Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

MOTHO eo e neng e le lesole la marabele ebile e le lesholu, o ile a thusoa ke eng hore a fetole bophelo ba hae? Ke hobane’ng ha ’mampoli oa tae kwon do a ile a fetola sepheo sa hae bophelong? Tšepo eo ntate e mong a neng a e-na le eona ka mora oa hae e ile ea putsoa joang? Fumana likarabo ka ho bala lipale tse ka tlaase mona.

“Hona joale ke thabile le hoja nkile ka phela bophelo bo bohloko.”—GARRY P. AMBROCIO

LILEMO: 47

NAHA EA HESO: PHILIPPINES

PELE: KE NE KE LE LESOLE LA MARABELE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse motsaneng oa Vintar. Phula e sabaletseng eo motse oa heso o neng o le ho eona e ne e pota-potiloe ke lithaba tse talana, linōka tsa metsi a hloekileng ’me le moea e le o hloekileng. Le hoja sebaka seo e ne e le se khutsitseng hamonate, bophelo bona bo ne bo le boima. Batho ba ne ba re utsoetsa mehlape ba bile ba re thuhela matlong.

Ha ke kena lilemong tsa bocha, ke ile ka noa joala haholo le metsoalle ea ka, ka tsuba ka ba ka qala ho utsoa e le hore ke fumane chelete ea ho etsa lintho tseo. Ke ile ka ba ka utsoetsa nkhono oa ka mabenyane. Lebotho la sesole le ne le nahana hore ke oa sehlopha sa marabele se neng se bitsoa New People’s Army (NPA), ka hona, ba ne ba lula ba nteteka hampe. Ka lebaka leo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke hle ke be karolo ea sehlopha seo sa marabele. Ke ile ka qeta lilemo tse hlano ke phela lithabeng le masole a NPA. Bophelo bo ne bo nyolosetsa. Re ne re sa lule nģa e le ’ngoe kaha re ne re baleha masole. Qetellong ke ile ka utloa hore ke khathetse ke ho ipata lithabeng, eaba ke inehela ho ’musisi oa Ilocos Norte. O ile a ntšoara hantle haholo, a ba a nthusa hore ke fumane mosebetsi o hantle. Leha ho le joalo, ha kea ka ka tlohela mekhoa ea ka ea khale ea ho thuha matlong le ho tšosa batho.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: ’Mè e mong eo ke neng ke sebetsa le eena ea bitsoang Loida e ne e le Paki ea Jehova. O ile a nteanya le Jovencio eaba eena o ithuta Bibele le ’na. Empa ho ne ho le thata hore ke tlohele mekhoa ea ka ea pele. Ke ne ke tsuba pele re tl’o qala ho ithuta Bibele le Jovencio, hape ke ne ke ntse ke etsa lintho tse ling tse sa lumelloeng ke molao. Qetellong mapolesa a ile a ntšoara ke tlōla molao, eaba ke qeta likhoeli tse 11 chankaneng. Nakong eo, ke ile ka rapela Jehova, ka mo kōpa ka tieo hore a nthuse. Ke ile ka kōpa hore a ntšoarele le hore a mphe moea oa hae o halalelang e le hore o ntataise le ho ’matlafatsa.

Qetellong Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea nketela ’me ea ntlela Bibele. Ke ile ka e bala ’me ka ithuta hore Jehova o mohau, o lerato ebile oa tšoarela. Eaba kea lemoha hore Jehova o bile mosa ho ’na ’me o mphile monyetla oa hore ke ithute litsela tsa hae. Ke ile ka kōpa hore a mphe matla a hore ke hlōle mekhoa ea ka e mebe. Liproverbia 27:11 e ile ea nkama haholo. Ke ile ka nka hore Jehova o ne a bua le ’na ka ho toba ka temana ena. Eona e re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”

Ka mor’a ho lokolloa chankaneng, ke ile ka qalella hape ho ithuta Bibele le Lipaki, ka qala ho ea libokeng tsa tsona le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba ka. Ka thuso ea Jehova, qetellong ke ile ka khona ho tlohela mekhoa ea ka e mebe. Ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova Molimo.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Hona joale ke thabile le hoja nkile ka phela bophelo bo bohloko. Le hoja ke ne ke lemalletse mekhoa e mebe, hona joale ke motho e mocha. (Bakolose 3:9, 10) Kajeno ke na le tokelo ea ho ba har’a batho ba hloekileng ba Jehova le ho thusa ba bang hore ba tsebe ka Molimo oa rōna ea matla ’ohle, Jehova.

“Ke ne ke batla ho emela Brazil.”—JULIANA APARECIDA SANTANA ESCUDEIRO

LILEMO: 31

NAHA EA HESO: BRAZIL

PELE: KE NE KE LE ’MAMPOLI OA TAE KWON DO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse motseng oa Londrina. Le hoja bongata ba batho sebakeng seo e ne e le mafutsana, sebaka ka bosona se ne se hloekile ho bile ho rena khotso ho sona. Ha ke le lilemo li leshome, abuti oa ka o ile a nkhothalletsa hore ke kenele papali ea tae kwon do joaloka eena, eo ha e le hantle e bolelang “ho sebelisa matsoho le maoto.” Ntate o ne a sa rate ha ke ithuta papali ena, empa ka mor’a nakoana o ile a amohela.

Ke ile ka ikoetlisa ka matla ’me ka hlōla litlhōlisanong tse ngata tsa tae kwon do seterekeng sa Parana. Hamorao ke ile ka hlōla litlhōlisanong tsa naha kaofela, eaba ka 1993 ho phatlalatsoa hore ke ’na ’mampoli oa tae kwon do Brazil. Ke ne ke batla ho kenela litlhōlisano tsa linaha tse ling. Leha ho le joalo, lelapa leso le ne le le kojoana li mahetleng, ka hona ho ne ho se na chelete ea hore nka itefella ho ea mose.

Tšepo ea ka e ne e le hore ka le leng tae kwon do e tla kenyelletsoa lipapaling tsa Liolimpiki ’me qetellong seo se ile sa etsahala. Ke ne ke batla ho ea emela Brazil, Lipapaling Tsa Liolimpiki, ka hona ke ile ka ikoetlisa ka matla ka ba ka fumana thuso ea lichelete e ileng ea etsa hore ke khone ho ea litlhōlisanong Fora, Vietnam, Korea Boroa le Japane, hammoho le Lipapaling Tsa Amerika Boroa. Ka mora moo, sepheo sa ka e ne e le hore ke e’o bapala litlhōlisanong tsa Pan American Games, ’me ke ile ka etsa hantle ho tsona hoo ke ileng ka khethoa ho ba e mong oa ba bararo ba neng ba tla ea litlhōlisanong Santo Domingo, Dominican Republic, ka 2003.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka 2001, ’na le mohlankana oa ka re ile ra kopana le Lipaki Tsa Jehova, eaba li qala ho ithuta Bibele le rōna. Qalong, ke ne ke sa thahaselle ho le hokaalo. Ke ne ke lula ke khathetse hoo ke neng ke sitoa ho mamela hantle ’me hangata ke ne ke robala ha thuto e ntse e tsoela pele. Ho ntse ho le joalo, lintho tseo ke neng ke ithuta tsona li ile tsa nkama haholo—e leng ntho e ileng ea hlaka ha litlhōlisano tse khōlō tse latelang li fihla.

Kaha ke ne ke khethiloe ho ba sehlopheng sa ba eang lipapaling tsa Pan American Games, ba ikarabellang ka tae kwon do ba ile ba hlophisa hore ke ee litlhōlisanong tse etellang tseo pele. Ha nako ea hore ke loane e fihla, ke ile ka ema tsi! ’meteng—ke feletsoe ke thahasello. Ka eona nako eo, ha khanya kelellong ea ka hore Mokreste ha aa lokela ho loantša ba bang—esita le haeba e le papali! Ke ile ka hopola taelo ea Bibele e reng “u rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 19:19) Ke sa ikoahlaee le hanyenyane, ke ile ka furalla eaba ke tloha moo. Batho ha baa ka ba lumela seo ba se bonang.

Ha ke fihla hae, ke ile ka lula fatše eaba ke qala ho nahana hore na ke tl’o etsa’ng ka bophelo ba ka. Ke ile ka nka bukana e hatisitsoeng ke Lipaki e neng e bua ka seo Molimo a se hlokang ho rōna. Bukaneng eo ke ile ka bona temana ea Pesaleme ea 11:5, e reng ka Jehova: “Ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” Mantsoe ao a mopesaleme a ile a nkotla botsekeng, eaba ke etsa qeto ea ho tsoa papaling ea tae kwon do.

Baokameli ba ka ba tae kwon do ho hang ha baa ka ba thabela seo. E le ha ba leka ho etsa hore ke fetole maikutlo a ka, ba ile ba mpolella hore ke ’na ea ipabolang naheng ka bophara le hore ke ne ke le haufi le ho ea tlhōlisanong ea Lipapali Tsa Liolimpiki. Empa ke ne ke se ke entse qeto.

Ka nako ena mohlankana oa ka o ne a se a ’nyetse. Eena o ne a se a ntse a kopanela le Lipaki mosebetsing oa ho bolela molaetsa oa Bibele. O ne a khutlela lapeng a thabile haholo ’me a mphetela ka lintho tseo a buisaneng le batho ka tsona. Ke ne ke tseba hore haeba le ’na ke batla ho etsa mosebetsi oo, ke tla lokela ho etsa liphetoho bophelong. Ke ile ka itokolla kerekeng eo ke neng ke e kena eaba qetellong ke tšoaneleha ho ba Paki e kolobelitsoeng.

MELEMO EO KE E FUMANENG: ’Na le monna oa ka re thabile haholo ebile re momahane kaha re leka ka hohle ho sebelisa melao-motheo ea Bibele lenyalong la rōna. Ke thabela ho mo tšehetsa ha a ntse a thusa ho hlokomela phutheho eo re kopanelang le eona. Nkabe ke sebelitse ka thata e le hore ke hape khau ea khauta ke be ke tume. Empa ha ke bone hore ho na le ntho e ’ngoe lefatšeng lena le hlokang toka e ka fetang tokelo ea ho sebeletsa Jehova Molimo.

“Ntate ha aa ka a ntela le ka mohla.”—INGO ZIMMERMANN

LILEMO: 44

NAHA EA HESO: JEREMANE

PELE: KE NE KE LE MOLEBELI SEBAKENG SA MENATE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse lelapeng la batsoali ba bolumeli bo sa tšoaneng, motsaneng oa morafo oa mashala o bitsoang Gelsenkirchen. Ntate e ne e le Paki ea Jehova. Empa ’Mè o ne a sa batle ha Ntate a leka ho re hōlisetsa bolumeling ba hae—’na, moholoane oa ka le likhaitseli tsa ka tse peli. Ntate o ne a sebetsa lihora tse leshome kapa ho feta ka letsatsi a khanna literaka. Hangata o ne a theohela ka hora ea bobeli kapa ea boraro hoseng. Leha ho le joalo, kamehla o ne a leka ka matla ho re koetlisa moeeng. Empa ke ne ke sa rate seo.

Ha ke le lilemo li 15, liboka tsa bolumeli tseo a neng a re isa ho tsona li ile tsa qala ho ntena eaba kea rabela. Ka mor’a selemo ke ile ka kena mokhatlong oa bo-ralitebele. Lilemo tse peli tse latelang ke ile ka etsa lintho tse ileng tsa opisa ntate oa ka hlooho haholo. Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka tloha lapeng.

Ke ne ke rata lipapali ka pelo eohle ea ka, ka hona ke ne ke ikoetlisa makhetlo a tšeletseng ka beke—ke ne ke qala ka ho ikoetlisetsa litebele, ha ke qeta ke phahamisa litšepe. Mafelo-bekeng, ’na le metsoalle ea ka re ne re atisa ho ea libakeng tsa menate. Ka lekhetlo le leng ke ile ka loana le motho e mong moo, ea neng a shebahala a le kotsi empa ha aa ka a o besa oa tuka. Mong’a sebaka seo o ile a bona seo ’me hang feela a re o batla ho nkhira hore ke be molebeli. Mosebetsi oo o ne o patala hantle, ka hona ke ile ka o amohela.

Mafelo-beke a mang le a mang ke ne ke ema monyako e le ’na ea laolang hore na ho kena mang ha ho kene mang. Ka linako tse ling re ne re e-ba le batho ba ka bang 1 000 ka hare, ka hona, ke ne ke lula ke phathahane. Lintoa e ne e le papa ea letsatsi le letsatsi. Ke ne ke tšosoa ka lithunya le ka libotlolo tse pshatlehileng. Ba bang ba batho bao ke neng ke hanne ha ba kena kapa bao ke neng ke ba lahletse ka ntle ba ne ba nkemela ka ntle hore ba tl’o iphetetsa. Ke ne ke le lilemo li 20 ’me ke nka hore ha ho poho-peli haese ’na feela. Empa bonneteng, ke ne ke tsoile taolong—ke le mabifi, ke ikhohomosa, ke rata ho hlahella ke bile ke le manganga.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ntate ha aa ka a ntela le ka mohla. O ile a lokisetsa hore ke romeloe limakasine * tsa Molula-Qhooa le Tsoha! moo ke lulang teng. Li ne li bokellane ka tlung empa ke ne ke sa itube ho li bala. Eaba ka le leng ke etsa qeto ea ho phetla-phetla tse ling. Lihlooho tseo ke ileng ka li bala tse bontšang hore na mekhatlo ea kajeno ea lipolotiki, ea moruo le ea bolumeli e tla fela joang, li ile tsa etsa hore ke founele ausi oa ka. Eena le monna oa hae e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba kōpa ho ithuta Bibele le ’na eaba kea lumela.

Molao-motheo o tlalehiloeng ho Bagalata 6:7 o ile oa ntšusumelletsa hore ke etse liphetoho bophelong. Ke ne ke utloile ka letlalo hore ntho leha e le efe eo ke e etsang, eo ke e buang kapa eo ke e etsetsang qeto kajeno e ne e tla nkama ka moso. Ntho e ’ngoe e ileng ea nkhothatsa haholo ke memo e ho Esaia 1:18, e reng: “‘Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rōna,’ ho bolela Jehova. ‘Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.’” Lengolo leo le ile la nthusa ho tloha ha ke qala ho ithuta hore ke se ke ka ikutloa ke sa tšoanelehe kapa eka ho hang Molimo a ke ke a ntšoarela.

Le hoja ho ne ho se bonolo, nakong ea likhoeli tse tšeletseng ke ile ka etsa liphetoho tse khōlō bophelong. Ke ne ke tlameha ho furalla tikoloho e silafetseng le metsoalle e mabifi eo ke neng ke e-na le eona. Ka hona, ke ile ka qala ho bolella metsoalle ea ka hore ke ithuta Bibele eaba ke ba phetela seo ke ithutang sona. E ile ea qala ho nkoekoetla le ho mpitsa moruti. Ausi oa ka o ile a nthusa eaba ke fumana mosebetsi o mong, o ntoketseng.

Ke ile ka qalella ho ea libokeng Holong ea ’Muso moo ausi oa ka le monna oa hae ba kopanelang teng, le hoja e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse 30. Ho ne ho e-na le Holo ea ’Muso haufi le moo ke lulang, empa ke ne ke tšaba ho kopana le batho ba ntsebang ho tloha bongoaneng. Hape ke ne ke tšaba ho ea bolela ka ntlo le ntlo moo ke lulang teng. Ke ne ke tla etsa joang haeba ho ne ho ka etsahala hore ke kopane le motho eo ke sa tsoa mo lahlela ka ntle moo ke neng ke sebetsa teng, kapa eo ke neng ke mo rekiselitse lithethefatsi? Leha ho le joalo, ke ile ka hopola seo ke neng ke ithute sona boikoetlisong ba ’mele, e leng hore boikoetliso bo thata ka ho fetisisa ke bona bo hlileng bo hlokahalang. Ka hona, hang ha ke nkoa ke tšoaneleha, ke ile ka ea bolela litaba tse molemo ka hohle kamoo nka khonang.

Bothata bo bong boo ke neng ke lokela ho bo hlōla e ne e le ba ho tsoafa ho bala. Empa ke ne ke tseba hore haeba ke batla ho ba le tumelo e matla, ke tla tlameha ho ikhanna ’me ke ithute linnete tse tebileng tsa Bibele. Ke ile ka fumana hore feela joaloka ho phahamisa litšepe, motho o lokela ho sebetsa ka thata hore a fumane matla.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke ’na enoa ke ntse ke phela! Ke lokela ho lula ke itebetse hore mefokolo ea ka e se ke ea ntlhōla. Empa hona joale ke na le lelapa le thabileng le mosali oa ka ea nang le botho bo botle ba Bokreste. Ke na le metsoalle ea sebele ea Lipaki Tsa Jehova eo nka e tšepang ka ho feletseng. Ntate o hlokahetse lilemo tse hlano tse fetileng, empa pele a hlokahala, o ile a thabela ho amohela mora oa hae ea lehlasoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 34 Li hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.