Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Hoa Khoneha Hore Motho a Khotsofale?

Na Hoa Khoneha Hore Motho a Khotsofale?

Na Hoa Khoneha Hore Motho a Khotsofale?

“Ho khotsofala ho ka fetola mofutsana morui; ho se khotsofale ha fetola morui mofutsana.”—Benjamin Franklin.

TUMELLANONG le mantsoe ao, ba bangata ba ithutile hore ho khotsofala hase ntho e ka rekoang. Hase feela ho bonahalang eka ho khotsofala e le kannete ke ntho e ke keng ea khoneha lefatšeng lena le hlohlelletsang batho hore ba lakatse ho ba le lintho tse ngata, ba finyelle lintho tse khōlō kapa ba phele ka tsela e tšoanang le ea ba bang! Na u se u kile ua angoa ke e ’ngoe ea lintho tse latelang?

• Ba bapatsang ba etsa lipapatso tse ngata-ngata tse etsang hore u ikutloe eka u tla khotsofala hafeela u ka reka ho itseng.

• Moea oa tlhōlisano mosebetsing kapa sekolong o etsa hore u nahane hore u tla ba oa bohlokoa hafeela u ka finyella seo ba bang ba se finyeletseng.

• Batho ha ba ananele seo u ba etsetsang sona.

• Metsoalle ea hao e etsa hore u ikutloe u lakatsa ho ba le lintho tseo e nang le tsona.

• Ha u fumane likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tseo u ipotsang tsona mabapi le bophelo.

Na hoa khoneha hore u khotsofale le hoja u talimane le lintho tse tjee? Moapostola Pauluse o ile a bua ka “sephiri sa ho khotsofala.” Ka linako tse ling o ne a e-ba le ho hongata bophelong, ka linako tse ling a hloka. Metsoalle ea hae e ne e mo nka e le oa bohlokoa haholo, empa ba bang ba ne ba mo soma. Leha ho le joalo, o ile a re o ne a “ithutile ho khotsofalla boemo leha e le bofe.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Bafilipi 4:11, 12, New International Version.

Batho ba e-s’o etse boiteko ha ba tsebe hore na ho khotsofala ke ntho e joang, empa joalokaha Pauluse a bontšitse, ke ntho eo batho ba ka ithutang ho ba le eona. Joale re u mema hore u hlahlobe litsela tse hlano tseo u ka ithutang ho khotsofala ka tsona tse fumanehang Lentsoeng la Molimo, Bibele.