Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšelisa ba Hlokahaletsoeng, Joalokaha Jesu a Ile a Etsa

Tšelisa ba Hlokahaletsoeng, Joalokaha Jesu a Ile a Etsa

Tšelisa ba Hlokahaletsoeng, Joalokaha Jesu a Ile a Etsa

LAZARO ea neng a lula Bethani, o ile a kula hampe. Likhaitseli tsa hae, Maretha le Maria, ba ile ba roma batho ho motsoalle oa bona ea haufi, e leng Jesu. Empa Lazaro o ile a hlokahala. Ha a le lebitleng, metsoalle le baahelani ba ile ba ea ho Maretha le Maria “e le hore ba ba tšelise.” (Johanne 11:19) Qetellong Jesu o ile a fihla Bethani ’me a ea bona metsoalle ea hae eo a neng a e rata. Re ka ithuta hore na re tšelise ba hlokahaletsoeng joang ka ho hlahloba seo a ileng a se bua le seo a ileng a se etsa.

Boteng ba Hao bo Bontša Hore Ua Tsotella

E le hore a fihle Bethani ha a tsoa Jeriko, Jesu o ne a lokela ho qeta matsatsi a ka bang mabeli tseleng, a tšele Nōka ea Jordane a be a hloe moepa tseleng e matsoelintsoeke. Ka potlako Maretha o ile a ea lumelisa Jesu a e-s’o kene le ka har’a motse. Hamorao ha Maria a utloa hore Jesu o teng, le eena o ile a potlakela ho ea mo bona. (Johanne 10:40-42; 11:6, 17-20, 28, 29) Ha ho pelaelo hore boteng ba Jesu bo ile ba tšelisa bana bao ba motho ba neng ba le mesarelong.

Le kajeno boteng ba rōna bo ka tšelisa ba saretsoeng. Scott le Lydia bao mora oa bona ea lilemo li tšeleng, Theo, a ileng a hlokahala kotsing e itseng, ba re: “Re ne re hloka tšehetso ea ba lelapa le metsoalle. Ba ile ba tla har’a bosiu, le hona ba hla ba toba sepetlele.” Metsoalle eo e ile ea re’ng? “Ka nako eo, re ne re sa hloke hore ba bue ho itseng. Boteng ba bona feela bo ne bo lekane—bo ne bo bontša hore baa re tsotella.”

Bibele e re ha Jesu a bona ba neng ba llela Lazaro, o ile a “khathatseha” eaba o “ntša meokho.” (Johanne 11:33-35, 38) Jesu o ne a sa re monna ke nku ha a lle. O ile a utloisisa bohloko boo ba neng ba bo utloile eaba u ikenya lieteng tsa bona. Re ithuta’ng? Ha re il’o hloela ba hlokahaletsoeng, ha rea lokela ho soabela ho lla le bona. (Baroma 12:15) Ka lehlakoreng le leng, ha rea lokela ho leka ho qobella motho ea hlokahaletsoeng hore a lle. Ba bang ba ka ’na ba khetha ho lla ha ba le bang.

Mamela ka Qenehelo

E ka ’na eaba Jesu o ne a e-na le mantsoe ao a neng a batla ho khothatsa Maretha le Maria ka ’ona, empa ho bonahala a ile a ba tlohella hore e be bona ba buang pele. (Johanne 11:20, 21, 32) Ha a bua le Maretha, o ile a mo botsa potso, eaba oa mamela.—Johanne 11:25-27.

Ha motho a mamela ka hloko, o bontša hore o amehile e le kannete. E le hore re tšelise ba hlokahaletsoeng, re lokela ho mamela ka hloko. Re ka bontša hore re mamela ka hloko ka ho botsa lipotso tse etsang hore ba hlokahaletsoeng ba tšolle maikutlo a bona. Leha ho le joalo, u lokela ho ba hlokolosi hore u se ke ua qobella ho qoqa le bona haeba ba sa batle ho bua. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba khathetse ’me ba hloka ho phomola.

Ba saretsoeng ba ka ’na ba ikutloa ba shoele maikutlong ’me ka linako tse ling ba pheta-pheta lintho. Ba bang ba ntša bohloko boo ba bo utloileng maikutlong ka tsela e bonahalang. Maria le Maretha ba ile ba re ho Jesu: “Morena, hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” (Johanne 11:21, 32) Jesu o ile a etsa’ng? O ile a mamela ka mamello le ka qenehelo. Ha aa ka a leka ho ba bolella hore na ba lokela ho ikutloa joang. Ha ho pelaelo hore o ne a utloisisa hore ka linako tse ling batho ba ka tlalellana ke bohloko bo tebileng boo ba bo utloileng maikutlong.

Haeba u sa tsebe hantle hore na u re’ng ha u e-na le motho ea hlokahaletsoeng, u ka ’na ua re feela, “Na u ka rata ho bua ka hona?” Ka mor’a moo, u mamele ka hloko ha a araba. Mo mamelisise. Mo shebe ka mahlong ’me u leke ho utloisisa tsela eo a ikutloang ka eona.

Ha ho bonolo ho utloisisa tsela eo ba hlokahaletsoeng ba ikutloang ka eona. Lydia o re: “Lintho tseo re li hlokang li ne li lula li feto-fetoha. Ka linako tse ling re ne re sitoa ho ithiba ebe re lla ka pel’a ba tl’o re hloela. Seo re neng re se hloka feela ke hore ba bang ba re tšelise. Metsoalle ea rōna e ile ea leka ka matla hore e utloisise tsela eo re ikutloang ka eona.”

Jesu o ile a etsa sena ka tsela e phethahetseng. O ne a tseba hore motho e mong le e mong o na le “lefu la hae le bohloko ba hae.” (2 Likronike 6:29) Jesu o ile a etsa lintho ka tsela e sa tšoaneng ha a kopana le bana bana ba motho. Maretha o ile a tsoela pele a bua, ka hona Jesu o ile a qoqa le eena. Empa kaha Maria o ne a lla, Jesu ha aa ka a bua nako e telele. (Johanne 11:20-28, 32-35) Re ka ithuta eng mohlaleng oo oa hae? Ho ka ’na ha e-ba molemo hore o tlohelle batho ba hlokahaletsoeng hore e be bona ba tataisang moqoqo. Ba ka ’na ba tšeliseha haholo ha u ikemiselitse ho ba mamela ha ba ntse ba tšolla bohloko boo ba bo utloileng.

Mantsoe a Folisang

Ha Maria le Maretha ba re ho Jesu: “Hoja u ne u le teng mona,” Jesu ha aa ka a beha ba bang molato kapa a hlabeha. O ile a araba Maretha ka mantsoe a mo tiisetsang, a re: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” (Johanne 11:23) Ka mantsoe ao a seng makae, Jesu o ile a mo thusa hore ho be le seo a se lebellang ’me ka mosa a mo hopotsa hore tšepo e teng.

Ha u bua le ea hlokahaletsoeng, hopola hore mantsoe ao e seng a boikaketsi, a khothatsang, a ka bolela ho hoholo, le haeba a se makae feela. Matšeliso a ka buuoa ka molomo kapa a ngoloa fatše. Kaha mangolo le likarete li ka baloa hangata-ngata, li ka ’na tsa fana ka matšeliso nako e telele le ka mor’a lefu. Ka mor’a likhoeli tse robong monna oa hae, Bob, a hlokahetse, Kath o ile a boela a bala likarete tsohle tseo a neng a li fumane. O re: “Ke ile ka fumana hore li nthusa le ho feta nakong eo. Ke ile ka fela ka tšeliseha.”

U ka ngola eng molaetseng o mokhutšoaane oa matšeliso? U ka ’na ua ngola ka motho ea hlokahetseng—oa bolela ntho eo le kileng la e etsa hammoho kapa tšobotsi e itseng eo u neng u e rata haholo ka eena. Kath o re: “Ha ke bala mantsoe a mosa a buang ka Bob le ka botho ba hae, a ne a etsa hore ke batle ho bososela le ho lla ka nako e tšoanang. Lipale tse qabolang tsa hae li ne li etsa hore ke tšehe ebe ke hopola bophelo bo monate boo re bo phetseng hammoho. Likarete tse ngata tseo hona joale ke li ratang haholo li ne li e-na le mangolo a Bibele.”

Ba Thuse ka Tseo ba li Hlokang

Jesu o ile a etsa seo rōna re ke keng ra khona ho se etsa ha a ne a thusa lelapa labo Lazaro. O ile a tsosa Lazaro bafung. (Johanne 11:43, 44) Empa re ka etsa lintho tse thusang tseo re ka khonang ho li etsa, tse kang ho ba phehela lijo, ho amohela baeti ba bona matlong a rōna, ho ba hlatsoetsa, ho ba hlokomella bana, ho phetha mesebetsi e meng eo ba neng ba lokela ho e etsa kapa ho ba thusa ka likoloi tsa rōna. Ha ho pelaelo hore ba hlokahaletsoeng ba tla ananela liketso tseo tse bontšang lerato haholo.

Re lokela ho utloisisa hore ka linako tse ling ba hlokahalletsoeng ba ka ’na ba rata ho ba bang. Leha ho le joalo, u ntse u ka leka hore moo ho loketseng u ’ne u ba hloele. ’Mè e mong ea hlokahaletsoeng o re: “Ha ho na nako eo ka ho khetheha ho ka thoeng ke ea ho sareloa, ebile ha ho na letsatsi leo ka ho khetheha ho ka thoeng ka lona motho o tla ikutloa a le betere.” Ba bang ba leka ho hopola ba hlokahaletsoeng ka matsatsi a liketsahalo tsa bohlokoa, tse kang letsatsi la bona la lechato kapa letsatsi leo moratuoa oa bona a hlokahetseng ka lona. Ha u hloela batho ba hlokahaletsoeng linakong tse joalo, u ka iphumana u le motsoalle oa bohlokoa haholo linakong tse thata.—Liproverbia 17:17.

Matšeliso ao Jesu a faneng ka ’ona a ne a akarelletsa tšepo eo a neng a ile a e fa barutuoa ba hae, ha a re: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.” (Johanne 11:11) Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae hore tsoho ea bafu e tla fela e be teng. O ile a botsa Maretha: “Na u lumela see?” O ile a arabela: “E, Morena.”—Johanne 11:24-27.

Na ua lumela hore Jesu o tla tsosa bafu? Haeba ho joalo, bolella ba hlokahaletsoeng tšepo ena e babatsehang. Ba tšehetse ka tsela ea sebele. Joale mantsoe a hao le liketso tsa hao li tla ba fa matšeliso a itseng.—1 Johanne 3:18.

[’Mapa o leqepheng la 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

PEREA

Nōka ea Jordane

Jeriko

Bethani

Leoatle la Letsoai

Jerusalema

SAMARIA