Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Moapostola Pauluse o ne a bua ka eng ha a ne a re ’meleng oa hae o jere “matšoao a ho chesoa ka tšepe a lekhoba la Jesu”?—Bagalata 6:17.

▪ E ka ’na eaba bamameli ba Pauluse ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba utloisisa mantsoe ana a hae ka litsela tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, mehleng ea boholo-holo tšepe e chesang e ne e sebelisetsoa ho tšoaea batšoaruoa ba ntoa, masholu a tempeleng le makhoba a balehileng. E ne e le sekhobo ha motho a tšoailoe ka mabaka a joalo.

Leha ho le joalo, hase kamehla ho ba le letšoao la ho chesoa ka tšepe ho neng ho nkoa e le sekhobo. Batho ba bangata ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba le sebelisa ho bontša hore ke ba morabe o itseng kapa ba sehlopha se itseng sa bolumeli. Ka mohlala, ho latela Theological Dictionary of the New Testament, “Basyria ba ne ba bontša hore ba inehetse ho melimo ea bona Hadad le Atargatis ka ho tšoauoa ka tšepe e chesang lenonyeletsong la letsoho kapa molaleng . . . Motho ea inehetseng ho Dionysus o ne a tšoauoa lekhasi la sefate sa ivy.”

Bahlalosi ba bangata ba mehleng ena ba nahana hore Pauluse o ne a bua ka mabali a ’meleng oa hae ao a ileng a ba le ’ona liketsahalong tse fapa-fapaneng ha a ne a otloa ha e ntse e le moromuoa oa Mokreste. (2 Bakorinthe 11:23-27) Leha ho le joalo, mohlomong Pauluse o ne a bolela hore mokhoa oa hae oa ho phela—eseng hakaalo mabali a ’meleng oa hae—e ne e le oona o neng o mo khetholla e le Mokreste.

Na metse ea setšabelo ea Iseraele ea boholo-holo e ne e le moo linokoane li balehelang teng?

▪ Mehleng ea boholo-holo, litempele tse ngata tsa bahetene li ne li sebelisoa e le litšabelo tsa batho ba balehang ho tšoaroa le linokoane. Mehleng e bohareng, matlo a baitlami le likereke tsa Bokreste-’mōtoana le tsona li ne li sebelisoa joalo. Leha ho le joalo, melao e neng e behetsoe metse ea setšabelo ea Iseraele, e ne e thibela hore metse eo e be litšabelo tsa linokoane.

Molao oa Moshe o ne o re metse ea setšabelo e ne e sireletsa feela motho ea neng a bolaile e mong ka phoso. (Deuteronoma 19:4, 5) O ne a ka balehela motseng o haufi oa setšabelo, moo motho oa monna ea amanang haufi-ufi le motho ea bolailoeng a neng a ke ke a mo fumana ’me a iphetetsa. Ka mor’a hore a hlalosetse baholo ba motse hore na ho etsahetse’ng, ’malehi eo o ne a isoa nyeoeng motseng o laolang sebaka seo polao e etsahetseng ho sona. Ha a le moo, ke teng moo a neng a paka hore ha a na molato. Baholo ba ne ba batlisisa hore na ’malehi le motho ea bolailoeng ba ne ba e-na le kamano e joang, ebe ba sheba hore na o ne a sa mo hloea.—Numere 35:20-24; Deuteronoma 19:6, 7; Joshua 20:4, 5.

Ha ’malehi eo a fumanoa a se na molato, o ne a khutlisetsoa motseng oa setšabelo ’me a sa lokela ho tsoela hōle le oona. Metse ena e ne e se lichankana. ’Malehi o ne a etsa mesebetsi e thusang sechaba. Ha moprista ea phahameng a shoa, ba balehetseng metseng ea setšabelo ba ne ba ka khutlela metseng ea habo bona ka letsoalo le khutsitseng.—Numere 35:6, 25-28.

[’Mapa o leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

METSE EA SETŠABELO

1 KEDESHE

2 GOLANE

3 RAMOTHE-GILEADE

4 SHIKEME

5 BEZERE

6 HEBRONE

Nōka ea Jordane