e-na le hoo, ho itšetlehile ka botho ba Jehova le tšobotsi ea hae e khōlō ea toka hammoho le litšobotsi tse ling tsa hae tse khōlō e leng lerato, bohlale le matla. Kahoo, ho loka ha Molimo ho amana le thato ea hae le morero oa hae. Ho akarelletsa seo a se lebeletseng ho batho ba ratang ho mo sebeletsa.

3. (a) Ho batla ho loka ha Molimo pele ho bolela’ng? (b) Ke hobane’ng ha re latela melao-motheo ea Jehova e lokileng?

3 Ho batla ho loka ha Molimo pele ho bolela’ng? Ka mantsoe a bonolo feela, ho bolela ho etsa thato ea Molimo e le hore re mo thabise. Ho batla ho loka ha hae ho akarelletsa ho leka ho phela ho ea ka melao le melao-motheo ea hae e phethahetseng eseng ea rōna. (Bala Baroma 12:2.) Tsela ena ea bophelo e akarelletsa kamano ea rōna le Jehova ka boeona. Ha re boloke melao ea hae hobane feela re tšaba kotlo. Ho e-na le hoo, lerato leo re ratang Molimo ka lona le re susumetsa hore re leke ka hohle ho mo thabisa ka ho latela melao-motheo ea hae, eseng ka ho iketsetsa ea rōna. Rea hlokomela hore ho etsa joalo ke ntho e lokileng, ke eona ntho eo re bōpetsoeng ho e etsa. Le rōna re lokela ho rata ho loka, joaloka Jesu Kreste, eo e leng Morena oa ’Muso oa Molimo.—Baheb. 1:8, 9.

4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale ho batla ho loka ha Molimo?

4 Ke habohlokoa hakae hore re batle ho loka ha Jehova? Ak’u nahane ka ntlha ena: Teko ea pele tšimong ea Edene e ne e itšetlehile ka hore na Adama le Eva ba ne ba tla amohela tokelo ea Jehova ea ho ba behela melao-motheo kapa che. (Gen. 2:17; 3:5) Taba ea hore ba ile ba hlōleha ho e amohela e re tliselitse mahlomola le lefu kaha re litloholo tsa bona. (Bar. 5:12) Ka lehlakoreng le leng, Lentsoe la Molimo le re: “Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.” (Liprov. 21:21) Ka sebele, ho batla ho loka ha Molimo pele ho etsa hore re be le kamano e mofuthu le Jehova eo qetellong e tlang ho etsa hore re pholohe.—Bar. 3:23, 24.

Kotsi ea ho Itokafatsa

5. Re lokela ho qoba kotsi efe?

5 Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Roma, o ile a hatisa kotsi eo bohle re lokelang ho e qoba haeba re batla ho atleha tabeng ea ho batla ho loka ha Molimo pele. Ha Pauluse a ne a bua ka Bajuda ba habo, o ile a re: “Kea ba pakela hore ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng; etsoe, ka lebaka la ho se tsebe ho loka ha Molimo empa ba batla ho tiisa ha bona, ha baa ka ba ipeha tlas’a ho loka ha Molimo.” (Bar. 10:2, 3) Ho ea ka Pauluse, barapeli bao ba ne ba sa utloisise ho loka ha Molimo kaha ba ne ba tšoarehile haholo ba leka ho tiisa ho loka ha bona. *

6. Re lokela ho qoba moea ofe, hona hobane’ng?

6 Tsela e ’ngoe eo re ka oelang lerabeng lena ka eona ke ka ho nka tšebeletso eo re e etsetsang Molimo e le tlhōlisano, ka ho ipapisa le ba bang. Habonolo feela moea ona o ka etsa hore re ikakase ka lebaka la bokhoni ba rōna. Empa ha e le hantle, haeba re ne re ka etsa joalo, re ne re tla be re lebala ho loka ha Jehova. (Bagal. 6:3, 4) Lerato leo re ratang Jehova ka lona le lokela ho re susumetsa hore re etse se nepahetseng. Boiteko leha e le bofe ba ho batla ho bonahatsa ho loka ha rōna bo ka hlakola taba ea hore rea mo rata.—Bala Luka 16:15.

7. Jesu o ile a sebetsana le bothata ba ho itokafatsa joang?

7 Jesu o ne a amehile ka “ba neng ba itšepa hore ba lokile ’me ba nka ba bang kaofela e se letho.” Ha a ne a sebetsana le bothata bona ba ho itokafatsa, o ile a etsa papiso ena: “Banna ba babeli ba ile ba nyolohela ka tempeleng ho ea rapela, e mong e le Mofarisi ’me e mong e le ’mokelli oa lekhetho. Mofarisi a ema ’me a qala ho rapella lintho tsena ka pelong, ‘Molimo, kea u leboha ka hore ebe ha ke joaloka batho ba bang kaofela, bahanyapetsi, ba sa lokang, bafebi, kapa esita le joaloka ’mokelli enoa oa lekhetho. Ke itima lijo habeli ka beke, ke fana ka karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo ke li fumanang.’ Empa ’mokelli oa lekhetho a eme hōjana o ne a sa rate le ho phahamisetsa mahlo a hae nģ’a leholimong, empa a ’na a ikotla sefuba, a re, ‘Molimo, e-ba mosa ho ’na moetsalibe.’” Jesu o ile a lihela likhala ka ho re: “Kea le bolella, Monna enoa o ile a theohela lapeng la hae e le ea lokileng ho feta monna eane; hobane e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa, empa ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Luka 18:9-14.

Kotsi e ’Ngoe ke ho ba “ea Lokileng ho Feta Tekanyo”

8, 9. Ho ba “ea lokileng ho feta tekanyo” ho bolela’ng, ’me ho ka fella ka eng?

8 Kotsi e ’ngoe eo re lokelang ho e qoba ke e hlalositsoeng ho Moeklesia 7:16 e reng: “U se ke ua ba ea lokileng ho feta tekanyo, kapa ua iponahatsa u le bohlale ka ho fetisisa. Ke hobane’ng ha u ka ipakela tšenyeho?” Ha mongoli eo ea bululetsoeng oa Bibele a re fa lebaka la ho qoba boikutlo bo joalo, temaneng ea 20 o tsoela pele ka ho re: “Etsoe ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” Motho “ea lokileng ho feta tekanyo” o ipehela melao-motheo ea hae ea ho loka ’me o ahlola ba bang ka eona. Empa o hlōleha ho elelloa hore ka ho etsa joalo, o phahamisetsa melao-motheo ea hae ka holim’a ea Molimo ’me ka tsela eo, o iketsa ea sa lokang mahlong a Molimo.

9 Ho ba “ea lokileng ho feta tekanyo,” kapa ho ba “ea lokileng ka ho fetisisa,” ho ea ka liphetolelo tse ling tsa Bibele, ho ka ba ha etsa hore re tšoaee tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona phoso. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore haeba re tšoaea liqeto tsa Jehova phoso mabapi le hore na li lokile kapa che, ha e le hantle re tla be re qala ho phahamisetsa melao-motheo ea rōna ka holim’a ea Jehova. Ho joalokaha eka re qosa Jehova ’me re mo ahlola ka melao-motheo ea rōna ea se nepahetseng le se fosahetseng. Empa Jehova ke eena ea nang le tokelo ea ho beha melao-motheo ea ho loka, eseng rōna!—Bar. 14:10.

10. Joaloka mohlaleng oa Jobo, ke eng e ka ’nang ea etsa hore re ahlole Molimo?

10 Le hoja ho se le ea mong oa rōna ea ka ratang hore ka boomo a ahlole Molimo, ho se phethahale ha rōna ho ka etsa hore re qetelle re entse joalo. Seo se ka etsahala habonolo ha re bona ntho eo re nahanang hore ke ho hloka toka kapa haeba re hlaheloa ke tsietsi. Esita le Jobo ea tšepahalang o ile a etsa phoso ena. Qalong Jobo o ile a hlalosoa e le monna ‘ea sa tšoauoeng phoso ea bileng a lokileng, ea tšabang Molimo a bile a kheloha bobe.’ (Jobo 1:1) Eaba Jobo o hlaheloa ke letoto la litlokotsi tseo ho eena li neng li bonahala e le ho hloka toka. Sena se ile sa etsa hore Jobo a qetelle a boletse hore “moea oa hae o lokile ho e-na le Molimo.” (Jobo 32:1, 2) Ho ne ho hlokahala hore tsela eo Jobo a neng a sheba lintho ka eona e lokisoe. Kahoo ha rea lokela ho makala haeba ka nako e ’ngoe, re ka iphumana re le boemong bo tšoanang. Haeba seo se etsahala, ke eng e ka re thusang hore re lokise tsela eo re nahanang ka eona?

Hase Kamehla re Tsebang Lintlha Kaofela

11, 12. (a) Haeba re nka hore ntho e itseng ke ho hloka toka, ke eng eo re lokelang ho e hopola? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore papiso ea Jesu ea basebetsi ba tšimong ea morara e bontša ho hloka toka?

11 Ntho ea pele eo re lokelang ho e hopola ke hore hase kamehla re tsebang lintlha kaofela. Ho ile ha etsahala se tšoanang le ka Jobo. O ne a sa tsebe hore bara ba Molimo ba mangeloi ba ne ba bokane leholimong, moo ka leshano Satane a neng a mo qosa. (Jobo 1:7-12; 2:1-6) Jobo o ne a sa elelloe hore ha e le hantle mathata a hae a ne a bakoa ke Satane. Ha e le hantle, re ke ke ra tiisa hore Jobo o ne a tseba hantle hore na Satane e ne le mang! Kahoo ka phoso o ne a nka hore Molimo ke eena ea mo bakelang mathata. Ruri ho bonolo hore re fihlele qeto e fosahetseng haeba re sa tsebe lintlha kaofela.

12 Ka mohlala, ak’u nahane ka papiso ea Jesu ea basebetsi ba tšimong ea morara. (Bala Matheu 20:8-16.) Mona Jesu o bua ka mong’a ntlo ea lefang basebetsi bohle ba hae chelete e lekanang, ho sa tsotellehe hore na ba sebelitse letsatsi lohle kapa hora e le ’ngoe feela. U ikutloa joang ka seo? Na se bonahala se lokile? Mohlomong qalong u utloela basebetsi ba sebelitseng letsatsi lohle har’a mocheso bohloko. Ha ho pelaelo hore ba ne ba lokela ho lefshoa chelete e eketsehileng! Ka lebaka leo, ho ka ’na ha bonahala eka mong’a ntlo eo ha a lerato ebile o hloka toka. Esita le tsela eo ka eona a ileng a araba basebetsi bao ba ileng ba tletleba, e ka ’na ea bonahala e le ho sebelisa matla a hae hampe le ka tsela e hatellang. Empa na re tseba lintlha kaofela?

13. Re ka ba le maikutlo afe a mang ka papiso ea Jesu ea basebetsi ba tšimong ea morara?

13 A re ke re shebeng papiso ena ka leihlo le leng. Ha ho pelaelo hore mong’a ntlo oa papisong eo o ne a tseba hore banna bana kaofela ba ne ba lokela ho fepa ba malapa a bona. Mehleng ea Jesu, batho ba sebetsang masimong ba ne ba lefshoa ka letsatsi. Ba malapa a bona ba ne ba phela ka chelete eo ba neng ba e fumana letsatsi ka leng. Ka lebaka leo, nahana ka boemo ba basebetsi bao mong’a ntlo a ba fumaneng morao eaba ba sebetsa hora e le ’ngoe feela. Mohlomong ba ne ba ke ke ba khona ho fepa ba malapa a bona ka moputso oa hora e le ’ngoe feela; empa ba ne ba ikemiselitse ho sebetsa ’me ba ne ba letile letsatsi lohle hore ba hiroe. (Mat. 20:1-7) E ne e se molato oa bona hore ebe ba ne ba sa fumana mosebetsi letsatsi lohle. Ha ho na letho le bontšang hore ba ne ba entse ka boomo hore ba se ke ba sebetsa. Ak’u nahane feela haeba u ne u letile letšehare lohle, u tseba hore ho na le batho ba itšetlehileng ka moputso oo u neng u tla o fumana letsatsing leo. U ne u tla thaba hakaakang ha u fumana mosebetsi—’me u ne u tla makala hakaakang ha u ne u fumana moputso o lekaneng hore u fepe lelapa la hao!

14. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re e ithutang eona papisong ea tšimo ea morara?

14 Joale a re ke re boeleng re hlahlobe seo mong’a ntlo a se entseng. Ha ho na motho eo a mo lefileng chelete e nyenyane. Ho e-na le hoo, o sebetsane le mosebetsi e mong le e mong joaloka motho ea nang le tokelo ea ho fumana chelete ea ho iphelisa le ho phelisa ba lelapa la hae. Le hoja ho ne ho e-na le basebetsi ba bangata, mong’a ntlo ha aa ka a nka monyetla ka basebetsi bao e le hore a ba lefe hanyenyane. Basebetsi bohle ba hae ba ile ba khutlela hae ba e-na le chelete e lekaneng ea hore ba fepe ba malapa a bona. Ha re nahanisisa ka lintlha tsena tse ling, seo se ka ’na sa etsa hore re fetole seo re se nahanang mabapi le seo mong’a ntlo a se entseng. Qeto eo a ileng a e etsa e ne e bontša hore o lerato ebile o ne a sa sebelise matla a hae hampe le ka tsela e hatellang. Re ka ithuta’ng ho see? Hore ho nahanisisa ka lintlha tse seng kae feela ho ka etsa hore re fihlele qeto e fosahetseng. Ka sebele, papiso ena e hatisa kamoo ho loka ha Molimo ho phahameng kateng le hore ha hoa itšetleha feela ka melao le ka hore na batho ba tšoaneloa ke hona.

Ho ka ’na ha E-ba le se Khopameng Kapa se Haellang Tseleng eo re Shebang Lintho ka Eona

15. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba le se khopameng kapa se haellang tseleng eo re shebang toka ka eona?

15 Ntlha ea bobeli eo re lokelang ho e hopola ha re tobane le boemo bo bonahalang bo hloka toka ke hore ho ka ’na ha e-ba le se khopameng kapa se haellang tseleng eo re shebang lintho ka eona. Tsela eo re shebang lintho ka eona e ka ’na ea khopamisoa ke ho se phethahale, khethollo kapa setso. Ntho e ’ngoe e etsang hore e haelle ke hore ha re khone ho bona sepheo sa motho le ho tseba se hlileng se leng ka pelong ea hae. Ho fapana le hoo, Jehova le Jesu bona ha ba na meeli e joalo.—Liprov. 24:12; Mat. 9:4; Luka 5:22.

16, 17. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a sebelisa molao oa hae o mabapi le bofebe ha Davida a ne a entse sebe le Bathe-sheba?

16 A re ke re hlahlobeng tlaleho e buang ka bofebe ba Davida le Bathe-sheba. (2 Sam. 11:2-5) Ho ea ka Molao oa Moshe, ba ne ba lokela ho bolaoa. (Lev. 20:10; Deut. 22:22) Le hoja Jehova a ile a ba fa kotlo, ha aa ka a sebelisa molao oa hae ho bona. Na seo se ne se bontša hore Jehova o hloka toka? Na o ile a bontša hore o ne a rata Davida hoo a ileng a ba a tlōla melao-motheo ea Hae e lokileng? Babali ba bang ba Bibele ba ’nile ba ikutloa ka tsela eo.

17 Leha ho le joalo, Jehova o ne a fane ka molao ona o mabapi le bofebe ho baahloli ba sa phethahalang, ba neng ba ke ke ba lemoha se ka pelong ea motho. Le hoja ho ne ho e-na le moo ba haelloang teng, molao ona o ne o ba thusa hore ba ahlole ka tsela e tšoanang ka linako tsohle. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o khona ho lemoha se ka lipelong tsa batho. (Gen. 18:25; 1 Likron. 29:17) Kahoo ha rea lokela ho lebella hore Jehova o ne a ka beheloa meeli ke molao oo a neng a o etselitse baahloli ba sa phethahalang. Haeba ho ne ho ka ba joalo, na ho ne ke ke ha tšoana le ho qobella motho ea bonang hantle hore a roale likhalase tse etselitsoeng motho ea sa boneng hantle? Jehova o ile a bona se neng se le ka pelong ea Davida le ea Bathe-sheba ’me a bona hore ba ne ba bakile e le kannete. Ka lebaka leo, o ile a ba ahlola ka tsela e loketseng, e bontšang mohau le lerato.

Tsoela Pele U Batla ho Loka ha Jehova

18, 19. Ke eng e tla re thusa hore le ka mohla re se ke ra ahlola Jehova ka melao-motheo ea rōna ea ho loka?

18 Kahoo, haeba ka linako tse ling re bona ntho eo re nahanang hore e bontša hore Jehova o hloka toka—ebang ke eo re e balang ka Bibeleng kapa ke e etsahalang bophelong ba rōna—le ka mohla ha rea lokela ho ahlola Molimo ka melao-motheo ea rōna ea ho loka. Hopola hore hase kamehla re tsebang lintlha kaofela le hore ho ka ’na ha e-ba le se khopameng kapa se haellang tseleng eo re shebang lintho ka eona. Le ka mohla u se ke ua lebala hore “khalefo ea motho ha e hlahise ho loka ha Molimo.” (Jak. 1:19, 20) Ka tsela ena, le ka mohla lipelo tsa rōna li ke ke tsa “halefela Jehova.”—Liprov. 19:3.

19 Joaloka Jesu, kamehla a re luleng re hopola hore ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho beha melao-motheo ea se lokileng le se molemo. (Mar. 10:17, 18) Ikitlaetse hore u fumane “tsebo e nepahetseng” kapa “tsebo ea ’nete” ea melao-motheo ea hae. (Bar. 10:2; 2 Tim. 3:7, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ha re e amohela ’me re phela ka tsela e lumellanang le thato ea Jehova, re bontša hore re batla “ho loka ha hae” pele.—Mat. 6:33.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ho ea ka setsebi se seng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tiisa” le ka boela la bolela ‘ho haha sefika.’ Kahoo, Bajuda bao ba ne ba hlile ba haha sefika sa tšoantšetso se tlotlisang bona eseng Molimo.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho batla ho loka ha Jehova?

• Ke likotsi life tse peli tseo re lokelang ho li qoba?

• Re ka batla ho loka ha Molimo pele joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Re ithuta’ng papisong ea Jesu ea banna ba babeli ba neng ba rapela tempeleng?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Na e ne e le ho hloka toka ho lefa basebetsi ba fihlileng ka hora ea leshome le motso o mong moputso o lekanang le oa ba neng ba sebelitse letsatsi lohle?